Liboka Tsa Tšebeletso Tsa March
Beke e Qalang ka March 7
10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso.
20 mets: “Keketseho e Tsoelang Pele e Eketsa Tlhokahalo ea Liholo tsa ’Muso”—Karolo 1. Lirapa 1-10 tsa kenyeletso li akaretsoe ka lipotso le likarabo. Hatella hore ke hobane’ng ha baholo ba lokela ho iteanya le Komiti ea Kaho ea Lebatooa ho tloha sethatong ha ho nahanoa ka morero oa kaho ea Holo ea ’Muso.
15 mets: “Nehelana ka Buka Bacha Baa Botsa.” Puisano le bamameli. Bahoeletsi ba lokiselitseng hantle ba etse lipontšo tse leng lirapeng 2 le 3. Hape, etsa pontšo e khutšoaane e bontšang kamoo mohoeletsi a memelang mong’a ntlo ea thahasellang Sehopotsong le puong ea phatlalatsa e khethehileng. Ka mor’a pontšo ka ’ngoe, kōpa bamameli ho hlalosa seo ba ithutileng sona pontšong. Khothaletsa bohle ho kopanela ho nehelaneng ka buka Bacha Baa Botsa khoeling ena.
Pina 225 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka March 14
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba tsa Puso ea Molimo. Lebisa tlhokomelo lintlheng tse khethehileng limakasineng tsa morao-rao tse ka sebelisoang tšebeletsong ea tšimo bekeng ena.
15 mets: “Na U ka Eketsa Thoriso ea Hao ho Jehova ka April?” Se akaretsoe ka lipotso le likarabo. Kōpa litlhaloso ho bao e bileng bo-pula-maliboho nakong e fetileng. E re ba hlalose kamoo ba ileng ba fetola maemo a bona ho sebelisa monyetla ona hamolemo. Khothaletsa bohle ba rerang ho ba bo-pula-maliboho ba thusang ka April ho tlisa likōpo tsa bona kapele kamoo ho khonehang.
20 mets: “Etsang Hore ba Ikutloe ba Amohelehile Sehopotsong.” Se akaretsoe ka lipotso le likarabo. Ka mor’a serapa 3 etsa pontšo e khutšoaane ea mohlanka ea sebeletsang ea amohelang motho e mocha Sehopotsong. Balebeli ba okamelang ba lokela ho hlahloba lethathamo la tlhahlobo le leng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea March 1993, leqephe 7, ho tiisa hore litokisetso tsohle bakeng sa Sehopotso li entsoe.
Pina 150 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka March 21
10 mets: Litsebiso tsa phutheho, ho akareletsa le tlaleho ea lichelete le liteboho bakeng sa menehelo. Bua ka lebokose “Lijo ka Nako e Loketseng.” Khothaletsa bohle ho memela batho ba thahasellang puong e khethehileng e tla fanoa ka April 10.
15 mets: “Ba Thuseng ho Nka Khato Tumellanong le Molaetsa oa ’Muso.” Puisano. E-ba le lipontšo tse lokiselitsoeng hantle tsa linehelano tse lirapeng tsa 2 le 3.
20 mets: “Keketseho e Tsoelang Pele e Eketsa Tlhokahalo ea Liholo tsa ’Muso”—Karolo 2. Puo e chesehang ka moholo lirapeng 11-21 tsa kenyeletso. Hatella tlhokahalo ea baithaopi ba eketsehileng, ’me u etse hore liforomo tsa Kingdom Hall Volunteer Worker Questionnaire li be teng sebokeng. Bua ka mehato e leshome ea ho fumana Holo ea ’Muso. Ha nako e lumela, akareletsa le liphihlelo tse loketseng tse amanang le kaho ea Holo ea ’Muso nakong e fetileng sebakeng sa lōna. Mongoli o lokela ho boloka kopi ea kenyeletso ena lifaeleng tsa phutheho tlas’a “Kingdom Hall.”
Pina 121 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka March 28
15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Puisano le pontšo ka litsela tse loketseng tsa ho paka tšimong ea phutheho ka mpho ea April. Pheta liphihlelo tse bontšang kamoo bahoeletsi ba bang ba fumaneng lipeeletso maetong a ho boela. Bolela litokisetso tsa Letsatsi la Limakasine le khethehileng la April 9. Na e mong le e mong o itokiselitse ho sebetsa letsatsi lohle kabong ea limakasine? Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba tla batla ho fana ka ketello-pele e mafolo-folo tšobotsing ena le ho thusa e mong le e mong ka phuthehong ho ba le seabo. Haha cheseho bakeng sa puo e khethehileng ka April 10. Khothaletsa e mong le e mong ka phuthehong le batho ba thahasellang hore ba be teng. Ena ke ketsahalo e ’ngoe e khethehileng ka April. Puo ena e tla fanoa lefatšeng lohle liphuthehong tse fetang 70 000. Sehlooho sa eona ke “Bolumeli ba ’Nete bo Finyella se Hlokoang ke Batho.”
15 mets: “Khomarela ka Tieo Polelo ea Phatlalatsa ea Tšepo ea Hao U sa Sisinyehe.” Mokhanni oa Thuto ea Molula-Qhooa a se akaretse ka lipotso le likarabo. Kōpa litlhaloso ho ba hlōtseng tšabo ea ho arabela libokeng. Hatella bohlokoa ba ho lokisetsa esale pele. Khothaletsa phutheho ho lokisetsa ho kopanela ka botlalo thutong ea phutheho ea Molula-Qhooa beke e ’ngoe le e ’ngoe.
15 mets: Ho Boloka ho se Nke Lehlakore ha Bokreste. Puisano ka moholo ea nang le phihlelo ka lengolo la June 17, 1993, mabapi le boemo ba rōna ba ho se nke lehlakore. Ho tla tšoaroa likhetho tse akaretsang ka April, Afrika Boroa. Na baena ba tla tseba ho sebetsana le teko ee e ncha ea botšepehi ba bona? Maikutlo a bopolotiki a tla be a phahame haholo. Ho tla ba joalo haholo-holo tšimong ea ba batšo moo batho ba sa tloaelanang le ho vouta le moo ho ka ’nang ha sebelisoa likhoka hore baena ba rōna ba voute. Re batla ho qoba qhoebeshano ea mofuta leha e le ofe. Ke’ng seo re lokelang ho se etsa? Khoeling eohle ea April, ho akareletsa le April 27 moo ho khonehang, re lokela ho kopanela ka botlalo mosebetsing oa boboleli. Ka boitšoaro ba rōna le boboleli ba rōna ba phatlalatsa, batho ba leng tikolohong ea rōna ba tla hlokomela boemo ba rōna bo hlakileng ba ho se nke lehlakore. Baholo ka ho khethehileng ba tlameha ho ba le tsebo e le hore ba ka tseba ho thusa le ho fana ka tataiso. Khothaletsa bohle ho tloaelana le boitsebiso bo bukeng ea Ho Bea Mabaka tlas’a “Ho se Nke Lehlakore.”
Pina 15 le thapelo e koalang.