Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/95 maq. 3-8
  • Ho Nolofatsa Lintho Bakeng sa Kopano ea Setereke ea 1995

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nolofatsa Lintho Bakeng sa Kopano ea Setereke ea 1995
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kopano ea Setereke ea 1997 ea “Tumelo Lentsoeng la Molimo”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Kopano ea Setereke ea “Barorisi ba Thabileng” ea 1995
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Likopano Tsa Setereke Tsa “Lentsoe la Molimo la Boprofeta” Tsa 1999
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Kopano ea Setereke ea “Manģosa a Khotso ea Bomolimo” ea 1996
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
km 9/95 maq. 3-8

Ho Nolofatsa Lintho Bakeng sa Kopano ea Setereke ea 1995

1 Ke ho thabisang hakaakang ho ba teng meketeng ea moea, ebang ke libokeng tsa phutheho, likopanong tsa potoloho, matsatsing a kopano a khethehileng kapa likopanong tsa setereke! Hobane’ng? Ho ba le botsoalle le batho ba tšabang Molimo hoa khatholla, ’me litaba tsa moea tse nehelanoang liketsahalong tse joalo li re hopotsa lintho tsa bohlokoa bo boholo.

2 Lilemong tsa morao tjena batho ba ntseng ba eketseha ba likete-kete ba ile ba hoheloa ho tla libokeng tsena. Pakeng tsa selemo sa 1985 le 1994, palo ea liphutheho lefatšeng ka bophara e eketsehile ka karolo e fetang 50 lekholong, ho tloha ho tse 49 716 ho ea ho tse 75 573. Ha Jehova a ntse a potlakisa mosebetsi oa ho bokella, palo ea likopano tsa setereke le tsa potoloho le eona e-ea eketseha. (Esa. 60:22) Esita le keketseho palong ea likopano tse khōlō tse ileng tsa tšoaroa tšimong e tlas’a lekala la Afrika Boroa feela, ho tloha ho tse 21 ka 1984 ho ea ho tse 30 ka 1994, e bontša keketseho palong ea liphutheho. Mosebetsi o akarelletsoang ho lokisetseng le ho tsamaiseng likopano tsena o ’nile oa eketseha haholo. Kaha sepheo sa ho bokana ha rōna ke ho rua molemo lenaneong la moea le lokiselitsoeng meketeng ena, ke bohato bo bohlale ho nolofatsa lintho kamoo ho ka khonehang mabapi le ho hlokomela litokisetso tsa nama.

3 Mehato e Meng e Tla Nkuoa: Re itšetlehile ka tlhohonolofatso ea Jehova ha re ntse re nka mehato e tsoelang pele. Re thabela ho bona hore o file batho ba hae moea oa bohlale o hlokahalang le kutloisiso. Rea lumela hore ka sehlopha sa mohlanka ea khabane, Jesu Kreste o tsamaisitse litaba ka mokhoa o atlehileng haholo bakeng sa ho phethahatsa morero oa Jehova ka tsela e hlollang. (Matt. 24:45-47; Ba-Kol. 1:9, 10) Tsebiso ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea July e itse: “Ho qala ka September 1995 likopano tsa potoloho le matsatsi a kopano a khethehileng le Likopanong Tsa Setereke Tsa ‘Barorisi ba Thabileng’ bofelong ba selemo, ho ke ke ha ba le lijo. E mong le e mong o lokela ho itlela le lijo le se nooang.” Ho bile le karabelo e ntle tsebisong ena. Le tla thahasella ho tseba kamoo phetoho ena e tlang ho re ruisa melemo kateng. Mohlomong tlhahlobo e latelang ea litokiso tse ileng tsa etsoa lilemong tsa morao tjena e tla re hopotsa melemo e fumanoeng ka ho nolofatsa lintho likopanong.

4 Litokiso Tsa Nakong e Fetileng Tsa ho Nolofatsa Lintho: Pele ho sebelisoa litokisetso tse tšoanang le tse nolofalitsoeng likopanong tsa setereke, tšebeletso ea lijo, tšebeletso ea baithaopi le tšebeletso ea marobalo, baena ba likete le bo-khaitseli ba leng motseng oa kopano ba ne ba lokela ho etsa mosebetsi o mongata haholo pele ho kopano. Ka lebaka la likhatello le litlhoko tseo baena ba rōna ba lokelang ho li jara bophelong ba letsatsi le letsatsi le khōlo e tsoelang pele ea mokhatlo o hlophisitsoeng, ka sebele ho ile ha hlokahala litokiso ho nolofatsa mosebetsi. Ho phaella moo, ka lebaka la ho nolofatsa lintho tšebeletsong ea rōna ea lijo, baena ba bangata le bo-khaitseli ba neng ba atisa ho sebetsa ka thata linakong tsa mananeo ba re lokisetsa lijo ba ile ba khona ho mamela lenaneo. Litokiso tsena e bile tse molemo hakaakang, li ile tsa bebofatsa mosebetsi ’me li entse hore tlhokomelo e eketsehileng e lebisoe litšobotsing tsa moea tsa kopano, ’me basebetsi ba khona ho mamela lenaneo le ho le thabela haholoanyane. (Deut. 31:12) Ba tšepahalang har’a rōna ba nang le lilemo tse ngata tsa ho sebeletsa ka botšepehi ba hopola hantle likhatelo-pele tsena ’me ba hlalositse kamoo ba ananelang tataiso ena e ileng ea amoheloa. Empa ke mosebetsi ofe o mong o ka felisoang ho nolofaletsa ba bang ba eketsehileng ho rua molemo ka botlalo lenaneong lena la moea?

5 Liphetoho Tse Lebeletsoeng: Lilemong tseo ho ileng ha sebelisoa lethathamo le nolofalitsoeng la lijo tse ka lokisetsoang le ho ajoa, ho ile ha totobala hore e ne e le “lintho tse ’maloa” feela tseo ka sebele li “hlokahalang.” (Bapisa le Luka 10:38-42, NW.) Leha ho le joalo, ha lintho tsena tse ’maloa li atisoa ka palo ea ba bang teng sena se ile sa ’na sa bolela ho eketseha ha lijo tse lokisetsoang le mosebetsi, esita le thepa e bitsang chelete e ngata e eketsehileng. Hape ho ne ho hlokahala baithaopi ba bangata ho hlophisa le ho tšehetsa litokisetso tsena. Ho ne ho hlokahala libaka tsa ho boloka lijo le ho li aba. Ho phaella moo, mafapha a mang a ’muso a bophelo bo botle a ’nile a fetella haholo linthong tseo a li hlokang bakeng sa ho lokisetsa batho lijo, ’me sena e bile moroalo mahetleng a baena ba ikarabellang. Ho feta moo, baena ba bangata ba tla imolloa mosebetsi o moholo oa ho hlokomela thepa ea lefapha la tšebeletso ea lijo.

6 Tšebeletso ea boithatelo ea ba ileng ba sebeletsa e le baithaopi mafapheng a amanang le ana e bile molemo ka mokhoa o ke keng oa lekanngoa ’me e ananeloa haholo. Leha ho le joalo, ka lebaka la ho nolofatsoa hona ho eketsehileng ha lintho, ba likete-kete ba ’nileng ba sebeletsa lefapheng lena ho hlokomela lintho le ho khanna literaka hammoho le ho reka lijo, ho li pheha, ho isa lijo libakeng tsa kabo le ho li aba, ba tla khona ho sebelisa nako ea bona mesebetsing e meng ea bohlokoa ea ’Muso, ho akarelletsa le ho thabela botsoalle haholoanyane likopanong. Baithaopi ba neng ba atisa ho sebeletsa lefapheng la Tšebeletso ea Lijo joale ba tla khona ho thusa mafapheng a mang, a kang la Bahlokomeli le la Tlhoekiso. Sena se tla bebofaletsa e mong le e mong moroalo ’me ho ke ke ha hlokahala hore ba bangata ba sebetse bosiu, hoseng haholo, kapa ha mananeo a tsoela pele, kamoo pele ba bangata ba neng ba sebetsa kateng lefapheng la Tšebeletso ea Lijo.

7 Ho Tšehetsa Litokisetso Tsena: Mokhatlo o ananela haholo tšehetso e molemo eo lōna baena le bo-khaitseli le ileng la fana ka eona “ka pelo eohle” lilemong tsena tsohle litokisetsong tsa likopano, ho akarelletsa le tokisetso ea tšebeletso ea lijo. (1 Likron. 29:9) Sena se ile sa thusa ka litsela tse ngata. Se ile sa etsa hore ho khonehe ho hira mehaho e molemo haholoanyane le ho lefella litšenyehelo tsa kopano. Hape se ile sa thusa ba tlileng kopanong ho lula sebakeng seo kopano e tšoaretsoeng ho sona linakong tse khutšoaane tsa khefu ea motšehare e le hore ba iphumanele lijo moo habonolo, ba khatholohe le ho ba teng hape lenaneong la moea. ’Me ha ho pelaelo hore ho fana ha baena le bo-khaitseli ka seatla se bulehileng le ho tšehetsa litokisetso tsena ka menehelo ho tla tsoela pele. E ’nile ea e-ba pontšo e bonahalang ea kananelo ea bona.—Liprov. 11:25; Luka 16:9.

8 Ho Hlokomela Litlhoko Tsa Lōna Tsa Lijo: Leha ho le joalo, ka lebaka la litokiso tsena tse eketsehileng, ho tla hlokahala hore batho ka bomong le malapa ba itlele le seo ba tla se ja nakong ea khefu ea motšehare. Re ananela haholo melemo ea lenaneo la moea. Hase ketso e bohlale ho lumella lijo tsa nama ho nka karolo ea bohlokoa ka mokhoa o sa lokelang. Ke habohlokoa haholo hore e mong le e mong a ‘nepisise lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa’ tabeng ena. (Ba-Fil. 1:9, 10a, NW) Likopano tsa morao-rao tjena tsa batho ba Jehova Poland, Russia le Ukraine, esita le libakeng tse ling, li ile tsa tšoaroa hantle haholo ntle ho litokisetso tsa tšebeletso ea lijo. Ho phaella moo, lipotoloho tse ling naheng ena li ile tsa tšoara likopano tsa potoloho le tsa letsatsi la kopano le khethehileng ntle ho tšebeletso ea lijo ka lebaka la maemo a sebaka seo. Boemong ka bong ba neng ba tlile likopanong tseo ba ile ba itlela le lijo tsa motšehare. Re tla hlokomela hore haeba re itlela feela le lijo tse bobebe tsa motšehare, seo se tla thusa likelello tsa rōna ho lula li falimehile, ’me re tla nolofalloa ho amohela melemo e tletseng lenaneong la motšehare oa mantsiboea. Tumellanong le sena, e mong le e mong o lokela ho itlela le lijo tse bobebe le tse ōtlang. Ka mohlala, ha Jesu a ne a fepa matšoele, o ile a fana ka mefuta e ’meli feela ea lijo, bohobe le tlhapi. (Matt. 14:16-20; bona le Luka 10:42a.) Ho finyella sena, re thabela ho fana ka litlhahiso tse itseng mabapi le se ka bang molemo le se ka sebetsang ka lebaka la khefu ea motšehare e khutsufalitsoeng le mofuta oa mehaho eo re e sebelisang.

9 Kaha ho ke ke ha hlola ho e-ba le litokisetso tsa tšebeletso ea lijo kopanong, haeba ba tlang kopanong ba ka hlophisa lintho hantle ba ka khona ho ja lijo tsa hoseng le malapa a bona hae kapa sebakeng se seng. Haeba le ka robala ka ho lekaneng bosiu, le tla nolofalloa ho tsoha hoseng bakeng sa lijo tsa hoseng le ho fihla kopanong nako esale teng e le hore le ka thabela botsoalle le ba bang ba tlileng kopanong. Molemo o mong oa tokisetso ena e ncha ke hore ho ke ke ha hlokahala hore ho be le batho ba bulang menyako ea mehaho hoseng haholo bakeng sa baithaopi ba lefapha la tšebeletso ea lijo hammoho le malapa a bona. Menyako ea mehaho e tla buloa ka 8:00 hoseng bakeng sa bohle ba tlileng kopanong, ke ba ’maloa ba nang le likabelo tse khethehileng tse ka etsang hore ba kene pele ho nako ena. Joaloka nakong e fetileng, ho ke ke ha hlokahala hore ho potlakeloe ho kena sebakeng sa kopano bakeng sa ho batla litulo, kahobane ho tla ba le litulo tse lekaneng tse lokiselitsoeng bakeng sa letšoele le lebeletsoeng.

10 Khefu ea motšehare e tla ba khutšoaane ho fapana le ea likopano tse fetileng. Leha ho le joalo, nako ea ho ja lijo tse bobebe, le ho thabela botsoalle le ba bang e tla ’ne e be teng. Baena ba rōna le bo-khaitseli ba lulang motseng oa kopano kapa haufi le oona le ba khutlelang hae letsatsi le leng le le leng ba tla khona ho lokisetsa lijo tse itseng tsa khefu ea motšehare bakeng sa setho se seng le se seng sa lelapa. Ho tla tšoana hantle le lijo tsa motšehare tseo bana ba li nkang ha ba e-ea sekolong, mohlomong sandwich le tholoana, biskiti le se nooang. Batho ba bangata ba nka lijo tse joalo tsa motšehare ha ba e-ea mesebetsing ea bona ea boipheliso.

11 Ha ho pelaelo hore sena e tla ba phephetso e khōloanyane ho ba tlang kopanong ba e-tsoa libakeng tse kantle ho motse oa kopano, kaha ho tla hlokahala hore ba hlophise esale pele lijo tsa bona tsa motšehare. Mohlomong bao le tsamaeang le bona ba ka tloha hae ba nkile lintho tse kang lisefiete le likopi tse entsoeng ka pampiri tse ka lahluoang ka mor’a ho sebelisoa. Ba bang ba ka fumana hore lijo tse bobebe tsa litholoana tse sa tsoa khuoa kapa meroho li tla ba khorisa ’me ba ka tla le tsona ho tsoa lapeng. Lijo tse ling tse hlokahalang bakeng sa motšehare letsatsi ka leng li ka rekoa lebenkeleng la korosari le leng motseng oa kopano.

12 Khopotso, re kōpa hore LE SE PHEHELE LIDOMETERING, LITLELASENG TSA SEKOLO KAPA MEHAHONG EA SEKOLO ntle le haeba ho e-na le likichine tse nyenyane tse etselitsoeng morero oo. Ho phehela moo ho kotsi ebile ke tlōlo ea molao ’me hape ho ka senya mabota ka ho a qaphaletsa ka litšila kapa mafura. Ho siea monko o lulang matsatsi a mangata pele o fela ka kamoreng. Ke ka lebaka leo ho ka bang bohlale ho nahana ka ho reka lintho tse sa senyeheng, tse kang matokomane, mangangajane le libiskiti, kapa le ka khetha ho tla le lintho tse bakiloeng, tse kang bohobe, lirolo, kapa limafine. Haeba le lakatsa sandwich bakeng sa lijo tsa motšehare, mohlomong lebenkele la sebakeng seo le rekisa lijo tse seng li loketse ho jeoa. Ho reka lijo tse joalo ho tla etsa hore le se ke la lokisetsa lijo libakeng tsa marobalo kapa makoloing.

13 Joalokaha sebaka seo kopano e tšoareloang ho sona se fetoha Holo ea ’Muso e khōlō nakong ea kopano, ho boetse ho bohlale hore re qobe ho etsa eka re pikiniking nakong ea khefu ea motšehare. Feela joalokaha re sa je nakong ea liboka Holong ea ’Muso, re se je kapa ho noa nakong eo mananeo a kopano a tsoelang pele. Li-cooler tse khōlō tse sebelisoang lipikiniking li ke ke tsa lumelloa sebakeng sa kopano. Li ka baka likotsi ebile ha ho khonehe hore li behoe litselaneng kapa ka tlas’a litulo. Mohlomong mekotlana ea letsoho e ka sebelisoang hape kapa mekotlana ea pampiri e ka lahluoang ka mor’a ho sebelisoa e ka ba e loketseng bakeng sa lijo tse bobebe tse tla hlokahala nakong ea khefu ea motšehare. Cooler e nyenyane e ka kenang ka tlas’a setulo, eseng holim’a sona, e ka sebelisoa haeba ho hlokahala.

14 Hape re lokela ho hlokomela hore na re tšela lintho tse nooang ho eng ha re e-tla kopanong. Lino tse chesang li ka tšeloa ka liflaskeng. Lintho tseo ho tšeloang ho tsona tse entsoeng ka khalase li ka ba kotsi. Libakeng tse ling lintho tse joalo ha lia lumelloa. Ka lebaka leo, re kōpa hore LINTHO TSEO HO TŠELOANG HO TSONA TSE ENTSOENG KA KHALASE li se tlisoe libakeng tsa kopano. Haeba seno sa hao se batang se ke ke sa rekoa se tšetsoe nthong ea polasetiki kapa thining, ho ka ba molemo ho se tšela nthong e ’ngoe e nyenyane e sa pshatleheng e ka lekanang ka tlas’a setulo sa hao.

15 Melemo e Eketsehileng: Ka sebele re ka bona bohlale ba litokisetso tsena tse fetotsoeng. Kaofela re tla nolofalloa ho lebisa tlhokomelo e tletseng tabeng ea ho amohela melemo ea moea—e leng oona morero o ka sehloohong oa ho bokana ha rōna. Melemo ena e fumanoa botsoalleng boo re bo thabelang le lenaneong ka bolona. Kahoo, ho e-na le ho tloha sebakeng sa kopano nakong ea khefu ea motšehare ho ea batla lijo, ho tla re ruisa molemo hakaakang ho itlela le lijo tse itseng. Sena se tla re nolofalletsa ho thabela botsoalle le baena le bo-khaitseli ba rōna ’me se tla re etsa hore re se fosoe ke lenaneo leha e le lefe la motšehare oa mantsiboea.

16 Ka mor’a ho khatholloa moeeng ke lenaneo la motšehare oa mantsiboea, ba bang ba ka thabela botsoalle bo tsoelang pele ba Bokreste le moqoqo o thehiloeng linthong tse molemo tse ithutiloeng ha ba ntse ba e-ja lijo tse batlang li tiile le malapa a bona le metsoalle libakeng tsa lijo tsa sebakeng seo. Mohlomong ba bang ba tla ithekela lijo lebenkeleng la korosari kapa lebenkeleng le rekisang lijo tse loketseng ho jeoa. Ba khonang ho khutlela mahaeng a bona ba ka khetha ho ja lijo tsa mantsiboea lapeng, joalokaha ba etsa matsatsing a mang ha ba tsoa mosebetsing kapa tšebeletsong ea tšimo.

