Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
Kingdom News No. 38
“Re tsoile letšolo ho phatlalatsa molaetsa ona oa bohlokoa lefatšeng lohle. Pampitšana ea hao ke ena.”
Tlhokomeliso: Re lokela ho bua hakhutšoanyane e le hore re akaretse tšimo. Leha ho le joalo, maemong a mang motho eo re buang le eena a ka bontša thahasello ea sebele ’me a batla ho buisana le rōna. Maemong ao, u ka mo botsa hore na a ka arabela potso ea sehlooho sa pampitšana joang, ebe u mo balla karabo ea Bibele e bontšitsoeng ka hare ’me u tšohle karolo e itseng ea pampitšana ha nako e lumela. Pele u tsamaea, mo bontše potso e hlahang kamorao karolong e reng “U ka ’na Ua Ipotsa” ebe u etsa litokisetso tsa ho khutla e le hore le tl’o e tšohla.
Molula-Qhooa November 1
“U nahana hore ke leshano lefe le leholo le kileng la buuoa ka Molimo? [Emela karabo.] Ho ea ka Bibele, Molimo o batla hore batho ba mo rate ba be ba mo tšepe. [Bala Esaia 41:13.] Makasine ena e senola mashano a mararo a buuang ka Molimo a entseng hore batho ba bang ba bone ho le thata ho atamela ho eena.”
Tsoha! November
“Re le etetse hakhutšoanyane ho buisana le lōna ka boitšoaro bo ntseng bo hlepha bo tšoentseng batho ba bangata. Na u nahana hore batho ha ba sa tsotella melao ea boitšoaro? [Emela karabo.] Bibele e ile ea profeta hore batho ba tla hloka boitšoaro. [Bala 2 Timothea 3:1-5.] Makasine ena e hlalosa hore na ke hobane’ng ha re ka tšepa melao ea boitšoaro e ka Bibeleng.”