Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w07 10/15 maq. 12-15
  • E-ea Leseling

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E-ea Leseling
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Qoba Hore ‘Tumelo ea Hao e Senyehe Joaloka Sekepe se Soahlamaneng’
  • Ha se le Haufi le Naha e Tšepisitsoeng
  • Lintho Tse Tla re Thusa ho Lula re Falimehile Moeeng
  • Hlokomela Maseli a Bohata
  • Ke Bo-mang ba Latelang Leseli la Lefatše?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Latela Leseli la Lefatše
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Bajari ba Leseli—Ka Morero Ofe?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Leseli la Molimo le Leleka Lefifi!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
w07 10/15 maq. 12-15

E-ea Leseling

TORA e khantšetsang basesisi ba likepe e pholositse bophelo ba batho ba bangata haholo. Leha ho le joalo, ha motsamai ea khathetseng a bona leseli hōjana, ha le mo lemose feela hore ho na le mafika a kotsi. Le boetse le mo bontša hore o se a tla fihla moo a eang teng. Ka ho tšoanang, kajeno Bakreste ba se ba tla fihla qetellong ea leeto le lelelele, le ba fetisitseng lefatšeng le lefifi le le kotsi moeeng. Ka Bibeleng, boholo ba moloko oa batho—matšoele a furaletseng Molimo—bo tšoantšoa le “leoatle le ntseng le akhotsoa, ha le sa khone ho kokobela, leo metsi a lona a akhotsang litlama-tlama tsa leoatle le seretse.” (Esaia 57:20) Batho ba Molimo ba tikolohong e joalo. Empa, ba na le tebello e khanyang ea poloko, eo ho bona e leng leseli la tšoantšetso le le tšepahalang. (Mikea 7:8) Ka thuso ea Jehova le Lentsoe la hae le ngotsoeng, “leseli le khanyelitse ea lokileng, le thabo e khanyelitse ba lipelo li lokileng.”—Pesaleme ea 97:11.a

Leha ho le joalo, Bakreste ba bang ba lumeletse litšitiso hore li ba hulele hōle le leseli la Jehova hoo tumelo ea bona e senyehileng joaloka sekepe se soahlamantsoeng ke lintho tse ka tšoantšoang le mafika a patehileng—e leng lerato la lintho tse bonahalang, boitšoaro bo bobe esita le bokoenehi. Ka sebele, joaloka lekholong la pele la lilemo, kajeno ba bang “ba [senyehetsoe] ke tumelo joaloka sekepe se soahlamaneng.” (1 Timothea 1:19; 2 Petrose 2:13-15, 20-22) Lefatše le lecha le ka ’na la tšoantšoa le kou eo re habileng ho fihla ho eona. Kaha le se le le haufi haholo, e ne e tla ba koluoa e kaakang ha motho a ne a ka senyeheloa ke kamano ea hae le Jehova!

Qoba Hore ‘Tumelo ea Hao e Senyehe Joaloka Sekepe se Soahlamaneng’

Lilemong tse makholo tse fetileng, sekepe se ne se ka ’na sa tsamaea se sireletsehile bolibeng ba leoatle ebe se soahlamana ha se habile koung. Hangata karolo e kotsi ka ho fetisisa ea leeto e ne e e-ba ha se le haufi le ho fihla lebōpong. Ka ho tšoanang, ho batho ba bangata ‘matsatsi a ho qetela’ a tsamaiso ena ea lintho ke nako e kotsi ka ho fetisisa historing ea moloko oa batho. Ka nepo, Bibele e hlalosa hore matsatsi ana ke ao “ho leng thata ho sebetsana le [’ona],” haholo-holo ho Bakreste ba inehetseng.—2 Timothea 3:1-5.

Ke hobane’ng ha matsatsi aa a ho qetela a le thata hakaale? Ha e le hantle, Satane oa tseba hore o saletsoe ke “nako e khutšoanyane” feela ea hore a loantše batho ba Molimo. Kahoo, o loana ea khumamela hore a senye tumelo ea bona. (Tšenolo 12:12, 17) Leha ho le joalo, re ka fumana thuso le tataiso. Jehova ke setšabelo sa kamehla ho ba mamelang keletso ea hae. (2 Samuele 22:31) O re file mehlala e lemosang e pepesang maqheka a Satane a bolotsana le a khopo. Joale a re hlahlobeng mehlala e ’meli e joalo e amanang le sechaba sa Iseraele se neng se le haufi le Naha e Tšepisitsoeng.—1 Bakorinthe 10:11; 2 Bakorinthe 2:11.

Ha se le Haufi le Naha e Tšepisitsoeng

Sechaba sa Iseraele se ile sa khona ho tsoa Egepeta se eteletsoe pele ke Moshe. Ka mor’a nako e seng kae se ile sa fihla haufi le moeli oa Naha e Tšepisitsoeng. Eaba Moshe o romela banna ba 12 hore ba e’o hloela naha. Lihloela tse leshome tse se nang tumelo tsa tlisa tlaleho e nyahamisang, tsa re Baiseraele ba ne ba ke ke ba o besa oa tuka khahlanong le Bakanana hobane e ne e le “batho ba boholo bo sa tloaelehang” le ba nang le sesole se matla. E ile ea ama Baiseraele joang? Tlaleho ea Bibele e re ba ile ba qala ho korotlela Moshe le Arone, ba re: “Ke hobane’ng ha Jehova a re tlisa naheng ee hore re tl’o oa ka sabole? Basali ba rōna le bana ba rōna ba banyenyane ba tla fetoha se tlatlapuoeng. . . . A re beheng moeta-pele, ’me re khutleleng Egepeta!”—Numere 13:1, 2, 28-32; 14:1-4.

Nahana feela! Batho bana ba ne ba bone ka mahlo ha Jehova a tlotlolla Egepeta e matla—e leng ’muso oa lefatše o neng o le matla mehleng eo—ka ho e otla ka likotlo tse leshome le ka ho etsa mohlolo o tšabehang Leoatleng le Lefubelu. Naha e Tšepisitsoeng e ne e le ka pel’a mahlo a bona, kahoo ho ne ho hlokahala feela hore ba ee ho eona joalokaha sekepe se atamela leseli le bontšang moo se eang teng. Empa, ba ne ba lumela hore Jehova o ne a ke ke a khona ho hlōla metse ea Kanana e fokolang le e arohaneng. Ruri ho hloka tumelo ha bona ho ile ha soabisa Molimo le lihloela tse peli tse sebete, e leng Joshua le Kalebe, ba neng ba nka hore Bakanana ba ne ba itšoanela le “bohobe ho [Baiseraele]”! Lihloela tseo tse peli li ne li inoesitse ka nkho, kaha li ne li haotse le Kanana. Ha sechaba se sa kene Naheng e Tšepisitsoeng, Joshua le Kalebe le bona ba ile ba lokela ho lula lefeelleng ka lilemo tse mashome, empa ha baa ka ba shoella teng joaloka ba bang ba se nang tumelo. Ha e le hantle, Joshua le Kalebe ba ile ba etella pele moloko o latelang ha o tloha lefeelleng o e-ea Naheng e Tšepisitsoeng. (Numere 14:9, 30) Lekhetlong lena la bobeli, Baiseraele ba ne ba tla tobana le teko e fapaneng. Ba ne ba tla etsa’ng?

Morena Balake oa Moabe o ile a leka ho rohaka Iseraele a sebelisa moprofeta oa bohata ea bitsoang Balame. Leha ho le joalo, Jehova o ile a nyopisa morero ona ka ho susumelletsa Balame hore a phatlalatse litlhohonolofatso ho e-na le lithohako. (Numere 22:1-7; 24:10) Ho e-na le ho nyahama, Balame o ile a loha leqheka le leng le lonya, le reretsoeng ho etsa hore sechaba sa Molimo se se ke sa tšoaneleha ho rua naha eo. O ile a etsa seo joang? Ka ho ba chehela leraba la boitšoaro bo bobe le la borapeli ba Baale. Le hoja ka kakaretso leqheka lena le lona le ile la nyopa, le ile la khelosa Baiseraele ba 24 000. Ba ile ba itšilafatsa ka ho kopanela liphate le basali ba Bamoabe ’me ba ikamahanya le Baale oa Peore.—Numere 25:1-9.

Nahana feela! Bongata ba Baiseraele bao bo ne bo bone kamoo Jehova a bo pholositseng kateng “ho pholletsa le lefeella leo lohle le leholo le tšosang.” (Deuteronoma 1:19) Empa, ha batho ba Molimo ba le haufi le ho rua lefa la bona, ba 24 000 ho bona ba ile ba inehella litakatso tsa nama ’me Jehova a ba bolaea. Ruri ena ke temoso ho bahlanka ba Molimo ba kajeno ha ba ntse ba atamela lefa le leholo le ho feta!

Ha ho hlokahale hore Satane a sebelise maqheka a macha ha a etsa boiteko ba ho qetela ba ho thibela bahlanka ba kajeno ba Jehova hore ba fumane moputso oa bona. A sebelisa leqheka le re hopotsang se ileng sa etsahala ha Baiseraele ba ne ba atamela Naha e Tšepisitsoeng ka lekhetlo la pele, hangata Satane o leka ho tšosa batho le ho etsa hore ba be le lipelaelo, a sebelisa litšokelo, mahloriso kapa litšomo. Bakreste ba bang ba inehetse ha ba tšosoa ka tsela eo. (Matheu 13:20, 21) Leqheka le leng le atlehang ke la ho susumetsa batho hore ba itšoare hampe. Ka linako tse ling, ba bang ba nyonyobetseng ka phuthehong ea Bokreste ba lekile ho silafatsa batho ba fokolang moeeng, ba sa tsamaeeng ka mokhoa o tsitsitseng leseling la Molimo.—Juda 8, 12-16.

Ho batho ba hōlileng tsebong le ba falimehileng moeeng, boitšoaro bo hlephileng ba lefatše bo ntseng bo hloa mekoalaba ke bopaki bo matla ba hore Satane o haketse. Ka sebele Satane oa tseba hore haufinyane a ke ke a etsa letho ho bahlanka ba tšepahalang ba Molimo. Kahoo ruri ena ke nako ea hore re lule re falimehile moeeng, re ele hloko boiteko ba Satane.

Lintho Tse Tla re Thusa ho Lula re Falimehile Moeeng

Moapostola Petrose o ile a hlalosa lentsoe la Molimo la boprofeta e le “lebone le khanyang sebakeng se lefifi,” hobane le thusa Bakreste hore ba utloisise kamoo morero oa Molimo o phethahalang kateng. (2 Petrose 1:19-21) Batho ba ratang Lentsoe la Molimo ’me ba tsoela pele ho tataisoa ke lona baa hlokomela hore Jehova o tla otlolla litsela tsa bona. (Liproverbia 3:5, 6) Kaha ba na le tšepo, batho ba joalo ba nang le kananelo ba “hoeletsa ka thabo ka lebaka la boemo bo botle ba pelo,” athe ba sa tsebeng Jehova kapa ba furallang tsela ea hae ba qetella ba utloa “bohloko ba pelo” le “ho sithabela ho hoholo ha moea.” (Esaia 65:13, 14) Ka lebaka leo, ha re khothalla ho ithuta Bibele ’me re sebelisa seo re ithutang sona, re ka tsepamisa mahlo tšepong ea rōna e tiileng ho e-na le ho a tsepamisa menyakeng ea nakoana ea tsamaiso ena ea lintho.

Thapelo le eona ke ea bohlokoa bakeng sa ho re thusa ho lula re falimehile moeeng. Ha Jesu a ne a bua ka bofelo ba tsamaiso ena ea lintho, o ile a re: “Joale, le lule le falimehile ka nako eohle le etsa thapeli e le hore le ka atleha ho phonyoha lintho tsena tsohle tse reretsoeng hore li etsahale, le ho ema ka pel’a Mor’a motho.” (Luka 21:34-36) Hlokomela lentsoe leo Jesu a le sebelisitseng, e leng “thapeli,” le bolelang thapelo e etsoang ka tieo. Jesu o ne a tseba hore nakong ena e mahlonoko bophelo bo sa feleng bo ka ’na ba phonyoha batho. Na lithapelo tsa hao li bontša hore u labalabela ho lula u falimehile moeeng?

A re se keng ra lebala hore karolo ea ho qetela ea leeto la rōna e ka ’na ea e-ba eona e kotsi ka ho fetisisa ha re habile ho fumana lefa la rōna. Kahoo, ke hobohlokoa haholo hore re tsepamise mahlo leseling le ka re pholosang.

Hlokomela Maseli a Bohata

Mehleng ea likepe tsa seile, kotsi e khōlō e ne e bakoa ke batho ba lonya ba neng ba rata masiu a se nang khoeli ha ho le thata hore basesisi ba bone moo kou e leng teng. Batho bana ba ne ba khantša leseli likarolong tse kotsi tsa lebōpo e le hore ba ka khelosa batsamaisi ba likepe. Sekepe sa ba khelositsoeng se ne se ka ’na sa soahlamana, thepa ea bona ea utsuoa ’me ba e-shoa.

Ka tsela e tšoanang, Satane, ‘lengeloi le khelosang la leseli,’ o batla hore batho ba Molimo ba lahleheloe ke kamano ea bona le Eena. Diabolose a ka ’na a sebelisa “baapostola ba bohata” le “basebeletsi ba ho loka” ba bakoenehi hore a khelose ba sa falimehang. (2 Bakorinthe 11:13-15) Empa joalokaha ho ne ho se bonolo hore motsamaisi oa sekepe le basebetsi ba chatsi le ba nang le phihlelo ba bapaloe likoaeloana ka maseli a khelosang, Bakreste “bao ka tšebeliso, matla a bona a ho lemoha a koetliselitsoeng ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng” ha ba khelosoe ke batho ba buellang lithuto tsa bohata le lifilosofi tse kotsi.—Baheberu 5:14; Tšenolo 2:2.

Basesisi ba likepe ba ne ba tšoara lethathamo la litora tse khantšetsang basesisi ba likepe tseo ba neng ba tla kopana le tsona tseleng. Lethathamo lena le ne le hlalosa hore na tora ka ’ngoe e khantšetsang basesisi ba likepe e joang, ho akarelletsa le letšoao le e khethollang. The World Book Encyclopedia e re: “Ha basesisi ba likepe ba hlahloba chebahalo ea tora e ba khantšetsang ’me ba sheba lethathamo la litora baa elelloa hore na tora eo ba e bonang ke efe—ka lebaka leo ba khona ho tseba hore na ba hokae.” Ka ho tšoanang, Lentsoe la Molimo le thusa batho ba lipelo li ntle hore ba lemohe hore na borapeli ba ’nete ke bofe le hore na ke bo-mang ba phelang ka bona, haholo-holo matsatsing ana a ho qetela ao Jehova a bo phahamiselitseng ka holim’a bolumeli ba bohata. (Esaia 2:2, 3; Malakia 3:18) Esaia 60:2, 3 e bontša phapang e hlakileng e pakeng tsa borapeli ba ’nete le ba bohata ha e re: “Lefifi le tla koahela lefatše, ’me botšo bo boholo bo koahele lichaba; empa Jehova o tla u chabela, ’me khanya ea hae e tla bonoa ho uena. Ka sebele lichaba li tla ea leseling la hao, le marena a ee khanyeng ea leseli la hao.”

Ha batho ba limilione ba tsoang lichabeng tsohle ba tsoela pele ho tataisoa ke leseli la Jehova, ba ke ke ba senyeheloa ke tumelo ea bona karolong ena ea ho qetela ea leeto la bona. Ho e-na le hoo, ba tla tsamaea ba sireletsehile matsatsing a saletseng tsamaiso ena ea lintho ’me ba kene lefatšeng le lecha la khotso.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mangolo a sebelisa “leseli” ka litsela tse ngata tsa tšoantšetso. Ka mohlala, Bibele e amahanya Molimo le leseli. (Pesaleme ea 104:1, 2; 1 Johanne 1:5) Boitsebiso bo fumanoang Lentsoeng la Molimo bo tšoantšoa le leseli. (Esaia 2:3-5; 2 Bakorinthe 4:6) Nakong ea tšebeletso ea hae lefatšeng, Jesu e ne e le leseli. (Johanne 8:12; 9:5; 12:35) ’Me balateli ba Jesu ba ile ba laeloa hore ba khantše leseli la bona.—Matheu 5:14, 16.

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Joaloka basesisi ba likepe, Bakreste ba hlokolosi hore ba se ke ba khelosoa ke maseli a bohata

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela