U ka Fumana Likarabo Hokae?
NA U kile ua ikutloa u koatisitsoe ke khang e teng pakeng tsa khopolo ea ho iphetola ha lintho le pōpo? Haeba ho joalo, hase uena feela.
Ha e le hantle, ka lehlakoreng le leng ke bo-rasaense ba rutehileng le litsebi, bao hangata ba sebelisang puo ea barutehi, ’me ba hatella taba ea hore haeba u rutehile u bile u bohlale, u tlameha ho amohela khopolo ea hore lintho li iphetotse. Ka lehlakoreng le leng, ke batšehetsi ba bolumeli ba ikakasang ka tsela e tšoanang, ba buang ka tsela e amang maikutlo ha ba bolela hore haeba u na le tumelo ea sebele, u lokela ho lumela thuto ea bona ea hore lintho tsohle li bōpiloe ka matsatsi a tšeletseng a sebele.
Pono e feteletseng joalo e lahla batho ba bangata ba nahanang hantle. Taba ea boteng ba Molimo e hloka tlhaloso e molemo ho feta lipolelo tseo tsa boikhohomoso, tse tsitlellang maikutlong a itseng. Hopola hore taba ena hase feela eo ho ka tsosoang khang ka eona, hase feela taba ea ho ba le tsebo e itseng. Lintho tse amehang li ka ama bophelo ba hao le bokamoso ba hao.
Bothata bo Tloaelehileng ka Bo-rasaense
Joalokaha re bone, ho na le bo-rasaense ba bangata ba hlomphehang, ba rutehileng, ba bolelang hore bopaki bo supa hore ho na le Moetsi kapa ’Mōpi. Ba bang ha ba felle feela ho lumeleng hore o teng. Ba bile ba belaella botšepehi ba bo-rasaense-’moho le bona bao ka manganga ba hanang boteng ba Molimo.
Ka mohlala, setsebi sa thuto ea fisiks ea lefatše, John R. Baumgardner, o re: “Ho tla joang hore rasaense leha e le ofe ea tšepahalang a tšehetse taba ea hore ho rarahana ho teng linthong tse phelang tseo re li bonang ho iketsahalletse feela, empa ho e-na le bopaki bo bongata hakaale ba hore menyetla e joalo ha e eo? Kamoo ke bonang kateng, ho ba le maikutlo a joalo empa motho a ntse a bona hore menyetla e joalo ha e eo, ke ho tsoa botšepehi ba saense tlaase.”
Setsebi sa fisiks se tsebahalang, Richard Feynman, se hlahisitse lehlakore le leng la botšepehi ba saense. Puong ea hae e neng e bula univesithi, o ile a bua ka “mofuta o mong o ikhethang ka ho fetisisa oa botšepehi.” O ile a re oona o akarelletsa “boiteko bo matla ba ho bontša hore e ka ’na eaba u fositse.” O ile a re ho etsa joalo “ke boikarabelo ba rōna re le bo-rasaense, hore re bontše bo-rasaense ba bang seo, esita le batho ba sa rutehang.”
Ke hangata hakae re keng re utloe batho ba buellang thuto ea hore lintho li iphetotse ba sebelisa lipolelo tse kang, ‘mohlomong re fositse,’ ha ba buella thuto eo? Ka masoabi, boikokobetso bo joalo ke seoelo bo ka fumanoang ho bona. Ha e le hantle, boikokobetso le botšepehi li lokela ho etsa hore bo-rasaense ba eketsehileng ba lumele hore saense, e fellang feela ho ithuteng ka lintho tse bonahalang, e ke ke ea finyella ho arabeng lipotso tse mabapi le boteng ba ’Mōpi. Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka baeta-pele ba bolumeli ba buellang hore lintho tsohle li bōpiloe ka matsatsi a tšeletseng a sebele?
Bothata bo Tloaelehileng ka Baeta-Pele ba Bolumeli
Baeta-pele ba bolumeli le bona ba haelloa ke boikokobetso le botšepehi. Etsoe botšepehi bo hokae ha motho a bolela hore Bibele e ruta ntho eo ha e le hantle e sa e ruteng? Boikokobetso bo hokae ha motho a hlahisa maikutlo a hae le ho buella litloaelo tse itseng ho e-na le ho bua seo Bibele e se rutang? Sena ke sona seo ba bangata ba buellang thuto ea hore lintho tsohle li bōpiloe ka matsatsi a tšeletseng a sebele ba ’nileng ba se etsa.
Ka mohlala, ba buellang thuto eo ba atisa hore bokahohle bohle bo bōpiloe ka matsatsi a tšeletseng a sebele, a nang le lihora tse 24, lilemong tse 6 000 tse fetileng. Ka lithuto tse kang ena, ba emela Bibele hampe, eo eona e reng Molimo o ile a bōpa maholimo le lefatše “tšimolohong”—mehleng e sa boleloang pele “matsatsi” a tobileng a pōpo a qala. (Genese 1:1) Ka ho ikhethang, tlaleho ea Genese e bontša hore lentsoe “letsatsi” le sebelisoa ka mokhoa o feto-fetohang. Ho Genese 2:4, matsatsi ’ohle a tšeletseng a boletsoeng khaolong ea pele a hlalosoa e le feela letsatsi le le leng. Ka ho utloahalang, ana e ne e se matsatsi a sebele a lihora tse 24, empa e bile nako e telele. Ho hlakile hore letsatsi ka leng ho ana le ile la nka lilemo tse likete.
Ka masoabi, hangata baruti ba bolumeli ba tsoa lekoteng ha ba bua ka tumelo. Ho bonahala ba bang ba buella taba ea hore tumelo e tsamaea le ho lumela ka cheseho ntho eo ho seng bopaki bo utloahalang ka eona. Ho batho ba bangata ba nahanang hantle, seo se bonahala e le ho thetseha habonolo. Bibele e hlalosa tumelo ka tsela e fapaneng haholo: “Tumelo ke tebello e tiisitsoeng ea lintho tseo ho nang le tšepo bakeng sa tsona, ke bopaki bo totobetseng ba lintho tsa sebele le hoja li sa bonoe.” (Baheberu 11:1) Ka hona, tumelo ea sebele hase ho thetseha habonolo feela tjee. E thehiloe bopaking ba sebele, tiisong e utloahalang.
Joale tumelo ea Molimo e thehiloe bopaking bofe? Ho na le likarolo tse peli tsa bopaki, tseo ka bobeli e leng tse susumetsang.
Ho Hlahloba Bopaki ka Hloko
Moapostola Pauluse o ile a susumelletseha hore a ngole hore ‘litšobotsi tsa Molimo tse sa bonahaleng li bonoa ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele, hobane li lemohuoa ka lintho tse entsoeng, esita le matla le Bomolimo ba hae ba ka ho sa feleng.’ (Baroma 1:20) Ka lilemo tse likete, banna le basali ba bohlale ba ’nile ba lemoha bopaki ba hore Molimo o teng linthong tsa tlhaho.
Joalokaha re bone, saense e ka thusa tabeng ena. Ha re ntse re ithuta ka ho eketsehileng ka ho rarahana ha bokahohle le ho hlophiseha ha bona, re ba le mabaka a eketsehileng a ho tšaba le ho hlompha Ea entseng tsohle. Bo-rasaense ba bang ba amohela bopaki bo joalo ’me ba bona bo kholisa. Ha ho pelaelo hore ba tla re saense e ba thusitse hore ba tsebe Molimo. Ho bonahala bo-rasaense ba bang bona ba ke ke ba kholisoa ke bopaki leha e le bofe. Uena?
Haeba ha u na bothata ba ho hlahloba bopaki ka hloko tabeng ena, re u khothalletsa hore u etse joalo. Buka e reng Is There a Creator Who Cares About You?, e etselitsoe hore e u thuse ho araba lipotso tsena tsa bohlokoa.a Ho phaella moo, e tla u thusa hore u hlahlobe karolo ea bobeli ea bopaki ba hore Molimo o teng: e leng Bibele.
Bibele e na le bopaki bo bongata haholo ba hore e bululetsoe ke bohlale bo phahametseng motho. Ka mohlala, e na le boprofeta bo bongata, kapa histori e ngotsoeng pele e etsahala. Bo bong ba bona bo hlalosa ka nepo maemo a lefatše lena la kajeno! (Matheu 24:3, 6, 7; Luka 21:10, 11; 2 Timothea 3:1-5) Batho ba ke ke ba bolela bokamoso ka nepo esale pele. Ke mang ea ka etsang joalo haese Molimo?
Leha ho le joalo, Bibele e etsa ho fetang feela ho araba potso ea hore na ebe Molimo o teng na. E boetse e re ruta lebitso la hae, e hlalosa botho ba hae le ho re bolella kamoo a bontšitseng thahasello ea hae ho moloko oa batho ho pholletsa le lilemo. Ebile e senola seo a re boloketseng sona. Likarolong tseo kaofela, saense e sitoa ho re thusa hore re fumane likarabo. Ka sebele, saense ea batho e ke ke ea tlisa tšepo e sa feleng bophelong ba rōna. Ebile e ke ke ea etsa hore boitšoaro le litekanyetso e be tse nepahetseng.
Motheo oa Boitšoaro le Litekanyetso Tse Nepahetseng
Ka masoabi, ho bonahala tšekamelo ea saense e le ho fokolisa butle-butle boitšoaro le litekanyetso tse nepahetseng, joalokaha ba bang ba etsa kajeno. Setsebi sa baeloji, Richard Dawkins, se hanang taba ea boteng ba Molimo, se re: “Bokahohleng bona bo nang le matla a tlhaho a sa boneleng pele le ho ikatisa ha lintho tse phelang tse fetisetsang lefutso pele, ho na le batho ba tla utloa bohloko, ha ba bang ba tla ba lehlohonolo, ’me u ke ke ua fumana tlhaloso e hlakileng ea seo, leha e le hona ho bona toka.” Na u fumana see e le pono ea lefatše e lerootho? Na ha u nahane hore batho ba hloka litekanyetso tsa boitšoaro tse putsang ba itšoereng hantle le ho otla ba etsang bobe?
Mona ke moo re fumanang phapang ea bohlokoa e teng pakeng tsa tsela eo Bibele e talimang batho ka eona ha e bapisoa le eo thuto ea ho iphetola ha lintho e latolang boteng ba Molimo, e ba talimang ka eona. Lentsoe la Molimo le hatella taba ea hore batho ba na le sebaka se khethehileng pōpong; thuto ea ho iphetola ha lintho eona e bolela hore batho ba bile teng ka tšohanyetso ha lintho tsa tlhaho li ntse li fetoha ntle ho morero. Bibele e hlalosa hore batho ba entsoe ka setšoantšo sa Molimo ea nang le toka le ea lerato, le hore ba ka phela ka boitšoaro bo botle le ho thabela bophelo; athe thuto ea ho iphetola ha lintho eona e sitoa ho hlalosa litšobotsi tsa batho tsa lerato le ho hloka boithati kaha e buella taba ea hore lekanyane ho phela le liretse.
Thuto ea ho iphetola ha lintho e ke ke ea fana ka tšepo leha e le efe ea sebele kapa oona morero. Bibele e fana ka morero o moholo oa ’Mōpi bakeng sa bokamoso ba rōna. O phatlalalitse morero oa hae ka ho hlaka: “Ke tla le hlohonolofatsa ka bokamoso bo tletseng tšepo.”—Jeremia 29:11, Contemporary English Version.
Ithute ka ’Mōpi
Mopesaleme ea bohlale o ile a susumelletseha hore a lumele ka boikokobetso: “Tsebang hore Jehova ke Molimo. Ke eena ea re entseng, eseng rōna.” (Pesaleme ea 100:3) Ho ba bangata ba nahanang hantle, tsebiso ena e ikokobelitseng e utloahala ho feta likhopolo tsa kajeno tsa hore bophelo ba motho bo itlhahetse feela ka tšohanyetso.
Ka linako tse ling saense ea morao tjena e buella khopolo e nang le boikhohomoso ea hore bohlale le tsebo ea motho e lokela e be tsona tse mo tataisang. Ka masoabi, malumeli a hlophisitsoeng a ’nile a etsa phoso e tšoanang khafetsa. Leha ho le joalo, tsebo ea motho e lekanyelitsoe ’me ho tla lula ho le joalo. Moapostola Pauluse o ne a e-na le tsebo e kenelletseng ea litaba tsa moea, empa o ile a lula a ikokobelitse. O ile a bua tjena ka tsela e utloahalang: “Hona joale re bonela leroothong seriti ka seiponeng . . . Tsebo eo ke nang le eona hona joale ha ea phethahala.”—1 Bakorinthe 13:12, The Jerusalem Bible.
Ka ho hlakileng, tumelo ea sebele ho Molimo ha ea itšetleha ka saense ea kajeno. Empa ho bashebelli ba nang le temoho, saense e ka ba thusa ho matlafatsa tumelo ea bona. Tumelo ea sebele le bomoea ke tsa bohlokoa bakeng sa bophelo bo khotsofatsang le bo thabileng. (Matheu 5:3) Haeba u sebelisa Bibele hore u fumane tsebo e kenelletseng ea Jehova le morero oa hae ka moloko oa batho le lefatše, u tla fumana mohloli oa morero oa sebele bophelong le motheo o tiileng oa ho ba le tšepo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 17]
Ka mantsoe a bona
Bo-rasaense ba bangata ha ba qea-qee ho bolela hore ba lumela ho ’Mōpi. Le hoja ba bang ba na le likhopolo tse pharaletseng le tse sa hlakang ka hore na Molimo ke mang, leha ho le joalo, baa lumela hore bopaki bo teng bo bontšang hore ho na le Moetsi ea bohlale. Ela hloko litlhaloso tse latelang:
“Ke le setsebi sa saense, ke sheba lefatše le mpotolohileng, ke bone tšebetso e rarahaneng ka tsela e hlollang hakana ea lintho tse teng, hoo ke fihlelang qeto ea hore ho na le moetsi ea bohlale eo e leng eena ea ikarabellang tsamaisong ea lintho tse rarahaneng hakana.”—ANDREW MCINTOSH, SETSEBI SA LIPALO, WALES, UNITED KINGDOM
“Ho rarahana ha lintho tsa tlhaho ho bontša ka ho hlaka hore ’Mōpi o teng. Hang ha tsamaiso e ’ngoe le e ’ngoe ea lintho tse phelang le tse sa pheleng e utloisisoa, e bontša ho rarahana ho hlollang.”—JOHN K. G. KRAMER, SETSEBI SA TŠEBETSO EA LIK’HEMIK’HALE LINTHONG TSE PHELANG, CANADA
“Tlhophiso e teng linthong tse phelang lefatšeng e hlakile. E reriloe ke Matla a phahameng ao ’na ke a bitsang Molimo. Mona ke hona moo tumelo e lumellanang le ’nete ea saense teng. Ho fapana le ho e hanyetsa, e etsa hore e hlake le ho feta, e fana ka kutloisiso e sa rarahanang ea bokahohle ba rōna.”—JEAN DORST, SETSEBI SA BAELOJI, FORA
“Ke sitoa ho nahana hore na bokahohle le bophelo ba batho bo ne bo ka ba teng joang ntle le ho ba le tšimoloho e bohlale, ntle le mohloli oa ‘lerato’ la lintho tsa moea o hlalosang tse teng le melao ea tsona.”—ANDREY DMITRIYEVICH SAKHAROV, SETSEBI SA FISIKS EA NYUTLELIE, RUSSIA
“Ka tsela e itseng, phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe e etselitsoe hore e tšoanele tikoloho e itseng, ’me ke sitoa ho iphapanyetsa ho lebisa ho rarahana hona ho ’Mōpi, ho e-na le ho ho hlalosa e le ntho e etsahetseng ka tšohanyetso ha lintho li ntse li iphetola.”—BOB HOSKEN, SETSEBI SA TŠEBETSO EA LIK’HEMIK’HALE LINTHONG TSE PHELANG, AUSTRALIA
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 18]
Tlaleho ea Genese e ea thoholetsoa
Gerald Schroeder, eo e kileng ea e-ba moprofesa oa “fisiks ea nyutlelie,” oa ngola: “Litemaneng tse mashome a mararo a motso o mong, Bibele e tlaleha liketsahalo tsa lilemo tse likete tse leshome le metso e tšeletseng tsa limilione, e sebelisa mantsoe a makholo a ’maloa feela. Liketsahalo tsena ke tseo bo-rasaense ba sebelisitseng mantsoe a limilione ho li ngola. Ho ba teng hohle ha bophelo ba liphoofolo ho akarelitsoe ka lipolelo tse robeli feela ka Bibeleng. Ha re hlahloba tsela eo Bibele e phetang litaba ka bokhutšoanyane ka eona, ho lumellana ho teng pakeng tsa lipolelo le ho etsahala ha tsona ka ho latellana khaolong ea pele ea Genese, hammoho le se sibolotsoeng ke saense ea kajeno, ke ntho e hlollang, haholo-holo ha re lemoha hore tlhaloso eohle ea Bibele mona e tlalehiloe lilemong tse fetileng tse makholo, kapa tse likete, ’me ho hlakile hore ha ho kamoo e neng e ka ba e susumelitsoe ke lintho tseo saense ea kajeno e li sibolotseng. Saense ea kajeno ke eona e lumellanang le tlaleho ea Bibele ka tšimoloho ea rōna.”—THE SCIENCE OF GOD—THE CONVERGENCE OF SCIENTIFIC AND BIBLICAL WISDOM.
[Setšoantšo]
Bibele e hlalosa matsatsi a tšeletseng a pōpo
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Bibele e na le bopaki bo matla ba hore e bululetsoe ke Molimo