Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/09 maq. 10-11
  • Ho Thusa Bana ba Nang le Bothata ba ho Ithuta

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Thusa Bana ba Nang le Bothata ba ho Ithuta
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Thusa Ngoana oa Hao ho Sebetsana le Bothata ba ho Ithuta
  • U ka Atleha
  • Ho Phela le Tšitiso ea ho Ithuta
    Tsoha!—1997
  • Ke Hobane’ng ha ke sa Khone ho Ithuta?
    Tsoha!—1996
  • Kamoo U ka Hlaolelang Lerato la ho Ithuta
    Tsoha!—2004
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Balla Bana ba Hao?
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 1/09 maq. 10-11

Ho Thusa Bana ba Nang le Bothata ba ho Ithuta

KA MONGOLI OA TSOHA! MEXICO

Steven o thatafalloa ke ho bala. Kamehla ha a tseba hore o tl’o kōptjoa hore a balle holimo ka tlelaseng, o tšoaroa ke mala.

Le hoja tichere ea hae e leka ho mo khothatsa, Maria o thatafalloa ke ho ngola ka tsela e hlakileng. O nka lihora tse ngata hore a qete mosebetsi oa hae o etsetsoang lapeng.

Ha Noah a filoe mosebetsi oa sekolo, o o bala ka makhetlo-khetlo. Leha ho le joalo, o lebala seo a se balileng ’me o fumana limaraka tse tlaase.

STEVEN, Maria le Noah ba na le mathata a ho ithuta, ’me bo tloaelehileng haholo mathateng ao ke ba ho bala. Ka mohlala, batho ba nang le bothata ba ho bala ba atisa ho ferekanya litlhaku tse batlang li tšoana. Ba bang ba thatafalloa ke ho ngola ’me ba bang ba thatafalloa ke lipalo. Leha ho le joalo, boholo ba batho ba nang le bothata ba ho ithuta, ba bohlale ka tsela e itekanetseng kapa ba bohlale haholo.

Matšoao a bontšang hore motho o na le mathata a ho ithuta a akarelletsa hore o lieha ho tseba ho bua, o thatafalloa ke ho bitsa mantsoe a nang le molumo o tšoanang, ha a khone ho bitsa mantsoe hantle, o bua joaloka ngoana le hoja a se a hōlile, o thatafalloa ke ho ithuta litlhaku le lipalo, ha a bitse mantsoe ka tsela e hlakileng, o kopanya mantsoe a bitsoang ka tsela e tšoanang, ebile ho thata hore a latele seo a se laetsoeng.a

Ho Thusa Ngoana oa Hao ho Sebetsana le Bothata ba ho Ithuta

U ka etsa’ng haeba ho bonahala eka ngoana oa hao o na le bothata ba ho ithuta? Taba ea pele, mo ise ngakeng a il’o hlahlojoa mahlo le litsebe, e se ke eaba ke tsona tse mo bakelang bothata.b Joale kōpa lingaka hore li mo hlahlobe. Haeba ngoana oa hao a e-na le bothata ba ho ithuta, o tla hloka hore u mo tšehetse maikutlong. Hopola hore ha ngoana a e-na le bothata ba ho ithuta, seo ha se ame bohlale ba hae.

Sebelisa lenaneo leha e le lefe la thuto le khethehileng le fanoang ke sekolo seo ngoana oa hao a kenang ho sona, le kang la ho ba le tichere e rutang bana ba joalo ba le bang. Kōpa tichere ea hae hore e sebelisane le uena. Mohlomong ngoana oa hao a ka lulisoa moleng o ka pele ka tlelaseng a ba a fuoa nako e eketsehileng ea hore a qete mosebetsi oo ho itsoeng a o etse. Tichere e ka ’na ea mo hlalosetsa le ho mo ngolla litaelo ’me ea mo hlahloba ka hore e buisane le eena. Kaha bana ba nang le bothata ba ho ithuta ba atisa ho lebala ebile ha baa hlophiseha, ho ka etsoa hore ba be le libuka tse ling tseo ba li sebelisang ha ba le lapeng. Ba ka fuoa k’homphieutha e khonang ho hlahloba mopeleto oa mantsoe hore ba e sebelise ka tlelaseng kapa lapeng.

Bala le eena hakhutšoanyane letsatsi ka leng. Ho molemo hore ngoana ea nang le bothata ba ho bala a balle holimo e le hore uena motsoali, u ka ba le monyetla oa ho fana ka litlhahiso le ho mo bolella se nepahetseng. Qala ka hore u balle holimo, ’me ngoana a tsamaisane le uena. Ka mor’a moo, ballang holimo hammoho. Ebe joale u re ngoana a bale a le mong. E-re a behe rulara moleng ka mong ha a ntse a bala ’me a tšoaee mantsoe a mo thatafallang. Ho etsa sena ho ka ’na ha nka metsotso e 15 feela ka letsatsi.

Ngoana a ka rutoa lipalo ha ho etsoa lintho tse itseng, tse kang litekanyetso tsa liresepe, ho sebelisa rulara mosebetsing oa ho betla mapolanka, kapa ha ho rekoa lintho mabenkeleng. Pampiri ea krafo le litšoantšo li ka ’na tsa thusa ha ho sebetsoa lipalo. Ha ngoana a e-na le bothata ba ho ngola, u ka sebelisa pampiri e nang le mela e sephara le lipentšele tse tenya. Litlhaku tse nang le makenete le tsona li ka thusa ngoana hore a ithute ho peleta mantsoe hantle.

Ho boetse ho na le litsela tse molemo tsa ho sebetsana le Bothata ba ho ba Mahlahahlaha le ho Sitoa ho Tsitsisa Mohopolo. Pele u bua le ngoana ea nang le bothata ba ho tsepamisa mohopolo, mo shebe ka mahlong. Lokisetsa hore sebaka seo a etsetsang mosebetsi oa sekolo ho sona e be se khutsitseng ’me u mo lumelle hore a khefutse hangata. Kaha o mahlahahlaha ho feta tekano, mo fe mesebetsi e hlokang hore a be sehlahlo, e kang ho tsamaisa ntja.

U ka Atleha

Hōlisa makhabane ao ngoana oa hao a nang le ’ona, u mo khothalletse hore a ntlafatse tsebo kapa bokhoni leha e le bofe boo a nang le bona. Mo babatse ’me u mo putse ha ho e-na ntho leha e le efe eo a e finyeletseng, ho sa tsotellehe hore na e nyenyane hakae. Arola mosebetsi oa hae hanyenyane e le hore a khone ho o etsa ’me a ikutloe a khotsofetse ha a finyeletse ho itseng. Sebelisa litšoantšo tse bontšang mehato eo a lokelang ho e nka e le hore a phethe mosebetsi oo.

Qetellong, ke habohlokoa hore mocha a tsebe ho bala, ho ngola le ho utloisisa lipalo. U ka kholiseha hore haeba ngoana oa hao a susumetsoa hantle a bile a e-na le motho ea mo thusang, a ka khona ho ithuta—le hoja a ka ’na a ithuta ka tsela e fapaneng le ea ba bang, e bileng e nkang nako e teletsana.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Hangata batho ba thatafalloang ke ho ithuta ba na le Bothata ba ho ba Mahlahahlaha le ho Sitoa ho Tsitsisa Mohopolo, bo bonahalang ka hore ba be mahlahahlaha ho feta tekano, ba be lepotlapotla ’me ba sitoe ho tsepamisa mohopolo. Sheba Tsoha! ea March 8, 1997, leqepheng la 27-31.

b Bothata ba ho ithuta le ba ho ba mahlahahlaha ho feta tekano bo ka ’na ba bonahala ho bashanyana ka makhetlo a mararo ho feta ho banana.

[Lebokose le leqepheng la 11]

BOTHATA BA HO BALA E E-BA LETLOTLO

“Ha ke ne ke sheba mantsoe a ngotsoeng leqepheng, ke ne ke bona e le lepeqe feela. E ne ekare ke puo e ’ngoe. Ke ne ke sa utloisise se ngotsoeng ntle le hore motho e mong a mpalle sona. Matichere a ne a nahana hore mohlomong ke botsoa, ha ke hlomphe, ha ke etse boiteko kapa ha ke mamele se rutoang ka tlelaseng. Seo e ne e se ’nete. Ke ne ke mamela ebile ke leka ka matla, empa ke ne ke thatafalloa ke ho bala le ho ngola. Lithuto tse ling tse kang lipalo li ne li sa nthatafalle. Ha ke sa le ngoana, kapele ke ile ka qala ho thahasella lintho tse kang lipapali, mesebetsi ea matsoho, bonono le ntho leha e le efe e neng e hloka hore ke sebelise matsoho, hafeela e sa amane le ho bala le ho ngola.

“Ha nako e ntse e ea, ke ile ka khetha ho etsa mosebetsi oa matsoho. Sena se entse hore ke be le tokelo ea ho sebetsa mererong ea machaba ea kaho ea Lipaki Tsa Jehova libakeng tse hlano. Kaha ho hlokahala hore ke etse boiteko bo matla ha ke bala, ke atisa ho hopola boholo ba seo ke se balileng. ’Me kaha ke seithuti sa Bibele, ke hlokometse hore sena se nthusa haholo ha ke le tšebeletsong ea Bokreste. Kahoo ho e-na le ho talima bothata bona e le bofokoli, ke bo talima e le letlotlo.”—Peter, eo e leng mosebeletsi oa nako e tletseng oa Lipaki Tsa Jehova, o na le bothata ba ho bala.

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Bana ba ka ipabola haholo tabeng ea ho nka “lintlha tsa litšoantšo” ha ba ntse ba mametse ka hloko

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela