Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa Mar. 15
“Re rata ho u memela moketeng oa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena ka Sontaha sa la 4 April. [Mo hlalosetse u sebelisa leqephe le ka morao la makasine kapa sememo sa Sehopotso. Ebe u bala Luka 22:19.] Lihlooho tse qalang tsa Molula-Qhooa ona li tšohla se boleloang ke ketsahalo ena le kamoo e ketekoang kateng.”
Molula-Qhooa Apr. 1
“Hase lipolelo tse ngata tse tsositseng thahasello e lekanang le ea tlhaloso ea Bibele eo ho leng thata ho e utloisisa mabapi le letšoao la sebata. Na u kile ua e utloa? [Emela karabelo. Ebe u bala Tšenolo 13:16-18.] Bibele e fana ka leseli la se boleloang ke sephiri sena. Makasine ena e hlalosa hore na leseli leo ke lefe.”
Tsoha! Apr. 8
Ka mor’a ho bua ka ketsahalo e bohloko eo batho ba nahanang ka eona, botsa: “Na u kile ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumella lintho tse joalo hore li etsahale? [Emela karabelo. Ebe u bala Jakobo 1:13.] Sehlooho sena, se ngoletsoeng bacha ka ho khetheha, se hlalosa lebaka leo ka lona ’Mōpi oa rōna ea lerato a e-s’o felise mahlomola a batho.”
Nehelano e ’ngoe: “Batho ba bangata ba tseba pale ea bophelo ba Moshe. Empa na u ne u tseba hore Moshe o ile a bua ntho e ’ngoe e amang bophelo ba rōna kajeno? [Emela karabelo. Ebe u bala Deuteronoma 18:15.] Tsoha! e hlalosa hore na moprofeta eo ea boletsoeng esale pele ke mang le hore o tla etsetsa moloko oa batho eng.”