Nka Bopula-maliboho bo Thusang ka December
1 Kaofela ha rōna re etsa hantle ha re ipotsa: ‘Ka December ke tla ba mojari oa leseli ho isa bohōleng bofe? Na nka ba pula-maliboho ea thusang?’—Matt. 5:14, 16.
2 Hangata bacha ba kolobelitsoeng ba ba le nako e eketsehileng ha ba sa ee sekolong matsatsing a phomolo. Batsoali ba bang le bahoeletsi ba bang bao e leng batho ba baholo ba ka khona ho kopanela le bahoeletsi ba bacha tšebeletsong e atolositsoeng khoeling eo. Ba bangata ba sebetsang ka nako eohle le bona ba ba le nako e eketsehileng ea ho kopanela tšebeletsong ena e bolokang bophelo.
3 Taba ea sehlooho hore re khone ho sebeletsa re le bo-pula-maliboho ba thusang ke boikemisetso ba rōna ba ho eketsa boiteko bo hlokahalang. (Luka 13:24) Haeba re hlophisa mosebetsi oa rōna ka hloko, ho kopanyeletsa le litaba tsa lelapa le tsa phutheho, re ka fumana nako ea hore re be le thabo ea ho sebeletsa joaloka pula-maliboho ea thusang.
4 Na u tla khona ho atolosa tšebeletso ea hao ka December? Ho etsa joalo ho ka u thusa hore u ikutloe u kholisehile haholoanyane ha u le matlong ’me ho felle ka liphihlelo tse hahang. Ka hona u ka thaba haholoanyane.—Lik. 20:35.