Susumetsa Khōlo ka Maeto a ho Boela a Nang le Morero
1 E le ho thusa ba bontšitseng thahasello, ke habohlokoa hore re tsoele pele ho ba fepa ka lijo tsa moea ka ho sa khaotseng ka ho etsa maeto a ho boela ka mehla. Maeto a rōna a tla thusa ho susumetsa khōlo ea bona ea moea. (1 Ba-Kor. 3:6-9) Leha ho le joalo, hore maeto a rōna a be le morero, ke habohlokoa hore re lokisetse esale pele, re ntse re hopotse ka motho eo.
2 Ho Khutlela ho Bao Re ba Sietseng Pampitšana: Mohlomong ketelong ea pele re tsamaisitse pampitšana Lefatše le Lecha la Khotso.
Ka mor’a hore re hlahlobe seo ho buisanoeng ka sona, mohlomong re ka botsa potso e kang ena:
◼ “Ke ’muso ofe o ka tlisang liphetoho tse joalo? [Emela tlhaloso.] Ha ho pelaelo hore le uena u tla thabela ho phela tlas’a maemo a joalo. Ke joang rōna ka borōna re ka thabelang maemo a joalo?” Joale mohlomong ho ka nahaneloa boitsebiso bo leng tlas’a sehloohoana “Kamoo ho ka Khonehang hore U Thabele Tsena.” Lebisa tlhokomelo bukeng Phela ka ho sa Feleng, khaolo 15, “Ho ba Mofo oa ’Muso oa Molimo.” Mohlomong re ka buisana ka lirapa tse peli tsa pele ebe re botsa potso: “Ho ithuta ka Molimo ho lokela ho re ama joang?” Ho ka etsoa litokisetso tsa ho arabela potso eo le ho buisana ka ho eketsehileng ka khaolo eo ketelong ea nako e tlang.
3 Ha re khutlela ho bao re ba sietseng buka “U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng,” mohlomong re ka re:
◼ “Nakong e fetileng ha ke le mona, re ile ra buisana ka mathata a mangata ao moloko oa batho o tobaneng le ’ona le seo Molimo a tšepisang ho se etsa. Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse bokhopo ka nako e telele hakaale? Karabo e thahasellisang e fumanoa khaolong ea 11 ea buka eo ke u sietseng eona.” Kōpa mong’a ntlo ho tla le kopi ea hae haeba ho loketse. Ka mor’a ho buisana ka lirapa tse ’maloa, mohlomong re ka botsa: “Na u nahana hore ke ntho e ka khonehang ho phela lefatšeng le hlokang bokhopo, moo batho ba tla tseba ho thabela bophelo bo sa feleng tlas’a ’muso o lokileng?” Bolella mong’a ntlo hore u tla thabela ho khutla bekeng e latelang le ho buisana ka likarabo tsa lipotso tsena khaolong ea 1, “Ho Phela ka ho sa Feleng Hase Toro Feela.”
4 Ho Khutlela ho Bao Re ba Sietseng Limakasine: Haeba ho e-na le sehlooho se khethehileng seo u se khethileng se ileng sa thahasellisa mong’a ntlo, hōlisa lintlha tse ling tse eketsehileng sehloohong seo ha u khutlela, ’me u lebise tlhokomelo lengolong le le leng la sehlooho le boitsebiso bo le tšohlang. Haeba ho e-na le thahasello e tsoelang pele, ho ka buisanoa ka melemo ea limakasine. Hape, ho ka lebisoa tlhokomelo tokollong e latelang ea makasine haeba e na le sehlooho se tla tšohla taba e tšoanang. Ho feta moo, re ka lebisa tlhokomelo boitsebisong bo leng bukeng Phela ka ho sa Feleng bo buang ka taba eo le ho etsa litokisetso tsa ho buisana ka bona ketelong ea rōna e tlang.
5 Ho bontša ha rōna thahasello ea botho maetong a ho boela a nang le morero ho tla bontša lerato la rōna ho batho le ho Jehova. (Joh. 13:34, 35) E se eka re ka tsoela pele ho susumetsa khōlo ea moea ea ba leng tšimong ea rōna ka hore ka mehla re etse maeto a ho boela a nang le morero.