Ho Thusa ba Bang ho Rapela Molimo
“Haeba . . . motho ofe kapa ofe ea sa lumelang kapa motho ea tloaelehileng a kena, liphiri tsa pelo ea hae lia bonahala, e le hore a oe ka sefahleho sa hae ’me a rapele Molimo.”—1 BA-KORINTHE 14:24, 25, “NW.”
1-3. Batho ba bangata Korinthe ba ile ba thusoa joang hore ba amoheloe ke Molimo?
LEETONG la hae la bobeli la boromuoa, moapostola Pauluse o ile a lula motseng oa Korinthe selemo le halofo. Ha a le moo o ile “a ineela ho ruta ka pelo ea hae eohle, a pakela ba-Jode.” Ka phello efe? “Ba-Korinthe ba bangata, ha ba utloa Pauluse, ba lumela le bona, ’me ba kolobetsoa.” (Liketso 18:5-11) Ba ile ba fetoha “ba halalelitsoeng . . . , ba bilelitsoeng ho halalela.”—1 Ba-Korinthe 1:2.
2 Hamorao Apollose a etela Korinthe. Pejana, Priscilla le Akila ba ne ba mo thusitse ho utloisisa “tsela ea Molimo, ho feta kamoo a neng a e tseba pele, ” ho akarelletsa taba ea kolobetso. Ka hona o ile a fetoha Mokreste ea fumaneng mohau oa Molimo, kapa kamohelo ea oona. (Liketso 18:24–19:7) Ka mor’a moo Apollose o ile a thusa Bakorinthe bao ka nako e ’ngoe ba neng ba ‘huleloa litšoantšong tse sa bueng.’ (1 Ba-Korinthe 12:2) E ka ’na eaba batho bana ba ile ba rupeloa ka Bibele malapeng a bona; hape ba ne ba ka ithuta ka ho ba teng libokeng tsa Bokreste.—Liketso 20:20; 1 Ba-Korinthe 14:22-24.
3 Phello ea thuto e joalo e bile hore ba bangata bao pele e neng e le ‘ba sa lumelang le batho ba tloaelehileng’ ba ile ba huleloa borapeling ba ’nete. E tlameha e be ho ne ho khotsofatsa hakaakang ho bona banna le basali ba etsa tsoelo-pele ho leba kolobetsong ’me ba amoheloa ke Molimo! Hona e sa ntsane e le ho khotsofatsang.
Ho Thusa ‘ba sa Lumelang le Batho ba Tloaelehileng’
4. Ke ka litsela life ba bangata kajeno ba thusoang joaloka ba neng ba le Korinthe?
4 Kajeno Lipaki tsa Jehova le tsona li utloa taelo ea Jesu ea ‘ho ruta lichaba tsohle le ho ba kolobetsa.’ (Mattheu 28:19, 20) Ka mor’a ho jala lipeō tsa ’nete lipelong tse amohelang, lia khutla ’me li nosetsa lipeō tsena. (1 Ba-Korinthe 3:5-9; Mattheu 13:19, 23) Lipaki li ithaopela ho tšoara lithuto tsa Bibele tsa mahae tse sa lefelloeng beke le beke e le hore ho ka arabeloa lipotso tsa batho bao ’me ba ithuta linnete tsa Bibele. Batho ba joalo le bona ba memeloa ho ba teng libokeng tsa Lipaki tsa Jehova sebakeng sa habo bona, joalokaha le “ba sa lumelang” lekholong la pele la lilemo ba ne ba e-ba teng libokeng Korinthe. Empa Lipaki tsa Jehova li lokela ho talima batho ba ithutang Bibele le ba tlang libokeng joang?
5. Ho na le motheo ofe oa Mangolo oa ho ba hlokolosi ha re sebelisana le batho ba itseng?
5 Re thabela ho bona ba atamela Molimo. Ho ntse ho le joalo, re lula re hopola hore ha e e-s’o be balumeli ba kolobelitsoeng. Hopola hape lithuto tse peli tse theiloeng sehloohong se ka pele. (1) Baiseraele ba ne ba e-ba hlokolosi ha ba sebelisana le bajaki ba balichaba bao, le hoja ba ne ba lula le batho ba Molimo ’me ba utloa melao e meng, e neng e e-s’o be basokolohi ba bolotseng, bana babo bona borapeling. (2) Bakreste ba Korinthe ba neng ba sebelisana le ‘ba sa lumelang le batho ba tloaelehileng’ ba ne ba lula ba le seli ka baka la mantsoe a Pauluse: “Se sikareng joko e le ’ngoe le ba sa lumelang; hobane kopano ke efe ea ho loka le bokhopo?”—2 Ba-Korinthe 6:14.
6. “Ba sa lumelang” ba ka “lauoa” ke liboka joang, ’me taeo e joalo e ba ka sebopeho sefe?
6 Kahoo le hoja re amohela ‘ba sa lumelang le batho ba tloaelehileng,’ re ela hloko hore ha ba e-s’o finyelle litekanyetso tsa Molimo. Joalokaha Bibele e bontša ho 1 Ba-Korinthe 14:24, 25 (NW), ho ka ’na ha hlokahala hore batho ba joalo ba “hlahlobjoe ka hloko,” esita le “ho lauoa,” ke seo ba ithutang sona. Taeo e joalo hase ea boahlōli, ba ke ke ba bitsetsoa ka pel’a komiti ea boahlōli ea phutheho kaha e se litho tse kolobelitsoeng tsa phutheho. Ho fapana le hoo, ka baka la seo ba ithutang sona, batho bana ba bacha ba kholiseha hore Molimo o nyatsa litsela life kapa life tsa boithati le tsa boitšoaro bo bobe.
7. Barutuoa ba bangata ba tla batla ho bontša tsoelo-pele efe e eketsehileng ’me ho joalo hobane’ng?
7 Ka mor’a nako batho ba bangata ba sa kolobetsoang ba ka ’na ba batla ho etsa ho fetang feela ho ba teng libokeng e le batho ba thahasellang ho ithuta. Mantsoe ana a Jesu a bontša hore na ke hobane’ng ha ho le joalo: “Morutuoa ha a moholo ho moruti oa hae; empa morutuoa e mong le e mong ea phethehileng o tla ba joale ka moruti oa hae.” (Luka 6:40) Seithuti sa Bibele se ka bona hore motho ea se rutang o talima tšebeletso ea tšimo e le ea bohlokoahali le hore o fumana thabo ho eona. (Mattheu 24:14) Kahoo, ha tumelo ea hae e ntse e hōla, motho eo e seng e le nako a ntse a ithuta linnete tsa Bibele ’me a e-ba teng libokeng a ka ’na a nka ka ho teba mantsoe ana: “A matle hakakang lithabeng maoto a ba tlisang litaba tse molemo, ba bolelang khotso, ba tlisang taba tse molemo, ba bolelang topollo.” (Esaia 52:7; Ba-Roma 10:13-15) Le hoja a sa kolobetsoa, a ka ’na a rata ho fetoha mohoeletsi oa ’Muso ea sebetsang haufi-ufi le phutheho ea Lipaki tsa Jehova.
8, 9. (a) Ho lokela ho etsoa joang haeba seithuti sa Bibele se batla ho kopanela tšebeletsong ea pontšeng? (b) Ha baholo ba babeli ba kopana le mohoeletsi oa ka moso le motho ea mo rutang, ba tla etsa joang? (c) Mohoeletsi e mocha o nka boikarabelo bofe?
8 Ha Paki e tsamaisang thuto ea Bibele e hlokomela hore seithuti seo se lakatsa ho kopanela tšebeletsong ea tšimo, e ka bua ka taba eo le molebeli ea okamelang, ’me eena o tla lokisetsa hore baholo ba babeli ba kopane le seithuti seo sa Bibele le motho ea se rutang. Baholo baa thaba ha motho e mocha a batla ho sebeletsa Molimo. Ba ke ke ba lebella hore a be le tsebo e ngata eo ba kolobelitsoeng le ba seng ba entse tsoelo-pele e khōlō ’neteng ba seng ba e-na le eona, kaha bona ho lebeletsoe ho eketsehileng ho bona. Ho ntse ho le joalo, baholo ba tla batla ho bona hore pele motho eo e mocha a kopanela tšebeletsong ea tšimo le phutheho, o na le tsebo e itseng ea lithuto tsa Bibele ’me o fetotse bophelo ba hae hore bo lumellane le melao-motheo ea Molimo. Ka hona ke ka mabaka a matle baholo ba babeli ba kopanang le mohoeletsi eo oa ka moso ’moho le Paki e tsamaisang thuto.a
9 Baholo bao ba babeli ba tla tsebisa seithuti hore ha se tšoaneleha se bile se kopanela tšebeletsong ea tšimo, se ka fana ka tlaleho ea tšebeletso ea tšimo ’me se tla etsetsoa karete ea Tlaleho ea Mohoeletsi oa Phutheho e ngotsoeng ka lebitso la sona. Sena se tla paka hore e se e le setho sa mokhatlo o hlophisitsoeng oa puso ea Molimo oa Lipaki tsa Jehova le hore se ikokobeletsa oona. (Boemo boa tšoana ho ba bang kaofela ba nehelanang ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo.) Puisano eo e lokela hore hape e akareletse keletso ea Bibele, e kang e hlakisitsoeng maqepheng a 98 le 99 a Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna.b Kahoo ena e tla be e le nako e loketseng ea hore seithuti seo se fumane kopi ea botho ea buka eo.
10. (a) Mohoeletsi ea sa kolobetsoang a ka etsa tsoelo-pele joang, ’me e le ka sepheo sefe? (b) Ke hobane’ng ha ho etsoa phetoho mabapi le polelo “motsoalle ea amohelehang”? (Bona mantsoe a botlaaseng ba leqephe.)
10 Motho ea seng a tšoaneleha ho ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang oa litaba tse molemo o se a hatetse pele tseleng ea ho ba ‘motho ea hauhetsoeng.’c (Luka 2:14, NW) Le hoja a sa inehela ’me a sa kolobetsoa, joale a ka tlaleha mosebetsi oa hae oa ho paka ’moho le ba bang ba limillione ba mafolo-folo lefatšeng ka bophara ba ‘bolelang lentsoe la Molimo.’ (Liketso 13:5; 17:3; 26:22, 23) Phutheho e ka tsebisoa hore motho eo ke mohoeletsi e mocha ea sa kolobetsoang. O lokela ho tsoela pele ho ithuta Bibele, ho kopanela libokeng, ho sebelisa seo a ithutang sona, le ho se arolelana le ba bang. Ka mor’a nakoana, o tla batla ho nka bohato ba kolobetso ea Bokreste, e le hore a ka fetoha ea amoheloang ke Molimo ’me a ‘tšoaeloa’ pholoho.—Ezekiele 9:4-6.
Ho Thusa ea Fosang
11. Phutheho e sebetsana joang le bafosi ba kolobelitsoeng?
11 Sehloohong se ka pele, re buisane ka litokisetso tsa phutheho tsa ho thusa Mokreste leha e le ofe ea kolobelitsoeng ea etsang sebe se tebileng. (Ba-Heberu 12:9-13) Hape re bone ho tsoa Bibeleng hore haeba mofosi ea kolobelitsoeng a sa bake, ho ka hlokahala hore phutheho e mo leleke ’me ka mor’a moo e qobe ho ba le botsoalle leha e le bofe le eena. (1 Ba-Korinthe 5:11-13; 2 Johanne 9-11; 2 Ba-Thessalonika 2:11, 12) Empa, ho ka nkoa mehato efe haeba mohoeletsi ea sa kolobetsoang a fosa ka ho tebileng kapa a etsa sebe?
12. (a) Ke hobane’ng ha thuso e bontšang mohau e boetse e fumaneha bakeng sa bahoeletsi ba sa kolobetsoang ba etsang sebe? (b) Molao-motheo o ho Luka 12:48 o amana joang le boikarabelo bo tsamaeang le ho fosa?
12 Juda o ile a phehella hore ho bontšoe mohau ho Bakreste ba tlotsitsoeng ba neng ba e-na le lipelaelo kapa ba neng ba oetse libeng tsa nama, haeba ba ne ba baka. (Juda 22, 23, NW; bona le 2 Ba-Korinthe 7:10.) Joale, na e ne e ke ke ea e-ba ho loketseng le ho feta hore ho bontšoe mohau ho motho ea sa kolobetsoang ea fositseng empa a bontša pako? (Liketso 3:19) E, hobane motheo oa hae oa moea ha o e-s’o tiee, ’me phihlelo ea hae ea bophelo ba Bokreste ke e fokolang haholoanyane. E ka ’na eaba ha a e-s’o tsebe hore na Molimo o nahana joang ka litaba tse itseng. Ha a e-s’o fete letotong la lipuisano tse tšoaroang ke baholo pele motho a kolobetsoa, ’me ha a e-s’o nke bohato bo tebileng ba ho qoelisoa metsing. Ho feta moo, Jesu o boletse hore “e mong le e mong ea neiloeng haholo, ho tla batloa haholo ho eena.” (Luka 12:48) Kahoo, ho lebelletsoe ho hongata ho batho ba kolobelitsoeng bao, ntle le tsebo e eketsehileng le mahlohonolo a eketsehileng, ba nang le boikarabelo bo khethehileng.—Jakobo 4:17; Luka 15:1-7; 1 Ba-Korinthe 13:11.
13. Haeba mohoeletsi ea sa kolobetsoang a fosa, baholo ba tla etsa joang ho mo thusa?
13 Tumellanong le keletso ea Pauluse, baena ba nang le litšoaneleho tsa moea ba batla ho thusa mohoeletsi ofe kapa ofe ea sa kolobetsoang ea nkang bohato bo fosahetseng pele a ho hlokomela. (Bapisa Ba-Galata 6:1, NW.) Baholo ba ka kōpa hore ba babeli ba bona (mohlomong ba ileng ba kopana le eena pele) ba leke ho mo busetsa tseleng haeba a batla ho thusoa. Ba tla etsa joalo, e se ka takatso ea ho mo khalemela ka thata, empa ka tsela e mohau le ka moea o bonolo. (Pesaleme ea 130:3) Maemong a mangata, khothatso ea Mangolo le litlhahiso tse sebetsang li tla be li lekane ho hlahisa pako le ho mo kenya tseleng e nepahetseng.
14, 15. (a) Ho ka etsoa joang haeba mofosi a bakile kannete? (b) Maemong a mang ho ka ’na ha etsoa tlhaloso efe e khutšoanyane e hlakisang litaba?
14 Baholo bao ba babeli ba tla fana ka tataiso e lokelang boemo ba mofosi ea sa kolobetsoang. Maemong a mang, ba ka ’na ba lokisetsa hore ka nakoana motho eo ea fosang a se ke a kopanela Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo kapa ho lumelloa ho fana ka litlhaloso libokeng. Kapa ba ka ’na ba mo laela hore a se kopanele tšebeletsong ea pontšeng le phutheho ho fihlela a entse tsoelo-pele e eketsehileng moeeng. Joale ba ka mo bolella hore a ka boela a kopanela tšebeletsong ea tšimo. Haeba phoso eo e sa tlisa botumo bo bobe ’me e sa bea bohloeki ba mohlape kotsing, ha ho hlokahale hore phutheho e tsebisoe taba eo ka phatlalatso leha e le efe.
15 Empa, ho thoe’ng haeba baholo bao ba babeli ba fumana hore kannete motho eo o bakile, empa phoso eo e tsebahala haholo? Kapa ho thoe’ng haeba hamorao phoso eo e tsebahala ka mokhoa o pharaletseng? Maemong ao ka bobeli, ba ka tsebisa Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho, ’me eona e tla lokisetsa phatlalatso e khutšoanyane, e kang e latelang: “Taba e amang . . . e se e sebelitsoe, ’me o ntse a tsoela pele ho sebeletsa le phutheho e le mohoeletsi ea sa kolobetsoang.” Joaloka litabeng tsohle tse joalo, sehlopha sa baholo se ka etsa qeto ea hore na nakong e tlang ho tla ba bohlale ho fana ka puo ea Mangolo e fanang ka keletso mabapi le mofuta oa phoso e amehang.
16, 17. (a) Ke maemo afe a mabeli a ka ’nang a hloka hore ho etsoe phatlalatso e fapaneng? (b) Phatlalatso ee e tla ba ea mofuta ofe?
16 Ka linako tse ling, mohoeletsi ea sa kolobetsoang ea fosang ha a na ho arabela thusong e lerato. Kapa mohoeletsi ea sa kolobetsoang a ka ’na a etsa qeto ea hore ha a sa batla ho tsoela pele ho leba kolobetsong, ’me a tsebisa baholo hore ha a sa batla ho tsebjoa e le mohoeletsi. Ho ka etsoa joang? Ho ke ke ha nkoa ketso ea ho khaola batho ba joalo bao ha e le hantle ba e-song ho amoheloe ke Molimo. Tokisetso ea ho khaola bafosi ba sa bakeng e sebetsa ho ‘ba bitsoang baena,’ ho ba kolobelitsoeng. (1 Ba-Korinthe 5:11) Empa, na see se bolela hore ho tla iphapanyetsoa phoso eo? Che.
17 Baholo ba na le boikarabelo ba ho ‘alosa mohlape oa Molimo o ho bona.’ (1 Petrose 5:2) Haeba baholo ba babeli ba fanang ka thuso ba etsa qeto ea hore mofosi ea sa kolobetsoang ha aa baka ’me ha a tšoanelehe hore e ka ba mohoeletsi, ba tla tsebisa motho eo.d Kapa haeba motho ea sa kolobetsoang a bolella baholo hore ha a sa batla ho tsebjoa e le mohoeletsi, ba tla amohela qeto ea hae. Maemong ao ka bobeli, ke ho loketseng hore Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho e etse phatlalatso e khutšoanyane ka nako e loketseng e reng “ . . . ha e sa le mohoeletsi oa litaba tse molemo.”
18. (a) Ka mor’a phatlalatso e joalo, Bakreste ba tla hopola eng ha ba etsa qeto ea hore na bona ka bo-mong ba lokela ho itšoara joang? (b) Na ho hlokahala hore re qobe ka ho feletseng batho ba sa kolobetsoang ba leng molato oa ketso e ’ngoe e fosahetseng nakong e fetileng?
18 Ka mor’a moo Lipaki li tla talima motho eo joang? Koana, pele e ne e ntse e le ‘motho ea sa lumelang’ ea bang teng libokeng. Joale o ne a batla ho ba mohoeletsi oa litaba tse molemo ’me a bile a tšoaneleha bakeng sa hoo. Ha ho sa le joalo, kahoo ke motho oa lefatše hape. Bibele ha e laele Lipaki hore li qobe ho bua le eena, hobane ha aa khaoloa.e Ho ntse ho le joalo, Bakreste ba tla ba hlokolosi mabapi le motho ea joalo oa lefatše ea sa rapeleng Jehova, joalokaha Baiseraele ba ne ba le hlokolosi mabapi le bajaki ba balichaba ba sa bollang. Ho ba hlokolosi tjena ho thusa ho sireletsa phutheho ‘tomosong efe kapa efe e nyenyane,’ kapa nthong e silafatsang. (1 Ba-Korinthe 5:6) Haeba neng-neng hamorao a bontša takatso ea sebele ea ho tšoareloa thuto ea Bibele, ’me baholo ba bona hona ho loketse, mohlomong ho tla mo thusa hore a boele a ananele hore na ho rapela Jehova hammoho le batho ba Hae ke tokelo e kaakang.—Pesaleme ea 100.
19. Maemong a mang ke joang ka lekunutu baholo ba ka fanang ka thuso e eketsehileng?
19 Haeba baholo ba bona hore motho ea itseng oa mofuta ona o bea mohlape kotsing ka mokhoa o sa tloaelehang, ka lekunutu ba ka lemosa batho ba leng kotsing. Ka mohlala, motho eo e neng e le mohoeletsi pele e ka ’na ea e-ba mocha ea ineheletseng botahoa kapa boitšoaro bo bobe. Ho sa tsotellehe phatlalatso ea hore ha e sa le mohoeletsi ea sa kolobetsoang, a ka ’na a leka ho etsa setsoalle le bacha ba ka phuthehong. Boemong bo joalo, baholo ba tla bua ka lekunutu le batsoali ba bacha bao ba leng kotsing, mohlomong ba be ba bue le bona bacha bao. (Ba-Heberu 12:15, 16; Liketso 20:28-30) Tabeng e ka hlahang seoelo ea motho ea ferekanyang kapa ea kotsi ka mokhoa o mabifi, a ka bolelloa hore ha a amoheloe hore a ka ba teng libokeng le hore boiteko leha e le bofe ba ho kena boo a ka bo etsang bo tla nkoa e le tlōlo ea molao.
Ho Thusa Bana ba Tlaase Lilemong ho Rapela Molimo
20. Batsoali ba Bakreste ba fana ka thuso efe ho bana ba bona, hona e le ka phello efe?
20 Bibele e nea batsoali boikarabelo ba ho rupela bana ba bona ka tsela ea ’nete ea Molimo. (Deuteronoma 6:4-9; 31:12, 13) Ke ka hona ka nako e telele Lipaki tsa Jehova li ’nileng tsa khothaletsa malapa a Bakreste hore a be le thuto ea Bibele ea beke le beke. Batsoali ba Bakreste ba lokela ho khothaletsa bana ba bona ho etsa tsoelo-pele ho leba boinehelong le kolobetsong e le hore ba ka amoheloa ke Molimo. (Liproverbia 4:1-7) Re bona litholoana tse thabisang liphuthehong—makholo a likete a bana ba beang mohlala ba ratang Jehova le ba batlang ho mo rapela ka ho sa feleng.
21-23. (a) Qalong, phoso ea ngoana ea tlaase lilemong e sebetsoa joang? (b) Baholo ba phutheho ba phetha karolo efe maemong a joalo?
21 Batsoali ba Bakreste ba boetse ba na le boikarabelo ba sehlooho ba ho khalemela le ho laea bana ba bona, ho bea lithibelo leha e le life kapa likotlo tse bontšang lerato tseo ba ka bonang li hlokahala. (Ba-Efese 6:4; Ba-Heberu 12:8, 9; Liproverbia 3:11, 12; 22:15) Empa, haeba ngoana ea tlaase lilemong ea neng a ntse a kopanela e le mohoeletsi ea sa kolobetsoang a kenella phosong e tebileng, hoo ho ama baholo kaha ba ‘falimehela meea’ ea mohlape.—Ba-Heberu 13:17.
22 Ha e le hantle, phoso e joalo e lokela ho sebetsoa joalokaha ho hlakisitsoe pejana sehloohong sena. Baholo ba babeli ba ka abeloa ho hlahloba taba. Ka mohlala, pele ba ka ’na ba buisana le batsoali (kapa motsoali) ka se etsahetseng, hore na boitšoaro ba ngoana ke bofe, le hore na ho nkiloe mehato efe ea khalemelo. (Bapisa Deuteronoma 21:18-21.) Haeba batsoali ba Bakreste ba khona ho laola boemo, baholo ba ka buisana le bona feela nako le nako ho fana ka keletso e thusang, litlhahiso tse thusang, le khothatso e lerato.
23 Empa, ka linako tse ling puisano le batsoali e bontša hore ho ka ba molemo ka ho fetisisa hore baholo ba kopane le ngoana eo ea tlaase lilemong ea tsoileng tseleng ’moho le batsoali. Balebeli ba ntse ba hopola mefokolo le litšekamelo tsa bacha, ba tla loanela ho rupela ka mosa mohoeletsi eo e monyenyane, ea sa kolobetsoang. (2 Timothea 2:22-26) Maemong a mang, ho ka ’na ha hlaka hore ha a sa tšoaneleha hore e ka ba mohoeletsi ’me ho tla etsoa phatlalatso e loketseng.
24. (a) Esita le haeba ngoana ea tlaase lilemong a kenelletse ketsong e fosahetseng ka ho tebileng, ke eng eo batsoali ba lokelang ho e etsa, ’me ba ka finyella see joang? (b) See se ka sebetsa joang ho ngoana ea tlaase lilemong ea khaotsoeng?
24 Ka mor’a moo, batsoali ba tla etsa’ng molemong oa ngoana oa bona ea tlaase lilemong ea fositseng? Ba ntse ba ikarabella bakeng sa ngoana oa bona, le hoja a se a sa tšoanelehe hore e ka ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang kapa le haeba a khaotsoe ka baka la ho etsa ketso e ’ngoe e fosahetseng ka mor’a kolobetso. Joalokaha ba tla tsoela pele ho mo nea lijo, liaparo, le bolulo, ho hlokahala hore ba mo rupele ’me ba mo khalemele tumellanong le Lentsoe la Molimo. (Liproverbia 6:20-22; 29:17) Ka hona batsoali ba lerato ba ka ’na ba lokisetsa ho mo tšoarela thuto ea Bibele ea lehae, esita le haeba a khaotsoe.f Mohlomong o tla fumana molemo o tla mo fa khalemelo ka hore ba ithute le eena a le mong. Kapa ba ka ’na ba etsa qeto ea hore a ka ’na a tsoela pele ho kopanela tokisetsong ea thuto ea lelapa. Le hoja a fapohile, ba batla ho bona a khutlela ho Jehova, joaloka ngoana ea lehlasoa oa setšoantšong sa Jesu.—Luka 15:11-24.
25. Ke hobane’ng ha thahasello e lerato le thuso e lerato li lebisoa ho “ba sa lumelang” kajeno?
25 Sepheo sa boboleli ba rōna le ho ruta ha rōna ke ho thusa ba bang hore ba fetohe barapeli ba thabileng ba Molimo oa ’nete. ‘Ba sa lumelang le batho ba tloaelehileng’ ba neng ba le Korinthe ba ile ba susumetsoa hore ba ‘oe ka lifahleho tsa bona ’me ba rapele Molimo, ba phatlalatsa hore: “Kannete Molimo o har’a lōna.”’ (1 Ba-Korinthe 14:25, NW) Ke thabo e kaakang kajeno ho bona batho ba eketsehileng ba e-tla ho rapela Molimo! Ena ke phethahatso e khanyang ea phatlalatso ea mangeloi: “Khanya e be ho Molimo maholimong, ’me holim’a lefatše khotso e be har’a batho ba hauhetsoeng [kapa, batho bao Molimo o ba amohelang].”—Luka 2:14, NW.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E mong oa baholo bana e lokela ho ba setho sa Komiti ea Tšebeletso ea phutheho. E mong e ka ’na ea e-ba moholo ea tloaelaneng haholo le seithuti seo kapa motho ea se rutang, ea kang motsamaisi oa Thuto ea Buka ea Phutheho.
b E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., ka 1983.
c Pele, batho ba sa kolobetsoang ba neng ba etsa sebe ba sa bake ba ne ba qobjoa ka ho feletseng. Le hoja hona ho sa hlokahale, joalokaha ho lokisitsoe taba ena ka holimo, keletso e ho 1 Ba-Korinthe 15:33 e ntse e lokela ho bolokoa.
d Haeba motho eo a sa khotsofala ke qeto ena, a ka kōpa (pele ho feta matsatsi a supileng) hore taba eo e hlahlobjoe hape.
e Pele, motho ea sa kolobetsoang ea neng a tšoaneleha hore a ka kopanela tšebeletsong ea tšimo o ne a bitsoa “motsoalle ea amohelehang.” Leha ho le joalo, “mohoeletsi ea sa kolobetsoang” ke mokhoa o nepahetseng haholoanyane oo a ka bitsoang ka oona, haholo-holo ha re talima se bontšoang ke Bibele ha e bolela hore ho amoheloa ke Molimo ho tlisoa ke boinehelo ba sebele le kolobetso ea Bokreste.
f Beng ka motho ba khaotsoeng ba sa luleng lapeng ba lokela ho tšoaroa ka tsela e lumellanang le keletso ea Mangolo e hlalositsoeng ho Molula-Qhooa oa ’Mesa 15, 1988, maqephe 26-31; Tlhakubele 1, 1982, maqephe 24-29.
Na u sa Hopola?
◻ Bakreste ba talima “ba sa lumelang” ba bang teng libokeng joang?
◻ Ha seithuti sa Bibele se batla ho kopanela tšebeletsong ea tšimo, baholo ba latela mehato efe, ’me seithuti seo se amohela boikarabelo bofe?
◻ Ho etsoa joang haeba mohoeletsi ea sa kolobetsoang a etsa sebe se tebileng?
◻ Ke joang batsoali le baholo ba ka thusang bana ba tlaase lilemong ba ntseng ba le ka lapeng, esita le haeba bacha ba joalo ba fosa ka ho tebileng?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Le haeba motho a e-s’o kolobetsoe, ho fetoha mohoeletsi ke bohato ba bohlokoa bo nang le boikarabelo bo boholo mabapi le ho amoheloa ke Molimo