Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/94 leq. 1
  • Etsang Hore ba Ikutloe ba Amohelehile Sehopotsong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Etsang Hore ba Ikutloe ba Amohelehile Sehopotsong
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Thusa Bohle ba Bontšitseng Thahasello
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Ba Amoheleng!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Ke Joang re ka Thusang ba Bileng Teng Sehopotsong?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Re Tla Fana ka Bopaki bo Matla
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
km 3/94 leq. 1

Etsang Hore ba Ikutloe ba Amohelehile Sehopotsong

1 Lilemong tse ’maloa tse fetileng, motho a le mong feela ho ba bararo ea neng a le teng Sehopotsong e ne e le mohoeletsi oa litaba tse molemo. Mohlomong ho tla ba joalo le selemong sena. Ba bang ba ka ’na ba ba teng ba khothalitsoe ke mong ka bona kapa motsoalle ea lulang motseng o mong, ha ba bang e ka ’na eaba ba menngoe ke bahoeletsi ba sebakeng seo. Ba bang ba bang teng, le hoja ba kolobelitsoe, ha ba sa le mafolo-folo tšebeletsong. Ka botšepehi re amohela bohle ba bontšang tlhompho taelong ea Jesu: “Tsoelang pele ho etsa sena ho nkhopola.”—1 Ba-Kor. 11:24, NW; Ba-Roma 15:7.

2 Bahlokomeli ba abetsoeng ba lokela ho falimeha ho amohela e mong le e mong, haholo-holo motho e mocha, ha a fihla Holong ea ’Muso. Leha ho le joalo, kaofela ha rōna re ka ba le seabo ka ho amohela baeti Sehopotsong. (Ba-Roma 12:13) Joang?

3 Mantsiboeeng ao bahoeletsi ba bang ba tla be ba phathahane haholo ka ho lokisetsa lipalangoang bakeng sa batho ba thahasellang. Ba bang ba tla tseba ho fihla pelenyana ho lumelisa baeti ba tsamaeang ba le bang. Ha motho osele a kena holong, mo lumelise ka mofuthu le ho qalisa moqoqo. ’Motse haeba ho e-na le motho eo a mo tsebang phuthehong. Haeba a le teng, mo hlokomele ho fihlela motho eo a fihla. (Bapisa le Luka 10:35.) Haeba ho se motho eo a mo tsebang ka ho khethehileng, ke hobane’ng ha u sa mo meme hore a lule le uena nakong ea seboka? Mo hlalosetse kamoo veine le bohobe li tla sebelisoa nakong ea lenaneo. A ka ’na a hloka thuso ea hao ho phetla mangolo a qotsoang ke sebui.

4 Ha mokete oa Sehopotso o fela, mo tsebise hore u thabetse ha a tlile. Mohlomong a ka ba le lipotso mabapi le mosebetsi oa rōna tseo u ka li arabang. Thahasello ea hao ea botho e ka lebisa puisanong ka sehlooho se itseng sa Bibele, ebang ke Holong ea ’Muso kapa sebakeng se seng. Baena ba bang ba seli ba ileng ba nka mohato ona oa pele o babatsehang ba ile ba qalisa lithuto tse ntle. Pele motho eo a tsamaea Holong ea ’Muso, mo tsebise ba bang, ’me u mo meme ka mofuthu hore a khutle.

5 Ke ho thabisang hakaakang ho amohela baena le bo-khaitseli ba rōna ba ratehang ba neng ba sa be teng ka mehla libokeng kapa ba neng ba se mafolo-folo tšebeletsong ka nako e itseng! Ho e-na le ho ba botsa hore ba ne ba luletse’ng, bontša feela hore re thabela ha ba le teng. Mohlomong ntho e ’ngoe e itseng eo ba tla e utloa nakong ea puo ea Sehopotso e tla ba susumeletsa ho nahanisisa hape ka kamano ea boinehelo ba bona ho Jehova. Kamohelo e mofuthu le kameho ea sebele tseo u li bontšang li ka ama lipelo tsa bona. Ba tsebise hore u lebeletse ho ba bona hape.—Ba-Roma 1:11, 12.

6 Puo e khethehileng e nang le sehlooho “Bolumeli ba ’Nete bo Finyella se Hlokoang ke Mokhatlo oa Batho” e tla fanoa liphuthehong tse ngata ka April 10. Tiisang hore bohle ba bileng teng Sehopotsong ba mengoa le ho thusoa ho ba teng. Re tšepa hore ba tla ba teng libokeng tsena tse khethehileng ba tla ikutloa ba amohelehile le ho latsoa moea o mofuthu oa botsoalle har’a batho ba Jehova.—Pes. 133:1.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela