Taeo e Kotulisa Tholoana ea Khotso
“Taeo ha e hlahela motho, ha ho bonahale kamoo e ka mo thabisang kateng; ea mo llisa; empa hamorao, ba rutoang ka eona e ba kotulisa khotsong litholoana tsa ho loka.”—BA-HEBERU 12:11.
1. (a) Lentsoe la Jehova le re’ng ka matla a motho a ho tsamaisa tsela ea bophelo ba hae, empa batho bona ba re’ng? (b) Ke mang ea pakiloeng a bua ’nete, ’me ea buang leshano eena ke mang?
LENTSOE la Jehova le re “motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” (Jeremia 10:23) Motho o bolela hore ho matleng a hae ho etsa joalo, empa ho tloha ha ho qala bofetoheli Edene, o entse joalo. Ho tloha ka nako eo ho fihlela joale, ho batho ba bangata ho ’nile ha e-ba ka tsela e tšoanang le ea matsatsing a Baahloli Iseraeleng: “E mong le e mong o ne a etsa kamoo a ratang kateng.” (Baahloli 21:25) Empa mantsoe a Jehova ho Liproverbia 14:12 a ipakile e le ’nete: “Mohlomong, ho motho, tsela e ’ngoe e bonahala e ntse e ka e lokile, athe bofello ba eona bo isa lefung.” Ka lilemo tse 6 000 batho ba ’nile ba nka tsela eo ho bonahalang e nepahetse ho bona, empa ka nako eo kaofela e ’nile ea ba isa ntoeng, tlaleng, ho kuleng, tlōlong ea molao le lefung. Pale e pakile mantsoe a Jehova e le a ’nete ’me litsela tsa motho e le tsa leshano.
2. Liithuti tsa likelello tsa bana li nka boemo bofe ka ho shapa, empa ho lumella ha bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho hlahisitse litholoana life?
2 Batho ba sa phethahalang ba hloka taeo. Ba e hloka ho tloha bonyenyaneng ho ea pele. Lentsoe la Molimo le re: “Ea hlokisang mora oa hae thupa, o mo hloile; empa ea mo ratang o mo laea a sa le monyenyane.” (Liproverbia 13:24) Litsebi tse ngata tsa likelello tsa bana li hanana le bohlale bona ba bomolimo. Lilemo tse ’maloa tse fetileng se seng se kile sa botsa: “Na lōna bo-’mè lea hlokomela hore nako le nako ha le shapa bana ba lōna le bontša hore le hloile bana ba lōna?” Empa ho lumella ha bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho hlahisitse moroallo oa bana ba litlokotsebe hoo lekhotla la boahloli la Brooklyn le ileng la etsa tlhaloso ena e hlabang: “Ke nahana hore re hloka sehlahla sa lithupa bakeng sa morolo o mocha. Empa hona ha ho talingoe ho loketse kajeno. Hona joale re bolelloa hore ha ua tlameha ho shapa ngoana; e ka ’na eaba u khina bohlale ba hae.” Empa ho lumella ha bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe ha hoa hlahisa bohlale ba letho—empa e le leqhubu la tlōlo ea molao ea bacha ba likebekoa.
3. Motheong oa lipolelo tse ’maloa tsa ba boholong, ho totobala tšekamelo efe?
3 Hona joale ho foka moea oa liphetoho. Burton L. White, ea boholong tsoelopeleng ea bana, o bolela hore ho ba thata ha hao ho ke ke ha etsa hore bana ba hao “ba u rate hanyenyane ho feta haeba u le bonolo. . . . Le haeba u ba shapa kamehla, u tla fumana hore ba ntse ba khutlela ho uena.” O hatisa ntho eo ngoana a e hlokang ea pele e le “ho bokotsoa.” Dr. Joyce Brothers o tlalehile ka thuto ea makholo a barutoana ba lauoeng ka thata-thata ba sehlopha sa bohlano le sa botšelela ba hlileng ba lumela hore melao e thata “e ne e le pontšo ea lerato la botsoali.” Journal of Lifetime Living e itse: “Liithuti tsa likelello tsa bana, ha li ne li entse khang ka ho feptjoa ka linako ho e-na le ha ngoana a batla, ho shapa ho e-na le ho se shape, li fumane hore ha ho na ho hlileng ho etsang phapang e khōlō hakaalo hafeela ngoana a ratoa.” Dr. Benjamin Spock, mongoli oa Baby and Child Care, le eena o ile a jara karolo ea molato oa ho haella ha ho tiea ha batsoali ho fellang ka botlokotsebe ba bana. O ile a re molato ke oa litsebi, “lingaka tsa mafu a kelello baneng, liithuti tsa kelello, matichere, basebetsi ba tsa kahisano le lingaka tsa mafu a bana joalo ka ’na.”
