Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/12 leq. 7
  • E-ba le Morero

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E-ba le Morero
  • Tsoha!—2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U ka Khona ho Finyella Lintho Tseo u Rerileng ho li Etsetsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Na ke Lokela ho Tlohela Sekolo?
    Tsoha!—2010
  • Nka Itokisetsa Mosebetsi oa Boipheliso Joang?
    Tsoha!—1992
  • Ke Lokela ho Etsa’ng ka Bophelo ba Ka?
    Tsoha!—2006
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 10/12 leq. 7

E-ba le Morero

Sekolo e tla ba sa bohlokoa—ebile u tla se thabela—haeba u tseba hore na se tla u tsoela molemo ofe.

HO EA sekolong empa u se na morero, ho tšoana le ho kena peisong empa ho se na khoele ea tlhōlo. Bibele e re: “Tseba moo u lebileng teng.” (Liproverbia 4:26, Contemporary English Version) Ha u e-na le morero, u tla tsepamisa kelello ho seo u se etsang, ’me ho ke ke ha e-ba boima ha u se u lokela ho sebetsa. U ka ipehela pakane joang?

Ipotse, ‘Ke rerile ho iphelisa ka tsela efe?’ U se ke ua tsila-tsila ho araba potso eo. Ho e-na le hoo, rera lintho esale pele. Hobane’ng? Nahana taba ena tjena: Haeba u batla ho nka leeto, u qala ka ho etsa qeto ea hore na u ea sebakeng sefe. Ka mor’a moo u sheba ’mapa, ebe u khetha tsela e loketseng haholo e tla u fihlisa moo. U ka etsa ka tsela e tšoanang le ka sekolo. Nahana ka mosebetsi oo u batlang ho u etsa, ebe u khetha lithuto tse tla u thusa hore u finyelle seo u se batlang.

Tlhokomeliso: Bacha ba bangata ba ikemiselitse ho etsa feela mosebetsi oo ba o ratang haholo—o kang oa ho ba sebini se hloahloa—hoo ba bonang eka ba ke ke ba khona ho mamella mosebetsi oa mofuta o mong. Tsela e molemo ke efe tabeng ee?

  1. Nahana ka bokhoni ba hao. Ka mohlala, na u motho ea thabelang ho thusa batho ba bang? Na u khona ho lokisa mechine? u tseba lipalo? kapa u na le bokhoni litabeng tsa lichelete? kapa ho lokisa lintho?

  2. Nahana ka lintho tseo u li khethang. Ke mosebetsi ofe o tsamaisanang le bokhoni ba hao? Buisana le ba bang ka lintho tseo u ka li khethang ho e-na le ho nahana feela ka mosebetsi oa “litoro” tsa hao. Nahana lintho ka tsela ea sebele. Ka mohlala, na ntho eo u batlang ho e etsa e ka ba teng le libakeng tse ling haeba ho ka etsahala hore le falle? Na koetliso eo u e hlokang bakeng sa mosebetsi oo, e ke ke ea u kenya likolotong tse sa hlokahaleng?

  3. Nahana ka menyetla eo u nang le eona. Hang ha u tseba hore na u batla ho etsa mosebetsi ofe, sheba hore na u tla hiroa hokae sebakeng seo u leng ho sona. Na ho na le lik’hamphani tseo u li tsebang tse ka u hirang? Haeba li teng, na li koetlisa batho ba e-s’o be le phihlelo ea mosebetsi? Na ho na le mananeo a ho koetlisetsoa mosebetsi?

Tlhahiso: Kōpa thuso ho batsoali ba hao, matichere le metsoalle e hōlileng. Batla boitsebiso laebraring e sebakeng sa heno kapa Inthaneteng.

Ntlha ea bohlokoa: Ha u e-na le morero, u tla etsa khetho e nepahetseng ’me u bone molemo oa ho ithuta.

Ke hobane’ng ha u sa qale hona joale? Nahana ka lintlha tse tharo tse boletsoeng ka holimo hona joale ha u ntse u kena sekolo. Ngola lintho tseo u batlang ho li finyella, ’me u buisane le batsoali ba hao ka tsona.

Mohlomong u hlokometse hore khafetsa lihlooho tsena li ne li u lebisa Bibeleng ha li bua ka litsela tsa ho atleha sekolong. Lipaki Tsa Jehova, e leng bahatisi ba makasine ena, li lumela hore Bibele e na le “taeo e molemo bophelong.” (2 Timothea 3:16, Good News Translation) E ka sebelisoa bophelong ba letsatsi le letsatsi—eseng feela sekolong empa le mosebetsing, ka lapeng le sebakeng leha e le sefe.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela