Bacha Baa Botsa . . .
Bompoli—Kotsi ke Eng?
‘Hei! Ke ne ke mpa ke ithabisa feela. Bothata ke’ng? Ntle ho moo, Ron o fumane se neng se mo lokela.’
U KA ’na ua ba moholo ’me ua ba matlanyana ho feta boholo ba lithaka tsa hao. Kapa mohlomong u motho ea bohlale, ea phoqang le ea mabifi. Ho sa tsotellehe se etsahalang, ho tšosa, ho tloka kapa ho iqabola ka mathata a motho e mong ho bonahala ho itlela habonolo ho uena.
Le hoja ho ba ’mampoli oa ba bang ho ka ’na ha qabola metsoalle ea hao, hase taba e fokolang. Ha e le hantle, bafuputsi ba bang ba fumana hore ho sebelisa bompoli ho etsa tšenyo e khōlō ho bahlaseluoa ho feta kamoo ho kileng ha nahanoa kateng. Phuputso e ’ngoe ea bacha ba lilemong tsa sekolo, United States, e ile ea fumana hore “karolo ea 90 lekholong ea bao ho kileng ha sebelisoa bompoli ho bona e boletse hore e utloile liphello tse bohloko tsa hoo—ho theoha lithutong, ho ngongoreha ho eketsehileng, ho lahleheloa ke metsoalle kapa thabo bophelong.” Japane, mocha e mong ea lilemo li 13 “o ile a iphanyeha ka mor’a hore a siee lengolo le lelelele le hlalosang lilemo tse tharo tsa bompoli.”a
Feela ke’ng e etsang hore motho e be ’mampoli? ’Me haeba u itšoere joaloka eena, u ka fetoha joang?
Bompoli Ke’ng?
Bibele e re bolella ka bo-’mampoli ba neng ba phela pele ho Moroallo oa Noe. Ba ne ba bitsoa Banefilime—lentsoe le bolelang “ba etsang hore ba bang ba oe.” Nakong ea puso ea bona ea matsoalo, “lefatše le ne le tletse ho bolaeana.”—Genese 6:4, 11.
Leha ho le joalo, ha ho hlokahale hore u otle kapa u sutumetse batho ba haufi le uena hore u be ’mampoli. Motho leha e le ofe ea tšoarang batho ba bang—haholo-holo ba fokolang kapa ba hlaselehang habonolo—ka tsela e sehlōhō kapa e hatellang ke ’mampoli. (Bapisa le Moeklesia 4:1.) Bo-’mampoli ba leka ho sokela, ho tšosa le ho laola ba bang. Empa ba bangata ba sebelisa melomo ea bona, eseng litebele. Ha e le hantle, ho sebelisa bompoli maikutlong ke mofuta o atileng haholo oa tšoaro ena e mpe. Kahoo ho ka akarelletsa mahlapa, ho phoqa, ho soma le ho reha mabitso.
Leha ho le joalo, ka linako tse ling ho sebelisa bompoli e ka ba ho poteletseng. Ka mohlala, nahana ka se ileng sa etsahalla Lisa.b O ile a hōla ’moho le banana ba bang ba thaka tsa hae. Empa ha a le lilemo li 15, lintho li ile tsa qala ho fetoha. Lisa e ile ea e-ba pabala ’me a qala ho hapa thahasello e khōlō. Oa hlalosa: “Metsoalle ea ka e ile ea qala ho nqhelela thōko le ho ntšeba ka lintho tse nyefolang—esita le ho li bua mahlong a ka.” E ile ea boela ea jala mashano ka eena, ho leka ho senya botumo ba hae. E, e khannoa ke mohono, e ile ea sebelisa bompoli ho eena ka tsela e hlokang kutloelo-bohloko le e sehlōhō.
Ho Sebelisa Bompoli
Boitšoaro bo mabifi hangata bo amahanngoa le tikoloho ea lelapa labo motho. Mocha e mong ea bitsoang Scott o re: “Ntate o ne a le mabifi, kahoo ke ile ka ba mabifi.” Aaron le eena o ile a phela ka thata habo. Oa hopola: “Ke ne ke hlokomela hore batho ba tseba boemo ba lelapa leso—hore bo ne bo fapane le ba a mang—’me ke ne ke sa batle ha batho ba nkutloela bohloko.” Kahoo ha Aaron a ne a kenella lipapaling, o ne a tlameha ho hlōla. Empa ho hlōla ho ne ho sa lekana. O ne a tlameha ho tlotlolla bao a hlōlisanang le bona—a ba hlokomelise khafetsa hore ba hlōtsoe.
Ka lehlakoreng le leng, Brent, o ne a hōlisitsoe ke batsoali ba tšabang Molimo. Empa oa lumela: “Ke ne ke qabola batho, empa ka linako tse ling ke ne ke sa tsebe nako ea hore ke khaotse, ebe ke utloisa motho e mong bohloko.” Takatso ea Brent ea ho ithabisa le ho ikhapela tlhokomelo e ile ea etsa hore a hlokomolohe maikutlo a batho ba bang.—Liproverbia 12:18.
Bacha ba bang ho bonahala eka ba susumetsoa ke thelevishene. Litšoantšiso tsa tlōlo ea molao li tlotlisa ‘bahlankana ba mabifi’ ’me li etsa hore ho bonahale eka ho ba mosa ke bokoala. Lipale tse tšehisang tse atileng li tletse ho phoqa. Litlaleho tsa litaba hangata li totobatsa lintoa le lipuisano tse mabifi tse bang teng linakong tsa lipapali. Metsoalle ea rōna le eona e ka ama tsela eo re tšoarang ba bang ka eona. Ha metsoalle ea rōna e le bo-’mampoli, ho ba bonolo ho rōna ho e sala morao e le hore re qobe ho hlorisoa.
Hore na u boemong bofe, haeba u sebelisa maqiti a bompoli, ha u utloise bahlaseluoa ba hao feela bohloko.
Liphello Tsa Nako ea Bophelo Bohle
Makasine ea Psychology Today ea tlaleha: “Ho sebelisa bompoli ho ka ’na ha qala bongoaneng, empa ho tsoela pele leha motho a se a hōlile.” Phuputso e ’ngoe e tlalehiloeng ho The Dallas Morning News e fumane hore “karolo ea 65 lekholong ea bashemane ba tsebahalang e le bo-’mampoli sehlopheng sa bobeli ba ahloleloa melato e tebileng ha ba le lilemo li 24.”
Ke ’nete hore hase bo-’mampoli bohle ba fetohang linokoane. Empa ho itloaetsa ho hlokomoloha maikutlo a ba bang ho ka u bakela mathata a sebele bophelong hamorao. Ho ntšetsa pele tloaelo eo lenyalong, ho ka fella ka mahlomola a tebileng ho molekane oa hao le ho bana ba hao. Kaha bahiri ba rata batho ba tsebang ho sebelisana hantle le ba bang, ho ka u amoha menyetla ea mosebetsi. Litokelo tse eketsehileng ka phuthehong ea Bokreste ka ho tšoanang li ka u phonyoha. Brent o re: “Ka letsatsi le leng, ke tla lakatsa ho tšoaneleha ho sebeletsa ke le moholo, empa Ntate o ile a nthusa hore ke hlokomele hore batho ba ke ke ba tla ho ’na ka mathata a bona haeba ba nahana hore nka ’na ka bua ntho e ’ngoe e phoqang.”—Tite 1:7.
Kamoo U ka Fetohang Kateng
Hase kamehla re bonang mefokolo ea rōna ka ho hlaka. Mangolo a re lemosa hore e mong a ka ba a “ithetsa hoo a sa boneng sebe sa hae, hoo a sa se hloeeng.” (Pesaleme ea 36:3, BPN) Kahoo u ka ’na ua leka ho botsa motsoali, motsoalle ea tšeptjoang kapa Mokreste ea hōlileng tsebong kamoo a u bonang kateng. ’Nete e ka ’na ea hlaba, empa ka sebele e ka ’na ea u thusa ho bona liphetoho tseo u lokelang ho li etsa. (Liproverbia 20:30) Aaron o re: “Ke nahana hore ho mamela e bile ntho e khōlō ka ho fetisisa e nthusitseng. Ba tšepahalang ba ile ba mpolella moo ke neng ke fosa teng. Kamehla e ne e se seo ke neng ke batla ho se utloa, empa ka sebele e ne e le seo ke se hlokang.”
Na see se bolela hore u lokela ho etsa liphetoho tse khōlō bothong ba hao? Che, mohlomong e tla ba taba feela ea ho fetola monahano oa hao le boitšoaro bo bong bo itseng ba hao. (2 Bakorinthe 13:11) Ka mohlala, mohlomong ho tla fihlela hona joale u ’nile ua inahana u phahametse ba bang ka lebaka la seemo, matla kapa bohlale. Empa Bibele e re khothalletsa “ho ikokobetsa kelellong [re] nka hore ba bang ba [re] phahametse.” (Bafilippi 2:3) Hopola hore ba bang—ho sa tsotellehe seemo kapa matla—ba na le litšoaneleho tse babatsehang tseo u se nang tsona.
Hape ho ka ’na ha hlokahala hore u tlose tšekamelo ea ho ba mabifi kapa ho hatella. Sebeletsa ho lula u “behile leihlo, eseng thahasellong ea botho litabeng tsa [hao] feela, empa hape le thahasellong ea botho ho tsa ba bang.” (Bafilippi 2:4) Haeba u lokela ho hlahisa maikutlo a itseng, etsa joalo u sa hatelle, u sa phoqe leha e le ho hlapaola.—Baefese 4:31.
Haeba u oela tekong ea ho sebelisa bompoli, hopola hore Molimo o ile a timetsa Banefilime ba neng ba sebelisa bompoli. (Genese 6:4-7; 7:11, 12, 22) Makholo a lilemo hamorao, mehleng ea moprofeta Ezekiele, Molimo o ile a bontša ka matla hore o khahlanong le ba neng ba le molato oa ho “sututsa” le ho “thesela” ba hlokang thuso. (Ezekiele 34:21) Ho tseba hore Jehova o hloile tšebeliso ea bompoli e ka ba tšusumetso e matla ho motho hore a etse liphetoho tse hlokahalang!
Ho boetse hoa thusa ho thuisa ka melao-motheo ea Bibele ka thapelo. Molao oa Khauta o re: “Ka hona lintho tsohle, tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.” (Matheu 7:12) Ha u oela tekong ea ho tšosa motho e mong, ipotse: ‘Na ke rata ho theseloa, ho tšosoa kapa ho tlotlolloa? Joale ke hobane’ng ha ke tšoara ba bang ka tsela eo?’ Bibele e re laela hore re “be mosa e mong ho e mong, [re] e-na le qenehelo e bonolo.” (Baefese 4:32) Jesu o behile mohlala o phethahetseng tabeng ena. Le hoja a ne a phahametse batho ba bang bohle, o ile a tšoara e mong le e mong ka mosa, ka kutloelo-bohloko le ka tlhompho. (Matheu 11:28-30) Leka ho etsa se tšoanang haeba u phephetsoa ke e mong ea fokolang ho u feta—mohlomong esita leha a u tena.
Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba boitšoaro ba hao bo mabifi bo hlahisoa ke boikutlo ba ho halefela tsela eo u tšoaroang ka eona lapeng? Mabakeng a mang, khalefo e joalo e ka ’na ea lokafatsoa. (Bapisa le Moeklesia 7:7.) Leha ho le joalo, Bibele e re bolella hore monna ea lokileng Jobo o ile a lemosoa: “Bohale ba hao bo se ke ba u isa nyefolong . . . U itise, u se ke ua sekamela bobeng.” (Jobo 36:18, 21) Esita le haeba u tšoaroa hampe, ha u na tokelo ea ho tšoara ba bang hampe. Katamelo e molemo e ka ba ho leka ho tšohla taba le batsoali ba hao. Haeba u le mohlaseluoa oa tšoaro e feteletseng, thuso e tsoang ka ntle e ka ’na ea hlokahala ho u sireletsa bohlokong bo eketsehileng.
Ho fetoha ho ka ’na ha se ke ha e-ba bonolo, empa ho ka khoneha. Brent o re: “Ke rapella sena hoo e ka bang letsatsi le letsatsi, ’me Jehova o nthusitse ho etsa liphetoho tse ntle.” Ha le uena u ntse u etsa liphetoho tseleng eo u tšoarang batho ka eona, ntle ho pelaelo u tla fumana hore batho ba tla u rata haholoanyane. Hopola, batho ba ka ’na ba tšaba bo-’mampoli, empa ha ho motho ea hlileng a ba ratang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa puisano ea kamoo bahlaseluoa ba bompoli ba ka qobang ho hlorisoa kateng, bona “Bacha Baa Botsa . . . Nka Etsa Eng ka Bo-’mampoli ba Sekolong?,” tokollong ea rōna ea August 8, 1989.
b Mabitso a mang a fetotsoe.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 23]
“Ho sebelisa bompoli ho ka ’na ha qala bongoaneng, empa ho tsoela pele leha motho a se a hōlile”
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Lipuo tse nyefolang ke mokhoa o mong oa ho sebelisa bompoli