Tšabo—Hona Joale e Atile Empa e Seng ka ho sa Feleng!
LIITHUTI tsa Lentsoe la Molimo ha li makale hore ebe tšabo e atile hakana. Joalokaha Lipaki tsa Jehova li phatlalalitse ka bophara tšebeletsong ea tsona, ho na le bopaki bo bongata ba hore re phela nakong e tšoailoeng historing ea motho. U-ua tseba hore e tšoailoe ka tšabo e jeleng setsi. Empa khale koana Jesu o ile a tšoaea, kapa a supa, nakong ea rōna. O ne a arabela lipotso tsa baapostola mabapi le ho ba teng ha hae le ho fela ha tsamaiso ea lintho, kapa “ho fela ha lefatše.”—Mattheu 24:3.
Mona ke karolo ea seo Jesu a se boletseng esale pele:
“Sechaba se seng se tla futuhela sechaba se seng le ’muso khahlanong le ’muso o mong; ’me ho tla ba le litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše, ’me libakeng ka ho latellana ho tla ba le mafu le likhaello tsa lijo; ’me ho tla ba le lipontšo tse tšosang ’me ho tsoa leholimong lipontšo tse khōlō.”—Luka 21:10, 11, NW.
Na u hlokometse tlhaloso ea hae mabapi le “lipontšo tse tšosang”? Hamorao karabong eona eo, Jesu o hlalositse ntho e ’ngoe ea bohlokoa mabapi le tšabo e ka ’nang ea ama uena le baratuoa ba hao ka ho toba le ka tieo. Empa pele re lebisa tlhokomelo ho seo, ka bokhutšoanyane ha re ke re hlahlobeng bopaki bo bong bo eketsehileng ba hore re phela mehleng ea qetello.—2 Timothea 3:1.
Tšabo e Nang le Lebaka ea Ntoa
Lintoa tsa masole li siile likarolo tse ngata tsa lefatše li senyehile. Ka mohlala, makasine ea Geo e ile ea bitsa liliba tsa oli tse ileng tsa tloheloa li tuka bofelong ba ntoa ea morao tjena Bochabela bo Hare “tlokotsi e khōlō ka ho fetisisa ea tikoloho ho tse kileng tsa bakoa ke motho.” Lintoa li bolaile kapa li lemalitse batho ba mashome a limilione. Ho phaella ho masole le baahi ba limilione ba ileng ba shoa Ntoeng ea I ea Lefatše, batho ba limilione tse 55 ba ile ba bolaoa Ntoeng ea II ea Lefatše. Hopola hore e le karolo ea pontšo ea hore ho fela ha lefatše ho atametse, Jesu o boletse hore “sechaba se seng se [ne se] tla futuhela sechaba se seng le ’muso khahlanong le ’muso o mong.”
Hape re ke ke ra hlokomoloha boiteko ba motho ba ho timetsa morabe—ho felisoa ha morabe o mong kaofela kapa lichaba. Lefu la batho ba limilione ba Armenia, ba Cambodia, Bajode, batho ba Rwanda, ba Ukrain le ba bang le phaelletse molatong oa tšollo ea mali e makatsang ea moloko oa batho lekholong la bo20 la lilemo. Polao ena e ntse e tsoela pele linaheng tseo lehloeo la morabe le khothaletsoang ke batho ba chesehelang bolumeli ka ho fetisisa. E, lintoa li ntse li inela lefatše maling a batho.
Lintoa tsa kajeno li lematsa le ho bolaea batho esita le ka mor’a hore ntoa e fele. Ka mohlala, nahana ka ho chehoa ho kotsi ha liqhomane tsa fatše. Ho ea ka tlaleho e entsoeng ke mokhatlo oa liphuputso oa Human Rights Watch, “liqhomane tse ka bang limilione tse 100 lefatšeng lohle li sokela baahi.” Liqhomane tse joalo li tsoela pele ho ba kotsi ho banna, basali le bana ba se nang molato nako e telele ka mor’a hore ntoa eo li neng li sebelisoa ho eona e fele. Ho boleloa hore khoeli e ’ngoe le e ’ngoe batho ba likete baa lematsoa kapa ba bolaoa ke liqhomane tsa fatše linaheng tse fetang 60. Ke hobane’ng ha lintho tsee tse sokelang bophelo le tse ka bakang kotsi li sa tlosoe ka ho feletseng? The New York Times e hlokometse: “Letsatsi le letsatsi ho chehoa liqhomane tse ngata ho feta tse cheholloang matšolong a ho tlosa liqhomane, kahoo palo ea likotsi tse tebileng le tse bolaeang e eketseha butle-butle.”
Sehlooho seo sa 1993 sa koranta se ile sa tlaleha hore ho rekisa liqhomane tsena ho fetohile khoebo e “putsang ho fihla ho lidolara tse limilione tse 200 [liranta tse limilione tse 725] ka selemo.” E ama “lik’hamphani tse 100 le mekhatlo ea ’muso linaheng tse 48” tse “’nileng tsa rekisetsa linaha tse ling mefuta e fapaneng e 340” ea liqhomane. Ka bomalimabe, liqhomane tse ling li entsoe hore li shebahale joaloka lintho tsa bana tsa ho bapala e le hore li ka hohela bana! Ak’u nahane, ho rera ka boomo ho bolaea le ho lematsa bana ba se nang molato! Sehlooho sa baphatlalatsi se neng se re “Mechine ea Libomo e Limilione tse 100” se ile sa bolela hore liqhomane li “bolaile kapa li lemalitse batho ba bangata ho feta ba bolailoeng le ho lematsoa ke ntoa ea lik’hemik’hale, le ea ho jala maloetse le ea nyutlelie.”
Empa liqhomane tsa fatše hase tsona feela lihlahisoa tse bolaeang tse rekisoang limmarakeng tsa lefatše. Barekisi ba libetsa ba meharo ba etsa khoebo e hlahisang lidolara tse limilione tse likete-kete lefatšeng ka bophara. The Defense Monitor, e hatisoang ke Center for Defense Information, e-ea tlaleha: “Lilemong tse leshome tse fetileng [sechaba se hlahelletseng ka mahetla] se ile sa rekisa libetsa tsa boleng ba lidolara tse Limilione tse likete tse 135 [liranta tse limilione tse likete tse 490].” Sechaba sena se matla se ile sa boela sa “lumella thekiso e makatsang ea libetsa, ho thehoa ha sesole le ho se koetlisa lichabeng tse 142 ka chelete ea boleng ba lidolara tse Limilione tse likete tse 63 [liranta tse limilione tse likete tse 228].” Ka hona ho ntse ho jaloa lipeō bakeng sa ntoa le mahlomola a batho a kamoso. Ho ea ka The Defense Monitor, “ka 1990 feela, batho ba limilione tse 5 ba ne ba koetlisetsoa ntoa, ’me ea bitsa chelete e fetang lidolara tse Limilione tse likete tse 50 [liranta tse limilione tse likete tse 180], ’me ea bolaea batho ba etsang kotara ea milione, boholo ba bona e le ba sa ameheng ntoeng.” Ka sebele u ka nahana ka lintoa tse ngata-ngata tse ’nileng tsa kupa ho tloha selemong seo, li tlisetsa ba limilione tse eketsehileng tšabo le lefu!
Ho Senya Lefatše le Bophelo ba Lona ka ho Eketsehileng
Moprofesa Barry Commoner o-oa lemosa: “Ke lumela hore tšilafalo ea lefatše e tsoelang pele, haeba e sa thijoe, qetellong e tla senya matla a polanete ena ho beng sebaka se loketseng bophelo ba motho.” O tsoela pele ho bolela hore bothata hase ho hloka tsebo empa ke meharo ea ka boomo. Na u nahana hore Molimo oa rōna ea nang le toka le ea lerato o tla mamella boemo boo ka ho sa feleng, a re tlohele re le tšabong e eketsehileng ea tšilafalo? Ho senngoa ha lefatše ho hloka hore basenyi ba lona ba ahloloe ’me joale polanete ena e khutlele boemong ba eona ba pele ba bomolimo. Seo ke karolo ea seo Jesu a ileng a bua ka sona karabong ea hae ho baapostola mabapi le ‘ho fela ha lefatše.’
Pele re tšohla kamoo Molimo a tlang ho tlisa kahlolo eo, ha re ke re hlahlobeng tlaleho ea motho ka ho eketsehileng. Esita le lethathamo le sa fellang la lintho tse silafatsang tsa motho lea soabisa: pula ea acid le mekhoa e meharo ea ho rema lifate e senyang meru kaofela; ho lahloa ha litšila tsa nyutlelie ka bohlasoa, lik’hemik’hale tse chefu, le likhoere-khoere tse sa hloekisoang; ho fokolisoa ha lera le sireletsang la ozone; le ho sebelisa ka bohlasoa meriana e bolaeang mahola le e bolaeang likokoanyana.
Lithahasello tsa khoebo li senya lefatše ka litsela tse ling molemong oa ho etsa phaello. Letsatsi le letsatsi ho lahleloa litone tsa litšila linōkeng, maoatleng, moeeng le mobung. Bo-rasaense ba silafatsa maholimo ka mesaletsa ea thepa e senyehileng, ’me ho joalokaha eka ba sia lithōle morao. Ka potlako lefatše le ntse le lika-liketsoa ke thotobolo e pota-potang sepaka-pakeng. Haeba e ne e se ka lebaka la tšebetso ea tlhaho eo Molimo a e entseng e le hore lefatše le ’ne le inchafatse, lehae la rōna la lefatše le ne le ke ke la tšehetsa bophelo, ebile mohlomong ekabe e le khale motho a bipelitsoe ke lithōle tsa hae.
Motho o bile o-oa itšilafatsa. Ka mohlala, nahana ka koae le mekhoa e meng ea tšebeliso e mpe ea lithethefatsi. United States, tšebeliso e mpe joalo ea lintho e bitsoa “bothata bo ka sehloohong ba bophelo bo botle sechabeng.” Ho bitsa naha eo lidolara tse limilione tse likete tse 238 (liranta tse limilione tse likete tse 863) ka selemo, ’me lidolara tse limilione tse likete tse 34 (liranta tse limilione tse likete tse 123) tsa eona li sebelisetsoa “tlhokomelo ea bophelo bo botle e sa hlokahaleng [ke hore, e ka qojoang].” U nahana hore moo u phelang teng koae e bitsa chelete e kae le tahlehelo e kae bophelong?
Mekhoa ea bophelo e lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe le e tsoileng tseleng, eo ba bangata ba e phehellang e le tokelo, e hlahisitse liphello tse tšosang tsa mafu a bolaeang a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali, a etsang hore ba bangata ba shoe ba sa le banyenyane. Ho ’nile ha hlokomeloa hore hona joale likarolo tsa lipehi tsa likoranta tsa sehlooho metseng e meholo li bontša palo e hōlang ea ba shoang ba le lilemong tsa bo-30 le bo-40. Hobane’ng? Hangata ke hobane litloaelo tse senyang li phakisa li khaoletsa bophelo ba bona. Keketseho e sehlōhō joalo ea mafu a botona le botšehali le a mang le eona e tšoanela boprofeta ba Jesu, hobane o boletse hore “libakeng ka ho latellana ho [ne ho] tla ba le mafu.”
Leha ho le joalo, tšilafalo e mpe ka ho fetisisa ke ea kelello le moea oa motho, kapa boikutlo ba hae. Ha u hlahloba mefuta eohle ea tšilafalo eo re buileng ka eona ho fihlela joale, na hase ’nete hore boholo ba eona ke phello ea likelello tse silafetseng? Ak’u shebe tšenyo e bakoang ke likelello tse kulang ka lipolao, lipeto, bosholu le mefuta e meng ea pefo e etsoang ke motho khahlanong le motho e mong. Ba bangata ba boetse baa hlokomela hore limpa tse limilione tse ntšoang selemo le selemo ke pontšo ea ho senyeha kelellong le moeeng.
Re bona ho hongata boikutlong ba bacha. Ho se hlomphe matla a ho laela a batsoali le a mang ho tlatsetsa tšenyehong ea malapa le ho hanyetseng molao le taolo. Taba ena ea ho hloka tšabo e molemo ea matla a ho laela e amahanngoa ka ho toba le hore bacha ha ba na bomoea. Ka hona, ba rutang khopolo ea ho iphetola ha lintho, ho latola boteng ba Molimo le likhopolo tse ling tse senyang tumelo ba na le molato o moholo. Hape, ba nang le molato ke baruti ba bolumeli ba furaletseng Lentsoe la Molimo boitekong ba bona ba hore ba amoheloe e le ba tsoetseng pele le “ba khemang le linako.” Bona hammoho le ba bang ba susumetsoang ke bohlale ba lefatše ba ruta lifilosofi tsa batho tse loantšanang.
Kajeno liphello li totobetse. Batho ba susumetsoa ke meharo le lehloeo, e seng lerato ho Molimo le motho e mong. Litholoana tse mpe ke boitšoaro bo bobe bo jeleng setsi, pefo le ho hloka tšepo. Ka masoabi, sena se siea batho ba tšepahalang ba le tšabong, ho akarelletsa le tšabo ea hore motho o tla itimetsa hammoho le polanete ena.
Na ho Tla ba Hobe ho Feta Kapa ho Tla ba Molemo?
Nako e tlang e haufi e fupere’ng mabapi le tšabo? Na tšabo e tla ’ne e eketsehe, kapa e tla hlōloa? Ha re shebeng hape seo Jesu a ileng a se bolella baapostola ba hae.
O ile a bua ka ntho e ’ngoe e tla etsahala nakong e tlang e haufi—mahlomola a maholo. Mantsoe a hae ke ana: “Hang-hang ka mora’ mahlomola a mehla eo, letsatsi le tla fifala, khoeli e tla hloka leseli, linaleli li tla oa leholimong, ’me tse matla tsa leholimo li tla sisinyeha. Mohlang oo, pontšo ea Mor’a motho e tla hlaha leholimong; ke moo lichaba tsohle tsa lefatše li tla iteta lifuba, ’me li tla bona Mor’a motho a e-tla ka maru a leholimo, ka matla a maholo le ka khanya e kholo.”—Mattheu 24:29, 30.
Kahoo re ka lebella hore mahlomola a maholo a tla qala haufinyane. Boprofeta bo bong ba Bibele bo bontša hore karolo ea ’ona ea pele e tla ba ho hlaseloa ha bolumeli ba bohata lefatšeng lohle. Joale ho tla latela liketsahalo tse tšosang tse sa tsoa boleloa, ho akarelletsa le limakatso tsa leholimo tsa mofuta o itseng. Phello e tla ba efe ho batho ba limilione?
Ak’u nahane ka tlaleho e tšoanang karabong ea Jesu, moo re fumanang litlhaloso tsa boprofeta tse qaqileng:
“Lipontšo li tla ba teng letsatsing, le khoeling, le linaleling; le lefatšeng lichaba li tla tsieleha, li be le matsoalo, leoatle le ntse le luma le maqhubu a lona. Batho ba tla neela moea ke tšabo le ke tebello ea tse tla tla lefatšeng, hobane tse matla tsa leholimo li tla sisinyeha.”—Luka 21:25, 26.
Seo se larile ka pel’a rōna. Empa nakong eo hase batho bohle ba tla ba tšabong e joalo hoo ba tla neela moea. Ka ho fapaneng, Jesu o itse: “Ha tseo li qala ho hlaha, emisang lihlooho, ’me le lelale holimo, hobane topollo ea lōna e tla be e atametse.”—Luka 21:28.
O ile a bua mantsoe ao a khothatsang ho balateli ba hae ba ’nete. Ho e-na le hore ba neele moea kapa ba shoe litho ke tšabo, ba ne ba tla ba le lebaka la ho phahamisetsa lihlooho tsa bona holimo ba sa tšabe, le hoja ba tseba hore tlhōrō ea mahlomola a maholo e ne e atametse. Ha ba na ho tšaba hobane’ng?
Hobane ka ho hlakileng Bibele e bolela hore ho tla ba le baphonyohi ba ‘mahlomola ana ’ohle a maholo.’ (Tšenolo 7:14) Tlaleho e tšepisang sena e bontša hore haeba re le har’a baphonyohi, re ka thabela litlhohonolofatso tse ke keng tsa bapisoa tse tsoang letsohong la Molimo. E qetella ka tiisetso ea hore Jesu o ‘tla ba alosa, ’me o tla ba isa lilibeng tsa metsi a bophelo; ’me Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona.’—Tšenolo 7:16, 17.
Bao—’me re ka ra ’na akarelletsoa—ba thabelang litlhohonolofatso tse joalo ba ke ke ba e-ba le tšabo e hlaselang batho kajeno. Leha ho le joalo, seo ha se bolele hore ba ke ke ba e-ba le tšabo ka ho feletseng, hobane Bibele e hlile e bontša hore ho na le tšabo e molemo le e ntle. Sehlooho se latelang se tla tšohla seo e leng sona le kamoo e lokelang ho re ama kateng.
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Ka thabo barapeli ba Jehova ba letetse lefatše le lecha le ntseng le atamela
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 7]
Pollution: Photo: Godo-Foto; rocket: U.S. Army photo; trees burning: Richard Bierregaard, Smithsonian Institution