Phutuho e Khethehileng ea ho Aba Bukana e Ncha
1 Kajeno batho ba bangata ba tšoenyehile ka maemo a lefatše, empa ke ba seng bakae feela ba utloisisang hore na ke hobane’ng ha lintho li le kamoo li leng kateng, ke’ng se larileng ka pele le seo ba lokelang ho se etsa e le hore ba pholohe kahlolo e tlang. (Ezek. 9:4) E le hore re ba thuse ho lemoha se boleloang ke linako tsa rōna, tšimong ea rōna ho tla ba le phutuho e khethehileng ea ho aba bukana e ncha ea Le Lule le Lebetse! ho tloha ka Mantaha oa la 21 March, ho fihlela ka Sontaha sa la 17 April.
2 Bukana ena e ka ’na ea tsamaisoa tšebeletsong ea ntlo le ntlo, maetong a ho boela, bopaking bo sa reroang, kapa tšebeletsong ea phatlalatsa. Leha ho le joalo, bukana ea Le Lule le Lebetse! ha ea lokela ho abeloa motho e mong le e mong ho sa khethoe. Ho e-na le hoo, libukana tsena li tla abeloa feela ba bontšang thahasello molaetseng oa Bibele ka se boleloang ke liketsahalo tsa lefatše. Ba bontšang thahasello e fokolang molaetseng ona ba ka abeloa pampitšana.
3 U ka ’na ua hapa thahasello ea motho ka ho re:
3◼ “Batho ba bangata ba amehile ka mathata a tebileng le liketsahalo tse tšosang tse atileng kajeno. [Bolela mohlala o tsebahalang sebakeng seo.] Na u ne u tseba hore lintho tse joalo li boletsoe esale pele ka Bibeleng? [Emela karabo. Ebe u bala lengolo le loketseng mohlala oo u buileng ka oona, le kang Matheu 24:3, 7, 8; Luka 21:7, 10, 11; kapa 2 Timothea 3:1-5.] Bibele e senola seo nako ea rōna e se bolelang le se larileng ka pele bakeng sa moloko oa batho. Na u ka rata ho tseba se eketsehileng? [Emela karabo. Tsamaisa bukana haeba ho bontšoa thahasello ea sebele.] Bukana ena ha e rekisoe. Haeba u rata ho etsa monehelo o itekanetseng bakeng sa mosebetsi oa rōna oa lefatše lohle, re ka o thabela.”
4 Kapa u ka ’na ua bona katamelo ena e atleha:
4◼ “Kajeno batho ba bangata ba tšoentsoe ke liketsahalo tse tšosang kapa ke tahlehelo e khōlō. Ba bang baa ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a sa kenelle bakeng sa ho thibela lintho tse joalo. Bibele e re kholisa hore haufinyane Molimo o tla nka bohato ba ho felisa mahlomola a hlasetseng moloko oa batho. Hlokomela hore na ke melemo efe eo Molimo a tla e tlisetsa moloko oa batho. [Bala Pesaleme ea 37:10, 11.] Na u ka rata ho tseba se eketsehileng?” Phetha ka tsela e tšoanang le ea nehelano e ka holimo.
5 Leka ho fumana lebitso le aterese ea motho e mong le e mong ea amohelang bukana ena, ’me u lokisetse ho khutlela ho eena bakeng sa ho hlaolela thahasello. Litlhahiso tse mabapi le hore na sena se ka etsoa joang li tla hlaha Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea April 2005. Haeba motho a bontša thahasello e matla leetong la pele, u ka ’na ua qalisa thuto ea Bibele hang-hang u sebelisa bukana ea Le Lule le Lebetse! kapa sengoliloeng se seng, se kang bukana ea Seo a se Hlokang.
6 Bukana e ncha e tla fumaneha ka mor’a Seboka sa Tšebeletso seo ho sona ho tšohloang sehlooho sena. Ho etsoa tlhahiso ea hore qalong bahoeletsi le bo-pula-maliboho ba nke feela tseo ba tla li sebelisa matsatsing a seng makae a qalang a phutuho ena. E se eka Jehova a ka hlohonolofatsa mosebetsi ona o khethehileng thorisong ea hae le molemong oa batho bohle ba tšepahalang.—Pes. 90:17.