17 Ka sebele re thabela mokete oa moea likopanong tsena tse nyenyane le tse khōlō, moo re amohelang likhatiso tse ncha, thuto e molemo le keletso e sebetsang. Litlhohonolofatso tsena ke tsona tseo e mong le e mong a li hopolang, hammoho le thabo ea ho bokana le batho ba Molimo. Liproverbia 10:22 e re: “Tlhohonolofatso ea Jehova—ke eona e entšang, ’me ha a ekeletse bohloko le eona.” Lebaka ke hore kaha re batho ba Jehova, ha re tle likopanong re nahanne ka ho rua melemo ea lintho tse bonahalang kapa mabotho-botho. Re bokana ka boikutlo bo nepahetseng ba ho rua melemo e fetisisang ea moea, ’me Jehova o re putsa ka ho enneng ha re bontša moea o joalo.—1 Tim. 6:6-8; Ba-Heb. 11:6.

18 Hape liketsahalo tsena tse khothatsang li re hopotsa khatelo-pele kotulong ea moea. (Joh. 4:35, 36) Mantsoe a qalang a Esaia khaolo ea 54 a mema mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o kang mosali hore o itokisetse keketseho e thabisang. Khōlo e tsoelang pele, katoloso le matla a nchafalitsoeng li ne li tla etsahala nakong e tlang joalokaha Esaia a ile ea profeta: “U atolose setša sa tente ea hao, u menolle masela a boaho ba hao, u se ke ua hana, u lelefatse lithapo tsa hao, u tiise lithakhisa tsa hao. Hobane u tla namela ka ho le letona le ka ho le letšehali.” Ho phethahala ha boprofeta bona bo thahasellisang ho hlahisitse keketseho e hlollang borapeling ba ’nete eo re e bonang hona joale.—Esa. 54:1-4.

19 Ka sebele ho bonahala e le kahlolo e molemo ho kenya tokisetso ena e nolofalitsoeng ea kopano tšebetsong e le hore ho ka ba le tšitiso e fokolang haholo e tla etsa hore bohle ba nolofalloe ho thabela lenaneo la moea le lokiselitsoeng. Re tšepa hore tokisetso ena e tla hlohonolofatsoa ke Jehova, kaha e tla bula sebaka sa ho sebetsana ka katleho le khōlo e tsoelang pele. Ka ho lebisa tlhokomelo linthong tse hlileng li hlokahalang, re tla khona ho thabela matsatsi a botsoalle bo thabisang le a tletseng lintho tse molemo tsa moea ao re itokiselitseng oona. Ka botšepehi re rapella hore Jehova a hlohonolofatse boiteko bohle ba rōna ha re ntse re tsoela pele ho bokana le ho iphepa tafoleng ea hae.—Bapisa le Deuteronoma 16:14, 15.

[Lebokose le leqepheng la 8]

Melemo ea ho se be le Litokisetso Tsa Tšebeletso ea Lijo

◼ Mosebetsi o fokolang haholo pele ho lenaneo, nakong eo le tsoelang pele le ka mor’a lona, botsoalle bo eketsehileng

◼ Ha ho thepa ea tšebeletso ea lijo e lokelang ho hlokomeloa

◼ Batho ba eketsehileng ba nolofalloa ho lebisa tlhokomelo e tletseng lenaneong la moea

◼ Ho tla ba le baithaopi ba eketsehileng ho thusa mafapheng a mang

◼ Ho tla ba le nako e eketsehileng ea mesebetsi e meng ea puso ea Molimo

Tlhahiso ea Lintho Tse ka Sebelisoang Khefung ea Motšehare

◼ Lijo tsa motšehare tse bobebe, tse bonolo le tse ōtlang

◼ Mangangajane, matokomane, lintho tse bakiloeng, litholoana tse sa tsoa khuoa

◼ Li-cooler tse nyenyane haeba ho hlokahala

◼ Lino-mapholi, lijuse, kapa metsi a tšetsoeng linthong tse sa pshatleheng

Le SE Tle le Tsena Kopanong

◼ Joala

◼ Lintho tseo ho tšeloang lijo ho tsona tse entsoeng ka khalase

◼ Li-cooler tse khōlō tse sebelisoang lipikiniking

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela