Tsa Mona le Mane
“Bana ba ka bang limilione tse tšeletseng baa shoa selemo le selemo—a le mong ka metsotsoana e meng le e meng e mehlano—ka lebaka la ho hloka lijo.”—JAMES T. MORRIS, MOTSAMAISI E MOHOLO OA LENANEO LA LEFATŠE LA LIJO
◼ Palo ea batho ba bolailoeng ke Leholiotsoana Katrina, le ileng la hlasela karolo e ka boroa ea United States ka August 2005, e feta 1 300.—THE WASHINGTON POST, U.S.A.
◼ Tšisinyeho ea lefatše e etsahetseng karolong e ka leboea ea Pakistan le India ka October 2005 e bolaile batho ba 74 000.—BBC NEWS, BRITHANI.
◼ Tlaleho e ’ngoe e bontša hore “batho ba ka bang limilione tse 1,2 baa shoa lefatšeng selemo le selemo ke likotsi tsa mebileng.”—SOUTH AFRICAN MEDICAL JOURNAL, AFRIKA BOROA.
Matlotlo a Kotsing
Ba boholong Kerekeng ea Roma e K’hatholike ba tsielehile hore na ba etse’ng ho sireletsa litšoantšo tsa bohlokoa tsa nakong ea puso ea bokoloni tse khabisitseng ka likerekeng tsa Peru. Lilemong tse tšeletseng tse fetileng, masholu a ’nile a hanella likerekeng tse 200. Sebakeng sa Cuzco feela ho utsoitsoe litšoantšo tse ka bang 5 000 lilemong tse 15 tse fetileng, boholo ba tsona ke litšoantšo tsa bohlokoa tse takiloeng ka pente ea oli. Ha ho motho ea tsebang hantle hore na ho nyametse litšoantšo tse kae naheng ka bophara. Likereke tse ling li patetse masholu litšoantšo tsena, empa li li patile libakeng tse seng ntle. Tse ling tsa litšoantšo pharisheng e ’ngoe li jeoe ke litoeba.
Khaello ea Basebetsi Finland
Libaka tsa tlhahiso ea thepa le tse fanang ka litšebeletso Finland li hloka ka tieo basebetsi ba ithutetseng mosebetsi oa matsoho litsing tsa koetliso, mosebetsing o kang oa ho betla mapolanka, ho sebetsa ka liphaephe tsa metsi, ho cheselletsa, ho haha, ho tea, ho sebetsa ka mechine le oa booki. Hobane’ng? Koranta ea Helsingin Sanomat e re lebaka ke hobane ho shebiloe thuto e phahameng haholo. Heikki Ropponen oa Federation of Finnish Retailers, o re: “Ke ho sa utloahaleng ho etsa hore motho e mong le e mong e be ngaka le setsebi sa bonono le saense. Ho koetlisetsoa mosebetsi oa matsoho ho lokela ho nkeloa holimo.”
Qeto e li Emelang ea Lekhotla Fora
Ka la 1 December, 2005, Lekhotla la Boipiletso la Paris le ile la laela letona la litaba tsa lehae la Fora hore le fe Lipaki Tsa Jehova litokomane tsa sepolesa tse sebelisitsoeng ka 1996 ho li kenya lethathamong la batho ba sa amoheleheng ba nkoang e le “lequloana.” Lethathamo lena le ne le entsoe ka lenyele, ’me se ngotsoeng litokomaneng tseo se bolokiloe e le pinyane ka le reng ke molemong oa ‘tšireletso ea Naha le sechaba.’ Empa lekhotla le ile la fumana hore ‘liphello tseo ho thoeng li hlahisoa ke mosebetsi’ oa Lipaki tse boletsoeng litokomaneng tseo e ne e le “lintho tse sa reng letho” le “tse ke keng tsa nkeloa hloohong.” Leha ho le joalo, lethathamo leo le sebelisitsoe khafetsa ho lokafatsa tsela e leeme eo Lipaki Tsa Jehova li tšoaroang ka eona Fora. Letona la litaba tsa lehae le ipilelitse khahlanong le qeto eo.
“Lebota le Leholo le Letala”
Ho senyeha ha lekhulo ka lebaka la ho fulisa haholo ho lona, komello, ho senyeha ha meru le ho sebelisoa hampe ha mehloli ea metsi ho etsa hore karolo e khōlō ea Chaena e be lehoatata. Kahoo, New Scientist e re ba boholong Chaena ba qalile “morero o moholo ka ho fetisisa oa tikoloho le lintho tse phelang ho eona. Morerong ona, o tsebahalang ka hore ke ‘lebota le leholo le letala,’ ho lenngoe lifate ka bongata bo thibang letsatsi ho thibela lerōle.” Ho lenngoe le joang le lihlahla ho tiisa mobu. Ho qala ka 1978, morero oo o se o batla o le halofong ea ho finyella sepheo sa oona sa ho lema lifate le limela tse sa tšabeng komello ho koahela sebaka sa lihekthere tse limilione tse 35.