Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb21 January leq. 16
  • Na u Tla ba Pula-maliboho e Thusang ka March Kapa ka April?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na u Tla ba Pula-maliboho e Thusang ka March Kapa ka April?
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2021
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Rera Esale Joale Hore U Atolose Tšebeletso ea Hao
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Menyetla e Eketsehileng ea ho Rorisa Jehova
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Ho Batleha Bo-pula-maliboho ba Thusang ba 10000
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2021
mwb21 January leq. 16
Sehlopha sa bahoeletsi se tloha holong se tšoere tsamaea ka trolley.

“Lerato leo Kreste a nang le lona lea re qobella.”​—2Ko 5:14

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Na u Tla ba Pula-maliboho e Thusang ka March Kapa ka April?

Na u ka rata ho eketsa nako eo u e qetang tšimong likhoeling tsa Sehopotso? (2Ko 5:​14, 15) Khoeling ea March le ea April, bo-pula-maliboho ba thusang ba ka khetha ho sebetsa lihora tse 30 kapa tse 50 tšimong. Haeba u batla ho ba pula-maliboho likhoeling tseo, u ka kopa fomo ho bara ba bo rona ba Komiting ea Tšebeletso ea phutheho ea heno. Mabitso a bahoeletsi ba lumeletsoeng hore e ka ba bo-pula-maliboho a tla phatlalatsoa libokeng qalong ea khoeli ka ’ngoe. Tsebiso eo e tla hlokomelisa bahoeletsi ba bang hore ba sebetse le bo-pula-maliboho bao tšimong e le hore ba finyelle lihora tsa bona. E se eka likhoeling tsena tsa Sehopotso, re ka ntlafatsa tsela eo re bolelang litaba tse molemo ka eona le ho khothatsana.​—1Th 5:11.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela