Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/13 maq. 12-13
  • Seo U Lokelang ho se Tseba ka Sethoathoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Seo U Lokelang ho se Tseba ka Sethoathoa
  • Tsoha!—2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Re Ithutile ho Phela le Lefu la Sethoathoa
    Tsoha!—1990
  • Ho Ikemisetsa ho Finyella Pakane ea Ka
    Tsoha!—2005
  • Ho Etela Mokuli—Kamoo U ka Thusang
    Tsoha!—1991
  • Ha Motho eo u mo Ratang a Kula
    Tsoha!—2015
Bala Tse Ling
Tsoha!—2013
g 10/13 maq. 12-13

Seo U Lokelang ho se Tseba ka Sethoathoa

MOTSOALLE oa hao o oela fatše, ’me o oa akheha. O satalatsa ’mele ’me o qala ho thakhinya. Haeba u ua tseba hore o na le lefu la sethoathoa, u ka khona ho mo thusa ha u ntse u emetse ho fumana thuso. A re hlahlobe lintlha tse ling ka lefu lena leo batho ba bangata ba sa le utloisiseng.

Lefu la sethoathoa ke eng? Ke boloetse ba boko bo etsang hore motho a tsietsane ka nakoana. Hangata motho o nka metsotso e ka tlaase ho e mehlano a tsietsane. Boemo bo hlalositsoeng qalong ea sehlooho sena ke ba motho ea hlasetsoeng ke sethoathoa.

Ke’ng e etsang hore batho ba tsietsane? Bafuputsi ba lumela hore ho bakoa ke ha ho ba le tšebetso e sa tloaelehang liseleng tsa boko. Empa ba ntse ba e-s’o fumane hore na seo se bakoa ke eng.

Ke lokela ho etsa’ng ha ke bona motho oa sethoathoa a tsietsana? The Encyclopedia of the Brain and Brain Disorders e re: “Batho ba ka thōko ha baa lokela ho tšoara-tšoara mokuli, ntle le haeba a le boemong bo kotsi ’me a sa khone ho hema.” Ka lehlakoreng le leng, buka eo e re: “Ba lokela ho bitsa ambulense haeba mokuli a qeta metsotso e fetang e mehlano a tsietsane, a boetse a tsietsana hang ka mor’a moo, kapa a akhehile empa a se a sa thakhinye.”

Nka thusa mokuli joang ha a ntse a thakhinya? Mo behele mosamo ’me u tlose lintho tse ka mo hlabang hloohong. Ha a se a emisitse ho thakhinya, mo robatse ka lehlakore joalokaha ho bontšitsoe setšoantšong se leqepheng le latelang.

Ke lokela ho etsa’ng ha mokuli a hlaphoheloa? Qala ka ho mo tiisetsa hore lintho tsohle li tsamaea hantle. Ebe u mo thusa ho ema ’me u mo isa moo a ka khonang ho phomola. Batho ba bangata ba tsoha ba tšoeroe ke boroko ba bile ba ferekane; ba bang bona ba hlaphoheloa kapele ’me ba khona ho itsoella pele ka seo ba neng ba ntse ba se etsa pele ba akheha.

Na ke batho bohle ba thakhinyang ha ba e-ba le sethoathoa? Che. Bakuli ba bang ba lahleheloa ke kelello ka nakoana, ’me ha ba oe. Hangata ha ba etsahalloe ke letho ka mor’a moo. Ba bang ba nka metsotso e ’maloa ba lahlehetsoe ke kelello. Ha mokuli a le boemong boo, a ka ’na a ronta ka tlung, a subela hempe a sa qete kapa a etsa lintho tse ling tse makatsang. Ka mor’a moo, a ka ’na a ba le molikoalikoane.

Motho o ikutloa joang ha a na le lefu la sethoathoa? Ka ho utloahalang, batho ba bangata ba nang le sethoathoa ba lula ba tšohile hore na ba tla tsietsana neng hona ba le hokae. Ba qoba ho ba har’a batho hobane ba sa batle ho hlajoa ke lihlong.

Nka khothatsa motho oa sethoathoa joang? Mo khothalletse hore a se ke a bipetsa maikutlo. Mo mamele ka hloko. Mo botse hore na a ka rata hore u etse’ng ha a tsietsane. Kaha boholo ba batho ba nang le lefu lena ha ba khanne, mohlomong u ka ithaopela ho mo isa libakeng tse itseng kapa ho mo phethela mabaka.

Na motho a ka fokotsa monyetla oa hore a tsietsane, esita le ho thibela seo? Ho na le lintho tse eketsang monyetla oa hore motho a tsietsane, tse kang khatello ea maikutlo le ho se robale hantle. Litsebi li khothalletsa batho ba nang le sethoathoa hore ba phomole ka ho lekaneng ba be ba ikoetlise kamehla e le hore ba fokotse khatello ea maikutlo. Maemong a mang, meriana le eona e ’nile ea ba thusa hore ba se ke ba tsietsana.

Mohlankana e mong ea bitsoang Sello oa Afrika Boroa, o ile a lelekoa sekolong ha a sa le monyenyane hobane a e-na le sethoathoa. O ile a hōla a sa kene sekolo a bile a se na meriana e laolang sethoathoa. Empa o ne a batla ho utloisisa Bibele, ’me Lipaki Tsa Jehova li ile tsa mo thusa. Li ile tsa ithuta Bibele le eena tsa ba tsa mo ruta ho bala. Ngaka e ’ngoe ea Paki e ile ea mo thusa hore a fumane meriana le chelete ea ’muso ea liphallelo. Sello eo hona joale le eena e leng Paki, ’me a thabela ho bolella ba bang hore Molimo o tšepisa ho tlisa lefatše le lecha leo ho kula ho sa tl’o ba teng ho lona, o re: “Lipaki Tsa Jehova ke Bakreste ba nang le lerato la ’nete.”—Tšenolo 21:3-5.

Tsela ea ho Thusa Mokuli

Ha a se a emisitse ho thakhinya . . . 

  • Khumama pel’a hae ’me u shebise setsoe sa hae holimo

  • Beha letsoho la hae le leng tlas’a lerama ’me u le tšoare

  • Ka letsoho le leng, koba lengole la hae ’me u le hulele ho uena ebe u mo phethola butle. Ebe u beha lengole leo u le kobileng fatše

  • Shebisa hlooho ea hae holimo e le hore a ka hema hantle

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela