Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 2/8 maq. 22-24
  • Ho Kuta Shoere!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Kuta Shoere!
  • Tsoha!—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tloha ho Likhetla ho ea ho Mahare a Lahloang
  • Histori ea ho Kena le ho Tsoa Fesheneng
  • Litelu Tsa Katse
    Tsoha!—2015
  • Re U Lome Tsebe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Buka eo U ka e Tšepang—Karolo ea 1 Egepeta Historing ea Bibele
    Tsoha!—2010
  • Ho Hlahlobisisa Moriri oa Hao
    Tsoha!—2001
Tsoha!—2000
g00 2/8 maq. 22-24

Ho Kuta Shoere!

KA MONGOLLI OA TSOHA! AUSTRALIA

HAEBA monna a qeta metsotso e mehlano ka letsatsi a kuta litelu ’me a etsa joalo letsatsi le leng le le leng ka lilemo tse 50, o tla be a sebelisitse matsatsi a ka holimonyana ho a 63 feela a bophelo ba hae a kuta litelu sefahlehong! Banna ba ikutloa joang ka mosebetsi oo oa letsatsi le letsatsi?

Phuputso e ’ngoe e sa tsoa etsoa ka tsela e sa hlophisoang e fane ka litlhaloso tsena mabapi le ho kuta: “Ha ke ho rate.” “Ke ho hloile.” “Ke e ’ngoe ea lintho tse kotsi bophelong.” “Ho lokela ho qojoa neng le neng ha ho khoneha.” Haeba banna ba bang ba e-na le boikutlo bo tebileng joalo ka ho kuta litelu sefahlehong, ke hobane’ng ha ba ho etsa? A re ke re hlahlobeng taba ea ho kuta ka ho eketsehileng. Mohlomong re tla fumana karabo.

Ho Tloha ho Likhetla ho ea ho Mahare a Lahloang

Na u ka inahanela u kuta litelu ka khetla? Kapa ka leino la tlhapi e khōlō? Kapa mohlomong ka motšetše oa lejoe le thata? Batho ba ’nile ba bonahatsa bohlale bo ikhethang ha ba khetha lisebelisoa tsa ho kuta litelu! Egepeta ea boholo-holo, banna ba ne ba kuta litelu ka lehare la koporo le kang hloohoana ea selepe se senyenyane. Hamoraonyana, lekholong la bo18 le la bo19 la lilemo, ho ile ha hlahisoa a ileng a tsebahala e le a khaolang qoqotho, haholo-holo Sheffield, Engelane. Mahare ana a neng a atisa ho khabisoa ka tsela e majabajaba, a ne a e-na le tšepe e bohale e kobehileng e kenang ka har’a mohoele ka tsela e sireletsehileng ha e sa sebelisoe. Lisebelisoa tsena li ne li lokela ho tšoaroa ka hloko, ’me ha ho pelaelo hore motho o ne a tlameha ho itšeha ka makhetlonyana pele a tseba ho li sebelisa hantle. Ho ba se nang phihlelo, e tlameha ebe ho ithuta ho li sebelisa e ne e le ho sithabetsang. Leha ho le joalo, lekholo la bo20 la lilemo le ile la tšepisa ho tlisa topollo.

Ka 1901 monna e mong oa United States ea bitsoang King Camp Gillette o ile a qapa lehare le sireletsehileng le nang le karolo e sehang e lahloang. Khopolo ea hae e ile ea tsukutla lefatše ’me qetellong ea lebisa ho etsoeng ha mefuta e sa tšoaneng, ho akarelletsa mahare a nang le mehoele e koahetsoeng ka silevera kapa khauta. Mahare a entsoeng morao tjena a akarelletsa mahare a lahloang a ntse a feletse, mahare a nang le likarolo tse peli kapa tse tharo tse sehang le mahare a nang le lihloohoana tse tenyetsehang, tse sothehang.

Ka sebele, ha rea lokela ho lebala mahare a motlakase, a qalileng ho hlahella ’marakeng ka 1931. A ’nile a tsoela pele ho sebelisoa ka tsela e atlehileng le ho ratoa, empa ba bangata ba batlang ho kutisisa litelu ba ntse ba khetha lehare le sehang.

Histori ea ho Kena le ho Tsoa Fesheneng

Ho tloha mehleng ea boholo-holo, moloko oa batho o ’nile oa kenya le ho ntša litelu fesheneng. Buka e reng Everyday Life in Ancient Egypt e bolela hore Baegepeta ba boholo-holo “ba ne ba sa tuma ka ho ba le mohoete ’meleng ’me ba ne ba ithorisa ka ho ba boreleli, ho sebelisa mahare a entsoeng hantle ao ba neng ba a boloka ka mekotlaneng e makhethe ea letlalo.” Moetlo ona o ka ’na oa hlalosa lebaka leo ka lona motšoaruoa oa Moheberu Josefa a ileng a ikuta pele a hlahella ho Faro.—Genese 41:14.

Baassyria e ne e le sechaba sa banna ba khabang ka litelu. Ka boikakaso, ba ne ba hlokomela litelu tsa bona haholo, ba li harela ka tsela e khabisitsoeng, ba li loha le ho li lokisa.

Banna ba Baiseraele ba boholo-holo ba ne ba boloka litelu tsa bona li le bolelele bo lekaneng, ’me ba ne ba sebelisa lehare ho li kuta hantle. Kahoo, Molao oa Molimo o ne o bolela’ng ha o ne o laela banna ba Baiseraele hore ba se ke ba ‘kuta moriri oa bona o lehlakoreng’ kapa ba ‘senya mathōko a litelu tsa bona’? Ena e ne e se taelo e hanelang motho ho kuta moriri kapa litelu. Ho e-na le hoo, e ne e thibela banna ba Baiseraele ho etsisa mekhoa e feteletseng ea bolumeli ea lichaba tsa bohetene tse ahisaneng le bona.a—Levitike 19:27, NW; Jeremia 9:25, 26; 25:23; 49:32.

Sechabeng sa boholo-holo sa Bagerike, ka tloaelo batho bohle ba ne ba e-na le litelu haese bahlomphehi, bao hangata ba neng ba li kuta ka ho feletseng. Roma, tloaelo ea ho kuta litelu ho bonahala e ile ea qala lekholong la bobeli la lilemo B.C.E., ’me ka makholo a ’maloa a lilemo a ileng a latela, ho kuta litelu letsatsi le leng le le leng ho ile ha lula e le moetlo.

Leha ho le joalo, ha ’Muso oa Roma o oa, ho hōlisa litelu ho ile ha boela ha tloaeleha, ha tsoela pele ka lilemo tse 1 000 ho fihlela karolong ea bobeli ea lekholo la bo17 la lilemo, ha ho kuta litelu ho boela ho tloaeleha. Ho kuta litelu ho ile ha tsoela pele ho theosa le lekholo la bo18 la lilemo. Empa joale, mahareng a lekholo la bo19 la lilemo le ho elella qetellong ea lona, maikutlo a ile a boela a sekamela ka lehlakoreng le leng. Ke kahoo litšoantšo tsa C. T. Russell, e leng mopresidente oa pele oa Mokhatlo oa Watch Tower le Mokreste-’moho le eena W. E. Van Amburgh li hlahisang banna bao ka bobeli ba e-na le litelu, tse lokisitsoeng le ho kutoa hantle ka mokhoa oa nakong eo tse neng li hlompheha li bile li loketse bakeng sa mehla ea bona. Leha ho le joalo, mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo, ho kuta litelu ho ile ha boela ha tloaeleha ’me ho ’nile ha tsoela pele linaheng tse ngata ho tla fihla mehleng ena ea rōna.

Na u e mong oa banna ba limilione ba sebelisang lehare ho phetha mokhoa oo oa letsatsi le letsatsi ka pel’a seipone? Haeba ho joalo, ha ho pelaelo hore u batla ho etsa seo u sa utloe bohloko, u sa tsoe mali le hona e le ka tsela e atlehang ka hohle kamoo ho ka khonehang. E le hore u finyelle seo, u ka ’na ua lakatsa ho hlahloba litlhahiso tse lebokoseng le reng “Likeletso Mabapi le ho Kuta Litelu ka Lehare.” Mohlomong u se u ntse u sebelisa tse ling tsa litlhahiso tsena. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe—thabela ho kuta litelu e le hore u sale u le boreleli, u li kutile shoere!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona Insight on the Scriptures, Moqolo 1, leqepheng la 266 le 1021, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 23]

Likeletso Mabapi le ho Kuta ka Lehare

Buka e bitsoang Men’s Hair e etsa litlhahiso tsena tse latelang bakeng sa ho kuta litelu hantle ka lehare.b

1. Ho thapisa litelu: Tsela feela ea ho etsa hore litelu li hle li thape ke ho li kolobisa ka metsi a mangata a chesang. Haeba ho khoneha, kuta litelu ka mor’a hore u itlhatsoe, kaha sena se fana ka nako e eketsehileng ea hore metsi a kolobise litelu.

2. Ho itlotsa ka lintho tse sebelisoang pele ho kutoa litelu (preshave): Mefuta-futa e sa tšoaneng ea sesepa, litlolo tse etsang lekoeba, mafura le mekelikeli e ngobetsang li finyella lintho tse tharo tsa bohlokoa. (1) Li boloka litelu li le mongobo, (2) li etsa hore li lule li eme, hape (3) li etsa hore letlalo le thelle e le hore lehare le ka imathela habonolo. Khetha sesebelisoa se u sebeletsang hamolemo ka ho fetisisa. Hape, na u se u kile ua leka ho sebelisa setlolo se bolokang moriri o le mongobo (hair conditioner)? Se reretsoe ho nolofatsa moriri.

3. Ho sebelisa lehare le nepahetseng ka tsela e nepahetseng: Lehare le nepahetseng ke lehare le bohale. Lehare le nthithi le ka u senya letlalo. Kuta ho latela tsela eo moriri o melang ka eona. Ho kuta u leba hosele ho ka kuta litelu shoere! empa ho ka kutella le litelu tse tlas’a letlalo ’me ha etsa hore li hōlele ka hare ho letlalo le potolohileng ho fapana le ho hlaha le masobeng a letlalo. Ho ea ka mehloli e meng, ho kuta ka mokhoa o sa tsotelleng—ha banna le ha basali​—⁠ho ka baka tšoaetso ea likokoana-hloko ’me ha hlahisa leshoata.

4. Ho sireletsa letlalo ka mor’a ho kuta: Nako le nako ha u kuta, u tloselletsa le lera le lenyenyane haholo la letlalo, e leng ho etsang hore letlalo la hao e be le ka utloang bohloko habobebe. Ka hona, ke habohlokoa hore u iphotle sefahleho ka metsi a hloekileng ho tlosa mesaletsa eohle—u iphotle ka metsi a futhumetseng pele, u ntan’o iphotla ka a batang bakeng sa ho koala masoba a letlalo le ho boloka mongobo. Haeba u rata, u ka ’na ua sebelisa setlolo se sebelisoang ka mor’a ho kuta (after-shave) se ngobetsang ho sireletsa le ho nchafatsa letlalo la hao.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

b Sehlooho sena se bua ka ho kuta ha banna. Linaheng tse ngata basali le bona ba kuta likarolo tse ling tsa ’mele, kahoo le bona ba ka ’na ba fumana lintlha tse ling tse boletsoeng mona li thusa.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 24]

Litelu ke Eng?

Litelu ke moriri o melang sefahlehong. Li entsoe ka keratin le liprotheine tse ling tse amanang le eona. Keratin ke protheine e thata, e nang le sebabole e hlahisoang ke ’mele oa motho le oa phoofolo ’me ke eona ntho e ka sehloohong e etsang moriri, manala, masiba, litlhako le manaka. Moriring oohle o hlahang ’meleng oa motho, litelu ke tsona tse thata ka ho fetisisa le tse hōlang kapele ka ho fetisisa, tse kutehang ka thata joaloka terata ea koporo e lekanang le tsona ka botenya. Li ka ba 25 000 sefahlehong sa monna ea itekanetseng, ’me li hōla ka tekanyo ea hoo e ka bang halofo ea milimithara ka lihora tse ling le tse ling tse 24.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Men: A Pictorial Archive from Nineteenth-Century Sources/Dover Publications, Inc.

[Litšoantšo tse leqepheng la 24]

Ho kuta litelu ho na le histori ea ho kena le ho tsoa fesheneng

Moegepeta

Moassyria

Moroma

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Museo Egizio di Torino

Photographs taken by courtesy of the British Museum

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela