Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
Bakeng sa Letšolo la ho Memela Batho Sehopotsong
Re le etetse ho tla le memela ketsahalong ea bohlokoa ka ho fetisisa e tla tšoaroa lefatšeng ka bophara ka la 26 March. Letsatsi leo ke la sehopotso sa lefu la Jesu. Ho tla fanoa ka puo ea Bibele e tla re bontša kamoo lefu la hae re tsoelang molemo kateng. ’Me ha ho ntšuoe koleke. Memo ena e tla bontša nako le sebaka seo seboka sena se tla tšoareloa ho sona.
Molula-Qhooa March 1
“Batho ba bang ba ’nile ba botsa potso ena, ‘Re tseba joang hore kannete Jesu o ile a tsosoa bafung? Na uena u kile ua ipotsa potso eo. [Emela karabo.] Hlokomela hore na ke hobane’ng ha ho tseba karabo e le habohlokoa. [Bala 1 Bakorinthe 15:14.] Makasine ena e hlalosa kamoo re tsebang kateng hore tsoho ea Jesu e ne e se moritaoke feela.”
Tsoha! March
“Na ua lumela hore ee hase nako e bonolo ea ho hōlisa bana? [Emela karabo.] Batsoali ba bangata ba fumane keletso e ntle ka Bibeleng mabapi le ho hōlisa bana. Ka mohlala temana ena e thusitse bo-ntate hore ba fumane menyetla ea ho babatsa bana ba bona le ho ba thusa hore ba se ke ba ikhalala. [Bala Bakolose 3:21.] Sehlooho sena se bua ka melao-motheo e mehlano e ka thusang bo-ntate ho hōlisa bana ba bona.”