Ke Hobane’ng ha AIDS e Atile Hakana?
KE HOBANE’NG ha AIDS e atile hakaana? Leha ho se na bonnete ba hore e qalile joang, kae, ho na le mekhoa e akaretsang e hlalosang ho ata ha eona. Ka mohlala, United States le Europa, mokhoa o ka sehloohong o atisitseng AIDS e bile bosodoma ba banna. Ha lefu lena le hlokomeloa ka lekhetlo la pele, le hlahile ka ho khethehileng hoo e ka bang har’a basodoma ba banna (le banna ba nang le basali). Ho fihlela haufinyana, karolo e fetang ea 70 lekholong ea bahlaseluoa ba batho ba baholo e ne e le banna ba basodoma.
Eaba AIDS e qala ho hlaha har’a basebelisi ba entelang lithethefatsi methapong. Ka lilemo tse ’maloa, karolo e ka holimo ho 15 lekholong ea bakuli bohle e tsoang sehlopheng sena, e ntse e hōla. Libakeng tse ling, halofo ea batho bohle ba entelang lithethefatsi methapong e na le AIDS. Ka lebaka leo, makasine oa, Science o boletse: “Boholo ba Maamerika a tšoaelitsoeng kajeno ke banna ba basodoma kapa batho ba sebelisang lithethefatsi ka ho li entela methapong.”
San Francisco, karolo ea 50 lekholong kapa ho feta ea banna ba basodoma e bile le kokoana-hloko ea AIDS. Batho ba motse oo ba basodoma ba felisoa ke lefu la AIDS. Tlhahlobo ea nako e telele ho banna ba basodoma moo e bontšitse hore ba hlahlobiloeng ke lingaka ba na le kokoana-hloko ea AIDS lilemong tse fetileng tse supileng, karolo ea 78 lekholong e na le AIDS e felletseng, matšoao a qalang a bontšang hore e teng, kapa tsamaiso e sa sebetseng hantle ea ho itšireletsa ha ’mele mafung. ’Me leha bakuli ba bacha har’a basodoma ba fokotsehile, ha ho letho le ka etsoang ka ba seng ba tšoaelitsoe.
Mabapi le Haiti, Los Angeles Times e hlokometse: “Boitsebiso bo bocha bo hlahisa hore kokoana-hloko ea AIDS e kene Caribbean ka liketso tsa bosodoma pakeng tsa baahi ba sehleke-hleke seo le Maamerika.”
Ke Hobane’ng ha ba Pepesehile Hakana?
Ke hobane’ng ha basodoma ba pepesehetse ho AIDS hakaana? Ka lebaka la liketso tsa bona tsa ho kopanela liphate. Leha AIDS e ka boela ea atisoa ka ho kenya setho sa botona molomong, le ho kenya setho sa botona kamorao (ho etsoang ke basodoma) ke eona tsela e ka sehloohong ea ho fetisetsa AIDS har’a basodoma.
Setho se kamorao sa motho se etselitsoe ho ntša litšila—mantle—e seng ho kopanela liphate. Se na le lera le lesesane la lisele tse se sirelelitseng. Ho kenya setho sa botona kamorao ho ka fella ka ho taboloa ha lisele tsena le ho hlahisa liso tse lutlang mali. Peō e tšoaelitsoeng e tsoang ho molekane e mong e kenang ka setho sena se kamorao e ka fana ka mohloli oa AIDS, joaloka ha ho le joalo feela le ka ho hohleha le maqeba a setho sa monna. Hape, lisele tse senyehileng tsa setho se kamorao li lumella metsinyana a jereng mafu ho fetela ho balekane ba bang bao a kopanelang liphate le bona.
Ho phaella moo, hangata basodoma ba ba le balekane ba bangata—ba makholo, ekasita le ba likete—bophelong. Mocha e mong oa lesodoma ea tšoaelitseng ba bang ba bangata ho tlalehoa hore pele a bolaoa ke AIDS o bile le likamano tsa bosodoma le banna ba 2 500 lilemong tse leshome. Mosebetsi oa hae lifofaneng o ne o mo nolofalletsa ho tsamaea haholo. E mong o boletse hore o bile le likamano tsa bosodoma le ba 5 000 lilemong tse 20. Monyetla oa hore batho ba joalo ba tla jala-jala AIDS ke o totobetseng.
Lebaka le leng ke hore ka lebaka la mekhoa ea bona ea ho kopanela liphate, mafu a mang, a kang lefu la sebete, morotoana, le seso, a tloaelehile har’a basodoma. Mafu ana a senya ’mele ’me, ho lumeloa hore, a o etsa hore o pepesehele ho AIDS.
Na Bosodoma Hase Mokhoa oa Tlhaho?
Ha ho pelaelo ka hona: Likamano tsa bosodoma li atisitse AIDS haholo. Mekhoa e joalo e khahlanong le kaheho ea tlhaho ea ’mele.
Ka lebaka leo bosodoma bo ke ke ba boleloa feela e le ‘mokhoa o fapaneng oa bophelo.’ Hase oa tlhaho, o senya tsela eo re bōpiloeng ka eona. Bibele e bo kopanyelletsa har’a liketso tse hlahisoang ke “boemo ba kelello bo sa amoheleheng” ’me e re: “Molimo o ba neeletse litakatsong tse lihlong; hobane har’a bona basali ba fetotse mokhoa oa bona oa hlaho, ho etsa ka oo e seng oa hlaho. Ka mokhoa o joalo le bona banna ba lesitse ho etsa le mosali ka mokhoa oa teng, ’me ba chesitsoe ke ho lakatsana; banna ba etsa manyala le banna ba bang, ’me ba amohela ka ho bona moputso o loketseng bolahlehi ba bona.”—Ba-Roma 1:26-32.
Hape, Molao oa Molimo ho sechaba sa Iseraele oa boholo-holo: “Ekare ha monna a robetse le monna e mong, joale ka ha ho robaloa le mosali, ba entse ba babeli ntho e manyala.”—Levitike 20:13.
Hore bosodoma hase mokhoa oa tlhaho ho ka bonoa ’neteng ena ea motheo: Haeba e mong le e mong e ne e le lesodoma ka ho khethehileng, mokhatlo oa batho o ne o tla shoa molokong o le mong.
Na hona ke ho re, joaloka ha ba bang ba hlahisitse, Molimo o tlisa koluoa ea AIDS ho basodoma? Che, Bibele ha e bolele joalo. Ho e-na le hoo, ke taba ea ho ‘kotula seo ba se jalang.’ (Ba-Galata 6:7) Lentsoe la Molimo le tlaleha molao-motheo ona: “Ba itšentse pel’a oona . . . ke mofuta o khelohileng.”—Deuteronoma 32:5.
Banna ba Kopanelang Liphate le Basali le Bona ba Ameha
Leha ho le joalo, AIDS hase feela lefu la basodoma feela; e boetse e atolohetse ho banna ba kopanelang liphate le basali. Tsela e ’ngoe ea ho atisa lefu lena ke ka hore banna ba nang le litho tse peli tse sa tšoaneng ba tšoaelitsoeng ba robale le banna ba bang ’me joale banna ba tšoaelitsoeng ba robale le basali ba bona.
Batho ba entelang lithethefatsi le methapong ba kopanelang linalete tse silafetseng le bona ba fetisetsa AIDS ho ba bang. Joale ba ka tšoaetsa banna kapa basali bao ba robalang le bona. Libakeng tse ngata karolo e phahameng ea liotsoa e na le AIDS ’me e e fetisetsa ho bao ba kopanelang boitšoarong boo le bona.
Afrika, AIDS e atile har’a banna ba kopanelang liphate le basali. Basali ba bangata ba na le eona joaloka banna. Leha ho ata ha AIDS har’a banna ba kopanelang liphate le basali Europa, United States, le kae kapa kae ho e-s’o phahame joaloka Afrika, ea eketseha le sehlopheng seo. Kahoo basali ba eketsehileng le banna bao e seng basodoma kapa banna ba nang le litho tse peli tse sa tšoaneng ba fumana AIDS ’me ba e fetisetsa ho ba bang. Tlaleho e boletse: “AIDS e fetohile ’molai oa Pele oa basali ba nang le lilemo tse 25-34 Motseng oa New York.” ’Me ka masoabi, palo e khōlō—ba bang ba re hoo e ka bang karolo ea 50 lekholong—ea basali ba nang le kokoana-hloko ea AIDS ba beleha masea a nang le lefu leo.
Ka hobane ho ’nile ha e-ba le boikutlo ba ho lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe mabapi le likamano tsa boitšoaro ba botona le botšehali lilemong tse mashome a ’maloa tse fetileng, bofebe le bohlola li ’nile tsa fumanoa hohle. Hangata banna le basali ba na le balekane ba fapaneng bao ba kopanelang liphate le bona. ’Me bao ba tšoaelitsoeng ke AIDS ba ka e fetisetsa ho ba bang. Boitšoaro bo joalo ba ho kopanela liphate le batho ba fapaneng le bona bo nyatsoa ke Bibele.—1 Ba-Korinthe 6:9, 10; Tšenolo 22:15.
Mali—Mohloli o Mong oa Tšoaetso
Ba bang ba tšoaetsoa ke litšelo tsa mali. The Medical Post ea Canada ea tlaleha: “Dr. Thomas Peterman, setsebi sa meriana sa mafu a seoa lekaleng la AIDS la Litsi tse Laolang Mafu. . . o lekanyelitse hore Maamerika a 12 000 a tšoalitsoe ke HIV [kokoana-hloko ea AIDS] ka baka la litšelo tsa mali a silafetseng ho tloha ka 1978-1984.”
Batho ba bangata ba amohetseng mali ana ba se ba shoele kapa ba ntse ba e-shoa. Lipetlele tse fapaneng li elelitse bao ba amohetseng litšelo tsa mali pele mekhoa e mecha ea liteko e qalisoa ka 1985 hore ba hlahlojoe bakeng sa AIDS.
Litlhahlobo tse entsoeng ke Litsi tsa Taolo ea Mafu Atlanta li lekanyelitse hore mathoasong a 1985 Maamerika a mangata ho a 10 000 a nang le hemophilia a ne a tšoaelitsoe ke kokoana-hloko ea AIDS. Ho phaella moo, ho tloha ho karolo ea 30 ho ea ho 50 lekholong ea ba nang le hemophilia e matla le bona ba ne ba tšoaelitsoe. Ho lekanyelitsoe hore Brazil ba ka holimo ho halofo ea ba tšoeroeng ke hemophilia ba tšoaelitsoe ke kokoana-hloko ea AIDS.
Dr. Margaret Hilgartner oa New York Hospital—Cornell Medical Center o itse: “Hemophilia e matla e pepesetsoa maling a batho ba fapaneng ba 800 000 ho ea ho millione selemo se seng le se seng. Pele mekhatlo ea lithethefatsi e qalisa ka mokhoa oa ho futhumatsa metsoako e bōpang mali, ho ne ho se bonolo ho lumela kotsi ea ho tšoaetsoa.” O boetse a bolela: “Re bona liketso tse eketsehileng tsa ho ipolaea har’a bacha ba tšoeroeng ke hemophilia. Ba halefile haholo. Ba nahana hore ho ntšetsoa malokobe ho bona.”
Jonathan Goldsmith oa Setsi sa Lebatooa sa Hemophilia Nebraska Omaha o boletse hore tšelo ea meriana “e ’nile ea e-ba kotsi kamehla hobane ho sebetsanoa le bophelo. Empa hona ho hobe le ka ho fetisisa. Ho hlahisitse masoabi a maholo ho lingaka. Re ne re sa rera hore ntho e tjena e etsahale.”
Banyalani ba tšoaelitsoeng ke AIDS ka litšelo tsa mali ba ka fetisetsa lefu lena ho balekane ba bona. Tlhahlobong e ’ngoe ea banna ba nyetseng ba tšoaelitsoeng ke AIDS ka litšelo tsa mali, ho fumanoe hore karolo ea 14 lekholong ea basali ba bona le bona ba na le kokoana-hloko ena.
Afrika, ho tlalehiloe hore karolo 10 lekholong ea banna le basali ba nang le kokoana-hloko ea AIDS ba e fumana ka litšelo tsa mali kapa tšebeliso ea linalete tse silafatseng, joaloka moento. Kaha ba bang ba lekanyetsa hore ho ka ba le batho ba limillione tse hlano ba nang le AIDS, sena se ka bolela hore ho na le batho ba fetang 500 000 Afrika Bohareng ba fumaneng kokoana-hloko ea AIDS maling a silafetseng.
Joale ha e le mona AIDS e atile hakaana hona joale, ke eng seo batho ba ka se etsang ho itšireletsa?
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 10]
Afrika, AIDS e atile har’a banna ba kopanelang liphate le basali
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 10]
Afrika, karolo ea 10 lekholong e nang le kokoana-hloko e e fumane ka mali a tšoaelitsoeng
[Setšoantšo se leqepheng 9]
AIDS e atisitsoe pele ke basodoma le makhoba a lithethefatsi. Litšelo tsa mali le tsona li atisitse AIDS