Koetliso ea Bomolimo e Beha Litholoana Tse Ntle
Batsoali ba qalellang ho koetlisa bana ba sa le banyenyane, ba atisa ho khōla litholoana tse monate tsa boikitlaetso ba bona. Mocha e mong oa Peru, Amerika Boroa, ea bitsoang Dorian, o ile a fana ka puo ea hae ea pele e le seithuti Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, Holong ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova, ha a le lilemo li ’nè. Ha a qala ho kena sekolo, o ile a khona ho hlalosetsa tichere ea hae le liithuti-’moho le eena ka Bibele hore na ke hobane’ng ha a ne a sa keteke Keresemese.
Haufinyane tjena, ha a le lilemo li hlano, Dorian o ile a kōptjoa hore a bue le bana ba sekolo kaofela—e leng liithuti tse ka bang 500—ka seo a se lumelang mabapi le Letsatsi la Bo-ntate. O ile a lokisetsa puo ea metsotso e leshome e neng e thehiloe temaneng ea Bibele ea Baefese 6:4, e neng e re, “Boikarabelo ba Ntate.” Ha a phethela puo eo, o ile a re, “Ho e-na le ho keteka Letsatsi la Bo-ntate hanngoe feela ka selemo, bana ba lokela ho hlompha le ho mamela batsoali ba bona letsatsi le letsatsi.”
Ka 1943 Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, se reretsoeng ho ntlafatsa mokhoa oa ba banyenyane le ba baholo oa ho bua phatlalatsa, e ile ea e-ba se seng sa liboka tsa beke le beke tsa Lipaki Tsa Jehova. Haesale ho tloha ka nako eo, se fane ka koetliso e thehiloeng Bibeleng e tlatsetsang thuto eo batsoali ba khothalletsoang hore ba rupele bana ba bona ka eona.—Liproverbia 22:6.
Ka November 2005, ha Simon, e leng mocha e mong oa Switzerland, a ne a le lilemo li tšeletseng, o ile a fana ka puo ea hae ea pele ea ’malo oa Bibele Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Nako e ka etsang selemo hamorao, ho ile ha buisanoa le eena lenaneong la kopano e khōlō ea Lipaki Tsa Jehova. O ne a hlaoletse boikutlo bofe litabeng tsa moea?
Simon o rata ho ea libokeng tsa Bokreste, ’me o leka ka matla hore a se ke a fosoa ke seboka leha e le sefe, esita le ha a khathetse. Ho feta moo, o ea le ba lelapa labo tšebeletsong ea tšimo. Khoeli le khoeli o fana ka limakasine tse 30 ho ea ho tse 50 tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ho batho ba lilemo tsohle. Ho phaella moo, o atisa ho bua le ntate oa hae ka Bibele le ho mo khothalletsa hore a ee le bona libokeng.
Ntle ho pelaelo, batsoali ba hōlisang bana ba bona “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova” ba thaba haholo ha bana ba bona ba ba mamela ’me ba beha litholoana tse ntle.—Baefese 6:4; Jakobo 3:17, 18.
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Dorian o sekolong
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Simon o Holong ea ’Muso