Khomarela ka Tieo Polelo ea Phatlalatsa ea Tšepo ea Hao U sa Sisinyehe
1 Thuto ea Molula-Qhooa ke mokhoa o ka sehloohong oo batho ba Molimo ba fumanang ‘lijo tsa moea ka nako e loketseng’ kajeno. (Matt. 24:45, NW) Re ba teng sebokeng sena sa bohlokoa ka mabaka a mabeli a sehlooho—ho hahuoa moeeng le ho bolella ba bang phatlalatsa ka tšepo ea rōna.—Ba-Heb. 10:23-25.
2 Ho Ithuisa Molemo: Ho lekanyetsoa hore liphuthehong tse ngata ke feela hoo e ka bang karolo ea boraro ea bamameli e ithutang boitsebiso esale pele. Hoo e ka bang palo eo e kopanela ho faneng ka litlhaloso. Lijo tse tiileng tsa moea tse fanoang nakong ea Thuto ea Molula-Qhooa li ke ke tsa utloisisoa ka botlalo nakong ea seboka ka bosona. Ho hlokahala hore u behelle ka thōko nako ea ho ithuta boitsebiso boo esale pele.
3 Ha u lokisetsa thuto, mohlomong u ka ho fumana ho le molemo ho bala le ho nahana pele ka lipotso tse leng lebokoseng qetellong ea sehlooho. Sena se ka thusa ho lebisa tlhokomelo ea hao lintlheng tsa sehlooho tseo ho tla buisanoa ka tsona thutong.
4 Nakong ea thuto mamelisisa ka hloko se boleloang. Mamelisisa litlhaloso tse bulang tsa mokhanni; litlhaloso tsena ke selelekela sa thuto. Mohlomong a ka botsa lipotso tse tharo kapa tse ’nè tse tla arabeloa, kapa mohlomong a ka phahamisa lintlha tsa thuto ea beke e fetileng haeba sehlooho seo se ntšetsoa pele. Haeba ho e-na le phetoho kutloisisong ea rōna ea boprofeta ba Bibele kapa molao-motheo oa Mangolo, o tla re hlokomelisa sena. Litlhaloso tsa mokhanni e lokela ho ba tse khutšoaane, kaha morero o mong oa thuto ke ho neha phutheho monyetla oa ho bolela tšepo ea eona. Mamelisisa ka hloko ha ba bang ba fana ka litlhaloso ho seo ba ithutileng sona; sena se ka thusa ho matlafatsa tumelo ea hao.
5 Bolela Tumelo ea Hao: Na u fana ka litlhaloso ka mehla nakong ea thuto? Ho khothaletsoa litlhaloso tse khutšoaane, tse tobileng. (Bapisa le Luka 21:1-4.) Tlhaloso e khutšoaane e tsoang pelong e ananeloa ke bohle. Hangata tlhaloso ea pele potsong e lokela ho ba e khutšoaane le e tobileng. Sena se neha ba bang monyetla oa ho hlalosa lengolo kapa ho lebisa tlhokomelo boitsebisong bo itseng serapeng. Ka tsela ena ba bangata ba ka bolela tšepo ea bona phatlalatsa. Ka mehla litlhaloso e lokela ho ba tse loketseng tse hahang.
6 Hape u sa tsoa qala ho ba teng thutong kapa u tšaba ho fana ka litlhaloso, mohlomong u ka lakatsa ho kōpa thuso ho mokhanni. Mo kōpe hore a talime letsoho la hao ha ho tšohloa serapa se itseng. Mohlomong u ka ithaopela ho bala lengolo le qotsitsoeng le ho hlalosa moelelo oa lona. Mohlomong u ka ngola lintlha tse seng kae ka thōko ho u thusa ho hopola seo u batlang ho se bua ha u fana ka tlhaloso. Haeba u mocha, hopola hore litlhaloso tsa hao lia amoheloa le ho ananeloa.—Matt. 21:16.
7 Ke habohlokoa hore re tsebahatse tumelo ea rōna, ’me Thuto ea Molula-Qhooa e fana ka monyetla o motle oa ho etsa joalo. Haeba u tsila-tsila ho fana ka tlhaloso, etsa sohle se matleng a hao ho hlōla bothata boo, etsa hore bonyane u arabele potso e le ’ngoe. U tla be u tlatselitse sebokeng, ’me u tla ikutloa hamolemo haeba u arabile. Kahoo ke hobane’ng ha u sa ikemisetse ho fana ka tlhaloso e le ’ngoe sebokeng se latelang sa Thuto ea Molula-Qhooa?—Liprov. 15:23.