Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
Tsela ea ho Qala Lithuto Tsa Bibele ka Moqebelo oa Pele oa March
“Batho ba bangata ba keteka tsoalo ea Jesu, empa na u nahana hore ke habohlokoa ho ikhopotsa lefu la hae?” Emela karabo. Ebe u fa mong’a ntlo Molula-Qhooa oa March 1 u ntan’o tšohla le eena sehloohoana sa pele leqepheng la 16 ’me bonyane u bale lengolo le le leng. Lokisetsa ho khutla e le hore le tšohle karabo ea potso e latelang.
Molula-Qhooa March 1
“Ho na le likereke tse ngata tse lumelang lintho tse sa tšoaneng le tse etsang lintho tse sa tšoaneng. Na u nahana hore motho e mong le e mong ea ipolelang hore ke Mokreste ehlile ke Mokreste? [Emela karabo.] Ho ea ka Jesu, letšoao le khethollang Bakreste ba ’nete ke lena. [Bala Johanne 13:34, 35.] Makasine ena e tšohla lintlha tse hlano tseo Jesu a li boletseng tse ka re thusang hore re lemohe balateli ba hae ba ’nete.”
Tsoha! March
“Re ntse re buisana le baahelani ba rōna ka mokhoa o tšoenyang o ntseng o e-ja setsi. Ho bonahala eka kajeno batho ba bangata ba tletse khalefo ebile ba potlakela ho halefa. U nahana hore see se bakoa ke’ng? [Emela karabo.] Hlokomela seo Bibele e se buang ka khalefo. [Bala Pesaleme ea 37:8.] Makasine ena e hlalosa mabaka a mang a etsang hore kajeno batho ba bangata ba halefe ’me e boetse e hlalosa litsela tseo ka tsona re ka laolang khalefo.”