Khaolong ea 6
Ho Etsahala’ng ka ’Mele oa Ka?
“Ke ile ka ba molelele ka potlako haholo. Ho ne ho le bohloko. Le hoja ke ne ke thabetse ho hōla, ke ne ke tšoaroa ke likerempe maotong. Ke ne ke sa ho rate!”—Paul.
“Ua lemoha hore ’mele oa hao oa fetoha, empa u tšepa hore ba bang ha ba lemohe. E se ka pelo e mpe, joale motho e mong o u bolella hore ua hōla joale, ‘letheka la hao le ba sephara hamonatjana’—ekare u ka re lefatše ngamoha ke kene!”—Chanelle.
NA LELAPA leno le se le kile la fallela sebakeng se seng? Ha ho pelaelo hore phetoho eo e ile ea e-ba boima, na ha ho joalo? U ne u siea ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e tloaetseng—ntlo eno, sekolo seo u neng u se kena le metsoalle ea hao. Ho ka etsahala hore ebe ho ile ha nka nako hore u tloaele tikoloho e ncha.
Ha u qala ho kena bohlankaneng kapa boroetsaneng—e leng nakong eo ’mele o fetohang ho ba oa motho e moholo—ho ba le liphetoho tse khōlō bophelong. Ka tsela ea tšoantšetso, u fallela “sebakeng” se secha. Na ke ntho e thabisang? E! Empa ho fetela boemong ba ho ba motho e moholo ho ka tsamaea le maikutlo a sa tšoaneng, ’me ho ka ’na ha se ke ha e-ba bonolo ho tloaela boemo boo. Ho etsahala’ng nakong ee e thabisang empa hape e le e ferekanyang bophelong?
Liphetoho Tse Bang Teng ho Banana
Ho kena boroetsaneng ke nako ea phetoho e khōlō. Tse ling tsa liphetoho tseo u bang le tsona li tla hle li bonahale. Ka mohlala, lihormone li etsa hore u hlahe moriri ho potoloha litho tsa botho. Hape, u tla hlokomela hore matsoele a hao, liqholo, lirope le marao lia hōla. Butle-butle ’mele oa hao o tlohela ’mele oa bongoana ’me o nka sebōpeho sa bosali. Sena ha sea lokela ho u tšosa, ke ntho e tloaelehileng. Ke bopaki ba hore ’mele oa hao o itokisetsa nako eo ka eona u tla khona ho ba le bana!
Nakoana hoba u kene boroetsaneng, u tla qala ho ea matsatsing. Haeba u sa ka ua bolelloa hantle ka ketsahalo ena ea bohlokoa bophelong u ka tšoha haholo. Samantha oa hopola: “Ho ea matsatsing ho ile ha ntlhaha lesumatha. Ke ne ke ikutloa ke le litšila. Ke ne ke qeta nako ke ikhohla ka shaoareng ’me ka pelong ke ntse ke re, ‘Ke hore ha kea hloeka.’ Ke ne ke tšoha ha ke nahana hore khoeli e ’ngoe le e ’ngoe ke ne ke tla ea matsatsing ka lilemo tse ngata tse tlang!”
Leha ho le joalo, hopola hore ho ea matsatsing ke bopaki ba hore u ba le matla a ho ba le bana. Le hoja ho tla nka lilemo hore u be ’mè, hona joale u ba boemong ba ho ba mosali. Leha ho le joalo, ho qala ho ea matsatsing ho ka u tšoenya haholo. Kelli o re: “Ntho e thata ka ho fetisisa eo ke neng ke sebetsana le eona e ne e le ho feto-fetoha ha maikutlo. Ke ne ke ferekana haholo ke ho se utloisise hore na ke hobane’ng ha ke ne ke khona ho thaba haholo letsatsi lohle, ebe bosiung ba letsatsi lona leo ke lla hore likhopo li be bohloko.”
Haeba ke tsela eo u ikutloang ka eona hona joale, u se ke ua fela pelo. Ha nako e ntse e feta, u tla tloaela. Annette ea lilemo li 20, o re: “Ke hopola nako eo qetellong ke ileng ka tlameha ho amohela hore sena se lokela ho etsahala e le hore ke be mosali le hore Jehova o mphile mpho ea hore ke be le bana. Ho nka nako hore u tloaele, ’me banana ba bang ba thatafalloa haholo; empa ha nako e ntse e feta u tla ithuta ho amohela liphetoho.”
Na u se u qalile ho ba le liphetoho tse ling ’meleng tse boletsoeng ka holimo? Meleng e latelang, ngola lipotso leha e le life tseo u nang le tsona ka liphetoho tse u hlahelang.
․․․․․
Liphetoho Tse Bang Teng ho Bashanyana
Haeba u moshanyana, ho kena bohlankaneng ho tla ama ponahalo ea hao haholo. Ka mohlala, letlalo la hao le ka ’na la lula le le mafura, ua ba le makhopho le lihloba.a Matt ea lilemo li 18 o re: “Ruri hoa tena ebile hoa ferekanya ho tsoa makhopho. Ke ntoa ea sebele—u lokela ho a loantša. Ha u tsebe hore na ebe a tla ke a fele, kapa hore na a tla siea matheba, kapa hona hore na batho ba tla u nkela fatše ka lebaka la ’ona kapa che.”
Leha ho le joalo, karolo e thabisang ke ea hore u ka ’na ua lemoha hore ’mele oa hao oa hōla ebile u ba matla haholoanyane le mahetla a hao a qala ho ba batsi. Hape nakong ea ho kena bohlankaneng, u ka ’na ua hlaha mohoete maotong, sefubeng le mahafing esita le ho hlaha litelu. Empa hore na u hlaha mohoete o mongata hakae ha ho moo ho amanang teng le ho ba monna oa sebele; ke feela taba ea lefutso.
Kaha litho tse fapaneng tsa ’mele ha li hōle ka lebelo le lekanang, u ka ’na ua etsa lintho ka bothotonyana bo itseng nakong ena. Dwayne o re: “E ne eka ke thuhlo e palame li-roller skate. Ho ne ho bonahala eka ha boko ba ka bo romela molaetsa o reng etsa tjena, matsoho le maoto ’ona a fumana molaetsa oo ka mor’a beke!”
Ha u batla u le lilemo li 15, lentsoe la hao lea teba, empa sena se etsahala butle. U ka ’na ua qeta nako e itseng u ntse u bua ka lentsoe le tebileng, ebe ka tšohanyetso le se le falesa ka tsela e u soabisang. Empa u se ke ua tšoenyeha. Qetellong, lentsoe la hao le tla loka. Hajoale, ho ithuta ho itšeha ho tla u thusa hore u fokotse ho hlajoa ke lihlong.
Ha matla a ho etsa bana a ntse a hōla, litho tsa hao tsa botona li tla hōla ’me ho hlahe moriri ho li potoloha. Li tla boela li hlahise lero la peō ea botona. Lero lena le na le lisele tsa peō ea botona tse ngata haholo tse sa bonahaleng ka mahlo, tse tsoang ha motho a kopanela liphate le e mong. Sele ea peō ea botona e ka emolisa lehe la mosali hore ngoana a be teng.
Lero lena le bokellana ka har’a ’mele oa hao. ’Mele o monya le leng, empa nako le nako le leng le ka ’na la tsoa ha u robetse bosiu. Ka tloaelo ketsahalo ena e bitsoa ho tsoa ha mohlapo. Ketsahalo ena ke ea tlhaho. Bibele le eona e bua ka eona. (Levitike 15:16, 17) E bontša hore matla a hao a ho ba le bana aa sebetsa ’me u kena bonneng.
Na u se u qalile ho ba le e ’ngoe ea liphetoho tse boletsoeng ka holimo? Meleng e latelang, ngola lipotso leha e le life tseo u nang le tsona ka liphetoho tse u hlahelang.
․․․․․
Ho Sebetsana le Maikutlo a Macha
Ha matla a ho ba le bana a ntse a hōla, bashanyana ba lemoha banana ho feta leha e le neng pele ’me ho joalo le ka banana. Matt o re: “Ha ke kena bohlankaneng, ke ile ka qala ho bona hore na banana ba batle ba bangata hakaakang! Seo se ne se mpherekanya haholo hobane ke ne ke tseba hore ha ho seo nka se etsang ho fihlela ke se ke le moholo.” Khaolo ea 29 ea buka ena e tla tšohla ka ho eketsehileng karolo ena ea ho hōla. Leha ho le joalo, hajoale u lokela ho lemoha hore ke habohlokoa hore u ithute ho laola takatso ea hao ea ho kopanela liphate. (Bakolose 3:5) Le hoja ho bonahala eka ho thata, u ka khetha ho se ee le eona!
Ho na le maikutlo a mang ao u ka ’nang ua lokela ho sebetsana le ’ona nakong ea ha u kena bohlankaneng kapa boroetsaneng. Ka mohlala, ho bonolo haholo hore u ikutloe eka ha u motho oa bohlokoa. Hangata bacha ba jeoa ke bolutu, ’me ka linako tse ling baa nyahama. Linakong tse joalo, ho molemo hore u bue le motsoali kapa motho e mong e moholo eo u mo tšepang. Ngola lebitso la motho e moholo eo u ka buisanang le eena ka tsela eo u ikutloang ka eona.
․․․․․
Khōlo ea Bohlokoahali
Khōlo ea hao ea bohlokoahali ha e ame bolelele ba hao, seemo kapa litšobotsi, empa e ama khōlo ea seo u tlang ho ba sona—kelellong, maikutlong, ’me ka holim’a tsohle, moeeng. Moapostola Pauluse o itse: “Ha ke ne ke le ngoana, ke ne ke bua joaloka ngoana, ke nahana joaloka ngoana, ke beha mabaka joaloka ngoana; empa kaha joale ke monna, ke lahlile mekhoa ea bongoana.” (1 Bakorinthe 13:11) Hoa hlaka hore ho shebahala joaloka motho e moholo hase hona feela ho hlokahalang. U lokela ho ithuta ho itšoara joaloka motho e moholo, ho bua joaloka eena le ho nahana joaloka eena. U se ke ua ameha ka se etsahalang ’meleng hoo u hlokomolohang ho ntlafatsa botho ba hao!
Hape hopola hore Molimo “o bona seo pelo e leng sona.” (1 Samuele 16:7) Bibele e re Morena Saule o ne a le molelele a bile a le motle, empa o ile a hlōleha boreneng le bophelong. (1 Samuele 9:2) Ho fapana le eena, Zakiase “o ne a le mokhutšoanyane ka seemo,” empa o ile a ba le matla a ho fetola bophelo ba hae ’me ea e-ba morutuoa oa Jesu. (Luka 19:2-10) Ka ho hlakileng, seo motho a hlileng a leng sona ke sona sa bohlokoa haholo.
’Nete ke hore: Ha ho na mokhoa o sireletsehileng oa ho potlakisa ho hōla ’meleng kapa ho ho liehisa. Ka hona, ho e-na le hore u tlale bohale le tšabo, ho amohele hantle—u be u itšehe ka linako tse ling. Ho kena bohlankaneng kapa boroetsaneng hase bokuli, ebile hase uena oa pele ea hlaheloang ke sena. Kholiseha hore u tla feta nako ena ka katleho. Ha moferefere oa ho kena bohlankaneng kapa boroetsaneng o fetile, u tla be u le motho e moholo!
Ho thoe’ng haeba u sa rate seo u se bonang ha u icheba ka seiponeng? U ka ba le maikutlo a loketseng joang mabapi le tsela eo u shebahalang ka eona?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Banana le bona ba ba le bothata bona. Hangata bo ka laoloa ka hore letlalo le hlokomeloe hantle ka lintho tse loketseng.
LENGOLO LA SEHLOOHO
“Ke tla u roka hobane ka tsela e tšosang ke entsoe ka mokhoa o hlollang.”—Pesaleme ea 139:14.
KELETSO
Ha ’mele oa hao o qala ho hōla, qoba ho apara ka tsela e ka tsosang takatso. Kamehla apara “ka boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong.”—1 Timothea 2:9.
NA U NE U TSEBA . . . ?
U ka qala ho kena bohlankaneng kapa boroetsaneng ha u le lilemo li robeli kapa hamorao u se u ka ba lilemo li 16. Ha ho na lilemo tseo ho ka thoeng ke tsona tse loketseng.
SEO KE RERANG HO SE ETSA!
Ha ke ntse ke fetoha motho e moholo, ke batla ho sebeletsa haholo ho ntlafatseng tšobotsi ea ․․․․․
E le hore ke hōle moeeng, ke tla ․․․․․
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․
U NAHANA’NG KA SEE?
● Ke hobane’ng ha ho le thata hakaale ho sebetsana le liphetoho tse bang teng ’meleng le maikutlong ha u kena bohlankaneng kapa boroetsaneng?
● U thatafalloa ke eng haholo nakong ee ea liphetoho?
● Ke hobane’ng ha lerato la hao ho Molimo le ka ’na la fokotseha nakong ea ho kena bohlankaneng kapa boroetsaneng, empa u ka etsa joang hore see se se ke sa etsahala?
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 61]
“Ha u kena bohlankaneng kapa boroetsaneng ho ba le lintho tse ngata tse etsang hore u lule u tsitsipane, ha ho mohla u tsebang hore na ke phetoho efe e latelang. Empa ha u ntse u hōla, u ithuta ho amohela liphetoho tseo le ho li thabela.’’—Annette
[Lebokose se leqepheng la 63, 64]
Nka Buisana le Ntate Kapa ’mè Joang ka Taba ea ho Kopanela Liphate?
“Haeba ke e-na le potso mabapi le ho kopanela liphate, nke ke ka botsa batsoali ba ka.”—Beth.
“Nke ke ka ba sebete sa ho bua ka taba eo.”—Dennis.
Haeba u tšoana le Beth le Dennis, u bothateng bo boholo. U batla ho tseba ka taba ea ho kopanela liphate, empa batho ba nang le likarabo e ka ’na ea e-ba bona bao u sa batleng ho ba botsa—e leng batsoali! U tšoengoa ke lintho tse ngata:
Ebe ba tla nahana hore ke ngoana ea joang?
“Nke ke ka rata hore ba mpelaelle hobane ke ba botsitse.”—Jessica.
“Ba batla hore u lule u ntse u le ngoana ’me u sa tsebe letho ho ea ho ile, ’me mohla u ba botsang ka taba ea ho kopanela liphate, ha ba sa u nka u le ngoana hakaalo joaloka pele.”—Beth.
Ba tla ikutloa joang?
“Ke tšaba hore batsoali ba ka ba tla potlakela ho etsa qeto ebe le pele ke qeta ho bua ke se ke lula majoana.”—Gloria.
“Batsoali ba ka ha ba tsebe ho pata maikutlo a bona, ka hona, ke tla tšaba ho bona ha lifahleho tsa bona li apareloa ke masoabi. Ha e le hantle, ha ke ntse ke bua, Ntate o tla be a ntse a nahana ka thata hore na o tla re’ng ha a nkhalemela.”—Pam.
Na ba tla utloisisa hampe lebaka leo ke botsang ka lona?
“Ba ka ’na ba feteletsa taba ’me ba qala ho botsa lipotso tse kang, ‘Na u bile tekong ea ho kopanela liphate?’ kapa ‘Na lithaka tsa hao li u hatella hore u kopanele liphate?’ Empa mohlomong u mpa u thahasella ho tseba.”—Lisa.
“Ha nka bua ka moshanyana feela, kamehla Ntate o bontša ho tšoenyeha. Ka mor’a moo, o qala ho bua le ’na ka taba ea ho kopanela liphate. Ebe ka pelong ke re, ‘Ntate, ke ne ke mpa ke re o motle. Ha ke e-s’o re letho ka lenyalo kapa ka ho kopanela liphate!’”—Stacey.
U ka ’na ua khothatsoa ke ho tseba hore batsoali ba hao ba thatafalloa ho bua le uena ka taba ea ho kopanela liphate joalokaha le uena u thatafalloa ho bua le bona! Mohlomong lena ke lona lebaka le entseng hore phuputsong e ’ngoe e ileng ea etsoa, ho fumanehe hore ke batsoali ba etsang liphesente tse 65 feela ba reng ba ile ba buisana le bana ba bona ka taba ea ho kopanela liphate, empa e le bana ba etsang liphesente tse 41 feela ba reng bona ba hopola ba buisana le batsoali ka taba eo.
Taba ke hore batsoali ba ka ’na ba e-ba leqe ho buisana le uena ka ho kopanela liphate. Hangata batsoali ba bona le bona ha baa ka ba bua letho ho bona! Ho sa tsotellehe hore na lebaka la bona ke lefe, u se ke ua ba fella pelo. Mohlomong u ka iteta sefuba ua bua le bona ka taba eo, ’me ho tla u tsoela molemo, le bona ho ba tsoele molemo. U ka qala ho bua ka taba ee joang?
Kamoo U ka Qalang Kateng
Batsoali ba hao ba na le bohlale bo bongata le likeletso tabeng ea ho kopanela liphate. U hloka feela mokhoa oa ho qalisa moqoqo. Leka mekhoa e latelang:
1 Hl’u ba bolelle hore ha ho bonolo ho bua le bona ka taba ena. “Ke tšaba ho bua le uena ka taba ena hobane ke tšaba hore u ka ’na ua nahana hore . . . ”
2 Joale bolella motsoali oa hao hore na ke hobane’ng ha u khethile ho bua le eena. “Empa ke na le potso eo nka ratang hore e arabeloe ke uena, eseng motho leha e le ofe.”
3 Joale botsa potso. “Ke botsa hore na . . . ”
4 Ha le qeta ho bua, etsa bonnete ba hore monyetla oa ho bua hape o ’ne o be teng nakong e tlang. “Haeba nka ba le lipotso tse ling, na nka u botsa tsona?”
Esita le haeba u tseba hore a ke ke a hana, ho utloa ha motsoali a lumela ho tla bula monyetla oo ’me ho tla etsa hore u ikutloe u lokolohile nakong e tlang ha u batla ho bua le eena. Joale, ak’u ho leke! U ka ’na ua qetella u lumellana le Trina. Hona joale o na le lilemo tse 24, ’me o re: “Nakong eo ke neng ke buisana le ’Mè ka eona, ke hopola hantle hore ke ile ka lakatsa eka re ka be re sa bue ka taba eo ho hang. Empa hona joale kea leboha hore ebe ’Mè o ile a mphutholohela joalo. Seo se ntširelelitse haholo!”
[Setšoantšo se leqepheng la 59]
Ho furalla bongoana ho ka tšoana le ho fallela sebakeng se hōle le haeno—empa u tla tloaela boemo