Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb19 December leq. 7
  • Ho Ntlafatsa Bokhoni ba Rona Boboleling​—Ho Feto-fetoha le Maemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Ntlafatsa Bokhoni ba Rona Boboleling​—Ho Feto-fetoha le Maemo
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2019
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsela ea ho Lokisetsa Nehelano ea Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Ho Nehelana ka Taba Tse Molemo—Ka ho Buisana le Batho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
  • Bontša Hore U Thahasella Batho ba Bang—Ka ho Ikamahanya le Maemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Thusa Mong’a Ntlo Hore a Nahane
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2019
mwb19 December leq. 7
Barali babo rona ba babeli basebelisa tablet ho pakela Rapolasi.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Ho Ntlafatsa Bokhoni Ba Rona Boboleling​—Ho Feto-fetoha le Maemo

HOBANE’NG HO LE BOHLOKOA: Batlotsuoa le linku tse ling ba mema batho ba mefuta eohle hore ba tl’o nka “metsi a bophelo ntle ho tefo.” (Tše 22:​17) Metsi ana a tšoantšetsa lintho tsohle tseo Jehova a li fang batho ba mamelang ho ba lokolla sebeng le lefung. E le hore re thuse batho ba nang le litumelo le meetlo e fapaneng, re lokela ho ba bolella “litaba tse molemo tse sa feleng” ka tsela e tla ba ama lipelo.​—Tše 14:6.

KAMOO RE KA HO ETSANG KATENG:

  • Khetha lengolo le sehlooho tse tla ama batho ba sebakeng sa heno. Mohlomong u ka khetha o mong oa mehlala ea seo u ka se buang le batho tšimong kapa ntho e ’ngoe eo u ileng oa e sebelisa ’me ea atleha. Ke mangolo le lihlooho life tseo batho ba li ratang? Na ho na le ntho e sa tsoa etsahala eo ho buuoeng ka eona litabeng e malemeng a batho? Banna ba ka rata ha u bua ka eng? Basali bona?

  • Lumelisa ka tsela eo batho ba sebakeng sa heno ba tloaetseng ho lumelisana ka eona.​—2Ko 6:​3, 4

  • Tloaelana le lingoliloeng le livideo tse hlahang tlas’a Teaching Toolbox e le hore u ka bua le batho ka tsona ha u bona ba rata ho qoqa le uena

  • Daonlouda lingoliloeng le livideo tsa lipuo tse buuoang sebakeng sa heno

  • Fetola ntho eo u neng u tl’o bua ka eona, u bue ka eo mong’a ntlo a ka e thahasellang. (1Ko 9:​19-23) Mohlomong u ka ipotsa hore na u tla re’ng ha u utloa hore mong’a ntlo o sa tsoa hlokahalloa ke motho eo a mo ratang.

SHEBELLANG VIDEO EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Mohoeletsi o ile a qala ho bua le monga’ ntlo ka eng?

  • Ho ne ho etsahala’ng bophelong ba monga’ ntlo?

  • Ke lengolo le fe leo mohoeletsi a neng a ka le balla monga’ ntlo, hona hobane’ng?

  • U ka fetola nehelano ea hao joang e le hore batho ba tšimong ea heno ba batle ho u mamela?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela