Malumeli a Kajeno—Lipotso Tsa Tlhahlobo
KE ENG seo batho ba se lumelang? Baeta-pele ba bolumeli ba tšoenyehile ho fumana hore batho ba bangata ha ba sa lumela seo ba ’nileng ba se rutoa.
Ha e le hantle, boemo ba bolumeli ba kajeno bo fetohile haholo ho tloha ka 1961 ha Tsoha! e ne e hatisa potso e ileng ea amoheloa hantle e reng “U Tseba Bolumeli ba Hao Hantle Hakae?” Ka tokollo ena, re boetse re mema babali ba rōna ho hlahloba tsebo ea bona ea bolumeli ba kajeno le litloaelo tsa bona tsa boholo-holo. Empa nakong ena taba ea bohlokoa e ho bothata bo talimaneng le bolumeli ba lefatše, ha ho talingoa liphello tsa kang liketsahalo tsa kajeno tse bohlokoa tsa ho kheloha butle ha litumelo tsa batho le ho itšunya ho hocha ha bolumeli lipolotiking le ntoeng.
Ke hobane’ng ha u sa nke potloloto ea hao ’me u arabele lipotso tse leqepheng lena le ho a mararo a latelang? Joale bapisa likarabo tsa hao le mabaka a qotsitsoeng maqepheng a nang le likarabo. Bona haeba sephetho se tla u thusa ho tseba boemo ba bolumeli ba kajeno.
LITHO TSA BOLUMELI BA LEFATŠE
Baahi ba bangata ba lefatše ha se balumeli, empa setšoantšo sena se emela bao e leng bona.
Na u ka hlophisa malumeli ana ka lenaneo ho ea ka ho fetana ha ’ona ka boholo kapa ka bongata ba litho tsa ’ona joalokaha ho bontšitsoe setšoantšong? (Likarabo li leqepheng la 25.)
BOBUDDHA
BOHINDU
BOSHINTO
BOKRESTE-’MŌTOANA
BOJODE
BOISELAMO
1 ‐‐‐‐‐
2 ‐‐‐‐‐
3 ‐‐‐‐‐
4 ‐‐‐‐‐
5 ‐‐‐‐‐
6 ‐‐‐‐‐
MOTHEO OA LITUMELO TSA BATHO
Bapisa mongolo le bolumeli bo loketseng kapa filosofi. (Likarabo li leqepheng la 26.)
1. ‐‐ Koran A. Bobuddha
2. ‐‐ Katisemane ea Baltimore B. Boconfucius
3. ‐‐ Talmud C. Bohindu
4. ‐‐ Vedas D. Boiselamo
5. ‐‐ Five Classics E. Bojode
6. ‐‐ Pali canon F. Bok’hatholike ba Roma
LINNETE TSA BIBELE LE LITHUTO
Tšoaea “N” kapa “B” bakeng sa “’Nete” kapa “Bohata.” (Likarabo li leqepheng la 26.)
1. ‐‐ Bangoli ba Bibele ba lumela hore ba ngotse ka tlas’a tšusumetso ea Molimo, o batlileng hore ba tlalehe liphoso le mefokolo ea bona.
2. ‐‐ Bibele e abela baruti ba Bokreste-’mōtoana mosebetsi oa ho sireletsa phutheho mollong oa lihele.
3. ‐‐ Bibele e bontšitse hore lefatše le selikalikoe ha batho ba ne ba nahana hore le pharalletse.
BOLUME LE NTOA
Bapisa libaka tsa lintoa tsa morao tjena le malumeli a neng a kopanela. (Likarabo li leqepheng la 27.)
1. ‐‐ India (Bhiwandi le Bombay) A. Bok’hatholike, Boprotestanta
2. ‐‐ India (Punjab) B. Bohindu, Bobuddha
3. ‐‐ Ireland C. Bohindu, Boiselamo
4. ‐‐ Lebanone D. Bohindu, Bosik’he
5. ‐‐ Sri Lanka E. Boshiite Moseleme, Bokreste-’mōtoana, Bodruze
Ke Mang ea Boletseng?
Bapisa lebitso le polelo. (Likarabo li leqepheng la 28.)
l.‐‐“Bolumeli ke ’molai oa batho.”
2.‐‐“Ka sebele bohloeki bo haufi le Molimo.”
3.‐‐“Selekane sa Lichaba ke pontšo ea bopolotiki ea ’Muso
oa Molimo lefatšeng.”
4.‐‐“Balebeli ba lihele baa hlokofatsa.”
5.‐‐“Ke ntoa e halalelang, ’me e tla tsoela pele ho fihlela ha shah a tloha boreneng.”
6.‐‐“Molimo o thusa ba ithusang.”
7.‐‐“Lumellang moea o mocha o kene ka Kerekeng.”
8.‐‐‘Le se ke la bitsa motho ’ntat’a lōna.’
9.‐‐“Batho ba lefatše ba retelehela ho Machaba a Kopaneng e le tšepo ea ho qetela ea kutloano le khotso.”
A. Ayatollah Ruhollah Khomeini
B. Karl Marx
C. Mangolo a Bobuddha
D. Lekhotla le Kopaneng la Likereke
E. John Wesley
F. Jesu oa Nazaretha
G. Mopapa John XXIII
H. Mopapa Paul VI
I. Aesop (Mongoli oa lipale oa Mogerike)
BOITEKO BA HO TSEBA MOLIMO
Thalla mola ka tlas’a karabo e nepahetseng. (Likarabo li leqepheng la 28.)
1. Mahindu a lumela ho melimo le melingoana e (O; 3 feela; 330 000 000).
2. Mangolo a Mashinto a bua ka melimo e (O; 3 feela; 8 000 000).
3. Ho lumela ho ’mōpi oa lintho tsohle ha ho teng ho (Bobuddha; Bohindu; Boiselamo; Bojode).
4. Thuto ea molimo ea boraro-bo-bong e ne e rutoa (ka ho khethehileng ke Bakreste ba pele; ke malumeli a mangata a boholo-holo ao e neng e se a Bokreste).
BOLUMELI LE LEFATŠE
Tšoaea polelo e nepahetseng. (Likarabo li leqepheng la 29 le 30.)
1. Jesu oa Nazaretha [ ] le ka mohla haa ka a [ ] o kile a [ ] ka lekhetlo le fetang le le leng o ile a hana ho ba morena oa ’muso oa lipolotiki kapa ’musi oa sechaba.
2. Bibele e ruta hore ea tlisang matšoenyeho a lefatše ke [ ] Molimo [ ] sera sa Molimo Diabolose.
3. Mangolo a hloka hore bahlanka ba Molimo [ ] ba sebelise pefo e le tharollo ea ho qetela ea ho lokisa mathata a batho [ ] ba lule ba sa nke lehlakore mabapi le lipolotiki tsa lefatše ha ba ntse ba talimile ’Musong oa Molimo bakeng sa tharollo [ ] ba lihe ’muso.
4. Bibele [ ] e ruta hore ha lefatše le ntse le tsoela pele thutong le kahisanong, bolumeli bo tla ba matla le ho nahanela haholoanyane [ ] e lemosa hore batho ba tla ba le sebōpeho sa boinehelo ba Molimo empa ba latotse matla a bona [ ] ba ke ke ba lebella qaka bolumeling.
5. Bibele [ ] e lumela hore bolumeli bo tla fetola lefatše [ ] e profeta hore malumeli ’ohle a tla kopana [ ] e profeta hore babusi ba lichaba ba tla felisa malumeli a lefatše ka ho feletseng.
’MUSO OA MOLIMO
Tšoaea “N” kapa “B” bakeng sa ” “’Nete” kapa “Bohata.”(Likarabo li leqepheng la 31 le 32.) Ho ea ka Bibele:
1. ‐‐ ’Muso ke boemo ba moea bo ka hare ho lipelo tsa metsoalle ea Jesu.
2. ‐‐ ’Muso ke puso ea sebele.
3. ‐‐ ’Muso o emetsoe ke Machaba a Kopaneng lefatšeng.
4. ‐‐ Kantle ho thuso ea batho, ’Muso oa Molimo o tla felisa mebuso ea lefatše lena.
LIKARABO TSA LIPOTSO TSA TLHAHLOBO
Litho Tsa Bolumeli ba Lefatše
Likarabo tsa lipotso tse leqepheng la 22.
1. Bokreste-’mōtoana limillione tse 1 644a
2. Boiselamo limillione tse 860
3. Bohindu limillione tse 655
4. Bobuddha limillione tse 310
5. Bojode limillione tse 18
6. Boshinto limillione tse 3
Motheo oa Litumelo Tsa Batho
Likarabo tsa lipotso tsa tlhahlobo tse leqepheng la 23.
1. D Boiselamo. Koran: “Buka e entsoeng ka mangolo a amoheloang ke Mamoseleme e le litšenolo tseo Allah a li etselitseng Muhammad.”—Webster’s New Collegiate Dictionary.
2. F Bok’hatholike ba Roma. Katisemane ea Baltimore: “Kakaretso ea molao kapa polelo ea litumelo le mesebetsi ea Roma e K’hatholike.”—Webster’s New International Dictionary.
3. E Bojode. Talmud: “Lekhotla la molao la moetlo oa Bajode le entsoeng ke Mishnah ie Gemara.”—Webster’s New Collegiate Dictionary.
4. C Bohindu. Vedas: “Buka leha e le efe ea pokello ea lifela, lithapelo, le mantsoe a ngotsoeng a sebelisoang nakong ea thapelo e nang
le mangolo a khale a halalelang a Mahindu.”—Webster’s New Collegiate Dictionary.
5. B Boconfueius. Five Classics: “Libuka tse hlano tsa Confucius (Ching) ke: I Ching, kapa Buka ea Liphetoho . . . Shu Ching, kapa Buka ea Histori . . . Shih Ching, kapa Buka ea Lipina . . . Li Chi, kapa Buka ea Litšebeletso . . . Ch’un Ch’iu, kapa Litlaleho tsa Selemo le Hoetla.”—Webster’s New International Dictionary.
6. A Bobuddha. Pali canon: “Canon ena e ile ea ngoloa lekholong la pele la lilemo B.C., hoo e ka bang makholo a mane a lilemo ka mor’a lefu la Buddha. . . . Ntle ho pelaelo Pali canon e emela Bobuddha joalokaha bo bile teng Sechabeng sa baitlami lekholong la pele la lilemo B.C. Ha ho tumellano e akaretsang ka likahare tsa Bobuddha kaha bo bile teng pele ho ngoloa Pali canon.”—The Encyclopedia Americana.
Linnete Tsa Bibelel le Lithuto
Likarabo tsa lipotso tse leqepheng la 23.
1. ’Nete. Bangoli ba Bibele ba lumela ka ho hlaka hore ba ngotse ka tšusumetso le hore Molimo o batlile hore ba tlalehe liphoso le mefokolo ea bona. Davida, eo lipesaleme tse ngata tsa Bibele ka botšepehi li bontšang mefokolo ea sechaba le libe tsa hae tsa boinotšing o hlalositse: “Moea oa Jehova o bua ka ’na.”—2 Samuele 23:2.
Hape, Daniele ea ngotseng ka liketsahalo tsa ka moso o ile a lumela hore o ne a “sa utloisise.” O bontšitse: “Moren’a ka, taba tseo li ea fella kae?” Karabo eo a e nehiloeng e bile: “E-ea, Daniele, hobane litaba tseo li tla sala li koahetsoe, li tiisitsoe ho isa nakong ea bofelo.”—Daniele 12:8, 9.
E, bangoli ba Bibele ba profetile ka liketsahalo tse neng li phahametse kutloisiso ea bona nakong eo. Kahoo moapostola Petrose oa lumela: “Ha ho boprofeta Lengolong bo hlahileng ka ho itlhalosetsa ha motho. Hobane ha e sa le, boprofeta ha boa ka ba tlisoa ke ho rata ha motho, empa ke ka tšusumetso ea Moea o Halalelang batho ba halalelang ba Molimo ba buileng.”—2 Petrose 1:20, 21.
2. Bohata. Bibele ha e abele baruti ba Bokreste-’mōtoana mosebetsi oa ho sireletsa phutheho mollong oa lihele. ’Nete ke hore, thuto ea mollo oa lihele ha e fumanoe ka Bibeleng. Bibele e ruta hore bafu ha ba tsebe letho, ha ba utloe bohloko. E re: “Empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng, . . . hobane nģalong ea bafu [“lihele” liphetolelong tse ling tsa khale tsa Bibele] moo u eang, ha ho sa le mosebetsi.”—Moeklesia 9:5, 10.
Bibele ha e lumelle ho thehoa ha sehlopha sa baruti se khethollohileng ho litho tse ling tsa kereke. Jesu o rutile balateli ba hae: “Bohle le bana ba motho a le mong.” O ile a thibela ka thata ho sebelisoa ha litlotla tse kang “Rabi,” “’Ntate,” kapa “Monghali.”—Mattheu 23:8-10.
3. ’Nete. Bibele e bontša hore lefatše le selikalikoe ha batho ba ne ba nahana hore le pharalletse. Lekholong la bo18 la lilemo pele ho Kreste, ha batho ba ne ba nahana hore lefatše le pharalletse, Esaia o ngotse: “Ho na le Ea lulang ka holimo ho selikalikoe sa lefatše.”—Esaia 40:22, NW.
Bolumeli le Ntoa
Likarabo tsa lipotso tse leqepheng la 23.
1. C Bohindu, Boiselamo
India (Bhiwandi le Bombay): “Bora pakeng tsa Mahindu le Mamoseleme India bo ile ba fetoha meferefere e mebe haholo ea sechaba ho tloha haesale naha e fumana boipuso. Meferefere Bhiwandi le Bombay ka Motšeanong le Phuptjane [ 1984 ] e ile ea siea batho ba fetang ba 300 ba shoele.”—Encyclopædia Britannica, 1985 Book of the Year.
2. D Bohindu, le Bosik’he
India (Punjab): Ka 1984 tona-khōlō ea India, Indira Gandhi, Mohindu, o ile a lumella ka molao “letšolo le kenyang likotlo holim’a sebaka se halalelang sa bolumeli ba Sik’he, Golden Temple e Amritsar” Punjab, “moo Jarnail Singh Bhindranwale [moeta-pele oa sesole sa Sik’he] . . . a ileng a bolaoa ka sehlōhō ke mabotho a sesole a ’muso.” Ka boiphetetso bo potlakileng balebeli ba Gandhi ba Sik’he ba ile ba ’molaea. “Bora le pefo pakeng tsa batho ba Hindu le ba Sik’he India bo tsoetse pele ho fihla ka 1985.”—Encyclopædia Britannica, 1985 le 1986 Book of the Year.
3. A Bok’hatholiki, Boprotestanta
Ireland: “Margaret Thatcher, tona-khōlō ea Brithani, o ile a lumela ho ba le lipuisano le Rephabliki ea Ireland ha a ne a bua ka litletlebo tsa baahi ba Ulster ba 600 000 ba Roma e K’hatholike. Empa baeta-pele ba Maprotestanta a millione a Leboea ba ile ba hanela lipuisano . . . ka matla. . . . Haeba li eba teng, . . . ntoa e mabifi e ne e ka tsoela pele e sa laolehe ho fihlela lekholong le leng la lilemo.”—The New York Times, Pulungoana 15, 1986.
4. E Boiselamo ba Boshiite, Bokreste-’mōtoana, Bodruze
Lebanone: “Bakreste [ba ipolelang ka lebitso] ba ile ba bolaea Mamoseleme ka sehlōhō. Mamoseleme a bolaea Bokreste ka bohale bo e-s’o ka bo bonoa ho tloha Mehleng ea Lintoa tsa Bolumeli. Madruze [litho tsa mokha oa bolumeli oa Syria le Lebanone tse tsoang har’a Mamoseleme] le Mapalestina ba ile ba kena nakong e bohloko, ho fihlela nakong eo ka eona ho bang le mabotho a sesole a ‘khethehileng’ a 53 a loanang Lebanone. Ka sebele ‘matšoao a Lebanone’ a ile a fetoha pontšo ea ntoa e khethehileng le polao e sa hlokahaleng mehleng ea rōna.”—Encyclopædia Britannica, 1985 Book of the Year.
5. B Bohindu, Bobuddha
Sri Lanka: “Har’a lichaba tsa boholo-holo tsa Bobuddha, Sri Lanka e fetohile sebaka sa tšollo ea mali sa ntoa e tsositsoeng hape le e mabifi pakeng tsa sechaba se senyenyane sa Mahindu a Tamil ka leboea le sechaba se sengata sa Mabuddha a Sinhalese.”—Encyclopædia Britannica, 1986 Book of the Year.
Ke Mang ea Boletseng
Likarabo tsa lipotso tse leqepheng la 24.
l. B Karl Marx
2. E John Wesley
3. D Lekhotla le Kopaneng la Likereke tsa Kreste Amerika (le emelang malumeli a fapaneng a Boprotestanta) phatlalatsong e ileng ea romeloa ho mopresidente oa U.S. Woodrow Wilson ka Tšitoe 18, 1918
4. C Mangolo a Bobuddha a qotsitsoeng ho “Nikayas of the Pali canon”
5. A Ayatollah Ruhollah Khomeini joalokaha a qotsitsoe ho Encyclopædic Britannica, 1985 Book of the Year
6. I Aesop, paleng ea hae e tsebahalang ea Hercules and the Waggoner
7. G Mopapa John XXIII, Pherekhong 25, 1959, ha a hlalosa lebaka leo ka lona a ileng a nahana ho bitsa Vatican II e le lekhotla le emelang likereke tsa lefatše
8. F Jesu oa Nazaretha (Mattheu 23:9)
9. H Mopapa Paul VI nakong ea ketelo ea hae Machabeng a Kopaneng ka 1965
Boiteko ba ho Tsebsa Molimo
Likarabo tsa lipotso tse leqepheng la 24.
1. Melimo ea Mahindu e 330 000 000: Moprofesa J. B. Noss, ha a bolela ka motho feela oa India o re: “Ekasita leha ka mehla phihlelo e mo susumelletsa ho inkela molimo kapa molingoana o itseng e le mosireletsi . . . , o hlompha lintho tsohle tse nang le matla a phahametseng a motho . . . Mahindu a tloaetse ho bolela hore palo ea melimo ea ’ona ke li-crore tse 33; ke hore, limillione tse 330.”—Man’s Religions.
2. Melimo ea Mashinto e 8 000 000: “Melimo ea Mashinto . . . sebakeng se seng ho boletsoe hore palo ea oona ke limiriade tse 80 ’me ho se seng ke limiriade tse 800.”—The Sacred Writings of the World’s Great Religions.
3. Bobuddha ha bo rute ho lumela ho ’mōpi. “Ha bo lumele ho le teng libōpuoa tse nang le matla a maholo a phahametseng a motho tseo motho a ke keng a li fihlella ka matla le tsebo; ha e le hantle, lichaba tse ngatanyana tsa Mabuddha ha li na lentsoe lipuong tsa tsona le bolelang Molimo.”—Cyclopedia ea McClintock le Strong.
4. Malumeli a mangata a boholo-holo ao e neng e se a Bokreste: Dictionary of Religious Knowledge ea Abbott e bitsa Boraro-bo-bong letšoao le “hlokomelehang haholo” bolumeling ba Bohindu le le “lemohehang” malumeling a boholo-holo [a pele ho Bokreste] a Persia, Egepeta, Roma, Japane, India, le Greece. Ho ea ka moprofesa E. W. Hopkins, mofilosofi oa Neoplato ea bitsoang Plotinus (205-270 C.E.) o “qapile” mofuta oa thuto ea boraro-bo-bong e tšoanang le ea Bobuddha ba othordox le ea boraro-bo-bong ea Brahma. Moprofesa Hopkins o boletse tjena ka Plotinus: “Thuto ea hae ea bolumeli e neng e bitsoa ‘Platonic,’ e bile le tšusumetso e matla holim’a baeta-pele ba likhopolo tsa Bokreste.”
Na mofilosofi enoa o susumelitse baeta-pele ba Bokreste-’mōtoana ho feta kamoo Jesu a entseng? Moprofesa Hopkins oa arabela: “Ho bonahala Jesu le Pauluse ba ne ba sa tsebe thuto ea boraro-bo-bong; ha ba bue letho ka eona.”—Origin and Evolution of Religion.
Bolumeli le Lefatše
Likarabo tsa lipotso tse leqepheng la 24.
1. Ka makhetlo a fetang le le leng
Jesu Kreste o hanne menyetla ea ho amohela borena ba lipolotiki ka makhetlo a mabeli. Jesu o hanne ho lumela tlhahiso ea Diabolose: “Ke tla u neha taolo ena kaofela [holim’a “mebuso eohle ea lefatše le ahiloeng”] . . . hobane e fuoe ’na, le e mong le e mong eo ke batlang ho mo neha eona.”—Luka 4:5, 6, NW.
Hape Jesu o hanne ho tšehetsoa e le morena ke mokhatlo o neng o tumme oa barati ba bolumeli: “Ha batho ba bona lipontšo tseo a li entseng, ba qala ho re: ‘Ruri enoa ke moprofeta ea neng a tla tla lefatšeng.’ Ka lebaka leo Jesu, ka ho tseba hore ba se ba tla tla ’me ba mo nke ka mahahapa ho mo etsa morena, a tloha ho bona.”—Johanne 6:14, 15, NW.
2. Diabolose
Bibele e bea molato oa mathata a lefatše holim’a sera sa Molimo Satane Diabolose. E re: “Ho malimabe lōna ba ahileng lefatšeng le leoatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lōna a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le e kae.”—Tšenolo 12:12.
3. Ho lula ba sa nke lehlakore mabapi le lipolotiki tsa lefatše ha ba ntse ba talimile ’Musong oa Molimo bakeng sa tharollo
Jesu o ile a laela ho se nke lehlakore, ’me a supa ’Musong oa Molimo, ka hore: ” ’Muso oa ka ha o tsoe lefatšeng lena, hoja ’muso oa ka o tsoa lefatšeng lena, bahlanka ba ka ba ka be ba ntoanela, ke tle ke se ke ka neheloa [kahlolong e sa lokang ea lefu].” (Johanne 18:36) Jesu o boetse a bolella moapostola Petrose, ha Petrose a ne a ntša sebetsa ho mo loanela: “Busetsa sabole ea hao selateng sa eona, hobane bohle ba tšoarang sabole, ba tla bolaoa ka sabole.”—Mattheu 26:52.
Ha Jesu a bontša tumelo ea hae ’Musong oa Molimo e le tharollo bakeng sa mathata a batho, o ile a bua ka ’muso oo e le tšepo feela bakeng sa batho. Ha a le lefatšeng, o hlalositse: “E ka khona ke bolelle le metse e meng Evangeli ea ’muso oa Molimo; hobane ke rometsoe hona.”—Luka 4:43.
Ho ea ka The Encyclopedia Americana, “Mokhoa oa Jesu e ne e le ho ea ho batho, haholo-holo ho bathoana feela tjee ekasitana le ho lihlopha tsa batho tse neng li nyatseha haholo, ‘balekhetho le baetsalibe’. . . Sehlooho sa hae se seholo e ne e le ’Muso oa Molimo . . . Molaetsa oa ’Muso o ne o kopanyelletsa ho baka le ho bontša tumelo e nang le kananelo ho Molimo; o ne o hloka ho phela bophelo bo bocha ba ho mamela le ba bang boeneng bao ka tšepo ba neng ba emetse Molimo ho hloma ’Muso oa Hae, o neng o qalile ho tla ka mosebetsi oa Jesu. Ho hlongoa ho feletseng ha ’muso . . . ka liketso tse matla tsa Molimo qetellong ea mehla . . . ho ne ho lebeletsoe ka cheseho.”—Moqolo 3, leqephe 704 (1977).
4. Batho ba tla ba le sebōpeho sa boinehelo ba Molimo empa ba latotse matla a bona
Bibele e profetile: “Tseba hona hore mehleng ea qetello linako tse thata ho sebetsana le tsona li tla ba mona. Hobane batho e tla ba barati ba menate ho ena le barati ba Molimo, ba nang le sebōpeho sa boinehelo ba Molimo empa ba latola matla a bona . . . Batho ba khopo le balotsana ba tla tsoela pele ho ba babe, ba khelosa ’me ba khelosoa.” “Ba tla ipokellela baruti ba tla hlohlontša litsebe tsa bona.”—2 Timothea 3:1-13, NW; 4:3, 4, NW.
Bibele e boetse e lemositse: “Ho tla hlaha baprofeta ba bohata ba bangata [ba tla bonahala e le mofuta o tšoanang le oa baeta pele ba tsebahalang ba bolumeli bao ho builoeng ka bona ka holimo], ’me ba tla thetsa batho ba bangata. ’Me lerato la ba bangata le tla tapa ka baka la ngatafalo ea bokhopo.”—Mattheu 24:11-13.
5. Babusi ba lichaba ba tla felisa malumeli a lefatše ka ho feletseng
Bibele e bua ka phello ena. Ho theosa le makholo a lilemo, bolumeli ba bohata bo ’nile ba kenella ka ho teba litabeng tsa lipolotiki tsa lichaba, leha Jesu a ile a bolela tjena ka barutuoa ba hae ba ’nete: “Hase ba lefatše, joalokaha le ’na ke se oa lefatše.” (Johanne 17:16) Ka baka la ho etsa setsoalle le lefatše, bolumeli ba bohata bo hlalosoa ka Bibeleng e le sefebe, kapa seotsoa, se sa kang sa tšepahala ho Molimo. Boprofeta ba Bibele bo re: “Tloo, ke u bontše kahlolo ea seotsoa se seholo, se lutseng holim’a metsi a mangata; seo marena a lefatše a febileng le sona.”—Tšenolo 17:1, 2, 18.
Ka lebaka leo ‘seotsoa sena se seholo’ se tšoana le mosali ea ithekisang hore a fumane molemo oa ho ba le tšusumetso e khōlō ’musong. Kotlo ea sona e tšoanela molato oa sona. Molimo o tla tsosa phetoho ea tšohanyetso, le ea ho noha ha lipelo har’a barati ba sona ba pele. Bibele e hlalosa hore marena, kapa babusi ba lipolotiki ba lefatše, ‘ba tla hloea seotsoa, ba se felise, ba se hlobolise, ba je nama tsa sona, le ho se chesa mollong. Hobane Molimo o kentse lipelong tsa bona ho phetha morero oa oona.’—Tšenolo 17:12, 16, 17.
’Muso oa Molimo
Likarabo tsa lipotso tse leqepheng la 25.
1. Bohata
Ha Jesu a ne a re “’muso oa Molimo o ka hare ho lōna,” o ne a bua le Bafarisi ba babe, lira tsa hae, e seng metsoalle ea hae. (Luka 17:21, King James Version) Joale, Jesu o ne a bolela’ng ha a ne a bua le Bafarisi bana? Liphetolelo tsa kajeno tsa Bibele, joaloka Revised Standard Version, li fetolela mantsoe a Jesu tjena: “’Muso oa Molimo o har’a lōna.” ’Muso o ne o le har’a bona, kaha Jesu, eena ea khethiloeng ho ba Morena oa ’Muso oo o tlang, a ne a le har’a Bafarisi bao.
Kahoo Encyclopædia Britannica ea bolela: “Ka ‘’muso’ ho bonahala A ne a sa bolele haholo-holo ka taolo ea Molimo, empa ka puso ea Molimo . . . Ka kutloisiso ena ke habohlokoa ho hlalosa pono ea Jesu ka ’muso e le o neng o tla tla . . . Jesu ka Boeena o hlahella ho Melaetsa e le lenģosa . . . Kahoo O ne a ka bolella lira tsa Hae hore ’muso o ne o le ‘har’a lōna’ (Luka XVII, 21, eseng ‘ka hare ho lōna’); hobane Eena ka boeena e ne e le pontšo ea ’muso har’a bona.”
2. ’Nete
Hore ’Muso oa Molimo ke puso ea sebele ho hlakisoa ho Esaia 9:6, e bolelang tjena ka Mesia ea tlang: “Puso e tla ba lehetleng la hae.” (American Standard Version) “Puso ea borena e tla ba lehetleng la hae.”—New World Translation.
3. Bohata
’Muso oa Molimo o ke ke oa emeloa lefatšeng ke Machaba a Kopaneng, hobane Jesu o rutile ka ho toba: “’Muso oa ka ha o tsoe lefatšeng lena.”—Johanne 18:36.
’Muso oa Molimo ha se oa bopolotiki; o tlisoa ke Molimo ntle ho thuso ea batho. Joalokaha Encyclopædia Britannica e bolela: “Ka lebaka leo ha se ho lumellanang le thuto ea Jesu ha Bakreste ba bolela hore ba ‘haha ’muso.’ Ka ho hlakileng, O ne a lebisa bamameli ba Hae ho se neng se tla tla Ha a ne a bua ka ’muso ho bona.”
4. ’Nete
Boprofeta ba Bibele bo tlalehiloeng ho Daniele 2:44 ka ho hlakileng bo bontša hore ’Muso oa Molimo o tla felisa mebuso ea lefatše. Bo re: “Mehleng ea marena ao [mebuso ea kajeno], Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae. O tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.”
Ha e le ka litlhohonolofatso tse boloketsoeng batho ka mor’a hore Molimo o felise lichaba tsena tse loantšanang, bona buka, U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Buka ena e bopaki ba Bibele le ba histori ba hore ka 1914, ’Muso oa Molimo o ile oa qalisa puso eo e leng khale o e emetse leholimong—ka liphello tsa hore khotso ea lefatše e tla tla pele moloko oa nako eo o fela. (Mattheu 24:34) Mantsoe a boprofeta ba Bibele ba pesaleme a bolela tjena ka bokhutšoanyane: “Hobane ba bolotsana ba tla felisoa, athe ba itšepetseng Jehova ba tla rua lefatše. Empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.”—Pesaleme ea 37:9, 11.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bo kopanyelletsa Maroma a K’hatholike a limillione tse 926, Maprotestanta a limillione tse 332, le Maorthodox a Bochabela limillione tse 160.
[Setšoantšo leqephe la 30]
Na bolumeli bo ka amoheloa ke Molimo ha baruti ba bona ba hlohonolofatsa banna ba ntoa?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Foto ea Sesole sa U.S.
[Setšoantšo se leqepheng la 32]
Tlas’a ’Muso oa Molimo, lefatše e tla ba paradeise