Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
Molula-Qhooa September 1
“Na u kile ua ipotsa hore na lebitso Lipaki Tsa Jehova le tsoa hokae? [Emela karabo.] Karabo e fumaneha Bibeleng, moo Molimo a bolelang lebitso la hae teng. [Bala Pesaleme ea 83:18.] Re le Lipaki Tsa Jehova, re tsebahatsa litaba tse molemo tse buang ka Molimo le morero oa hae ka batho. Khatiso ena ea Molula-Qhooa e hlakisa likhopolo tse ngata tse fosahetseng tseo batho ba li nahanang ka rōna.”
Tsoha! September
“Batho ba bangata ba lumela hore re hloka chelete e le hore re phele. Empa na u nahana hore ho kotsi ho rata chelete haholo? [Emela karabo.] Hlokomela temoso eo re e fumanang ka Bibeleng. [Bala 1 Timothea 6:9.] Makasine ona o hlalosa hore na re ka etsa’ng e le hore re be le maikutlo a nepahetseng ka chelete.”