Phetoho Mabapi le Lihora Tse Hlokahalang Tsa Bo-pula-maliboho
1 Kaofela ha rōna re ananela ho ba le bo-pula-maliboho ba thusang le ba kamehla ba sebetsang ka thata ka phuthehong. Esita le moo tšimo e leng nyenyane ’me e pheta-phetoa hangata, bo-pula-maliboho ba behile mohlala o motle ka tšebeletso ea bona e chesehang ea ’Muso. Ba khothalitse bahoeletsi bohle hore ba lule ba tšoarehile ha ba batla ba nang le “tšekamelo e nepahetseng.”—Lik. 13:48.
2 Mokhatlo o hlokometse mathata a ntseng a eketseha ao bo-pula-maliboho ba thulanang le ’ona, haholo-holo mabapi le ho fumana mosebetsi oa nakoana oa boipheliso o tlang ho ba lumella hore ba hlokomele litlhoko tsa bona tsa botho hantle e le hore ba ka lula tšebeletsong ea nako e tletseng. Maemo a moruo a teng hona joale linaheng tse ngata le ’ona a thatafalelitse ba bangata haholo hore ba kenele mosebetsi oa bopula-maliboho, esita le hoja seo e le takatso ea bona e tlohang botebong ba pelo. Likhoeling tsa morao tjena, maemo ana le a mang a hlahlobiloe ka hloko.
3 Ka hona, ka mabaka a boletsoeng ka holimo, Mokhatlo o fokolitse lihora tse hlokahalang tsa bo-pula-maliboho ba kamehla hammoho le ba thusang. Ho qala ka selemo sa almanaka sa 1999, lihora tse hlokahalang bakeng sa bo-pula-maliboho ba kamehla e tla ba lihora tse 70 ka khoeli, kapa kakaretso ea lihora tse 840 ka selemo. Lihora tse hlokahalang ka khoeli bakeng sa bo-pula-maliboho ba thusang e tla ba lihora tse 50. Lihora tse hlokahalang bakeng sa bo-pula-maliboho ba khethehileng le baromuoa li ntse li sa fetoha, kaha Mokhatlo ke oona o ba thusang ho hlokomela litlhoko tsa bona tsa motheo tsa lintho tse bonahalang. Kahoo, ba ka khona ho lebisa tlhokomelo ka botlalo mosebetsing oa bona oa ho bolela le ho etsa barutuoa.
4 Ho tšeptjoa hore phetoho ena ea lihora tse hlokahalang e tla thusa bo-pula-maliboho ba bangata ho tšoarella tokelong ena ea bohlokoahali ea tšebeletso. Hape e tla bulela bahoeletsi ba bang ba bangata monyetla oa ho nka mosebetsi oa bopula-maliboho ba kamehla le bo thusang. See se tla ipaka e le tlhohonolofatso e kaakang ho e mong le e mong ka phuthehong!