Thupa ea Taeo
4. Thupa ea taeo e tšoantšetsa eng, ’me ha e sebelisoa hantle e bontša eng ha e bapisoa le ho lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe?
4 “Thupa” joalokaha e sebelisitsoe kaholimo ha e hlile ha e bolele ho shapa; e emela mekhoa ea ho khalemela, ho sa tsotellehe hore na e etsoa ka tsela efe. The New International Version temaneng ena e re: “Thupa. Mohlomong ke mokhabo-puo bakeng sa taeo ea mofuta leha e le ofe.” Thupa ke tšoantšetso ea molao kapa matla—tabeng ena matla a botsoali. Motsoali ha a fumane teboho ea letho hamorao ka baka la ho lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe le ho senya ngoana: “Haeba motho a bokotsa mohlanka [kapa ngoana] oa hae ho tloha bocheng ba hae, hamorao bophelong ba hae o tla be a fetohe ea hlokang teboho.” (Liproverbia 29:21, NW) Ho latola matla a botsoali ka ho lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe hoa soabisa ’me ha ho bontše lerato empa ho se tsotelle; ho sebelisa thupa ea taeo ka mosa empa e le ka mokhoa o tiileng ho bontša ho ameha ho lerato. “Thupa le khalemelo li fa motho bohlale; empa mohlankana ea ipusang o hlabisa ’m’ae lihlong.”—Liproverbia 29:15.
5. (a) Tlhaloso e ’ngoe e re’ng ka Liproverbia 13:24, hona ke temana efe e ’ngoe ea Bibele e lumellanang le eona? (b) Ke bo-mang ba lauoang ke Jesu le Jehova?
5 Ha e bua ka Liproverbia 13:24, Commentary on the Old Testament ea Keil-Delitzsch ea hlalosa: “Ntate eo ka ’nete a lakaletsang mora oa hae botle o potlakela ho mo laea ka thata, ho mo fa taeo ha a sa khona hore a ka susumetsoa ke tsela e nepahetseng, ’me a sa lumelle liphoso hore li mele ka metso ho eena; empa ea bokotsang ngoana oa hae ha a tlameha ho ba ea thata, o itšoara joalokaha eka ha e le hantle o mo lakaletsa tšenyeho.” New Translation of the Bible ea Moffatt ho Liproverbia 19:18 ea lumela: “Shapa mora oa hao, ha ho sa ntse ho e-na le tšepo ka eena, ’me u se ke ua mo lumella ho mathela tšenyehong.” Taeo e mosa empa e le e tiileng ho tloha bonyenyaneng e bontša lerato la botsoali. Jesu o itse: “’Na, ke khalemela, ke laea bohle bao ke ba ratang.” Ha e le Jehova, “o ee a laee eo a mo ratang.”—Tšenolo 3:19; Ba-Heberu 12:6.
6. Hangata taeo e tla ka sebopeho sefe, ’me ke mehlala efe e tšehetsang karabelo ea hao?
6 Taeo ka nako tse ling e ka ’na ea akarelletsa ho shapa, empa hangata ha ho joalo. Liproverbia 8:33 (NW) ha e re, “utloa” taeo empa, “mamela taeo ’me u hlalefe.” Ka makhetlo a mangata taeo e tla e le ka sebopeho sa mantsoe, e seng ho shapuoa: “Likhalemelo tsa taeo ke tsela ea bophelo.” “Tšoara taeo ka matla, u se ke ua e lesa ea phonyoha, u e boloke, hobane ke bophelo ho uena.” (Liproverbia 4:13; 6:23) Ha mohlanka oa Jehova Jobo a hloka khalemelo, e ile ea finyelloa ka mantsoe a laeang, pele e bile Elihu ’me hamorao ea e-ba Jehova ka boeena. (Jobo, likhaolo 32-41) Jobo o ile a amohela khalemelo eo ’me a re ho Jehova: “Ke fela ke inyatsa, ’me ke iteta sefuba ke le lerōleng le moloreng.”—Jobo 42:6.
7. Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “taeo” le bolela’ng, le lokela ho sebelisoa joang, ’me le finyella eng?
7 Pai·deiʹa ke lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “taeo.” Ka libopeho tsa lona tse sa tšoaneng le bolela ho koetlisa, ho ruta, ‘ho ruta ka bonolo.’ (2 Timothea 2:25) Le amana haholoanyane le ho koetlisa boitšoarong ho feta ho fumana tsebo. Ho laea hona ho tsamaea le ‘ho khothatsa ka mamello eohle le ka ho ruta.’ (2 Timothea 4:2) E bontšitsoe hantle keletsong e filoeng bo-ntate: “’Me lōna bo-ntat’a bana, le se ke la halefisa bana ba lōna; le mpe le ba hōlise ka ho ba laea le ka ho ba rutela Moreneng.” (Ba-Efese 6:4) Ka mosa empa e le ka tieo, taeo ena ke ho laola mocha ka tsela eo Jehova a nahanang ka eona.
Mohloli oa Taeo
8. Re ka itaea ho tsoa mohloling ofe le ka litsela life?
8 Melao-motheo e akarelletsoang ha ho laoa bana e boetse ea sebetsa le ho batho ba baholo. Bibele ke mohloli oa boitsebiso ka seo re lokelang ho ba sona le seo re sa lokelang ho ba sona. Ha re e bala, re ka iteka le ho sebelisa khalemelo moo e hlokahalang. (2 Ba-Korinthe 13:5) Ha re thuisa mehopolo ea Jehova, ho ka ’na ha tsosoa maikutlo a molato ka ho rōna, ho re thusa ho hlokomela liphetoho tse hlokahalang ho rōna. Ho bile joalo ka mopesaleme: “Ke rorisa Jehova, hobane e bile moeletsi oa ka; esita le ka bosiu pelo ea ka [“maikutlo a ka a tebileng haholo”] ea nkeletsa.” (Pesaleme ea 16:7) Re ka ’na ra itaea joalokaha Pauluse a ile a etsa: “Ke laea ’mele oa ka, ke ithapisetsa oona; e se re mohlomong ha ke boleletse ba bang Evangeli, ’na ka fumanoa ke sa lokeloa ke ho amoheloa.”—1 Ba-Korinthe 9:27.
9. Ke mekhoa efe e meng e teng bakeng sa taeo e molemo?
9 Taeo e ka ’na ea tsoa ho motho e mong osele. E ka ’na ea tla ka ho shebjoa, tšobotsi ea sefahleho ea ho khena, taelo, boitšisinyo ba ’mele le khalemelo ea molomo. Jesu o ile a sheba Petrose e leng ho ileng ha mo hopotsa ka seo Jesu a se profetileng ka sebe sa hae se tebileng, eaba oa tsoa ’me a lla habohloko. (Luka 22:61, 62) Lekhetlo le leng e bile ha a khalemela Petrose ka mantsoe a mane a bohloko: “Tloha ho ’na, Satane!” (Mattheu 16:23) Ho bala litokollo tsa Watch Tower, ho ea libokeng, ho bua le ba bang, le ho mamella liphihlelo tse boima—liketso tsohle tse joalo li ka ’na tsa tutubollela mahlo a rōna libakeng tseo ho hlokahalang hore re etse liphetoho ho tsona. Leha ho le joalo, mohloli oa bohlokoahali le o ka re tataisang bakeng sa taeo, ke Lentsoe la Molimo ka bolona.—Pesaleme ea 119:105.
10. Maele a Salomone a na le molemo ofe bakeng sa ho laea, empa ba bang ba tsitlallela ho latela tsela efe?
10 Maele a Salomone a filoe batho ba lilemo tsohle, e le hore ba ka tseba “bohlale le taeo, ho hlahisa lipuo tse maele, ho ratisa thuto ea kelello, ea ho loka, ea kutloisiso, ea toka; ho hlalefisa sethoto, ho nea mohlankana tsebo le kelello.” Empa mohlomong motho “a ke ke a itumella ho khalemeloa ka mantsoe feela, hobane oa utloisisa empa ha a mamele.” (Liproverbia 1:2-4; 29:19, NW) Lithoto tse ling li tsitlallela ho ithuta “phihlelo ea litsietsi tsa bophelo lefatšeng,” joalokaha ho entse ngoana ea lehlasoa pele ‘a ikhopola.’—Luka 15:11-17.
11. (a) Phutheho ea Korinthe e ile ea lauoa joang ’me Jonase a lauoa joang? (b) Ke likotlo life tsa taeo tse ileng tsa oela Davida ka baka la bofebe ba hae le boiteko ba ho bo koahela? (c) Ke mantsoe afe a Pesaleme ea 51 a ngotsoeng ke Davida a bontšang botebo ba ho baka ha hae?
11 Ha a hlalosa lengolong leo a neng a ile a le ngolla phutheho ea Bokreste Korinthe, Pauluse o ile a re: ‘Masoabi a lōna a hlahisitse pako; hobane le ile la soaba ka mokhoa o ratoang ke Molimo, [’me ho felletse ka] ho lokisa phoso.’ (2 Ba-Korinthe 7:9-11, NW) Jonase o ile a lauoa ka sefefo sa leoatle le ka tlhapi e khōlō. (Jonase 1:2, 3, 12, 17; 2:10; 3:1-4) Bofebe ba Davida le teko ea ho bo koahela li ile tsa mo tlisetsa kotlo e mo laeang, joalokaha ho bontšitsoe ho 2 Samuele 12:9-14. Ho baka ha hae ho ile ha hlalosoa ka mokhoa o susumetsang ka mantsoe ana ho Pesaleme ea bo51: ‘Ntlhatsoe, u be u ntlhatsoisise bokhopo ba ka, u mphekole sebe sa ka! Sebe sa ka se pel’a ka ka mehla. U hlakole makhopo a ka kaofela! U bōpe ka hare ho ’na pelo e hloekileng, u boele u lokise ka hare ho ’na moea o tiileng! U se ke ua ntelekisa pel’a sefahleho sa hao. Molimo, ha u khese pelo e robehileng, e hlomohileng.’—Litemana 2, 3, 9-11, 17.
12. Ke mehato efe e eketsehileng e matla e hlokoang ke ba bang, ’me phello ea ba hanang likhalemelo tse phetiloeng hangata ke efe?
12 Ho batho ba bang ho hlokahala mehato e matla haholoanyane, joalokaha Liproverbia 26:3 e bontša: “Pere e lokeloa ke phafa, le esele ke tomo; mokokotlo oa lehlanya le oona o lokeloa ke thupa.” Ka linako tse ling Jehova o ile a tlohella sechaba sa hae sa Iseraele hore se hatelloe ke likhathatso tseo se itliselitseng tsona: “Ereka ha ba ’nile ba e-ba manganga litabeng tsa Molimo, ba nyelisa keletso ea Mookameli ea phahameng; ke moo a kokobelitseng lipelo tsa bona tlas’a bohloko; ba imeloa, ba sa thusoe ke motho. Ba hoa ho Jehova matsoalong a bona, a ba lopolla litsielehong tsa bona.” (Pesamele ea 107:11-13) Leha ho le joalo, maoatla a mang a ile a ithatafatsa hore a ka fihleloa ke taeo e phekolang ea mofuta ofe kapa ofe: “Motho ea ntseng a khalemeloa hangata, ’me a itšatalatsa molala, o tla robeha hang-hang, ho se le sehlare.”—Liproverbia 29:1.
Ho Fana le Ho Amohela Khalemelo
13. Re lokela ho qoba eng ha re fana ka khalemelo, ’me e lokela ho fanoa joang?
13 Ho sa tsotellehe hore na taeo e ka sebopeho sefe, le kamohla ha ea lokela ho fanoa ka bohale. Ha e le hantle, ho e-na le ho thusa, “bohale [bo] butsoela likhang.” Re boetse rea eletsoa: “Ea liehang ho halefa o na le kelello e kholo, empa ea pelo e befang kapele o hlahatsa bothoto.” Ho feta moo, ‘ka sebele kelello ea motho e kokobetsa bohale ba hae, khanya ea hae ke ho mamella ho siteloa ke ba bang.’ (Liproverbia 29:22; 14:29; 19:11, NW) Ha e hlokahala, le kamohla taeo ha ea lokela ho tlolisoa moeli. Fana ka eona ka nako e loketseng le ka tekanyo e nepahetseng—e seng kapele-pele, e seng morao haholo, e seng hanyenyane haholo, le teng e seng haholo ho tlolisa.
14. Ke litataiso life tse ling tse fanoeng bakeng sa ba fanang ka khalemelo?
14 Litataiso tse ling ke tsena bakeng sa ba fanang ka khalemelo: “U se ke ua khalemela ea hōlileng ka thata, empa u mo khothatse joale ka hoja ke ntat’ao, ba bacha joale ka hoja ke banab’eno; basali ba hōlileng joale ka hoja ke bo-’m’ao, ba bacha joale ka hoja ke bo-khaitselie, ka hloeko eohle.” (1 Timothea 5:1, 2) Na u etsa thapeli kapa ua hlohlelletsa? “Baneb’eso, ekare ha motho a oela molatong o mong, lōna bao le leng ba moea, le ke le mo tsose ka moea o mosa; ’me u iponele, e se re oa lekoa le uena.” (Ba-Galata 6:1) Na re eletsa ka bonolo, kamehla re ela hloko mefokolo ea rōna? “Kamehla tšoara ba bang ka tsela eo u neng u tla rata ho tšoaroa ka eona.” (Mattheu 7:12, The New English Bible) Na u ipea sebakeng sa ba bang, u bontša kutloelo bohloko?
15. Ho amohela khalemelo ho hloka eng, ’me ke keletso efe e ’ngoe e fuoang ba khalemeloang?
15 Ho amohela khalemelo ho hloka boikokobetso. Na e bonahala e tloka-tloka, e sa lokela, e le leeme? U se ke ua potlaka. E nahane. U se ke ua ba le maikutlo a mabe. E talime ka maikutlo a matle. Haeba e bonahala e se ea bohlokoa kaofela, na karolo e ’ngoe ea eona ke ea bohlokoa? Bula kelello ea hao hore u e amohele; e hlahlobe ka sepheo se setle. Na u hlabeha ka ho feteletseng, u khopeha kapele? Ho ka ’na ha u nka nako ho e nka ka leseli le nepahetseng, kamor’a hore ho utloa bohloko ho qalang kapa ho khopeha ho kokobele. Kahoo ema. Tšoara leleme la hao. Ka bonolo hlahlobisisa se builoeng. Na mohlomong u filoe letsoho ka ntle khahlanong le eo a fanang ka keletso, ’me joale u e hana ka lebaka leo? Leha ho le joalo, e talime e entsoe ka morero o motle e seng ho e hana ka lebaka la se akaretsang.
16. (a) Re lokela ho nahana ka mangolo afe le lipotso life tse amehang ha re eletsoa? (b) Ke boikutlo bofe bo bontšitsoeng ke mopesaleme boo re ka ’nang ra bo etsisa?
16 Mangolo a mang ke ana ao u lokelang ho a nahana ha u khalemeloa: “Ea itšoarang lipuong o tseba hlalefo, ’me ea pelo e ikhutselitseng o na le kutloisiso.” (Liproverbia 17:27) Na ua mamela ’me u lule u ikhutselitse? “Tsela ea leoatla e lokile mahlong a lona, empa ea amohelang keletso o bohlale.” (Liproverbia 12:15) Na u potlakela ho etsa qeto ea hore u nepile, kapa u mamela ka ho amohela? “Motho ka mong a ke a be mafolofolo ho utloa, a liehe ho bua, a liehe le ho halefa.” (Jakobo 1:19) Na u latela mantsoe aa ha u eletsoa? “U se ke ua phaka ua halefa pelong ea hao, hobane khalefo e ee e hanelle sefubeng sa maoatla.” (Moeklesia 7:9) Na u potlakela ho khena? Ke hantle hakaakang ha re ka ikutloa joaloka mopesaleme: “Ea lokileng a ke a nkotle, ke molemo; a ke a ntaee, ke oli hlohong ea ka: hloho ea ka e ke ke ea e hana.”—Pesaleme ea 141:5.
Mamella Taeo ’me U Kotule Tholoana ea Khotso
17. Ke hobane’ng ha ho se bonolo kamehla ho amohela taeo, empa ho hopola Ba-Heberu 12:7, 11 ho tla re thusa ho mamella joang?
17 Kamehla ha ho bonolo ho amohela taeo. E ka ’na ea akarelletsa ho tlotlolleha ho itseng ’me ea tlisa lithibelo tse ling. E ka ba ea ’na ea u utloisa bohloko. Empa li mamelle kaofela. E tla feta; kamorao ho moo ho tle thabo. Hopola: “Ekare ha le mamella ho lauoa, Molimo o le etsa joale ka bara ba oona, hobane ke ofe mora eo ntat’ae a sa mo laeeng? Empa taeo ha e hlahela motho, ha ho bonahale kamoo e ka mo thabisang kateng; ea mo llisa; empa hamorao, ba rutoang ka eona e ba kotulisa khotsong litholoana tsa ho loka.”—Ba-Heberu 12:7, 11.
18, 19. Jeremia le mopesaleme ba ile ba bontša maikutlo a matla a ileng a re lokisetsa tsela e nepahetseng bakeng sa ha re lauoa joang?
18 Kahoo haeba taeo e utloisa bohloko ’me ho le thata ho e mamella, emela tholoana ea khotso e tlang kamorao ho moo. Emela Jehova, joalokaha Jeremia a entse: “Moea oa hao o tla nkhopola o ke ke oa ntebala ’me o tla ba holim’a ka. Ke sona seo ke tla se khutlisetsa pelong ea ka. Ke ka lebaka leo ke tlang ho bontša boikutlo ba mamello.” (Lillo tsa Jeremia 3:20, 21, NW) Hopola seo mopesaleme ea mahlomoleng a ileng a ipolella sona: “Moea oa ka, u hlorela’ng, u nyarohetse’ng ka hare ho ’na? U itšepele Molimo; ke sa tla o roka; sefahleho sa oona ke poloko.”—Pesaleme ea 42:5, 11; 43:5.
19 Kahoo ha re fuoa taeo, e mong le e mong oa rōna a emele Molimo. Kamor’a hore re koetlisoe ke eona, re tla kotula tholoana ea khotso, e leng, ho loka.
Na u sa Hopola?
◻ Molemo oa ho sebelisa thupa ea taeo ke ofe?
◻ Mohloli o moholo oa taeo ke eng? Mehloli e meng ea taeo ke efe?
◻ Ho phaelleng mantsoeng a khalemelo, ke mehato efe e matlanyana e ka ’nang ea hlokahala?
◻ Litataiso tse ling ke life bakeng sa ho khalemela?
◻ Ke keletso efe e tla re thusa ho amohela khalemelo?
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Na ka bohlale u “mamela taeo”?
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Melao-motheo e akarelletsoang ha ho laoa bana e boetse e sebetsa le ho ba baholo