Tsa Mona le Mane
◼ Ka 2000, ho hakantsoe hore ho bile le batho ba ka bang limilione tse 8,3 ba ileng ba tšoaroa ke lefuba (TB) lefatšeng ka bophara, ’me le ile la bolaea ba ka bang limilione tse peli—hoo e ka bang kaofela ha bona e ne e le batho ba linaheng tse futsanehileng.—MEDICAL JOURNAL OF AUSTRALIA.
◼ “Hona joale bacha ba limilione tse leshome ba na le tšoaetso ea HIV, ’me selemo se seng le se seng, ba fetang halofo ea ba limilione tse 4,9 ba bang le tšoaetso ke ba pakeng tsa lilemo tse 15 le 24.”—UNITED NATIONS POPULATION FUND.
◼ Nonyana ea leoatleng e bitsoang wandering albatross e ’nile ea sebelisoa ha ho hlahlojoa lefatše lohle ka sathalaete. E lebelo ka ho fetisisa e ile ea pota lefatše ka matsatsi a 46 feela.—MAKASINE EA SCIENCE, U.S.A.
◼ “Hora e ’ngoe le e ’ngoe letsatsi ka leng, lefatše le sebelisa chelete e fetang lidolara tse limilione tse 100 [liranta tse limilione tse 635] bakeng sa masole, lihlomo le libetsa tsa ntoa.”—VITAL SIGNS 2005, WORLDWATCH INSTITUTE.
Na Pefo e Ntse e Eketseha Khahlanong le Baruti?
Ka 2005, Daily Telegraph ea London e ile ea tlaleha tjena ka 2005: “Ho ba moprista ke o mong oa mesebetsi e kotsi ka ho fetisisa [Brithani].” Phuputso e entsoeng ke ’muso ka 2001 e senotse hore baruti ba ka etsang liphesente tse 75 bao ho buisanoeng le bona ba ile ba hlekefetsoa kapa ba hlaseloa ka mabifi lilemong tse peli tse fetileng. Bonyane ho tloha ka 1996 ho se ho bolailoe baruti ba supileng. Toropong e ’ngoe, Merseyside, “ka karolelano libaka tsa borapeli tse 1 400 li ’nile tsa hlaseloa, tsa utsoetsoa kapa ha chesoa mehaho letsatsi le leng le le leng.”
Ho se Tšoane ho Ikhethang ha Lihloliloeng
Ho sa tsotellehe ho senngoa ha meru e melang moo ho nang pula e ngata, The New York Times, e re “hare-hare sehlekehlekeng sa Borneo ho na le mefuta-futa e ikhethang ea lintho tse phelang.” Ho latela Letlōle la Lefatše la Liphoofolo le Limela Tsa Naha, pakeng tsa 1994 le 2004, litsebi tsa baeloji li sibolotse mefuta e mecha e 361 ea limela le liphoofolo sehlekehlekeng sena seo e leng karolo ea Brunei, Indonesia le Malaysia. Lintho tse sibolotsoeng li akarelletsa mefuta e mecha e 260 ea likokoanyana, e 50 ea limela, e 30 ea litlhapi, e 7 ea lihohoana, e 6 ea mekholutsoane, e 5 ea makhala, e ’meli ea linoha le o le mong oa senqaqana. Leha ho le joalo, ho elella hare morung ona oo ho nang pula e ngata ho oona, tšenyo e ka ’na ea bakoa ke ho rengoa ha lifate ho ntseng ho eketseha, ho bakoang ke ho batla lehong le thata, rabara hammoho le oli ea palema.
Ho Eketseha ha ba Lumelang Litumela-khoeleng
Allensbach, mokhatlo oa Jeremane o etsang liphuputso tsa hore na batho ba ikutloa joang oa tlaleha: “Esita le mehleng ena e nkoang e le ea theknoloji le saense, litumela-khoela li ntse li e-na le tšusumetso e khōlō.” Phuputso e entsoeng ka nako e telele e bontša hore “tumelo e makatsang ea hore ha ho etsahala ho itseng, ke sesupo sa hore ho na le ntho e ntle kapa e mpe e tl’o etsahala, ha e le hantle e atile haholo kajeno ho feta lilemong tse 25 tse fetileng.” Ka bo-1970, batho ba etsang liphesente tse 22 ba ne ba nka hore ha ba ka bona naleli e oela, bophelo ba bona bo tla ameha ka tsela e itseng. Hona joale ke batho ba etsang liphesente tse 40 ba lumelang seo. Mehleng ea kajeno, ke motho a le mong feela ho ba bang le ba bang ba bararo ea hanang mofuta leha e le ofe oa litumela-khoela. Phuputso e ’ngoe e entsoeng liithuting tsa univesithi tse 1 000 Jeremane e senotse hore karolo ea boraro ea bona e lumela mahlohonolong a ka tlisoang ke lithatho tseo ba li kenyang koloing kapa ba li tlamellang linotlolong.
Pokello ea Leqhoa Antarctic ea Fokotseha
Koranta ea Buenos Aires e bitsoang Clarin ea tlaleha: “Lilemong tse 50 tse fetileng, liphesente tse 87 tsa lipokello tsa leqhoa tse 244 hloahloeng ea Antarctic li fokotsehile,” ’me e le ka potlako ho feta kamoo litsebi li neng li lebeletse kateng. Patlisiso ea pele e entsoeng ka botlalo lipokellong tsena tsa leqhoa tse sebakeng sena li fumane hore mocheso o moeeng o phahame ka likhato tse fetang 2,5 tsa Celsius lilemong tse 50 tse fetileng. David Vaughan oa British Antarctic Survey o bolela hore ho fokotseha ho jeleng setsi ho bakiloe haholo-holo ke ho fetoha ha boemo ba leholimo. Joale a botsa: “Na batho ke bona ba molato? Re ke ke ra tiisa hore ho joalo, empa re se re le haufi le ho araba potso ena ea bohlokoa.”