Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 19
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

Kakaretso ea Levitike

      • Melao e fapaneng mabapi le ho halalela (1-37)

        • Tsela e nepahetseng ea ho kotula (9, 10)

        • Ho nahanela batho ba sa utloeng le ba sa boneng (14)

        • Ho senya motho lebitso (16)

        • U se ke oa tšoara batho ka pelo (18)

        • Le se ke la sebelisa boselamose kapa la buisana le balimo (26, 31)

        • Le se ke la ingola ’meleng (28)

        • Hlompha batho ba holileng (32)

        • Tsela eo balichaba ba lokelang ho tšoaroa ka eona (33, 34)

Levitike 19:2

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 11:44; Esa 6:3; 1Pe 1:15, 16; Tše 4:8

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (O Ithutoang),

    12/2021, maq. 3-4

    Molula-Qhooa,

    7/1/2009, leq. 9

    8/1/1996, maq. 10-11

    11/1/1987, leq. 11

Levitike 19:3

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “tšabe.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 20:12; Ef 6:2; Heb 12:9
  • +Ex 20:8, 11; 31:13; Lu 6:5

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (O Ithutoang),

    12/2021, maq. 4-5, 8

Levitike 19:4

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 26:1; Ps 96:5; Hab 2:18; 1Ko 10:14
  • +Ex 20:4, 23; De 27:15

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (O Ithutoang),

    12/2021, maq. 5-6

Levitike 19:5

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 3:1
  • +Le 7:11, 12

Levitike 19:6

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 7:17, 18

Levitike 19:7

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Litšupiso tsa mwb, 11/2020, leq. 4

Levitike 19:8

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Litšupiso tsa mwb, 11/2020, leq. 4

Levitike 19:9

Linaletsana

  • *

    Kapa: “se khoahlapisoang.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 23:22; De 24:19

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    6/15/2006, maq. 22-23

    12/1/2003, leq. 17

Levitike 19:10

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 15:7

Levitike 19:11

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 20:15; Ef 4:28
  • +Le 6:2; Pr 12:22; Ef 4:25

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (O Ithutoang),

    12/2021, leq. 10

    Molula-Qhooa (O Ithutoang),

    12/2016, maq. 11-12

Levitike 19:12

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 20:7; Mat 5:33, 37; Jak 5:12

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (O Ithutoang),

    12/2021, leq. 10

Levitike 19:13

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pr 22:16; Mar 10:19
  • +Pr 22:22
  • +De 24:15; Jer 22:13; Jak 5:4

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (O Ithutoang),

    12/2021, leq. 10

Levitike 19:14

Linaletsana

  • *

    Kapa: “bitsetsa bomalimabe.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 27:18
  • +Le 25:17; Ne 5:15; Pr 1:7; 8:13; 1Pe 2:17

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (O Ithutoang),

    12/2021, maq. 8-9

Levitike 19:15

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 23:3; De 1:16, 17; 16:19; 2Kr 19:6; Bar 2:11; Jak 2:9

Levitike 19:16

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “mali.”

  • *

    Kapa mohlomong: “U se ke oa ema feela ha bophelo ba motho e mong bo le kotsing.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 15:1, 3
  • +Ex 20:16; 1Ma 21:13

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (O Ithutoang),

    12/2021, leq. 14

    Molula-Qhooa (1992),

    3/15/1992, leq. 20

    9/15/1989, leq. 27

Levitike 19:17

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pr 10:18; 1Jo 2:9; 3:15
  • +Ps 141:5; Pr 9:8; Mat 18:15

Levitike 19:18

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pr 20:22; Bar 12:19
  • +Mat 5:43, 44; 22:39; Bar 13:9; Gal 5:14; Jak 2:8

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (O Ithutoang),

    12/2021, maq. 10-12

    Molula-Qhooa,

    4/15/2011, leq. 22

    12/1/2006, maq. 26-27

    “Lengolo Lohle,” leq. 29

Levitike 19:19

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 22:9
  • +De 22:11

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (O Ithutoang),

    12/2021, leq. 6

Levitike 19:21

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 6:6, 7

Levitike 19:23

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “se tla lula se sa bolla.”

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (O Ithutoang),

    12/2021, maq. 6-7

Levitike 19:24

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 26:1, 2; Pr 3:9

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (O Ithutoang),

    12/2021, maq. 6-7

Levitike 19:25

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (O Ithutoang),

    12/2021, maq. 6-7

Levitike 19:26

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 3:17; 17:13; De 12:23; Lik 15:20, 29
  • +Ex 8:7; De 18:10-12; Gal 5:19, 20; Tše 21:8

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Tsoha!,

    9/8/1993, leq. 12

Levitike 19:27

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 21:1, 5

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    5/15/2004, leq. 24

    Tsoha!,

    2/8/2000, maq. 22-24

Levitike 19:28

Linaletsana

  • *

    Kapa: “itšeha ’meleng.”

  • *

    Kapa: “la etsa lithathu ’meleng.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 14:1

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    7/15/2003, leq. 27

    4/1/1987, leq. 31

    Tsoha!,

    8/8/2000, maq. 16-17

Levitike 19:29

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 23:17
  • +Heb 13:4; 1Pe 4:3

Levitike 19:30

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “tšabe.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 20:10; 31:13

Levitike 19:31

Linaletsana

  • *

    Kapa: “mathuela.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 20:6; De 18:10-12; 1Kr 10:13; Esa 8:19
  • +Le 20:27; Lik 16:16

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Buka, khao. 24

Levitike 19:32

Linaletsana

  • *

    Kapa: “hlomphe.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pr 16:31; 20:29
  • +Job 32:6; Pr 23:22; 1Ti 5:1
  • +Job 28:28; Pr 1:7; 8:13; 1Pe 2:17

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    10/15/2008, leq. 21

    6/15/2000, leq. 21

    8/1/1999, leq. 20

    8/1/1994, leq. 27

    3/15/1993, leq. 27

    6/1/1987, leq. 5

    Tsoha!,

    10/8/2004, maq. 16-17

    4/8/1999, leq. 31

    Thabo ea Lelapa, leq. 149

Levitike 19:33

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 23:9

Levitike 19:34

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 12:49
  • +Ex 22:21

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (O Ithutoang),

    12/2021, leq. 12

Levitike 19:35

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 25:13, 15; Pr 20:10

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (O Ithutoang),

    12/2021, leq. 10

Levitike 19:36

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “efa e nepahetseng.” Sheba Ntlha ea B14.

  • *

    Ka Seheberu: “hine e nepahetseng.” Sheba Ntlha ea B14.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pr 11:1

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (O Ithutoang),

    12/2021, leq. 10

Levitike 19:37

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 18:5; De 4:6

Libibele tse Ling

Penya nomoro ea temana ho hlahisa liphetolelo tse ling tsa temana eo.

Litemana Tse Ling

Lev. 19:2Le 11:44; Esa 6:3; 1Pe 1:15, 16; Tše 4:8
Lev. 19:3Ex 20:12; Ef 6:2; Heb 12:9
Lev. 19:3Ex 20:8, 11; 31:13; Lu 6:5
Lev. 19:4Le 26:1; Ps 96:5; Hab 2:18; 1Ko 10:14
Lev. 19:4Ex 20:4, 23; De 27:15
Lev. 19:5Le 3:1
Lev. 19:5Le 7:11, 12
Lev. 19:6Le 7:17, 18
Lev. 19:9Le 23:22; De 24:19
Lev. 19:10De 15:7
Lev. 19:11Ex 20:15; Ef 4:28
Lev. 19:11Le 6:2; Pr 12:22; Ef 4:25
Lev. 19:12Ex 20:7; Mat 5:33, 37; Jak 5:12
Lev. 19:13Pr 22:16; Mar 10:19
Lev. 19:13Pr 22:22
Lev. 19:13De 24:15; Jer 22:13; Jak 5:4
Lev. 19:14De 27:18
Lev. 19:14Le 25:17; Ne 5:15; Pr 1:7; 8:13; 1Pe 2:17
Lev. 19:15Ex 23:3; De 1:16, 17; 16:19; 2Kr 19:6; Bar 2:11; Jak 2:9
Lev. 19:16Ps 15:1, 3
Lev. 19:16Ex 20:16; 1Ma 21:13
Lev. 19:17Pr 10:18; 1Jo 2:9; 3:15
Lev. 19:17Ps 141:5; Pr 9:8; Mat 18:15
Lev. 19:18Pr 20:22; Bar 12:19
Lev. 19:18Mat 5:43, 44; 22:39; Bar 13:9; Gal 5:14; Jak 2:8
Lev. 19:19De 22:9
Lev. 19:19De 22:11
Lev. 19:21Le 6:6, 7
Lev. 19:24De 26:1, 2; Pr 3:9
Lev. 19:26Le 3:17; 17:13; De 12:23; Lik 15:20, 29
Lev. 19:26Ex 8:7; De 18:10-12; Gal 5:19, 20; Tše 21:8
Lev. 19:27Le 21:1, 5
Lev. 19:28De 14:1
Lev. 19:29De 23:17
Lev. 19:29Heb 13:4; 1Pe 4:3
Lev. 19:30Ex 20:10; 31:13
Lev. 19:31Le 20:6; De 18:10-12; 1Kr 10:13; Esa 8:19
Lev. 19:31Le 20:27; Lik 16:16
Lev. 19:32Pr 16:31; 20:29
Lev. 19:32Job 32:6; Pr 23:22; 1Ti 5:1
Lev. 19:32Job 28:28; Pr 1:7; 8:13; 1Pe 2:17
Lev. 19:33Ex 23:9
Lev. 19:34Ex 12:49
Lev. 19:34Ex 22:21
Lev. 19:35De 25:13, 15; Pr 20:10
Lev. 19:36Pr 11:1
Lev. 19:37Le 18:5; De 4:6
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha (bi12)
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
  • 28
  • 29
  • 30
  • 31
  • 32
  • 33
  • 34
  • 35
  • 36
  • 37
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Levitike 19:1-37

Levitike

19 Jehova a re ho Moshe: 2 “Bua le sechaba sohle sa Iseraele ’me u re ho sona, ‘Le halalele hobane ’na Jehova Molimo oa lona, kea halalela.+

3 E mong le e mong oa lona a hlomphe* ’mè oa hae le ntate oa hae+ ’me le boloke lisabatha tsa ka.+ Ke ’na Jehova Molimo oa lona. 4 Le se ke la latela melimo e se nang thuso+ kapa la iketsetsa melimo e entsoeng ka tšepe.+ Ke ’na Jehova Molimo oa lona.

5 Haeba le tlisa nyehelo ea sehlabelo se kopanetsoeng ho Jehova,+ le se nyehele ka tsela e tla etsa hore a le amohele.+ 6 Se jeoe letsatsing leo le fanang ka sona le letsatsing le hlahlamang empa se setseng ho fihlela letsatsing la boraro se lokela ho chesoa mollong.+ 7 Haeba karolo e ’ngoe ea sona e jeoa letsatsing la boraro, ke ntho e silafetseng e ke keng ea amoheleha. 8 Ea se jang o tla arabella phoso ea hae hobane o silafalitse sehlabelo se kopanetsoeng sa Jehova ’me motho eo a bolaoe har’a sechaba sa habo.

9 Ha le kotula lijalo tšimong ea lona, le se ke la kotula moeli oa tšimo ea lona ka ho feletseng ’me ha lea lokela ho thonaka se setseng.*+ 10 Hape, le se ke la bokella morara o setseng lirapeng tsa lona tsa morara kapa la thonaka o hasaneng. Le o siele ba futsanehileng+ le balichaba. Ke ’na Jehova Molimo oa lona.

11 Le se ke la utsoa,+ le se ke la bua leshano+ hape le se ke la etsetsana bolotsana. 12 Le se ke la hlapanya ka leshano ka lebitso+ la ka eaba le hlompholla lebitso la Molimo oa lona. Ke ’na Jehova. 13 U se ke oa etsetsa motho e mong bolotsana+ ’me u se ke oa tlatlapa.+ Ha oa lokela ho lula ka moputso oa mohiruoa bosiu bohle ho fihlela hoseng.+

14 U se ke oa rohaka* motho ea sa utloeng litsebeng kapa oa beha ntho e ka khopang sefofu,+ u lokela ho tšaba Molimo oa hao.+ Ke ’na Jehova.

15 Le ahlole ka toka. Le se ke la ba leeme ho batho ba futsanehileng kapa la nkela ba ruileng holimo.+ Le ahlole motho e mong le e mong ka toka.

16 U se ke oa tsamaea u ntse u jala mashano ka sepheo sa ho senya ba bang lebitso har’a batho ba heno.+ U se ke oa batla hore bophelo* ba motho e mong bo felisoe.*+ Ke ’na Jehova.

17 U se ke oa hloea ngoan’eno ka pelong ea hao.+ U mo khalemele+ e le hore u se ke oa ba molato oa sebe joaloka eena.

18 U se ke oa iphetetsa+ kapa oa tšoara batho ba bang ka pelo hape u rate motho e mong joalokaha u ithata.+ Ke ’na Jehova.

19 Le latele litaelo tsena tsa ka: Le se ke la kopanya liphoofolo tsa lona tse ruuoang tsa mefuta e ’meli hore li tlolelane. Le se ke la jala mefuta e ’meli ea peo masimong a lona+ ’me le se ke la apara liaparo tse entsoeng ka mefuta e ’meli ea khoele e lohelletsoeng hammoho.+

20 Joale haeba monna a etsa thobalano le mosali ’me mosali eo e le mosebeletsi ea tšepisitsoeng monna e mong empa a e-s’o lokolloe, ba fuoe kotlo. Leha ho le joalo, ba se ke ba bolaoa hobane mosali eo o ne a e-s’o lokolloe. 21 Monna eo a tlise ramo e le nyehelo ea hae ea molato+ ho Jehova monyako oa tente ea pokano. 22 Moprista a mo etsetse sehlabelo sa ho tšoareloa libe ka ramo ea nyehelo ea molato ka pel’a Jehova bakeng sa sebe seo a se entseng ’me o tla se tšoareloa.

23 Ha le fihla naheng eo ’me le lema sefate leha e le sefe bakeng sa lijo, le nke litholoana tsa sona e le tse sa hloekang le tse sa lokelang ho jeoa. Sefate seo se tla thibeloa* ka lilemo tse tharo bakeng sa lona. Ha sea lokela ho jeoa. 24 Empa selemong sa bone, litholoana tsohle tsa sona e tla ba tse halalelang ’me le fane ka tsona ho Jehova ka thabo.+ 25 Joale selemong sa bohlano, le ka ja litholoana tsa sona e le hore le eketse lihlahisoa lijong tsa lona tse kotutsoeng. Ke ’na Jehova Molimo oa lona.

26 Le se ke la ja letho le nang le mali.+

Le se ke la batla lipontšo tsa se tlang kapa la sebelisa boselamose.+

27 Le se ke la kuta moriri o mahlakoreng a lihlooho tsa lona kapa la senya litelu tsa lona ka mathoko.+

28 Le se ke la iphatsetsa mofu*+ kapa la ingola ’meleng.* Ke ’na Jehova.

29 U se ke oa hlompholla morali oa hao ka ho mo etsa letekatse+ e le hore naha e se ke ea etsa botekatse ’me ea tlala boitšoaro bo bobe.+

30 Le boloke lisabatha tsa ka+ ’me le hlomphe* sehalalelo sa ka. Ke ’na Jehova.

31 Le se ke la batla thuso ho batho ba reng ba buisana le balimo+ ’me le se ke la batla keletso ho batho ba reng ba bolela liketsahalo esale pele*+ e le hore ba se ke ba le silafatsa. Ke ’na Jehova Molimo oa lona.

32 U hlomphe motho ea moriri o moputsoa,+ u tlotle* motho ea tsofetseng+ ’me u tšabe Molimo oa hao.+ Ke ’na Jehova.

33 Haeba molichaba a lula le lona naheng ea lona, le se ke la mo sotla.+ 34 Molichaba ea lulang le lona a be joaloka Moiseraele har’a lona,+ le mo rate joalokaha le ithata hobane le ne le le balichaba naheng ea Egepeta.+ Ke ’na Jehova Molimo oa lona.

35 Le se ke la sebelisa lintho tse qhekanyetsang ha le metha bolelele, boima kapa ntho leha e le efe.+ 36 Le sebelise likala tse nepahetseng, boima bo nepahetseng, tekanyo e nepahetseng ea lintho tse ommeng* le tse metsi.*+ Ke ’na Jehova Molimo oa lona, ea le ntšitseng naheng ea Egepeta. 37 Le latele litaelo tsohle tsa ka le melao eohle ea ka.+ Ke ’na Jehova.’”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela