Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
Tsela ea ho Qala Lithuto Tsa Bibele ka Moqebelo oa Pele oa January
“Batho ba bang ba lumela hore boprofeta ba Bibele boa tšepahala. Ba bang ba nahana hore boprofeta ba eona ha bo utloahale ebile bo ka hlalosoa ka litsela tse ngata. Uena u re’ng ka taba ee?” Emela karabo. Ebe u fa motho eo u buisanang le eena Molula-Qhooa oa January 1 u ntan’o tšohla le eena sehloohoana sa pele leqepheng la 16 ’me bonyane u bale lengolo le le leng. Fana ka limakasine ’me u lokisetse ho khutla e le hore le tšohle karabo ea potso e latelang.
Molula-Qhooa January 1
“Re ka ithuta lintho tse ngata ho banna le basali ba hlaheletseng historing. Na ha ho joalo? [Emela karabo.] Temana ena e bua ka monna e mong ea hlaheletseng, monna a le mong feela ea bitsoang ‘motsoalle oa Molimo’ ka Bibeleng. [Bala Jakobo 2:23.] Makasine ena e hlalosa hore na ke hobane’ng ha Molimo a ne a nka hore Abrahama ke motsoalle oa hae ebile e tšohla seo re ka ithutang sona mohlaleng oa hae.”
Tsoha! January
“Ho ntša tjotjo le mefuta e meng ea ho se tšepahale e se e le lintho tse tloaelehileng litabeng tsa khoebo. Ba bang ba nka hore ho se tšepahale ho honyenyane hoa hlokahala litabeng tsa khoebo e le hore motho a atlehe. Uena u re’ng ka taba ee? [Emela karabo.] Nahana ka maele ana a susumetsang motho ho nahana ka ho teba. [Bala Liproverbia 20:17.] Makasine ena e hlalosa hore na ke hobane’ng ha ho tšepahala e le ntho e molemo.”