Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/07 leq. 3
  • Lebokose la Lipotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebokose la Lipotso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Sebelisa Internet—Falimehela Likotsi!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Ha Bana ba Sebelisa Inthanete—Seo Batsoali ba Lokelang ho se Tseba
    Tsoha!—2008
  • Ha Bana ba Sebelisa Inthanete—Seo Batsoali ba ka se Etsang
    Tsoha!—2008
  • Nka Qoba Likotsi Tse ho Internet Joang?
    Tsoha!—2000
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
km 7/07 leq. 3

Lebokose la Lipotso

◼ Likotsi tsa ho bua le batho bao re sa ba tsebeng ka Inthanete ke life?

Li-Web site tse ngata li etselitsoe hore batho ba kopane ho tsona ebe ba buisana ka Inthanete. Boholo ba Li-Web site tsena li fa batho monyetla oa hore ba phatlalatse litaba tse buang ka bona, tse ka ’nang tsa akarelletsa hore ba behe litšoantšo tsa bona moo ba be ba fane ka boitsebiso bo ba hlalosang. Batho ba shebang boitsebiso boo ba bona ba ka ikopanya le bona ka Inthanete. Batho ba bacha ba rata Li-Web site tsa mofuta oo haholo ’me bacha ba bang ba ka phuthehong ba ’nile ba li sebelisa ho buisana le ba bang ba ipolelang hore ke Lipaki Tsa Jehova.

Ho bonolo hore motho eo re kopanang le eena ka Inthanete a re thetse ka hore na ke motho oa mofuta ofe, hore na boemo ba hae ke bofe moeeng kapa hore na sepheo sa hae ke sefe. (Pes. 26:4) Ho ka ’na ha etsahala hore ebe motho ea ipolelang hore ke Paki ea Jehova hase molumeli, ke motho ea khaotsoeng kapa ke mokoenehi ea batlang ho liha Bakreste. (Bagal. 2:4) Litlaleho li bontša hore batho ba hlekefetsang bana ka ho kopanela liphate ba sebelisa Li-Web site tse joalo ho fumana liphofu tsa bona.

Le haeba re kholisehile hore batho bao re buisanang le bona ka Inthanete ba na le boemo bo botle ka phuthehong, ho buisana le motho maemong a joalo ho ka qetella ho entse hore le bue lintho tse tsoileng tseleng. Lebaka ke hobane ha batho ba bua le batho bao ba e-s’o kopane le bona ka seqo ba atisa ho lokoloha ho tlōla tekano. Hape ba ka ’na ba nka hore ha ba buisana le motho ka Inthanete eo ke taba e pakeng tsa bona feela ’me batho ba bang ba kang batsoali kapa baholo ha ba na ho tseba ka eona. Ka masoabi, bacha ba bangata ba tsoang malapeng a Bokreste ba ’nile ba oela lerabeng lena ’me ba qetella ba buile lintho tse litšila. (Baef. 5:3, 4; Bakol. 3:8) Ba bang ba ile ba sebelisa Li-Web site ho beha litšoantšo tsa bona tse litšila, ba sebelisa mabitso a bosoasoi a litšila kapa ba kenyelletsa livideo tsa ’mino tse bontšang litaba tsa ho kopanela liphate pepenene.

Ka lebaka la sena, batsoali ba lokela ho beha bana ba bona leihlo ka tsela eo ba sebelisang k’homphieutha ka eona. (Liprov. 29:15) Ho ka ba kotsi ho memela motho eo re sa mo tsebeng malapeng a rōna kapa ho mo lumella hore a be mong le bana ba rōna. Ka tsela e tšoanang, ho kotsi hore rōna kapa bana ba rōna re etse setsoalle le batho bao re sa ba tsebeng bao re kopanang le bona ka Inthanete, le haeba ba bolela hore ke Lipaki Tsa Jehova.—Liprov. 22:3.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela