Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/90 leq. 5
  • Ho Rutoa ke Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Rutoa ke Jehova
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sekolo se re Hlomellang Bakeng sa Lintho Tsa Bohlokoa ka ho Fetisisa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Sekolo se Atlehileng se Leng Lefatšeng ka Bophara
    Tsoha!—1996
  • Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo sa 2015 se re Thusa ho Ntlafatsa Tsela eo re Rutang ka Eona
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
  • Ho Lokisetsa Likabelo Tsa Seithuti Bakeng sa Sekolo
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
km 12/90 leq. 5

Ho Rutoa ke Jehova

1 Moprofeta Esaia o ile a bolela tjena: “Morena Jehova o ’neile leleme la ba rutehileng, ke tle ke tsebe ho khothatsa ea khathetseng ka lentsoe la ka.” (Esa. 50:4) Tsela e ’ngoe eo Jehova a etsang sena ka eona ke ka koetliso e fanoang ka Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Leha ho le joalo, ho ntse ho hlokahala boiteko ba motho ka mong. Buka ea Tataiso ea Sekolo sa Boboleli sa Puso ea Leholimo leqepheng la 39 e fana ka tlhaloso ena: “Hore na ke ka makhetlo a makae nakong e fetileng u ileng ua sebetsana le kabelo e itseng, tokiselletso kamehla e na le molemo.” Sena se sebetsa ho rōna kaofela, ho sa tsotellehe hore na re bile sekolong ka likhoeli tse seng kae feela kapa re bile ho sona ho tloha ha sekolo sena se qala ka 1943.

2 Liithuti tsohle li lokela ho lokisetsa ka botlalo. Sena se akarelletsa ho ela nako hloko. Litaelo tse Kemisong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo li re: “Ha ho puo e lokelang ho ja nako.” Ha moena ea fanang ka Kabelo No. 1 a ja nako khafetsa, o lokela ho fuoa keletso ka thōko. Molebeli oa sekolo le eena o lokela ho qalisa seboka hantle feela ka nako ’me a boloke litaelo tse mabapi le nako e abetsoeng keletso le litlhaloso tseo a fanang ka tsona. Ka kōpo hlokomelang hore ho tla sebelisoa buka e ncha ea “Lengolo Lohle.”

3 Bohle ba ka rua molemo o moholo puong ea lintlha tse khōlō tsa Bibele. Re hopotsoa hore karolo ena e se be feela tlhahlobo ea boitsebiso boo re bo abetsoeng. Sebui se lokela ho thusa bamameli ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha boitsebiso boo bo le bohlokoa ho rōna le hore na bo bohlokoa ka tsela efe ho rōna.

4 Mabapi le Puo No. 3, ho ’nile ha sebelisoa likemiso tse ngata ka katleho e fapa-fapaneng. Empa ho hopola o mong oa merero e meholo ea sekolo, e leng ho re thusa ho nehelana ka ’nete ka nepo le ka ho hlaka, ho lakatsoa hore likemiso e be tse amanang le tšebeletso ea tšimo kapa bopaki bo sa reroang.

5 Puo No. 4, ha e nkiloe bukeng ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, e tla abeloa liithuti tse sa tsoa kopanela kapa bacha. Ha e le hantle, seithuti se abetsoeng se lokela ho tseba ho bala. Lipuo tsena li tla fapanyetsana beke le beke ka nehelano e tsoang bukeng ea Ho Bea Mabaka. Mabapi le Puo No. 3 le Puo No. 4, seithuti se lokela ho sebelisa sehlooho se bontšitsoeng.

6 Ho hlokahala hore ho sebelisoe kelo-hloko ha ho tluoa tabeng ea ho kenyelletsa boitsebiso bo eketsehileng. Boitsebiso bo bong bo abetsoeng bo ka ’na ba akaretsa serapa se le seng kapa tse peli feela. Empa boitsebiso boo bo ntse bo ka nehelanoa ka katleho ka nako e abetsoeng ka ho bala le ho hlalosa Mangolo, ho sebelisa lipapiso, joalo-joalo. Ka kakaretso, ha ho hlokahale hore re nehelane ka boitsebiso bo ka thōko ho bo abetsoeng. Bamameli ba lokela hore ba khone ho u latela ka ho sebelisa khatiso eo puo e theiloeng ho eona.

7 Molimo oo re o rapelang o fana ka mohloli o sa feleng oa bohlale le tsebo. (Ba-Roma 11:33) Esita le ka mor’a nako ea lilemo tse likete-kete, ho tla ’ne ho hlokahale hore re ithute ho hongata. Matla a rōna a ho rorisa Ntat’a rōna oa leholimo le ho sebetsana le mathata a bophelo hammoho le khotsofalo ea rōna le thabo kaofela li tla eketseha li itšetlehile ka boiteko boo re bo sebelisang ho fumana bohlale ba bomolimo. Ka hona, etsa hore boikemisetso ba hao ebe ho rua molemo ka botlalo tokisetsong eo Morupeli oa rōna e Moholo a re etselitseng eona ka ho ba teng Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ka mehla. E se eka ho lokisetsa ha hao ka cheseho le ho kopanela ka cheseho Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ka 1991 ho ka u thusa ho finyella sena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela