Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
‘Ho Kotula’ Venezuela
Ka lekhetlo le leng Jesu o ile a tšoantša mosebetsi oa ho bolela le kotulo e etsoang selemo le selemo. (Mattheu 9:36-38) Morena oa kotulo ke Jehova Molimo, ’me kotulo e khōlō kannete lefatšeng ka bophara. Sena se akarelletsa tšimo e sebetsoang ka seoelo Venezuela.
Ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower e Venezuela e tlaleha se ileng sa etsahala ha sehlopha sa Lipaki se sebetsa tšimo ea Sabana Grande, Guárico State. Lipaki tseo li re: “Ntlo eo re neng re tla lula ho eona e ne e le sebaka se loketseng hore re ka tšoarela liboka ho sona, kahoo hang-hang re ile ra qala ho memela batho ho tla libokeng moo. Batho bao ba ne ba sa tsebe letho ka Lipaki tsa Jehova. Batho ba ne ba chesehela ho ithuta Bibele, le hoja ho ne ho e-na le lihlopha tse ’nè tsa evangeli toropong eo.
“Re ne re sebetsa lihora tse tharo hoseng le lihora tse tharo motšehare oa mantsiboea, re ea ka ntlo le ntlo ’me re memela batho ho tla libokeng mantsiboeeng a latelang. Re ne re se na litulo, kahoo re ne re ba kōpa ho tla le litulo tsa bona. Ha nako e atamela ea hore liboka li qale, batho ba ile ba qala ho fihla, e mong le e mong a nkile setulo. Ha liboka li tsoa, re ile ra ba bolella hore re rata ho ngola mabitso a ba lakatsang ho ba le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng. Kaofela ba 29 ba neng ba le teng ba ile ba rata hore mabitso a bona a ngoloe lethathamong.
“Ha re koala monyako hoba moeti oa ho qetela a tsoe, re ile ra hlokomela banna ba bararo ba eme hukung ea ntlo. Hoo e ka bang ka hora ea borobong, re ne re se re itokiselitse ho lula fatše hore re je ha ba kokota monyako. Ba ile ba botsa lipotso tse kang: ‘Ke boboleli ba mofuta ofe boo le bo etsang toropong ee? Ke ka lebaka lefe le neng le e-na le seboka mona mantsiboeeng a kajeno?’
“Re ile ra botsa hore na ho na le molao oo re o tlōtseng. Ba ile ba arabela ka hore che ’me ba re ke baruti ba likereke tse tharo tsa evangeli toropong eo. Ba ne ba tšoenyehile hobane likereke tsa bona li ne li se na batho mantsiboeeng ao. Re ile ra ba mema hore ba kene ’me ra ba hlalosetsa mosebetsi oa rōna. Re ile ra boela ra ba tsamaisetsa libuka tse ling ’me ra ba kōpa hore ba boele ba tle ka Labone le latelang.
“Ka Labone le latelang baruti ba ile ba tla hape ba e-na le batho ba bang ba 22 ba neng ba batla ho utloa seo re se buang. Baruti ba ne ba nahana hore kaha re basali, re ke ke ra pheha khobe le bona puisanong. Leha ho le joalo, ho latela pono ea rōna seboka se ile sa atleha. Qetellong re ile ra hlalosa hore re ngola lethathamo la ba batlang ho ithuta Bibele haholoanyane. Palo e itseng ea batho ba neng ba tsamaea le baruti e ile ea batla hore mabitso a eona a kenngoe lethathamong, ’me ba bang ba ne ba bile ba batla ho ea le rōna mosebetsing oa boboleli!
“Re ile ra hlalosa hore ba hloka tsebo e eketsehileng ea Bibele le thupelo pele ba ka kopanela le rōna mosebetsing oa boboleli. Letsatsi le letsatsi batho ba ne ba tla ntlong, ba re kōpa hore re ba hlalosetse Bibele. Ka nako e ’ngoe, ha re buile ho fihlela bosiu bo boholo, re ne re lokela ho ba kōpa hore ba ee hae. Qetellong ha re lokela ho tloha tšimong eo, ba ne ba saretsoe haholo ’me ba re bolella hore ha re khutla, ba tla ea le rōna mosebetsing oa boboleli. Ba ile ba tšepisa hore ka nako eo ba tla be ba entse tsoelo-pele e hlokahalang.”
Ha Lipaki li tloha tšimong eo, ho ne ho e-na le batho ba 40 ba batlang ho ithuta Bibele. Mabitso a batho bana ba thahasellang a ile a fetisetsoa phuthehong e haufi, e ka bang bohōle ba lik’hilomithara tse 50. Hamorao, Lipaki tse ling tse tsoang toropong e ’ngoe li ile tsa fallela toropong ena, ’me ho thehiloe sehlopha se chesehang sa baboleli ba litaba tse molemo moo.