Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
Tsela ea ho Qala Lithuto Tsa Bibele ka Moqebelo oa Pele oa August
“Kajeno batho ba atisa ho nahana ka Jesu kamoo a neng a le kateng lilemong tse fetileng tse likete tse peli, e le lesea le ka sejelong kapa e le motho ea leketlileng thupeng ea tlhokofatso. Leha ho le joalo, u nahana hore Jesu o etsa’ng hona joale? [Emela karabo.] Hlokomela hore na ho thoe’ng mona.” Neha mong’a ntlo Molula-Qhooa oa August 1, ’me le tšohle sehloohoana sa pele leqepheng la 16 le bonyane temana e le ’ngoe. Mo siele limakasine ebe u lokisetsa ho khutla e le hore le tl’o tšohla potso e latelang.
Molula-Qhooa August 1
“Batho ba bangata ba lumela mehlolo. Ba bang ba na le lipelaelo ka eona. Na u nahana hore mehlolo e ne e hlile e etsahala? [Emela karabo.] Tšepiso ena ea hore ho tla etsahala mohlolo nakong e tlang e entse hore batho ba bangata ba be le tšepo. [Bala le leng la mangolo a bontšitsoeng leqepheng la 9-10.] Makasineng ena ho arajoa lipelaelo tse tharo tseo batho ba atisang ho ba le tsona mabapi le mehlolo.”
Tsoha! August
“Mehleng ena batho ba bangata ba tšaba ho tsoela ka ntle ba le bang, haholo-holo bosiu. Na u nahana hore ho na le se ka etsoang ho fokotsa pefo lefatšeng lee? [Emela karabo.] Makasineng ena ho tšohloa lintho tse ling tseo re ka li etsang kaofela hore re be le khotso e eketsehileng le batho ba bang. Ho boetse ho tšohloa hore na boprofeta bona bo khothatsang bo tla phethahala joang.” Bala Pesaleme ea 72:7.