Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/03 leq. 1
  • Ho Batla ba Tšoanelehang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Batla ba Tšoanelehang
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Nehelana ka Taba Tse Molemo—Lihoreng tsa Mantsiboea
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Ho Paka ka Thelefono ho ka ba Molemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • Ho Paka ka Katleho ka Thelefono
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Na U Kile ua Leka Bopaki ba Mantsiboea?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
km 12/03 leq. 1

Ho Batla ba Tšoanelehang

1 Litaelo tsa Jesu mabapi le ho etsa mosebetsi oa boboleli e ka ba phephetso. O itse: “Ha le kena motseng kapa motsaneng ofe kapa ofe, le batle hore na ke mang ho oona ea tšoanelehang.” (Mat. 10:11) Kaha kajeno batho ba qeta nako e nyenyane haholo ba le hae, re ka fumana ba tšoanelehang joang?

2 Hlahlobang Tšimo ea Phutheho ea Lōna: Qalang ka ho hlahloba tšimo ea phutheho ea lōna. Batho ba bangata ba ba teng neng lapeng? Ba ka fumanoa hokae motšehare? Na ho na le letsatsi le itseng bekeng kapa nako e itseng ea letsatsi eo ka eona ba ka arabelang hamolemo ha ba eteloa? Ho etsa hore tšebeletso ea lōna e lumellane le kemiso le maemo a batho ba tšimong ea phutheho ea lōna ho ka le thusa ho finyella se molemohali.—1 Bakor. 9:23, 26.

3 Bahoeletsi ba bangata ba atlehile ho fumana batho lihoreng tsa mantsiboea. Beng ba matlo ba bang ba iketlile haholoanyane ’me ba thabela ho mamela ka nako eo. Likhoeling tsa mariha, ho paka ka thelefono (moo ho lumelloang) linakong tsa mantsiboea ho ka ’na ha atleha. Ho sebetsa tšimo ea khoebo le ho paka libakeng tsa sechaba ke mekhoa e meng ea ho finyella batho ka litaba tse molemo.

4 Khoeling ea tšebeletso e khethehileng, phutheho e ’ngoe e ile ea lokisetsa bopaki ba motšehare oa mantsiboea ka Moqebelo le Sontaha le bopaki ba mantsiboea ka Laboraro le Labohlano. E ile ea boela ea lokisetsa ho paka ka thelefono le ho sebetsa tšimo ea khoebo. Litokisetso tsena li ile tsa etsa hore ba bangata ba tsohe molota tšebeletsong hoo phutheho e ileng ea etsa qeto ea ho tsoela pele ka tsona.

5 Khothallang ho Etsa Maeto a ho Boela: Haeba tšimong ea phutheho ea lōna ho thata ho fumana batho lapeng ha le etsa maeto a ho boela, qetellong ea leeto ka leng, ho akarelletsa le leetong la pele, lekang ho lumellana ka nako e tobileng eo le ka khutlang ka eona. Ebe le etsa bonnete ba hore le khutlela ka eona nako eo. (Mat. 5:37) Haeba ho loketse, le ka ’na la kōpa nomoro ea thelefono ea mong’a ntlo. Le hona ho ka le thusa hore le buisane le motho eo hape.

6 Ka sebele Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko boo re bo etsang ka khothalo ba ho batla ba tšoanelehang le ho khutlela moo ho bontšitsoeng thahasello.—Liprov. 21:5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela