Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
Tsela ea ho Qala Lithuto Tsa Bibele ka Moqebelo oa Pele oa March
“Re u fapohetse ka nakoana ka lebaka la se tla etsahala ka la 14 April. Letsatsi leo ke la ho ikhopotsa lefu la Jesu. Ba bang ba tla ikhopotsa letsatsi leo hobane ba lumela hore lefu la hae ke la bohlokoa. Ba bang bona ha ba tsebe hantle hore na lefu la Jesu ke la bohlokoa kapa che. Na u nahana hore lefu la Jesu le re tsoela molemo?” Emela karabo. Mo bontše karolo e ka morao Molula-Qhooeng oa March 1, ebe le buisana ka lintlha tse tlas’a potso ea pele ʼme le tšohle bonyane lengolo le le leng ho a bontšitsoeng. Mo siele limakasine ’me u lokisetse ho khutla e le hore le tšohle potso e latelang.
Molula-Qhooa March 1
“Batho ba bangata baa ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a sa felise leeme le mahlomola lefatšeng. Na u bona eka ke hobane Molimo a sa tsotelle kapa hobane a nahana hore ke hantle ha batho ba utloa bohloko? [Emela karabo, ebe u bala Johanne 3:16.] Le hoja batho ba bangata ba qotsa temana ena ho bontša hore Molimo o oa tsotella, ha ba tsebe hantle hore na lefu la mora oa Molimo le hlile le ba tsoela molemo joang. Makasine ena e hlalosa kamoo ka lefu la Jesu, Molimo a tla khona ho felisa leeme le mahlomola lefatšeng.”
Tsoha! March
“Re u fapohetse ka nakoana ho tla hlakisa maikutlo a fosahetseng ao ba bangata ba nang le ’ona ka temana ena ea Bibele. [Bala Genese 1:1.] Ba bang ba lumela hore leholimo le lefatše li bōpiloe, empa ba bang ha ba lumele seo. Uena u re’ng? [Emela karabo.] Ba bangata ba thatafalloa ho lumela hore lintho li bōpiloe hobane baeta-pele ba bolumeli ba ruta se fapaneng le se rutoang ke Bibele. Makasine ena e fana ka tlhaloso e utloahalang ea Bibele mabapi le hore na leholimo le lefatše li bile teng joang.”