LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • nwt Lillo tsa Jeremia 1:1-5:22
  • Dillo Tsa Jeremia

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Dillo Tsa Jeremia
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Dillo Tsa Jeremia

DILLO TSA JEREMIA

א [Aleph]*

1 Jerusalema ya neng a ena le baahi ba bangata,+ o se a le bodutu hakaakang!

O ne a le moholo hara ditjhaba+ empa o se a tshwana le mohlolohadi,

E ne e le kgosatsana hara diprofinse* empa e se e le lekgoba.+

ב [Beth]

 2 O lla haholo bosiu kaofela+ mme meokgo ya hae e keleketla marameng.

Ha ho le ya mong wa batho ba ratanang le yena ya mo tshedisang.+

Metswalle ya hae kaofela e mo tswile tlase.+ E se e le dira tsa hae.

ג [Gimel]

 3 Juda o hapuwe,+ o entswe lekgoba ebile o a hloriswa.+

O lokela ho dula hara ditjhaba.+ Ha a phomole.

Bohle ba mo hlorisang ba mo fumane nakong eo a leng mahlomoleng.

ד [Daleth]

 4 Ditseleng tse yang Sione ho thotse hobane ha ho ba tlang moketeng.+

Dikeiti tsohle tsa hae di senyehile.+ Baprista ba hae ba a fehelwa.

Barwetsana ba hae ba utlwile bohloko mme o saretswe haholo.

ה [He]

 5 Bahanyetsi ba hae e se e le beng ba hae. Dira tsa hae di iketlile.+

Jehova o mo baketse mesarelo hobane diphoso tsa hae di ngata.+

Bana ba hae ba hapuwe ke dira.+

ו [Waw]

 6 Moradi wa Sione ha a sa na seriti.+

Dikgosana tsa hae di tshwana le ditshephe tse tona tse sa fumanang lekgulo,

Di tsamaya di kgathetse ka pela ya di hlorisang.*

ז [Zayin]

 7 Nakong eo Jerusalema a neng a le mahlomoleng a bile a se na lehae, o hopotse

Dintho tsohle tsa bohlokwa tseo a neng a ena le tsona mehleng ya kgale.+

Ha setjhaba sa hae se wela matsohong a sera ebile se se na mothusi,+

Bahanyetsi ba hae ba ile ba mo bona ha a wa yaba ba a mo tsheha.*+

ח [Heth]

 8 Jerusalema o entse sebe se seholo.+

Ke ka hoo a fetohileng ntho e nyatsehang.

Bohle ba neng ba mo hlompha ba mo tshwara jwalo ka ntho e nyonyehang ka ha ba mo bonetse.+

O a fehelwa+ mme o kgutla a swabile.

ט [Teth]

 9 Diaparo tsa hae di ditshila.

Ha a ka a nahana ka bokamoso ba hae.+

O wele ha bohloko feela ha ho motho ya mo tshedisang.

Ka kopo Jehova, bona mesarelo ya ka hobane sera se ikgohomositse.+

י [Yod]

10 Mohanyetsi wa hae o otlolotse matsoho, a nka matlotlo ohle a hae.+

Etswe o bone ha ditjhaba di kena ka sehalalelong sa hae,+

Tseo o laetseng hore di se ke tsa kopana le batho ba hao.

כ [Kaph]

11 Batho bohle ba Jerusalema ba a fehelwa. Ba batla dijo.+

Ba fane ka dintho tsa bona tsa bohlokwa bakeng sa se yang ka maleng hore feela ba dule ba phela.

Ka kopo Jehova, bona hore ke se ke tshwana le mosadi* ya se nang thuso.

ל [Lamed]

12 Na ha le na taba lona bohle ba fetang ka tsela?

Shebang mme le bone,

Na ho na le matshwenyeho a tshwanang le ao ke otlilweng ka ona,

Ao Jehova a mpaketseng ona letsatsing la bohale ba hae bo tukang?+

מ [Mem]

13 O rometse mollo masapong a ka+ a le lehodimong mme o a tjhesitse kaofela.

O ntjhehetse leraba ka hoo o nqobeletse hore ke kgutlele morao.

O entse hore ke be jwalo ka mosadi ya lahlilweng.

Ke a kula letsatsi lohle.

נ [Nun]

14 Diphoso tsa ka di faseleditswe molaleng wa ka jwalo ka joko. O di lohelletse mmoho ka letsoho la hae.

Di tlanngwe molaleng wa ka, jwale ke feletswe ke matla.

Jehova o nehelane ka nna ho batho bao ke sa kgoneng ho ba lwantsha.+

ס [Samekh]

15 Jehova o qheletse ka thoko banna bohle ba ka ba matla.+

O bokeletse lebotho e le hore a bolaye bahlankana ba ka.+

Jehova o hataketse morwetsana wa Juda ka sehatelong sa veine.+

ע [Ayin]

16 Ke lliswa ke dintho tsena.+ Mahlo a ka a rotha dikeledi.

Motho e mong le e mong ya ka ntshedisang o hole le nna.

Bara ba ka ba utlwile bohloko hobane sera se re hlotse.

פ [Pe]

17 Sione o otlolotse matsoho,+ ha ho motho ya mo tshedisang.

Jehova o laetse hore batho bohle ba potapotileng Jakobo e be dira tsa hae.+

Jerusalema o fetohile ntho e nyonyehang ho bona.+

צ [Tsade]

18 Jehova o nkgalemetse ka nepo+ hobane ha ke a mamela melao ya hae.+

Mamelang, lona ditjhaba tsohle mme le bone ka moo ke utlwileng bohloko ka teng.

Barwetsana ba ka le bahlankana ba ka ba hapuwe.+

ק [Qoph]

19 Ke kopile thuso ho ba ratanang le nna empa ba ntswile tlase.+

Baprista ba ka le bannabaholo ba ka ba shwetse motseng,

Ha ba ntse ba ipatlela dijo e le hore ba dule ba phela.+

ר [Resh]

20 Jehova, bona ka moo ke leng mahlomoleng ka teng.

Ke tsielehile.

Pelo ya ka e utlwile bohloko haholo ka ha ke bile lerabele.+

Ka ntle sabole e ntse e bolaya bana ba ka.+ Ka tlung le teng batho ba ntse ba shwa.

ש [Shin]

21 Batho ba utlwile ha ke ntse ke fehelwa. Ha ho ya ntshedisang.

Dira tsohle tsa ka di utlwile ka tsietsi ya ka.

Di thabisitswe ke ntho eo o e entseng.+

Empa letsatsi leo o le phatlaladitseng le tla fihla+ mme di tla tshwana le nna.+

ת [Taw]

22 E se eka o ka bona bobe bohle ba dira tseo mme wa di fa kotlo+

Feela jwalo ka ha o mphile kotlo ka lebaka la diphoso tsohle tsa ka.

Etswe ke fehelwa haholo mme pelo ya ka e bohloko.

א [Aleph]

2 Jehova o kgurumetsa Jerusalema* ka bohale ba hae jwalo ka ha eka ke leru le letsho.

Botle ba Iseraele o bo lahletse fatshe bo tswa hodimo.+

Letsatsing la bohale ba hae, ha a ka a hopola setulwana sa maoto a hae.+

ב [Beth]

 2 Jehova o ripitlile dibaka tsa Jakobo a se na le mohau.

Ka bohale o qhaqhile dibaka tsa Jerusalema* tse sireleditsweng.+

O theoletse mmuso+ le dikgosana+ tsa Juda tlase, a mo tlotlolla.

ג [Gimel]

 3 Ka bohale o qetile matla ohle* a Iseraele.

Ha a ka a thusetsa Iseraele ha sera se e hlasela,+

Bohale ba hae ba nna ba tukela Jakobo jwalo ka mollo o tjhesang ntho e nngwe le e nngwe e haufi le wona.+

ד [Daleth]

 4 O kobile* seqha sa hae jwalo ka sera. Letsoho la hae le letona le itokiseditse ho hlasela jwalo ka sera,+

O nnile a bolaya bohle bao Baiseraele ba ba ratang.+

O theoletse kgalefo ya hae ka tenteng ya Jerusalema*+ jwalo ka mollo.+

ה [He]

 5 Ekare Jehova ke sera.+

O ripitlile Iseraele.

O heleditse ditora tsohle tsa hae,

O sentse dibaka tsa hae tse sireleditsweng.

O etsa hore ho sarelwa le seboko di ate Jerusalema.*

ו [Waw]

 6 O qhaqhile tempele ya hae ka mabifi+ jwalo ka lephephe la masimong.

O qhadile mokete wa hae.+

Jehova o lebaditse batho ba Sione mokete le sabatha,

O nyefotse morena le moprista ka bohale.+

ז [Zayin]

 7 Jehova o lahlile aletare ya hae.

O furaletse sehalalelo sa hae.+

O nehelane ka mehaho ya Sione e melelele e sireletsehileng.+

Ba entse lerata ka tlung ya Jehova+ ekare ke letsatsi la mokete.

ח [Heth]

 8 Jehova o entse qeto ya ho senya lerako la Jerusalema.*+

O methile marako a hae ka kgwele ya ho metha.+

Ha a thibela letsoho la hae hore le timetse.

O heletsa marako a sireletsang motse.

Kaofela ha ona a wele.

ט [Teth]

 9 Dikeiti tsa Jerusalema di tetebetse fatshe.+

O sentse mekwallo a ba a e roba.

Morena wa hae le dikgosana tsa hae di hara ditjhaba.+

Ha ho ya mamelang molao.* Le baprofeta ba hae ha ba fumane pono e tswang ho Jehova.+

י [Yod]

10 Banna ba baholo ba motse wa Jerusalema* ba dula fatshe ba kgutsitse.+

Ba itshela ka mobu dihloohong mme ba itlama ka masela a hwashang.*+

Barwetsana ba Jerusalema ba inamiseditse dihlooho fatshe.

כ [Kaph]

11 Mahlo a ka a fedile ke ho lla.+

Ke tsielehile.*

Pelo ya ka e utlwile bohloko haholo* ka lebaka la ho wa ha moradi wa setjhaba sa heso*+

Le ho tepella ha bana le masea diterateng tsa motse.+

ל [Lamed]

12 Ba ntse ba re ho bomme ba bona: “Mme ke lapile ebile ke nyorilwe.”*+

Ba tepella jwalo ka motho ya tswileng leqeba diterateng tsa motse,

Bophelo ba bona bo fela ba le ka diatleng tsa bomme ba bona.

מ [Mem]

13 Ke tla sebedisang e le bopaki

Kapa ke o bapise le eng, wena Jerusalema?*

Ke tla o tshwantsha le eng hore ke o tshedise, wena Jerusalema?*

Leqeba la hao le leholo jwalo ka lewatle.+ Ke mang ya ka o fodisang?+

נ [Nun]

14 Dipono tsa baprofeta ba hao ke leshano ebile ha di na thuso,+

Ha ba a o bolella phoso ya hao e le hore o se ke wa hapuwa.+

Ho ena le hoo, ba nnile ba eba le dipono tse o kgelosang, tsa leshano.+

ס [Samekh]

15 Bohle ba fetang ka tsela ba o opela diatla ba swentse.+

Ba letsetsa moradi wa Jerusalema molodi ka ho makala+ mme ba sisinya dihlooho ba re:

“Na motse oo ke oo ba neng ba re ka wona: ‘O motle hakaakang. Lefatshe lohle le ikotla sefuba ka wona’?”+

פ [Pe]

16 Dira tsohle tsa hao di a o soma.

Di letsa molodi di bile di lomahantse meno di re: “Re mo qetile.+

Lena ke letsatsi leo re neng re le lebelletse.+ Le fihlile, re le bone.”

ע [Ayin]

17 Jehova o entse thato ya hae,+ o phethahaditse polelo ya hae,+

Ntho eo a e laetseng ho tloha kgale.+

Wena Jerusalema, o o fedisitse a se na mohau.+

O thabisitse sera ka wena. O file dira tsa hao matla.*

צ [Tsade]

18 Wena Jerusalema,* ba kopile thuso ho Jehova ba saretswe.

Tlohela meokgo e tsholohe bosiu le motshehare jwalo ka noka.

O se ke wa phomola, mahlo a hao a se ke a kgaotsa ho lla.

ק [Qoph]

19 Tsoha! O bokolle esale ka matjeke.*

O lle haholo ha o bolella Jehova dintho tsohle tse ka pelong ya hao.

Phahamisa matsoho o rapelle bophelo ba bana ba hao,

Ba ntseng ba akgehiswa ke tlala khoneng ya seterata se seng le se seng.+

ר [Resh]

20 Ka kopo Jehova, bona batho ba hao bao o ba fileng kotlo.

Na bomme ba lokela ho tswela pele ba ja bana ba bona bao ba ba tswetseng?+

Na baprista le baprofeta ba lokela ho bolaelwa ka tempeleng ya Jehova?+

ש [Shin]

21 Moshanyana le ntatemoholo ba rapaletse seterateng ba shwele.+

Barwetsana ba ka le bahlankana ba ka ba bolailwe ka sabole.+

O ba bolaile ka letsatsi la bohale ba hao. O ba rintse o se na le mohau.+

ת [Taw]

22 O bitsa dira tsa ka ka nqa tsohle jwalo ka ha eka o di etseditse mokete.+

Letsatsing la kgalefo ya Jehova ha ho a ka ha eba le ya balehang kapa ya phonyohang.+

Sera sa ka se timeditse bana bao ke ba tswetseng le ho ba hodisa.+

א [Aleph]

3 Ke nna ya boneng ha batho ba sotleha hobane Modimo a re halefetse yaba o re fa kotlo.

 2 O nteleketse ka ntle mme o ntsamaisa lefifing eseng kganyeng.+

 3 Ka nnete o kgahlanong le nna letsatsi lohle.+

ב [Beth]

 4 O entse hore mmele wa ka o fellwe ke matla le letlalo la ka le senyehe.

O robile masapo a ka.

 5 O nthibeletse ka mabota. O mpotapotile ka mathata le dimela tse tjhefo.+

 6 O nqobeletse ho dula dibakeng tse lefifi jwalo ka batho bao e leng kgale ba shwele.

ג [Gimel]

 7 O nthibeletse ka lerako e le hore ke se ke ka baleha.

O ntlamme ka ditlamo tse boima tsa koporo.+

 8 Hape ha ke hweletsa ke kopa thuso ho yena, ha a arabele* thapelo ya ka.+

 9 O thibile ditsela tsa ka ka majwe a betlilweng.

O entse hore ho be thata ho tsamaya ditseleng tsa ka.+

ד [Daleth]

10 O laletse ho ntlhasela jwalo ka bere, jwalo ka tau e tsometsang.+

11 O nkgelositse tseleng ya ka a ba a nthoba dikoto.*

O nkentse motwaitwai.+

12 O nkorotse ka seqha sa hae mme o nkemisitse jwalo ka phofu.

ה [He]

13 O hlabile diphio tsa ka ka metsu e tswang mokotleng* wa hae.

14 Batho ba bina ka nna ebile ba a ntshoma letsatsi lohle.

15 O ntjesitse dintho tse babang, a nnwesa lengana.+

ו [Waw]

16 O pshatla meno a ka ka lehlohlojane.

O mpitikisa moloreng.+

17 O ntlhokisa kgotso. Ke lebetse hore na ho thaba keng.

18 Yaba ke re: “Bokgabane ba ka bo fedile mme ha ke sa lebeletse letho ho Jehova.”

ז [Zayin]

19 Hopola mahlomola a ka le boemo ba ka ba ho hloka lehae.+ Hopola hore ke ja lengana le dimela tse tjhefo.+

20 O tla nkgopola, o tle ho nna o be o nthuse.+

21 Ke nahanne ka taba ena. Ke ka lebaka leo ke tlang ho o letela ka mamello.+

ח [Heth]

22 Ha re eso timele hobane Jehova o lerato,*+

Mohau wa hae o ke ke wa fela.+

23 O re hauhela letsatsi le leng le le leng.+ Ka mehla o a tshepahala.+

24 Ke itse: “Jehova ke lefa la ka,*+ ke ka lebaka leo ke tlang ho mo letela.”+

ט [Teth]

25 Jehova o molemo ho ya mo tshepileng,+ ho motho ya batlang keletso ya hae.+

26 Ho molemo hore motho a lete ka mamello+ e le hore Jehova a mo pholose.+

27 Ho molemo hore motho a jare joko a sa le motjha.+

י [Yod]

28 A dule a le mong mme a kgutse ka ha Modimo o dumeletse hore mojaro oo o be hodima hae.+

29 A ikokobetse mme a itihele mobung ka sefahleho.+ Mohlomong ho ka ba le tshepo.+

30 A ke a tlise lerama la hae ho ya mo otlang. A ke a swabe haholo.

כ [Kaph]

31 Etswe Jehova a ke ke a re lahla ho ya ho ile.+

32 Le hoja a bakile mesarelo, o tla re hauhela hobane o lerato haholo.+

33 Etswe ho hlorisa batho kapa ho ba utlwisa bohloko ha se ntho e pelong ya hae.+

ל [Lamed]

34 Ho silakanya batshwaruwa bohle ba lefatshe ka tlasa maoto a motho,+

35 Ho hlokela motho toka ka pela Ya Phahameng ka ho Fetisisa,+

36 Ho qhekella motho nyeweng.

Jehova ha a batle dintho tse jwalo.

מ [Mem]

37 Jwale ke mang ya ka buang taba mme a etsa hore e phethahale ntle le ha Jehova a laela?

38 Molomong wa Ya Phahameng ka ho Fetisisa,

Ho ka se tswe dintho tse mpe ha mmoho le tse ntle.

39 Ke hobaneng ha motho a ka belaela ka lebaka la ditlamorao tsa sebe sa hae?+

נ [Nun]

40 A re hlahlobisiseng ditsela tsa rona,+ re di batlisise mme re kgutleleng ho Jehova.+

41 A re rapeleng Modimo ya mahodimong ho tloha pelong, re phahamise matsoho re re:+

42 “Re o sitetswe mme ha re a o mamela.+ Ha o a re tshwarela.+

ס [Samekh]

43 Ka bohale o thibetse hore re se ke ra o atamela,+

O re lelekisitse, wa re bolaya o se na mohau.+

44 O re thibetse ka leru hore re se ke ra o atamela hore thapelo ya rona e se ke ya feta.+

45 O re etsa toti, dithole hara ditjhaba.”

פ [Pe]

46 Dira tsohle tsa rona di a re soma.+

47 Re dula re tshohile re bile re qabeletswe.+ Re timetse mme re lahlehile.+

48 Meokgo e tsholoha mahlong a ka jwalo ka melapo ya metsi ka lebaka la ho ripitlwa ha Jerusalema.*+

ע [Ayin]

49 Ke lla ke sa kgaotse, ke sa emise,+

50 Ho fihlela Jehova a bona mathata a batho ba hae.+

51 Ke utlwile bohloko ka lebaka la ho sotleha ha baradi bohle ba motse wa heso.+

צ [Tsade]

52 Dira tsa ka di ntjhehile jwalo ka dinonyana ntle ho lebaka.

53 Di lekile ho mpolaela ka sekoting, tsa nna tsa mpetsa ka majwe.

54 Metsi a nkwahetse yaba ke re: “Ho fedile ka nna.”

ק [Qoph]

55 Ke hweleditse lebitso la hao Jehova, ke le ka sekoting se tebileng.+

56 Utlwa lentswe la ka. O se ke wa ikwala ditsebe ha ke hweletsa ho o kopa thuso.

57 O ile wa atamela ha ke o bitsa. Wa re: “O se ke wa tshoha.”

ר [Resh]

58 Jehova, o ile wa mpuella ka kgotla, wa nkinola mathateng.+

59 Jehova, o bone ka moo ke foseditsweng ka teng. Ke kopa o nkahlolele ka toka.+

60 O bone ha ba ntse ba ntohela mano, ba ntherela bora.

ש [Sin] kapa [Shin]

61 Jehova, o utlwile ha ba ntse ba ntshoma, ba ntherela bokgopo,+

62 O utlwile mantswe ao dira tsa ka di ntlhasetseng ka ona le ha di rera bobe kgahlanong le nna.

63 Sheba diketso tsohle tsa dira tsa ka ebang di a dula kapa di a ema. Di ntshoma ka dipina tsa tsona.

ת [Taw]

64 Jehova, o tla di fa kotlo ho ya ka diketso tsa tsona.

65 O tla di otla ka bomadimabe ka ho etsa hore di be dipelo di thata.

66 Jehova, o tla di lelekisa ka bohale mme o di fedise ka tlasa mahodimo a hao.

א [Aleph]

4 Kgauta e benyang e thothofetse hakaakang, kgauta ya boleng bo botle.+

Majwe a halalelang+ a hasane hohle diterateng.+

ב [Beth]

 2 Ha e le bara ba hlomphehang ba Sione, ba neng ba le jwalo ka kgauta e hlwekisitsweng,

Ba se ba nkwa ba tshwana le dinkgo tsa letsopa,

Mosebetsi wa matsoho a sebopi.

ג [Gimel]

 3 Esita le diphokojwe di anyesitse madinyane a tsona.

Empa batho ba heso ba Sione ba sehloho+ jwalo ka dimpshe tsa lefeelleng.+

ד [Daleth]

 4 Leleme la lesea le anyang le kgomaretse mahalapeng ka lebaka la lenyora.

Bana ba kopile dijo+ empa ha ho ya ba ngwathelang.+

ה [He]

 5 Ba neng ba ja dintho tse monate ba se ba solla seterateng ke tlala.+

Ba hodisitsweng ba apara diaparo tse turu*+ ba se ba fata thotobolong.

ו [Waw]

 6 Kotlo* ya moradi wa batho ba heso e kgolo ho feta kotlo ya Sodoma,+

E ileng ya dihuwa ka motsotswana, ho se ya nanabetsang letsoho ho e thusa.+

ז [Zayin]

 7 Banazari+ ba Sione ba ne ba hlwekile ho feta lehlwa, ba le basweu ho feta lebese.

Ba ne ba le bafubedu ho feta dikorale, ba tshwana le safire e bentshitsweng.

ח [Heth]

 8 Ba se ba le batsho ho feta mosidi.

Ha ba sa tsejwa diterateng.

Matlalo a bona a maname masapong a bona.+ Matlalo a bona a omeletse jwalo ka patsi e ommeng.

ט [Teth]

 9 Ba bolailweng ka sabole ba molemo ho feta ba bolailweng ke tlala,+

Ba fellwa ke matla ka lebaka la kgaello ya dijo masimong jwalo ka ha eka ba hlabilwe ka sabole.

י [Yod]

10 Basadi ba nang le qenehelo ba phehile bana ba bona.+

E bile dijo tsa bona nakong eo moradi wa batho ba heso a ripitlwang.+

כ [Kaph]

11 Jehova o bonahaditse bohale ba hae,

O bontshitse hore o halefile haholo.+

O hotetsa Sione ka mollo o tjhesang metheo ya yona kaofela.+

ל [Lamed]

12 Marena le baahi bohle ba lefatshe ba ne ba sa dumele

Hore mohanyetsi le sera ba tla kena dikeiting tsa Jerusalema.+

מ [Mem]

13 E ne e le ka lebaka la dibe tsa baprofeta ba yona, diphoso tsa baprista ba yona,+

Ba bolayang batho ba lokileng ba ka hare ho yona.+

נ [Nun]

14 Baprofeta le baprista ba lelerile+ diterateng.

Ba silafaditswe ke madi,+

Hoo ho seng le ya mong ya kgonang ho ama diaparo tsa bona.

ס [Samekh]

15 Ba ba hweleditse ba re: “Suthang! Le ditshila! Tlohang mona! Tlohang! Le se ke la re thetsa.”

Etswe ha ho na moo ba dulang, ba lelera hohle.

Batho ba ditjhaba ba itse: “Ba ke ke ba dula le rona.*+

פ [Pe]

16 Jehova* o ba hasantse.+

A ke ke a hlola a ba tsotella.

Batho ba ke ke ba hlompha baprista,+ ba ke ke ba hauhela esita le banna ba baholo.”+

ע [Ayin]

17 Le hona jwale mahlo a rona a kgathetse ke ho batlana le thuso moo e leng siyo.+

Re batlile thuso ho setjhaba se ke keng sa re pholosa.+

צ [Tsade]

18 Ba re tsomme+ hoo re sa tsamayeng dimmarakeng.

Re haufi le ho shwa, matsatsi a rona a fedile etswe bofelo ba rona bo fihlile.

ק [Qoph]

19 Ba re lelekisang ba bile lebelo ho feta dintsu tsa mahodimo.+

Ba re behile merebele hodima dithaba, ba re tsomeditse lefeelleng.

ר [Resh]

20 Motlotsuwa wa Jehova+ eo e leng phefumoloho ya dinko tsa rona o hapetswe ka sekoting sa bona se seholo.+

Yena eo re itseng ka yena: “Re tla phela ka tshireletso* ya hae hara ditjhaba.”

ש [Sin]

21 Thaba mme o nyakalle, Wena moradi wa Edomo,+ ya dulang naheng ya Utse.

Kopi e tla fetiswa le ho wena+ mme o tla tahwa o hlahe o sa apara letho.+

ת [Taw]

22 Wena moradi wa Sione, o phethile kotlo ya hao.

A ke ke a hlola a o hapa.+

Empa Wena moradi wa Edomo, Modimo o tla hlokomela phoso ya hao.

O tla senola dibe tsa hao.+

5 Jehova, hopola ntho e re hlahetseng.

Sheba mme o bone ka moo re seng re se na seriti ka teng.+

 2 Lefa la rona le fuwe basele, matlo a rona a fuwe baditjhaba.+

 3 Re se re le dikgutsana.* Bomme ba rona ba jwalo ka bahlolohadi.+

 4 Re lokela ho reka metsi ao re a nwang.+ Le patsi ya rona re a e reka.

 5 Dira tsa rona di re behile merebele.

Re kgathetse empa ha re fuwe monyetla wa ho phomola.+

 6 Re itshetlehile ka Egepeta+ le Asiria+ e le hore re fumane dijo tse lekaneng.

 7 Baholoholo ba rona ba entseng sebe ha ba sa le yo. Empa rona re tlameha ho jara diphoso tsa bona.

 8 Re se re buswa ke bahlanka. Ha ho motho ya re pholosang matsohong a bona.

 9 Re fumana dijo ka ho beha bophelo ba rona kotsing+ hobane ho na le batho ba hlometseng ka disabole lefeelleng.

10 Matlalo a rona a tjhesa jwalo ka kganare ya mollo hobane re bolawa ke tlala.+

11 Ba tlotlolotse* basadi ba Sione le barwetsana ba metse ya Juda.+

12 Dikgosana di fanyehilwe ka matsoho a tsona.+ Le bannabaholo ha ba a hlomphuwa.+

13 Bahlankana ba jere malwala mme bashanyana ba thekesela ba nkile patsi e boima.

14 Banna ba baholo ba tlohile keiting ya motse.+ Bahlankana ha ba sa bapala mmino wa bona.+

15 Dipelo tsa rona di bohloko. Tantshi ya rona e fetohile maswabi.+

16 Dikorone di wele dihloohong tsa rona. Ho madimabe rona hobane re entse sebe.

17 Ka hoo, dipelo tsa rona di bohloko.+

Hape ka lebaka la dintho tsena, mahlo a rona a lerootho.+

18 Ka ha Thaba ya Sione e senyehile,+ diphokojwe di se di lalasa ho yona.

19 Ha e le wena, Jehova, o tla dula o le teng ka mehla le mehla.

O busa ka ho sa feleng.+

20 Ke hobaneng ha ho se mohla o re hopolang? Hape ke hobaneng ha o re lahlile nako e telele hakaale?+

21 Re boelanye le wena Jehova mme re tla kgutla hanghang.+

Etsa hore dintho tsohle di tshwane le mehleng ya pele.+

22 Empa o re lahlile.

O dula o re halefetse.+

Kgaolo ya 1-4 ke kodiyamalla e ngotsweng ka tatellano ya ditlhaku tsa Seheberu.

Kapa: “ditereke.”

Kapa: “lelekisang.”

Kapa: “soma.”

Mona Jerusalema e mothofaditswe.

Ka Seheberu: “moradi wa Sione.”

Ka Seheberu: “moradi wa Juda.”

Ka Seheberu: “robile lenaka le leng le le leng.”

Ka Seheberu: “hataketse.”

Ka Seheberu: “moradi wa Sione.”

Ka Seheberu: “moradi wa Juda.”

Ka Seheberu: “moradi wa Sione.”

Kapa: “taelo.”

Ka Seheberu: “moradi wa Sione.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “Mala a ka a dubehile.”

Ka Seheberu: “Sebete sa ka se tsholletswe fatshe.”

Mokgabopuo wa mothofatso, mohlomong o bontshang kutlwelobohloko.

Ka Seheberu: “Dijothollo le veine di kae?”

Ka Seheberu: “moradi wa Jerusalema.”

Ka Seheberu: “morwetsana wa Sione.”

Ka Seheberu: “O phahamisitse lenaka la dira tsa hao.”

Ka Seheberu: “moradi wa Sione.”

Ke ho tloha hoo e ka bang ka hora ya bobedi ho ya ho ya botshelela hoseng.

Kapa: “mamele.”

Kapa mohlomong: “etsa hore ke be ntho e se nang thuso.”

Kapa: “kgohlopong.”

Kapa: “o na le lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “kabelo ya ka.”

Ka Seheberu: “moradi wa batho ba heso.”

Ka Seheberu: “sekareleta.”

Ka Seheberu: “Phoso; sebe.”

Kapa: “Ba ke ke ba dula mona e le baditjhaba.”

Ka Seheberu: “Sefahleho sa Jehova.”

Ka Seheberu: “tlasa moriti wa hae.”

Kapa: “bana ba se nang ntate.”

Kapa: “betile.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share