BUKA EA BOBELI EA MARENA
1 Ka mor’a lefu la Akabe, naha ea Moabe+ e ile ea fetohela naha ea Iseraele.
2 Akazia a oa a le marulelong a kamore ea ntlo ea hae e Samaria ’me a lemala. A re ho baromuoa: “Tsamaeang le e’o botsa Baale-zebube molimo oa Ekrone+ hore na ke tla fola.”+ 3 Lengeloi la Jehova la re ho Elia*+ oa Motishba: “Tsamaea u e’o kopana le baromuoa ba morena oa Samaria ’me u re ba mo botse hore na ke hobane ho se na Molimo Iseraele ha e le mona a botsa Baale-zebube molimo oa Ekrone hore na o tla fola.+ 4 Ka lebaka leo, Jehova o itse: ‘U ke ke oa tsoha betheng eo u robetseng ho eona hobane u tl’o shoa.’” Ka mor’a moo, Elia a tsamaea.
5 Ha baromuoa ba khutlela ho Akazia a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le khutlile kapele tjee?” 6 Ba re ho eena: “Re ile ra kopana le monna e mong eaba o re re khutlele ho uena morena ’me re u bolelle molaetsa o tsoang ho Jehova o reng, ‘Na ke hobane ho se na Molimo Iseraele ha e le mona u botsitse Baale-zebube molimo oa Ekrone hore na u tla fola? Ka lebaka leo, u ke ke oa tsoha betheng eo u robetseng ho eona hobane u tl’o shoa.’”+ 7 Akazia a re ho bona: “Monna ea buileng mantsoe ao o ne a shebahala joang?” 8 Ba re ho eena: “O ne a apere seaparo se entsoeng ka boea+ ’me a itlamme ka lebanta la letlalo thekeng.”+ Akazia a re: “Ke Elia oa Motishba.”
9 Morena a romela molaoli oa masole a 50 le masole a hae ho Elia. O ile a fumana Elia a lutse ka holim’a thaba. A re ho eena: “Mohlanka oa Molimo oa ’nete,+ morena oa u bitsa.” 10 Elia a re ho molaoli eo: “Haeba ke mohlanka oa Molimo, mollo o ke o theohe leholimong+ ’me o u chese hammoho le masole a hao a 50.” Mollo oa Molimo oa theoha leholimong ’me oa mo chesa le masole a hae.
11 Morena a romela molaoli e mong oa masole a 50 le masole a hae ho Elia. Molaoli eo a fihla a re ho eena: “Mohlanka oa Molimo oa ’nete, morena o re u ee ho eena kapele.” 12 Elia a re: “Haeba ke mohlanka oa Molimo oa ’nete, mollo o ke o theohe leholimong ’me o u chese hammoho le masole a hao a 50.” Mollo oa Molimo oa theoha leholimong ’me oa mo chesa le masole a hae.
13 Morena a romela molaoli oa boraro oa masole a 50 le masole a hae. Molaoli eo eena a fihla a khumama* ka pel’a Elia ’me a mo kopa a re: “Mohlanka oa Molimo oa ’nete, ke kopa hore u nkhauhele u be u hauhele le bahlanka bana ba hao ba 50. 14 Mollo o theohile leholimong ’me o chesitse balaoli ba babeli ba tlileng pele ho ’na hammoho le masole a bona empa ’na ke kopa hore u nkhauhele.”
15 Lengeloi la Jehova la re ho Elia: “Tsamaea le eena ’me u se ke oa mo tšaba.” Elia a ea le eena ho morena. 16 Elia a re ho morena: “Jehova o re kaha u entse eka ha ho na Molimo Iseraele+ ka hore u rome baromuoa hore ba botse Baale-zebube molimo oa Ekrone+ hore na u tla fola, u ke ke oa tsoha betheng eo u robetseng ho eona hobane u tl’o shoa.” 17 Akazia a shoa feela joalokaha Jehova a buile a sebelisa Elia. Jorame*+ ea e-ba morena hobane Akazia o ne a se na mora. Jorame e bile morena ha Jorame+ mora oa Josafate a e-na le lilemo tse peli a busa Juda.
18 Histori eohle ea Akazia+ le lintho tsohle tseo a ileng a li etsa, li ngotsoe bukeng ea histori ea marena a Iseraele.
2 Ha Jehova a le haufi le ho nkela Elia+ maholimong* ka sefefo,+ Elia le Elisha+ ba tloha Gilgale.+ 2 Elia a re ho Elisha: “Ke kopa u sale mona hobane Jehova o itse ke ee Bethele.” Empa Elisha a re: “Ke hlapanya ka uena le ka Jehova Molimo ea phelang hore nke ke ka u tlohela.” Ba tsamaea ba ea Bethele.+ 3 Bara ba baprofeta* ba Bethele ba tla ho Elisha ’me ba re ho eena: “Na oa tseba hore kajeno Jehova o tl’o nka mong’a hao?”+ Elisha a re: “Kea tseba, tholang.”
4 Elia a re ho Elisha: “Ke kopa u sale mona hobane Jehova o itse ke ee Jeriko.”+ Empa Elisha a re: “Ke hlapanya ka uena le ka Jehova Molimo ea phelang hore nke ke ka u tlohela.” Ba tsamaea ba ea Jeriko. 5 Bara ba baprofeta ba Jeriko ba ea ho Elisha ’me ba re ho eena: “Na oa tseba hore kajeno Jehova o tl’o nka mong’a hao?” Elisha a re: “Kea tseba, tholang.”
6 Elia a re ho Elisha: “Ke kopa u sale mona hobane Jehova o itse ke ee Jordane.” Empa Elisha a re: “Ke hlapanya ka uena le ka Jehova Molimo ea phelang hore nke ke ka u tlohela.” Ba tsamaea ba le babeli. 7 Ha Elia le Elisha ba le Jordane, bara ba 50 ba baprofeta ba ba sala morao ’me ba ema moo ba khonang ho ba bona. 8 Elia a nka seaparo sa hae se khethehileng+ a se sotha ’me a otla metsi ka sona. Metsi a arohana, a ea ka lehlakoreng le letona le le letšehali eaba ba tšela moo ho ommeng.+
9 Ha ba qeta ho tšela, Elia a re ho Elisha: “U batla ke u etsetse’ng pele ke tlosoa ho uena?” Elisha a re: “Ke kopa u mphe likarolo tse peli+ tsa moea o halalelang oo Molimo a u fileng oona.”+ 10 Elia a re: “U kopile ntho e thata. Haeba u tla mpona ha ke tlosoa ho uena, u tla o fuoa empa haeba u sa mpone, u ke ke oa o fuoa.”
11 Ha ba ntse ba le tseleng ba bua, kariki ea ntoa e tukang mollo le lipere tse tukang mollo+ tsa ba arola ’me Elia a nyolleloa maholimong* ka sefefo.+ 12 Elisha o ne a shebeletse ’me a hoeletsa a re: “Ntate, Ntate! Bona kariki ea ntoa le bapalami ba lipere ba Iseraele!”+ Ha Elisha a se a sa bone Elia, a tabola liaparo tsa hae likotoana tse peli.+ 13 Ka mor’a moo, a nka seaparo se khethehileng+ sa Elia se ileng sa oa eaba oa khutla o ema lebopong la Jordane. 14 A nka seaparo se khethehileng sa Elia ’me a otla metsi ka sona eaba o re: “O kae Jehova, Molimo oa Elia?” Ha Elisha a otla metsi, a arohana a ea ka lehlakoreng le letona le le letšehali eaba oa tšela.+
15 Ha bara ba baprofeta ba Jeriko ba mo bona a tla le mane ba re: “Moea o halalelang oa Molimo o neng o le ho Elia o lutse ho Elisha.”+ Ba ea ho eena ’me ba khumama* ka pel’a hae. 16 Ba re ho eena: “Banna ba 50 ba nang le bokhoni ke bana. E-re ba tsamaee ba e’o sheba mong’a hao. Mohlomong moea o halalelang oa Jehova o mo nkile oa mo lahlela thabeng kapa khohlong.”+ Empa Elisha a re: “Le se ke la ba romela.” 17 Ba mo phehella ho fihlela a soaba a re: “Ba romeleng.” Ba romela banna bao ba 50 ’me ba batlana le Elia ka matsatsi a mararo empa ba se ke ba mo fumana. 18 Ba khutlela Jeriko moo Elisha a neng a lula teng.+ A re ho bona: “Ke le boleletse hore le se ke la ea.”
19 Banna ba motse ba re ho Elisha: “Mong’a rona oa bona hore motse o sebakeng se setle+ empa metsi a litšila ebile naha ha e hlahise lijo.”* 20 Elisha a re: “Ntlisetseng sejana se senyenyane se secha ’me le tšele letsoai ka ho sona.” Ba se tlisa. 21 A ea mohloling oa metsi ao ’me a tšela letsoai ka ho ’ona+ a re: “Jehova o re o hloekisitse metsi ana. Ha a sa tla hlola a baka lefu ’me le naha e tla ba le lijo.”* 22 Metsi ao a ntse a hloekile ho fihlela letsatsing lena ho ea ka seo Elisha a se buileng.
23 Elisha a nyolohela Bethele. Ha a ntse a tsamaea, bashanyana ba tsoang motseng ba ’na ba mo soma+ ba re: “Tsamaea uena ralefatla! Tsamaea uena ralefatla!” 24 Qetellong a hetla a ba sheba eaba o ba rohaka ka lebitso la Jehova. Libere tse peli tse tšehali+ tsa tsoa morung tsa hlasela bashanyana bao ’me tsa bolaea ba 42 ho bona.+ 25 A tloha moo ’me a ea Thabeng ea Karmele,+ ka mor’a moo a khutlela Samaria.
3 Jorame+ mora oa Akabe ea e-ba morena oa Baiseraele Samaria ha Morena Josafate a e-na le lilemo tse 18 a busa Juda. Jorame o busitse ka lilemo tse 12. 2 A ’na a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova empa eseng ho feta batsoali ba hae hobane o ile a tlosa pilara e halalelang ea Baale eo ntate oa hae a neng a e entse.+ 3 Empa o ile a etsa libe tseo Jeroboame mora oa Nebate a neng a entse hore Baiseraele ba li etse.+ Ha aa ka a li tlohela.
4 Mesha morena oa Moabe o ne a ruile linku. O ne a ntša lekhetho la likonyana tse 100 000 le liramo tse 100 000 tse sa kutoang ho morena oa Iseraele. 5 Ha Akabe a qeta ho shoa,+ morena oa Moabe a fetohela morena oa Iseraele.+ 6 Ka lebaka leo, Morena Jorame a tloha Samaria letsatsing leo ’me a bitsa Baiseraele bohle. 7 A boela a romela molaetsa ho Morena Josafate oa Juda o reng: “Morena oa Moabe o mphetohetse. Na u tla tsamaea le ’na ho ea mo loantša?” Morena Josafate a re: “Ke tla tsamaea+ le uena le sechaba sa ka le lipere tsa ka.”+ 8 A re: “Re tla tsamaea ka tsela efe?” Jorame a re: “Ka tsela ea lefeella la Edomo.”
9 Morena oa Iseraele, morena oa Juda le morena oa Edomo ba tsamaea.+ Ka mor’a matsatsi a supileng ho ne ho se na metsi bakeng sa masole a bona le liphoofolo tseo ba neng ba tsamaea le tsona. 10 Morena oa Iseraele a re: “Ke bomalimabe hore ebe Jehova o re bitsitse re le marena a mararo hore feela re tl’o hloloa ke Bamoabe.” 11 Josafate a re: “Na ha ho na moprofeta oa Jehova moo eo re ka mo botsang hore na Jehova o re’ng?”+ E mong oa bahlanka ba morena oa Iseraele a re: “Ho na le Elisha+ mora oa Shafate ea neng a tšella Elia metsi e le hore a hlape matsoho.”*+ 12 Josafate a re: “A ka re bolella hore na Jehova o re’ng.” Morena oa Iseraele, Josafate le morena oa Edomo ba ea ho eena.
13 Elisha a re ho morena oa Iseraele: “U batla’ng moo?+ E-ea ho baprofeta ba batsoali ba hao.”+ Empa morena oa Iseraele a re ho eena: “Che, ke Jehova ea re bitsitseng re le marena a mararo hore re tl’o hloloa ke Bamoabe.” 14 Elisha a re: “Ke hlapanya ka Jehova oa mabotho ea phelang eo ke mo sebeletsang* hore haeba e ne e se ka Morena Josafate+ oa Juda, ke ne ke sa tl’o u mamela ho hang.+ 15 Ntlisetseng motho ea letsang harepa.”*+ Hang ha motho eo a letsa harepa, moea o halalelang oa Jehova oa e-ba holim’a Elisha.+ 16 Elisha a re: “Jehova o re le cheke liforo tse ngata khohlong* ena 17 kaha Jehova o itse, ‘Le ke ke la bona moea kapa pula empa khohlo ena e tla tlala metsi+ ’me le tla noa ho eona le liphoofolo tsa lona.’ 18 Ena ke ntho e bonolo ho Jehova+ hobane o tla boela a etse hore le hlole Bamoabe.+ 19 Le felise metse eohle ea bohlokoa le e sireletsehileng,+ le reme lifate tsohle tse behang, le koale mehloli eohle ea metsi ’me le lahlele majoe masimong ’ohle a matle e le hore ba se ke ba khona ho lema.”+
20 Hoseng ha ho etsoa nyehelo ea lijo,*+ ha hlaha metsi Edomo ’me metsi ao a tlala naheng eohle.
21 Bamoabe bohle ba utloa hore ho na le marena a tlileng ho tla ba loantša eaba ba bokella banna bohle ba lilemong tsa ho ea ntoeng.* Ba ema moeling oa naha ea bona. 22 Ha Bamoabe ba tsoha hoseng, letsatsi le ne le chabetse ka metsing ’me lehlakoreng leo ba neng ba le ka ho lona metsi a bonahala a le mafubelu joaloka mali. 23 Ba re: “Hona ke mali. Kannete marena a bolaeane ka sabole. Bamoabe, a re eeng re e’o nka lintho tsa bona!”+ 24 Ha ba fihla litenteng tsa Baiseraele, Baiseraele ba ba hlasela ’me Bamoabe ba baleha.+ Ba ba lelekisa ho fihlela Moabe ba ntse ba ba bolaea. 25 Ba felisa metse eohle. Banna bohle ba tlatsa majoe masimong, ba koala mehloli eohle ea metsi+ ’me ba rema le lifate tsohle tse behang.+ Ho ile ha sala feela marako a entsoeng ka majoe a Kire-haresethe+ ’me masole a neng a pota-potile motse, a o hlasela ka majoe a sebelisa matjeketjane.
26 Ha morena oa Moabe a bona hore o hlotsoe, a leka ho baleha ntoeng ka hore a loantše morena oa Edomo+ ka banna ba 700 ba tšoereng lisabole empa ha aa ka a khona. 27 A etsa sehlabelo sa secheso lerakong ka mora oa hae oa letsibolo ea neng a tla busa ka mor’a hae.+ Ka lebaka leo, batho* ba halefela Iseraele eaba ba khutlela metseng ea bona.
4 E mong oa basali ba bara ba baprofeta+ a hoeletsa Elisha a re: “Monna oa ka e leng mohlanka oa hao o shoele ’me oa tseba hore o ne a tšaba Jehova.+ Monna eo re mo kolotang o batla ho nka bana ba ka ba le babeli a ba etse makhoba a hae.” 2 Elisha a re ho eena: “U batla hore ke u etsetse’ng? Mpolelle hore na u na le eng ka tlung?” A re: “Ke na le nkho* ea oli feela.”+ 3 Elisha a re: “Tsamaea u e’o alima lijana tse sa tšelang ho baahisani ba hao. U nke tse ngata. 4 U kene ka tlung ’me u ikoalle ka teng le bara ba hao. U tšele oli ka har’a tsona kaofela ’me tse tletseng u li behelle ka thoko.” 5 Mosali eo a tloha ho Elisha.
Ha a qeta ho ikoalla ka tlung le bara ba hae, ba mo neheletsa lijana ’me a tšela oli ka ho tsona.+ 6 Ha lijana li tletse, a re ho e mong oa bara ba hae: “Ntlisetse sejana se seng.”+ Empa mora oa hae a re: “Ha ho sa na lijana tse ling.” Ka mor’a moo, oli ha ea ka ea hlola e tsoa.+ 7 Mosali eo a ea ho mohlanka oa Molimo oa ’nete e leng Elisha ’me a mo bolella. Elisha a re: “Tsamaea u e’o rekisa oli eo ’me u patale likoloto tsa hao, e setseng u e sebelisetse ho iphelisa le bara ba hao.”
8 Ka letsatsi le leng, Elisha a ea Shuneme+ moo ho neng ho e-na le mosali e mong ea tsebahalang. Mosali eo o ile a mo phehella hore a tle ha hae a tl’o ja.+ E ne e re ha a feta moo ebe o kena ha hae hore a e’o ja. 9 Mosali eo a re ho monna oa hae: “Ke hlokometse hore monna ea tloaetseng ho tla ho rona kamehla ke moprofeta oa Molimo. 10 Ke kopa re mo etsetse kamore e nyenyane marulelong+ ’me re mo behele bethe, setulo, tafole le seluloana sa lebone. Etlare ha a tlile a lule ka ho eona.”+
11 Ka letsatsi le leng, Elisha a ea ho mosali eo ’me a robala kamoreng e marulelong. 12 A re ho mohlanka oa hae Gehazi:+ “Mpitsetse mosali eo oa Moshuneme.”+ A mo bitsa eaba mosali eo oa tla ’me o ema ka pel’a hae. 13 Elisha a re ho Gehazi: “Ke kopa u mo botse hore na joalokaha a iteletse rona,+ nka mo etsetsa’ng.+ Ke mo buelle ho morena+ kapa ho molaoli oa masole?” Empa mosali eo a re: “Che, ke lula ka khotso har’a batho ba heso.” 14 Elisha a re: “A ka etsetsoa’ng?” Gehazi a re: “Ha a na mora+ ebile monna oa hae o tsofetse.” 15 Hang-hang Elisha a re: “Mo bitse.” Gehazi a mo bitsa eaba mosali eo oa tla ’me o ema monyako. 16 Elisha a re: “Selemong se tlang ka eona nako ena u tla be u e-na le mora.”+ Empa mosali eo a re: “U se ke oa nthetsa hle mohlanka oa Molimo oa ’nete.”
17 Mosali eo a ima ’me a ba le mora selemong se latelang, hantle ka nako eo Elisha a neng a buile ka eona. 18 Ngoana eo a hola ’me ka letsatsi le leng a ea ho ntate oa hae ha a ntse a e-na le batho ba kotulang. 19 A ’na a re ho ntate oa hae: “Ke tšoeroe ke hlooho, ke tšoeroe ke hlooho.” Ntate oa hae a re ho mohlanka oa hae: “Mo ise ho ’mè oa hae.” 20 Mohlanka a mo isa ho ’mè oa hae. Ngoana a lula holim’a ’mè oa hae ho fihlela motšehare eaba oa shoa.+ 21 A mo robatsa betheng ea Elisha mohlanka oa Molimo oa ’nete+ eaba o mo koalla ka moo. 22 A bitsa monna oa hae ’me a re ho eena: “Ke kopa u nthomelle mohlanka a le mong le tonki ’me ke ee ho mohlanka oa Molimo oa ’nete kapele ke be ke khutle.” 23 Empa monna oa hae a re: “Ke hobane’ng ha u ea ho eena kajeno? Ha se khoeli e ncha+ ebile ha se sabatha.” Empa mosali oa hae a re: “U se ke oa tšoenyeha, lintho li hantle.” 24 Mosali eo a qhaneha tonki ’me a re ho mohlanka oa hae: “Potlaka. Ke tla u bolella ha ke re u fokotse lebelo.”
25 A ea ho Elisha mohlanka oa Molimo oa ’nete Thabeng ea Karmele. Ha Elisha a mo bona a tla le mane, a re ho mohlanka oa hae Gehazi: “Mosali oa Moshuneme ke eane. 26 Ke kopa u mathele ho eena u mo botse hore na o ntse a ea joang le hore na monna oa hae le ngoana ba ntse ba ea joang.” Mosali eo a re ho Gehazi: “Re ntse re ea hantle.” 27 Ha a fihla ho Elisha thabeng, a mo tšoara maotong.+ Gehazi a tla ’me a batla ho mo tlosa empa Elisha a re: “Mo tlohele hobane o utloile bohloko ’me Jehova ha a mpolella taba ena.” 28 Mosali eo a re: “Na ke u kopile hore u mphe mora? Na ha kea re u se ke oa ntšepisa ntho e sieo?”+
29 Elisha a re ho Gehazi: “Tlama liaparo tsa hao thekeng,+ u nke molamu oa ka ’me u tsamaee. Haeba u kopana le motho, u se ke oa mo lumelisa ’me haeba a u lumelisa, u se ke oa mo araba. Ha u fihla u behe molamu oa ka holim’a sefahleho sa moshanyana eo.” 30 ’Mè oa ngoana a re: “Ke hlapanya ka uena le ka Jehova Molimo ea phelang hore nke ke ka u siea.”+ Elisha a tsamaea le eena. 31 Gehazi o ile a tsamaea pele ho bona ’me a fihla a beha molamu holim’a sefahleho sa moshanyana eo empa ha aa ka a tsoha.+ Gehazi a khutlela ho Elisha ’me a mo bolella hore moshanyana eo ha a tsoha.
32 Ha Elisha a fihla ka tlung, moshanyana eo o ne a shoele ’me a robalitsoe holim’a bethe ea hae.+ 33 A kena ka kamoreng eo ngoana a neng a le ka ho eona ’me a ikoalla le eena ka moo eaba o rapela Jehova.+ 34 A robala holim’a moshanyana ’me a beha molomo oa hae holim’a molomo oa hae, mahlo a hae holim’a mahlo a hae le matsoho a hae holim’a matsoho a hae, a etsa joalo ho fihlela ’mele oa moshanyana o futhumala.+ 35 A theoha betheng eaba o ea koana le koana ka tlung. Ka mor’a moo, a hloella betheng ’me a robala holim’a moshanyana hape. Moshanyana a thimola ka makhetlo a supileng, ka mor’a moo a bula mahlo.+ 36 Elisha a bitsa Gehazi ’me a re: “Bitsa mosali oa Moshuneme.” A mo bitsa eaba oa tla. Elisha a re: “Nka mora oa hao ke enoa.”+ 37 Mosali eo a khumama* ka pel’a hae, ka mor’a moo a nka mora oa hae eaba oa tsoa.
38 Ha Elisha a khutlela Gilgale, a fumana ho e-na le tlala naheng.+ Ha a ntse a lutse le bara ba baprofeta+ a re ho mohlanka oa hae:+ “Phehela bara ba baprofeta sechu ka pitsa e kholo.” 39 E mong oa bona a ea masimong ’me a kha meroho. Ha a ntse a le moo, a bona sefate sa mohope sa naheng eaba o kha litholoana tsa sona ’me o li tlatsa ka har’a seaparo sa hae. Ha a khutla a khabella lintho tseo ka pitseng a sa tsebe hore na ke’ng. 40 Hamorao banna bao ba tšelloa sechu, ha ba qeta ho se latsoa ba hoeletsa ba re: “Elisha, lijo tsena li na le chefo.” Ba ile ba hloleha ho se ja. 41 Elisha a re: “Tlisang phofo.” Ka mor’a hore a e tšele ka pitseng eo a re: “Ngoathelang batho.” Ho ne ho se na chefo ka pitseng.+
42 Monna ea tsoang Baale-shalisha+ a tlisetsa Elisha mohlanka oa Molimo oa ’nete lilofo tse 20 tsa bohobe ba harese+ e kotutsoeng pele, a mo tlisetsa le mokotla oa harese.+ Elisha a re: “Li fe batho hore ba je.” 43 Empa mohlanka oa hae a re: “Lijo tsena li ke ke tsa lekana batho ba 100.”+ Elisha a re: “Li fe batho e le hore ba je hobane Jehova o itse ba tla ja ’me ho be le tse salang.”+ 44 Mohlanka a ba fa eaba baa ja ’me ha e-ba le tse salang+ joalokaha Jehova a ne a boletse.
5 Naamane e ne e le molaoli oa masole a morena oa Siria eo morena a neng a mo nka e le motho oa bohlokoa hobane Jehova o ile a sebelisa eena hore Siria e hlole* ntoeng. E ne e le monna ea matla a bile a le sebete le hoja a ne a tšoeroe ke lepera.* 2 Ka letsatsi le leng ha Basiria ba tsoa hlasela Iseraele, ba tla ba hapile ngoanana e monyenyane ’me a sebeletsa mosali oa Naamane. 3 Ngoanana eo a re ho mosali oa Naamane: “Ho na le moprofeta Samaria.+ Haeba moren’a ka a ka ea ho eena, a ka mo folisa lepera.”+ 4 A* bolella morena oa hae hore na ngoanana oa Moiseraele o itse’ng.
5 Morena oa Siria a re ho Naamane: “Tsamaea. Ke tla romella morena oa Iseraele lengolo.” A tsamaea a nkile silevera ea boima ba lik’hilokramo tse 342,* likotoana tse 6 000 tsa khauta le liaparo tse leshome. 6 A romella morena oa Iseraele lengolo le reng: “Ke romela lengolo lena le mohlanka oa ka Naamane hore u mo folise.” 7 Ka mor’a hore morena oa Iseraele a bale lengolo, a tabola liaparo tsa hae ’me a re: “Ke hobane’ng ha a romela monna eo ho ’na hore ke tl’o mo folisa lepera? Na ke ’na Molimo ’me na ke na le matla a ho bolaea kapa a ho phelisa?+ Le lona lea bona hore o batla re qabane.”
8 Empa ha mohlanka oa Molimo oa ’nete e leng Elisha a utloa hore morena oa Iseraele o tabotse liaparo tsa hae, a romela molaetsa ho eena a re: “Ke hobane’ng ha u tabotse liaparo tsa hao? Ke kopa u mo lumelle a tle ho ’na a tle a tsebe hore ho na le moprofeta Iseraele.”+ 9 Naamane a ea ho Elisha ka lipere le ka likariki tsa hae tsa ntoa ’me a fihla a ema pel’a monyako oa ntlo ea hae. 10 Elisha a roma moromuoa hore a re ho Naamane: “Tsamaea u e’o hlapa ka makhetlo a supileng+ Jordane+ ’me u tla fola u be u hloeke.” 11 Naamane a halefa, a tsamaea a ntse a re: “Ke ne ke nahanne hore o tla tla ho ’na, a rapele Jehova Molimo oa hae a ntse a isa letsoho koana le koana moo ke nang le lepera e le hore a le folise. 12 Na metsi a linoka tsa Damaseka+ e leng Abana le Parpare ha a molemo ho feta metsi ’ohle a Iseraele? Na nke ke ka hloeka ha nka hlapela ho tsona?” A tsamaea a halefile.
13 Bahlanka ba hae ba ea ho eena ba re: “Monghali, na ha se ’nete hore haeba moprofeta a ne a itse u etse ntho e kholo u ne u tla e etsa? Empa o itse u etse ntho e bonolo feela ea hore u hlape ’me u hloeke.” 14 Naamane a theohela nokeng ea Jordane a itahlela ka ho eona ka makhetlo a supileng ho ea ka seo mohlanka oa Molimo oa ’nete a se buileng.+ A fola ’me letlalo* la hae la e-ba joaloka la moshanyana+ ’me a hloeka.+
15 Ka mor’a moo, Naamane a tsamaea le masole ’ohle a hae a ea ho mohlanka oa Molimo oa ’nete+ a fihla a re: “Kannete kea tseba hore ha ho na Molimo kae kapa kae ntle le Iseraele.+ Ke kopa u amohele mpho* ena e tsoang ho ’na mohlanka oa hao.” 16 Elisha a re: “Ke hlapanya ka Jehova Molimo ea phelang eo ke mo sebeletsang* hore nke ke ka e amohela.”+ Naamane a mo phehella empa Elisha a ’na a hana. 17 Naamane a re: “Haeba u sa nke mpho ea ka, ke kopa ho fuoa mobu oa Iseraele o ka jaroang ke limmoulo tse peli hobane ha ke sa tla hlola ke etsetsa melimo leha e le efe nyehelo ea secheso kapa mahlabelo ntle le Jehova. 18 E se eka Jehova a ka ntšoarela hobane ha morena oa Siria a ea tempeleng* ho ea khumamela* Rimone, o itšoarelletsa ka ’na ebe le ’na kea khumama. E se eka Jehova a ka ntšoarela ha ke khumama tempeleng ea Rimone.” 19 Elisha a re ho eena: “Tsamaea ka khotso.” Naamane a tloha ho eena ’me ha a se a tsamaile sebaka se itseng, 20 Gehazi+ mohlanka oa Elisha mohlanka oa Molimo oa ’nete+ a bua a le mong a re: ‘Moren’a ka o tlohetse Naamane oa Mosiria+ hore a tsamaee ’me ha a amohela mpho eo a neng a mo tliselitse eona. Ke hlapanya ka Jehova Molimo ea phelang hore ke tla matha ka mor’a hae ’me ke nke lintho tse ling ho eena.’ 21 Gehazi a lelekisa Naamane. Ha Naamane a bona hore ho na le motho ea tlang ka mor’a hae, a theoha kariki ea hae ’me a re ho eena: “Ke’ng, ho etsahala’ng?” 22 Gehazi a re: “Ha ho na letho. Mong’a ka o re ho na le bara ba baprofeta ba babeli ba qetang ho fihla ba tsoang lithabeng tsa Efraime. O kopa hore u ba fe silevera ea boima bo ka etsang lik’hilokramo tse 34* le liaparo tse peli.”+ 23 Naamane a re: “Ho lokile. Nka silevera ea boima bo ka etsang lik’hilokramo tse ka bang 68.”* A phehella Gehazi hore a e nke+ eaba o mo kenyetsa silevera le liaparo tse peli ka mekotleng e ’meli, a li fa bahlanka ba hae ba babeli hore ba mo jarele tsona.
24 Ha a fihla Ofele,* a li nka ho bona ’me a li beha ka tlung eaba o re bahlanka bao ba tsamaee. Ha ba qeta ho tsamaea, 25 a khutlela ho mong’a hae. Elisha a re ho eena: “Gehazi u tsoa hokae?” Gehazi a re: “Ha ho na moo ke tsoang teng.”+ 26 Elisha a re ho eena: “U nahana ha ke tsebe hore u ile oa sala monna eo morao ’me a theoha kariki ea hae ho ea kopana le uena? Na ke nako ea ho amohela silevera, liaparo, lifate tsa mehloaare, lirapa tsa morara, linku, likhomo le basebeletsi ba banna kapa ba basali?+ 27 Lepera la Naamane le tla tšoara uena+ le litloholo tsa hao ka ho sa feleng.” Ka eona nako eo a tloha ka pel’a Elisha e le molepera, a le mosoeu joaloka lehloa.+
6 Bara ba baprofeta+ ba re ho Elisha: “Sebaka seo re lulang ho sona se senyenyane. 2 Re kopa u re lumelle ho ea Jordane. Ha re fihla moo, re tla khaola lifate re iketsetse sebaka seo re tla lula ho sona.” Elisha a re: “Tsamaeang.” 3 E mong oa bona a re: “Re kopa u tsamaee le rona.” Elisha a re: “Ho lokile ke tla tsamaea le lona.” 4 A tsamaea le bona ’me ha ba fihla Jordane ba khaola lifate. 5 Ha e mong a ntse a khaola sefate, hlooho ea selepe ea oela ka metsing ’me a hoeletsa a re: “Moren’a ka selepe sena se alimiloe!” 6 Elisha mohlanka oa Molimo oa ’nete a re: “Hlooho ea sona e oetse hokae?” A mo bontša moo e oetseng teng. Elisha a khaola lekala la sefate ’me a le lahlela moo eaba o etsa hore hlooho ea selepe e hlahelle ka holim’a metsi. 7 Elisha a re: “E nke.” Monna eo a e nka.
8 Morena oa Siria a tsamaea a e’o loana le Baiseraele.+ A buisana le bahlanka ba hae hore na ba tla hloma litente sebakeng sefe. 9 Elisha mohlanka oa Molimo oa ’nete+ a romela molaetsa ho morena oa Iseraele a re: “U se ke oa tla mona hobane Basiria baa tla.” 10 Morena oa Iseraele a bolella bahlanka ba hae molaetsa o tsoang ho mohlanka oa Molimo oa ’nete. Elisha a ’na a mo lemosa ’me morena ha aa ka a ea moo.+
11 Taba ena ea halefisa morena oa Siria eaba o bitsa bahlanka ba hae ’me o re ho bona: “Mpolelleng hore na har’a rona mona ke mang ea ka lehlakoreng la morena oa Iseraele.” 12 E mong oa bahlanka ba hae a re: “Ha se rona Morena. Ke Elisha moprofeta oa Iseraele ea bolellang morena oa Iseraele lintho tseo u li buang ka kamoreng ea hao ea ho robala.”+ 13 Morena oa Siria a re: “Tsamaeang le e’o batla hore na o hokae ke tsebe ho romela batho hore ba e’o mo tšoara.” Hamorao a bolelloa hore Elisha o Dothane.+ 14 A romela lipere, likariki tsa ntoa le masole a mangata Dothane. Masole ao a fihla bosiu eaba a pota-pota motse.
15 Ha mosebeletsi* oa mohlanka oa Molimo oa ’nete a tsoha hoseng ’me a tsoela ka ntle, a bona motse o pota-potiloe ke masole a palameng lipere le likariki tsa ntoa. A re ho Elisha: “Moren’a ka, re etse’ng?” 16 Elisha a re: “U se ke oa tšoha+ hobane ba nang le rona ba bangata ho feta ba nang le bona.”+ 17 Elisha a rapela a re: “Jehova, ke kopa u etse hore a bone.”*+ Jehova a etsa hore mohlanka eo a bone hore lithabeng ho ne ho tletse lipere le likariki tsa ntoa tsa mollo+ ho ba potoloha.+
18 Ha Basiria ba ea ho Elisha, a rapela Jehova a re: “Ke kopa u foufatse batho bana.”+ Molimo a ba foufatsa joalokaha Elisha a mo kopile. 19 Elisha a re ho bona: “Le tsamaea ka tsela e fosahetseng ’me ona ha se oona motse oo le o batlang. A re eeng ke le ise ho monna eo le mo batlang.” Empa a ba isa Samaria.+
20 Ha ba fihla Samaria Elisha a re: “Jehova etsa hore ba bone.”* Jehova a etsa hore ba bone hore ba Samaria. 21 Ha morena oa Iseraele a ba bona a re ho Elisha: “Ke ba bolaee moren’a ka?” 22 Elisha a re: “U se ke oa ba bolaea. Na u ka bolaea batho bao u ba isitseng botlamuoeng? Ba fe lijo le metsi hore ba je+ ’me ba khutlele ho morena oa bona.” 23 A ba etsetsa mokete, ba ja ’me ba noa ka mor’a moo a re ba khutlele ho morena oa bona. Masole a Basiria+ ha aa ka a hlola a hlasela Iseraele.
24 Ben-hadade morena oa Siria a bokella masole ’ohle a hae ’me ba nyolohela Samaria ho ea e thibella.+ 25 Ho ne ho e-na le tlala e kholo+ Samaria eaba masole a Siria a thibella motse oa Samaria ho fihlela hlooho ea tonki+ e rekisoa ka likotoana tse 80 tsa silevera ’me mantle a maeba a neng a ka tlala matsoho a mabeli* a rekisoa ka likotoana tse hlano tsa silevera. 26 Ha morena oa Iseraele a tsamaea holim’a lerako la motse, mosali e mong a mo hoeletsa a re: “Morena re thuse!” 27 Morena a re: “Haeba Jehova a sa u thuse, ’na ke tla u thusa ka’ng? Na ho na le lijo seotlong le sehatelong sa veine kapa sa oli?” 28 Morena a re: “Molato ke’ng?” Mosali eo a re: “Mosali enoa o ile a re ho ’na, ‘Tlisa mora oa hao re mo je kajeno ’me hosane re tla ja oa ka.’+ 29 Re ile ra pheha mora oa ka ’me ra mo ja.+ Letsatsi le latelang ka re a tlise mora oa hae e le hore re ka mo ja empa o ile a mo pata.”
30 Ha morena a utloa litaba tsena a tabola liaparo tsa hae.+ Ha a feta lerakong la motse, batho ba bona hore o ne a apere lesela le hoashang* ka har’a liaparo tsa hae. 31 Morena a re: “E se eka Molimo a ka mpha kotlo e boima haeba kajeno Elisha mora oa Shafate a sa khaoloe hlooho.”+
32 Ha Elisha a ntse a lutse ka tlung ea hae le baholo, morena a roma moromuoa ho Elisha empa pele a fihla, Elisha a re ho baholo: “Na le bone hore mora eo oa ’molai+ o rometse motho hore a tl’o nkhaola hlooho? Ha moromuoa a fihla le koale monyako ’me le o tšoare e le hore a se ke a kena. Morena oa hae o mo setse morao.” 33 Ha Elisha a ntse a bua le baholo, moromuoa a fihla. Morena le eena a fihla ’me a re: “Tlokotsi ena e tsoa ho Jehova. Ke hobane’ng ha nka emela Jehova hore a nthuse?”
7 Elisha a re, “Utloang hore na Jehova o re’ng. Jehova o re hosane ka eona nako ena keiting* ea Samaria, mokotla* oa phofo e sitsoeng hantle o tla be o rekisoa ka silevera* e le ’ngoe, mekotla e ’meli ea harese e rekisoa ka silevera e le ’ngoe.”+ 2 Molaoli oa masole eo morena a neng a mo tšepa a re ho Elisha mohlanka oa Molimo oa ’nete: “Le haeba Jehova a ka nesa pula e ngata, na ntho ee e tla etsahala?”+ Elisha a re: “U tla bona ha lintho tsena li etsahala+ empa uena u ke ke oa li ja.”+
3 Ho ne ho e-na le banna ba bane ba tšoeroeng ke lepera ba leng keiting ea motse,+ ba buisana ba re: “Na re tla lula moo ho fihlela re shoa? 4 Haeba re ea motseng tlala e ntse e le teng,+ re tl’o shoella moo, le teng ha re lula mona re ntse re tl’o shoa. A re eeng litenteng tsa Basiria. Haeba ba re hauhela re tla phela empa haeba ba sa re hauhele ho lokile ba tla re bolaea.” 5 Ba tloha mantsiboea ha ho e-ba lefifi ’me ba fihla litenteng tsa Basiria. Ha ba fihla ka ntle litenteng ba fumana ho se na batho.
6 Jehova o ne a entse hore Basiria ba litenteng ba utloe molumo oa likariki tsa ntoa, lipere le masole a mangata.+ Basiria ba ile ba buisana ba re: “Morena oa Iseraele o hirile marena a Bahethe le marena a Egepeta hore a re hlasele.” 7 Ba tloha ka potlako ba baleha mantsiboea ho se ho le lefifi, ba siea lipere, litonki le litente tsa bona li ntse li le joalo ’me ba baleha e le hore ba pholohe.
8 Ha balepera bao ba fihla litenteng, ba kena ka tenteng e ’ngoe eaba baa ja ’me baa noa. Ba nka silevera, khauta le liaparo ’me ba tsamaea ba li pata. Ba khutla ba kena ka tenteng e ’ngoe, ba nka lintho tse ka ho eona ’me le tsona ba li pata.
9 Ba buisana ba re: “Ntho eo re e etsang ha ea loka. A re e’o bolellang ba bang litaba tsena tse monate. Haeba re ema ho fihlela hoseng, re tla fuoa kotlo. A re eeng re e’o bolella ba lelapa la morena litaba tsena.” 10 Ba tsamaea ’me ba hoeletsa balebeli ba likeiti tsa motse eaba ba re ho bona: “Re ile ra ea litenteng tsa Basiria ra fumana ho se na batho. Ho ne ho setse feela lipere le litonki tse tlanngoeng le litente li ne li siiloe feela joalo.” 11 Hang-hang balebeli ba likeiti ba bolella batho ba ka tlung ea morena litaba tsena.
12 Morena a tsoha bosiu ’me a re ho bahlanka ba hae: “E-reng ke le bolelle hore na Basiria ba batla ho etsang. Baa tseba hore re lapile+ kahoo ba tlohile litenteng ’me ba ipatile masimong. Ba nahana hore re tla tsoa motseng ebe baa re tšoara ’me ba kena motseng oa rona.”+ 13 E mong oa bahlanka ba hae a re: “Ho setse lipere tse hlano feela motseng. Roma banna hore ba e’o sheba hore na ho etsahala’ng. Hore na baa tsamaea kapa ha ba tsamaee, ba tl’o shoa joaloka Baiseraele bohle ba setseng.” 14 Banna bao ba nka likariki tse peli tsa ntoa le lipere ’me morena a ba romela litenteng tsa Basiria a re: “Tsamaeang le e’o sheba hore na ho etsahala’ng.” 15 Ba latela Basiria ho ea fihla Jordane. Tseleng ho ne ho tletse liaparo le lijana* tseo Basiria ba neng ba li lahlile ha ba ne ba baleha. Banna bao ba khutla ’me ba bolella morena seo ba se boneng.
16 Batho ba tsamaea ’me ba nka lintho tse setseng litenteng tsa Basiria. Mokotla o le mong* oa phofo e sitsoeng hantle o ile oa rekisoa ka silevera e le ’ngoe le mekotla e ’meli* ea harese ea rekisoa ka silevera e le ’ngoe joalokaha Jehova a ne a buile.+ 17 Morena o ne a behile molaoli oa masole eo a mo tšepang hore e be molebeli keiting. Empa batho ba ile ba mo hata holimo ho fihlela a shoa joalokaha Elisha mohlanka oa Molimo oa ’nete a boleletse morena ha a ne a tlile ho eena. 18 Ntho eo Elisha mohlanka oa Molimo oa ’nete a ileng a e bolella morena e ile ea etsahala, ha a ne a re: “Hosane ka eona nako ena keiting ea Samaria mekotla e ’meli* ea harese e tla be e rekisoa ka silevera e le ’ngoe, mokotla o le mong* oa phofo e sitsoeng hantle o tla be o rekisoa ka silevera e le ’ngoe.”+ 19 Empa molaoli oa masole o ile a re ho Elisha mohlanka oa Molimo oa ’nete: “Le haeba Jehova a ka nesa pula e ngata, na eo ke ntho e ka etsahalang?” Elisha a re: “U tl’o bona ha lintho tsena li etsahala empa uena u ke ke oa li ja.” 20 Ke sona se ileng sa mo etsahalla hobane batho ba ile ba mo hata holimo keiting ho fihlela a shoa.
8 Elisha a re ho mosali eo a neng a tsositse mora oa hae:+ “Tsamaea le ba lelapa la hao le e’o lula sebakeng leha e le sefe le le balichaba hobane Jehova o itse ho tla ba le tlala+ naheng ena ’me e tla nka lilemo tse supileng.” 2 Mosali eo a tsamaea ’me a etsa feela joalokaha mohlanka oa Molimo oa ’nete a ne a mo boleletse. A tsamaea le ba lelapa la hae a e’o lula naheng ea Bafilista+ ka lilemo tse supileng.
3 Ha lilemo tse supileng li fela, mosali eo a tloha naheng ea Bafilista a ea ho morena a e’o kopa ntlo le tšimo ea hae. 4 Morena a bua le Gehazi mosebeletsi oa mohlanka oa Molimo oa ’nete a re: “Ke kopa u mpolelle lintho tsohle tse kholo tseo Elisha a li entseng.”+ 5 Ha a ntse a bolella morena hore na Elisha o tsositse mofu joang,+ mosali eo mora oa hae a tsositsoeng a fihla ho morena, a kopa ntlo le tšimo ea hae.+ Gehazi a re: “Moren’a ka, mosali enoa ke eena eo Elisha a tsositseng mora oa hae ’me enoa ke mora oa hae.” 6 Morena a re mosali eo a mo bolelle sohle se ileng sa etsahala eaba oa mo bolella. Morena a bolella molaoli oa lekhotla hore a khutlise lintho tsohle tsa mosali eo le lijo tsohle tse ileng tsa kotuloa tšimong ea hae ho tloha mohla a neng a tsamaea ho fihlela kajeno.
7 Elisha a fihla Damaseka+ nakong eo ka eona Ben-hadade+ morena oa Siria a neng a kula. Morena a bolelloa hore Elisha mohlanka oa Molimo oa ’nete+ o tlile Damaseka. 8 Morena a re ho Hazaele:+ “Nka mpho ’me u e fe mohlanka oa Molimo oa ’nete.+ U re a botse Jehova hore na ke tla fola.” 9 Hazaele a e’o kopana le eena a nkile limpho e leng lintho tsohle tse ntle tsa Damaseka ’me li ne li palamisitsoe likameleng tse 40. Ha a fihla ho Elisha a re: “Mohlanka oa hao, Ben-hadade morena oa Siria o itse ke tl’o u botsa hore na o tla fola.” 10 Elisha a re ho eena: “Tsamaea ’me u re ho eena, ‘U tla fola.’ Empa Jehova o mpontšitse hore o tl’o shoa.”+ 11 Elisha a sheba Hazaele ho fihlela a soaba. Ka mor’a moo, Elisha mohlanka oa Molimo oa ’nete a lla haholo. 12 Hazaele a re: “Moren’a ka u llela’ng?” Elisha a re: “Ke tseba lintho tse mpe tseo u tl’o li etsa batho ba Iseraele.+ U tl’o chesa libaka tsa bona tse sireletsehileng, u bolaee banna ba bona ba matla ka sabole, u bolaee bana ba bona ka sehloho ’me u tabole le limpa tsa basali ba bona ba immeng.”+ 13 Hazaele a re: “Ke joang ’na motho* oa boemo bo tlase joaloka ntja nka etsang ntho e joalo?” Empa Elisha a re: “Jehova o mpontšitse hore u tla ba morena oa Siria.”+
14 Hazaele a tloha ho Elisha ’me a khutlela ho morena oa hae ea ileng a re ho eena: “Elisha o itse’ng ho uena?” Hazaele a re: “O itse u tla fola.”+ 15 Empa letsatsing le latelang, Hazaele a nka kobo a e kenya ka metsing ’me a koahela sefahleho sa morena ka eona ho fihlela a shoa.+ Hazaele ea e-ba morena.+
16 Ha Jorame+ mora oa Akabe morena oa Iseraele a e-na le lilemo tse hlano a busa, Jorame+ mora oa Josafate morena oa Juda ea e-ba morena ntate oa hae e ntse e le morena. 17 E bile morena ha a le lilemo li 32 ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse robeli. 18 O ile a etsa lintho tse tšoanang le tseo marena a Iseraele a neng a li etsa+ feela joalokaha ba lelapa la Akabe ba ile ba etsa+ hobane o ne a nyetse morali oa Akabe+ ’me a ’na a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova.+ 19 Empa Jehova o ne a sa batle ho felisa ’muso oa Juda ka lebaka la mohlanka oa hae Davida+ hobane o ne a mo tšepisitse hore litloholo tsa hae li tla lula li busa*+ Jerusalema.
20 Mehleng ea Jorame, Baedomo ba ile ba fetohela Bajuda+ ’me ba ikhethela morena.+ 21 Jorame a ea Zaire ka likariki tsohle tsa hae tsa ntoa ho ea ba hlasela. A tsoha bosiu ’me a bolaea Baedomo ba neng ba mo pota-potile le balaoli ba likariki tsa ntoa. Masole a balehela litenteng tsa ’ona. 22 Haesale Baedomo ba fetohela Bajuda ho fihlela letsatsing lena ’me Libna+ le eona e ile ea ba fetohela ka nako eo.
23 Histori eohle ea Jorame le lintho tsohle tseo a ileng a li etsa, li ngotsoe bukeng ea histori ea marena a Juda. 24 Jorame a shoa* ’me a pateloa Motseng oa Davida.+ Akazia+ mora oa hae ea e-ba morena.
25 Ha Jorame mora oa Akabe morena oa Iseraele a e-na le lilemo tse 12 a busa, Akazia mora oa Morena Jorame oa Juda ea e-ba morena.+ 26 Akazia o ne a le lilemo li 22 ha e e-ba morena ’me o busitse Jerusalema selemo se le seng. Lebitso la ’mè oa hae e ne e le Athalia+ setloholo* sa Omri+ morena oa Iseraele. 27 O ile a etsa lintho tse mpe tse tšoanang le tseo lelapa la Akabe le neng le li etsa+ ’me a ’na a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova kaha o ne a amana le lelapa la Akabe.+ 28 Akazia le Jorame mora oa Akabe ba ea Ramothe-gileade+ ho ea loantša Hazaele morena oa Siria empa Basiria ba lematsa Jorame.+ 29 Morena Jorame a khutlela Jezriele+ e le hore a e’o oka maqeba ao Basiria ba mo ntšitseng ’ona Ramothe* ha a ne a loana le Morena Hazaele oa Siria.+ Akazia mora oa Jorame morena oa Juda, a ea Jezriele ho ea bona Jorame mora oa Akabe hobane ba ne ba mo lemalitse.*
9 Moprofeta Elisha a bitsa e mong oa bara ba baprofeta a re ho eena: “Tlama liaparo tsa hao thekeng ’me ka potlako u nke botlolo ena ea oli u ee Ramothe-gileade.+ 2 Ha u fihla moo, u batle Jehu+ mora oa Josafate e leng mora oa Nimshi. U mo tlose ho bana babo u ee le eena kamoreng e ka hare-hare. 3 U mo tšele hloohong ka oli e ka har’a botlolo ’me u mo bolelle hore Jehova o re ho eena: ‘Ke u khethile hore u be morena oa Iseraele.’+ Ka mor’a moo, u bule monyako ’me u balehe.”
4 Mora eo oa moprofeta a ea Ramothe-gileade. 5 Ha a fihla moo, a fumana balaoli ba masole ba lutse ka ntle eaba o re: “Ke na le molaetsa oa hao moren’a ka.” Jehu a re: “U bua le ofe har’a rona?” A re: “Ke bua le uena moren’a ka.” 6 Jehu a ea le eena ka tlung ’me mora eo oa moprofeta a mo tšela ka oli hloohong ’me a mo bolella hore Jehova Molimo oa Iseraele o re: “Ke u khetha hore u be morena ho batho ba Jehova e leng Baiseraele.+ 7 U bolaee ba lelapa la Akabe morena oa hao. Ke tla iphetetsa ka lebaka la mali a baprofeta le bahlanka ba bang bohle ba Jehova bao Jezebele a ileng a ba bolaea.+ 8 Ke tla bolaea bohle ba lelapa la Akabe, ke bolaee bohle ba batona* ba lelapa la hae ho akarelletsa le ba se nang thuso le ba se nang matla Iseraele.+ 9 Hape ke tla etsa hore ba lelapa la Akabe ba tšoane le ba lelapa la Jeroboame+ mora oa Nebate le ba lelapa la Basha+ mora oa Akija. 10 Ha e le Jezebele, o tla jeoa ke lintja tšimong e Jezriele+ ’me ha ho na motho ea tla mo pata.” Ka mor’a moo, a bula lemati ’me a baleha.+
11 Ha Jehu a khutlela ho balaoli ba masole ba re ho eena: “Na lintho li hantle? Monna eo oa lehlanya o batla’ng ho uena?” Jehu a re ho bona: “Lea tseba hore oa hlanya le lintho tseo a li buang ha li utloahale.” 12 Empa ba re: “Seo ha se ’nete, re bolelle hore na o itse’ng.” Jehu a ba bolella hore na monna eo o itse’ng le hore Jehova o itse ho eena: “Ke u khetha hore u be morena oa Iseraele.”+ 13 Ha ba utloa sena ka potlako ba hlobola liaparo tsa bona ’me ba mo alla tsona litepising+ eaba ba letsa lenaka ba re: “Jehu ke morena!”+ 14 Jehu+ mora oa Josafate e leng mora oa Nimshi a rerela Jorame bolotsana.
Jorame le masole a Iseraele ba ne ba le Ramothe-gileade+ ho sireletsa Iseraele e le hore Morena Hazaele+ oa Siria a se ke a e hlasela. 15 Hamorao Morena Jorame a khutlela Jezriele+ ho e’o oka maqeba ao Basiria ba mo ntšitseng ’ona ha a ne a loana le Hazaele oa Siria.+
Jehu a re: “Haeba le le ka lehlakoreng la ka, le se ke la lumella motho leha e le ofe hore a tsoe motseng ho ea tlaleha taba ena Jezriele.” 16 Jehu a palama kariki ea hae ea ntoa a ea Jezriele kaha Jorame o ne a le moo a lemetse ’me morena Akazia oa Juda o ne a e’o mo bona. 17 Ha molebeli a ntse a eme holim’a tora Jezriele, a bona banna ba Jehu ba tla ba le bangata. A re: “Ke bona banna ba bangata.” Jorame a re: “Roma e mong oa bapalami ba lipere hore a e’o ba botsa hore na ba tla ka khotso.” 18 Mopalami eo oa pere a fihla ho bona ’me a re: “Morena o re ke le botse hore na le tla ka khotso.” Empa Jehu a re: “Ke hobane’ng ha u bua ka khotso? Ntšale morao.”
Molebeli a re ho morena: “Moromuoa o fihlile ho bona empa ha a e-s’o khutle.” 19 A romela mopalami oa pere oa bobeli ’me ha a fihla ho bona a re: “Morena o re ke le botse hore na le tla ka khotso.” Empa Jehu a re: “Ke hobane’ng ha u bua ka khotso? Ntšale morao.”
20 Molebeli a re ho morena: “O fihlile ho bona empa ha a e-s’o khutle. Motho ea khannang kariki ea ntoa, o khanna joaloka Jehu setloholo* sa Nimshi hobane o khanna joaloka lehlanya.” 21 Jorame a re: “Lokisang kariki ea ntoa.” Ba lokisa kariki ea hae ea ntoa ’me Jorame morena oa Iseraele le Akazia+ morena oa Juda ba tsamaea ka likariki tsa bona tsa ntoa ho ea kopana le Jehu. Ba kopana le eena tšimong ea Nabothe+ oa Mojezriele.
22 Hang ha Jorame a bona Jehu a re ho eena: “Na u tla ka khotso Jehu?” Empa Jehu a re: “Ho tla ba le khotso joang ho tletse botekatse le boloi ba ’mè oa hao Jezebele?”+ 23 Jorame a tjekisa kariki ea hae e le hore a balehe ’me a re ho Akazia: “Re oetse lerabeng.” 24 Jehu a nka seqha a betsa Jorame pakeng tsa mahetla ’me motsu oa tsoa le pelong ea hae eaba Jorame o oela ka har’a kariki ea hae ea ntoa. 25 Jehu a re ho Bidkare e leng molaoli oa masole a hae: “Mo nke u mo lahlele tšimong ea Nabothe oa Mojezriele.+ Hopola hore re ne re palame kariki e ka mor’a ea ntate oa hae Akabe ha Jehova a mo ahlola.+ 26 Jehova o ile a re ho eena, ‘Maobane ke bone mali a Nabothe+ le a bara ba hae.’ Hape Jehova o itse, ‘Ke tla pheteletsa mali a bona+ tšimong ena.’ Mo nke u mo lahlele tšimong ho ea ka seo Jehova a se buileng.”+
27 Ha Morena Akazia+ oa Juda a bona se etsahalang, a baleha ka tsela e eang serapeng sa ntlo. (Hamorao Jehu a mo lelekisa ’me a re: “Le eena mo bolaeeng!” Ba mo hlasela ka kariking ea hae ea ntoa ha a ea Gure e haufi le Ibleame.+ Empa a ’na a baleha ho fihlela Megido ’me a shoella teng. 28 Bahlanka ba hae ba mo nka ka kariki ba mo isa Jerusalema ’me ba mo pata* lebitleng la hae Motseng oa Davida.+ 29 Akazia+ e bile morena oa Juda ha Jorame mora oa Akabe a e-na le lilemo tse 11 a busa.)
30 Ha Jehu a fihla Jezriele,+ Jezebele+ a utloa hore o teng. A tlotsa mahlo a hae ka setlolo se setšo, a lokisa moriri oa hae eaba o hlaha ka fensetere. 31 Ha Jehu a kena ka keiti ea motse, Jezebele a re: “Oa hopola hore na ho ile ha etsahala’ng ka Zimri ea ileng a bolaea morena oa hae?”+ 32 Jehu a sheba holimo fensetereng eaba o re: “Ke mang ea ka lehlakoreng la ka? Ke mang?”+ Hang-hang balaoli ba babeli kapa ba bararo ba lekhotla ba mo sheba a le tlase. 33 Jehu a re ho bona: “Lahlelang Jezebele fatše!” Ba mo lahlela fatše ’me mali a mang a hae a qaphaletsa lebota le lipere eaba li mo hata holimo. 34 Ka mor’a moo, Jehu a tsamaea a e’o ja le ho noa. A re: “Ke kopa le nke mosali eo ea nyonyehang le e’o mo pata kaha ke morali oa morena.”+ 35 Ha ba ne ba e’o mo pata ha baa ka ba fumana letho haese lehata, maoto le matsoho a hae.+ 36 Ha ba khutla ’me ba mo bolella, Jehu a re: “Sena se phethahatsa seo Jehova a se buileng+ a sebelisa mohlanka oa hae Elia oa Motishba ha a re, ‘Tšimong ea Jezriele lintja li tla ja nama ea Jezebele.+ 37 Setopo sa Jezebele se tla ba joaloka manyolo tšimong e Jezriele e le hore batho ba se ke ba bona hore ke Jezebele.’”
10 Akabe+ o ne a e-na le bara ba 70 ba neng ba lula Samaria. Jehu a ngola mangolo ’me a a romela Samaria ho likhosana tsa Jezriele, baholo+ le bahlokomeli ba bana ba Akabe* a re: 2 “Ha le fumana lengolo lena, le tla be le le motseng o sireletsehileng le e-na le bara ba morena, likariki tsa ntoa, lipere le libetsa. 3 Ho bara ba morena, le khethe mora ea lokileng le ea tšoaneloang ke ho ba morena ’me le mo behe teroneng ea ntate oa hae. Le loanele lelapa la morena oa lona.”
4 Ba tšoha ’me ba re: “Haeba marena a mabeli a sa khona ho hlola Jehu,+ rona re bo-mang?” 5 Mohlokomeli oa phaleisi,* letona la motse, baholo le bahlokomeli ba romela molaetsa ona ho Jehu: “Re bahlanka ba hao ’me re tla etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u reng re e etse. Ha ho na motho eo re tla mo khetha hore e be morena. Etsa seo u bonang se nepahetse.”
6 A ba ngolla lengolo la bobeli le reng: “Haeba le ka lehlakoreng la ka ’me le ikemiselitse ho ’mamela, khaolang lihlooho tsa bara ba morena oa lona ’me le li tlise ho ’na hosane ka nako ena Jezriele.”
Bara ba 70 ba morena ba ne ba e-na le banna ba motse ba khethiloeng ba neng ba ba holisa. 7 Hang ha lengolo le fihla ho bona, ba lata bara ba morena ba 70+ ’me ba ba khaola lihlooho eaba ba li kenya ka libasketeng ’me ba li romela Jezriele ho Jehu. 8 Moromuoa a fihla a re ho Jehu: “Ba tlisitse lihlooho tsa bara ba morena.” Jehu a re: “Li behe ka lihlopha tse peli keiting ea motse ho fihlela hoseng.” 9 Ha a tsoela ka ntle hoseng, a ema ka pel’a batho bohle eaba o re: “Ha le na molato.* Ke ’na ea fetohetseng moren’a ka ka ba ka mo bolaea+ empa ke mang ea bolaileng baa? 10 Tsebang hore ha ho na lentsoe le le leng leo Jehova a le buileng ka lelapa la Akabe leo Jehova a ke keng a le phetha*+ ebile Jehova o phethahalitse mantsoe ao a ileng a a bua a sebelisa mohlanka oa hae Elia.”+ 11 Jehu a boela a bolaea bohle ba neng ba setse ba lelapa la Akabe ba Jezriele, banna bohle ba neng ba mo sebeletsa, metsoalle ea hae le baprista+ ho fihlela ho se na motho ea setseng.+
12 A tsamaea a ea Samaria. Ntlo eo balisa ba kutelang* linku ho eona e ne e le ka thoko ho tsela. 13 Ke hona moo Jehu a ileng a kopana le bana ba bo Morena Akazia+ oa Juda. A re ho bona, “Le bo-mang?” Ba re ho eena: “Re bana ba bo Akazia ’me re e’o sheba hore na bara ba morena le bara ba mofumahali ba ntse ba e-ea joang.” 14 Hang-hang Jehu a re: “Ba tšoareng!” Ba tšoara banna bao ba 42 ’me ba ba bolaela selibeng sa ntlo eo ho kuteloang linku ho eona. Ha ho le ea mong ea ileng a phonyoha.+
15 Ha a tloha moo, a kopana le Jonadabe+ mora oa Rekabe+ ea neng a tl’o mo khahlanyetsa. Jehu a mo lumelisa* ’me a re: “Na u ntšepahalla* joalokaha ke u tšepahalla?”
Jonadabe a re: “E, kea u tšepahalla.”
Jehu a re: “Haeba ho joalo, tlisa letsoho la hao.”
A le tlisa eaba Jehu o mo hulela ka kariking. 16 Jehu a re ho eena: “Tsamaea le ’na ’me u bone hore ha ke mamelle batho ba sa tšepahalleng Jehova.”+ A tsamaea le eena ka kariki ea hae ea ntoa. 17 Ha a fihla Samaria a bolaea bohle+ ba setseng ba lelapa la Akabe ba Samaria ho ea ka seo Jehova a se buileng ho Elia.+
18 Jehu a bitsa batho bohle a re ho bona: “Akabe o sebelelitse Baale hanyenyane+ empa ’na ke tla mo sebeletsa ho feta moo. 19 Mpitsetseng baprofeta bohle ba Baale,+ barapeli ba hae le baprista ba hae.+ Le etse hore ba be teng kaofela hobane ke tl’o etsetsa Baale sehlabelo se seholo. Motho ea sa tleng o tla bolaoa.” Empa Jehu o ne a ba thetsa hobane o ne a batla ho felisa barapeli ba Baale.
20 Jehu a boela a re: “Phatlalatsang* hore ho na le seboka se halalelang sa Baale.” Ba etsa joalo. 21 Ka mor’a moo, Jehu a romela molaetsa oo Iseraele eohle ’me barapeli bohle ba Baale ba tla. Ba kena ka tempeleng* ea Baale+ ’me ba tlala ka ho eona. 22 Jehu a re ho motho ea neng a ikarabella ka liaparo: “Ntšetsa barapeli bohle ba Baale liaparo.” A ba ntšetsa tsona. 23 Jehu le Jonadabe+ mora oa Rekabe ba kena ka tempeleng ea Baale. Jehu a re ho barapeli ba Baale: “Etsang bonnete ba hore ha ho na morapeli oa Jehova ka mona, ho sale barapeli ba Baale feela.” 24 Barapeli ba Baale ba etsa mahlabelo le linyehelo tsa secheso. Jehu o ne a behile bahlanka ba hae ba 80 ka ntle ’me a itse ho bona: “Haeba leha e le mang a lumella e mong oa bona hore a phonyohe, ke eena ea tla bolaoa.”
25 Hang ha ho qetoa ho etsoa linyehelo tsa secheso, Jehu a re ho balebeli* le ho balaoli ba hae ba masole: “Kenang le ba bolaee! Le se ke la lumella le a le mong hore a phonyohe!”+ Kahoo, balebeli le bathusi ba ba bolaea ’me ba ba lahlela ka ntle. Ba kena le ka sehalalelong* se ka hare sa tempele ea Baale. 26 Ba ntša lipilara tse halalelang+ tse ka tempeleng ea Baale ’me ba li chesa.+ 27 Ba liha pilara e halalelang+ ea Baale le tempele ea Baale+ ’me ba e etsa ntloana. E ntse e le teng ho fihlela kajeno.
28 Jehu o ile a felisa borapeli ba Baale Iseraele. 29 Empa ha aa ka a tlohela ho etsa libe tseo Jeroboame mora oa Nebate a neng a entse hore Baiseraele ba li etse e leng ho rapela manamane a khauta a neng a le Bethele le Dane.+ 30 Jehova a re ho Jehu: “Kaha u nthabisitse ka hore u etse lintho tseo ke neng ke li reretse lelapa la Akabe,+ meloko ea hao e mene e tla lula teroneng ea Iseraele.”+ 31 Empa Jehu ha aa ka a mamela Molao oa Jehova Molimo oa Iseraele ka ho felletseng.*+ Ha aa ka a tlohela ho etsa libe tseo Jeroboame a neng a entse hore Baiseraele ba li etse.+
32 Mehleng eo Jehova a felisa* Baiseraele butle-butle. Hazaele a ’na a ba hlasela naheng eohle ea Iseraele+ 33 ho tloha ka bochabela ho Jordane, naha eohle ea Gileade moo ho lulang Bagade, Barubene le Bamanase+ le ho tloha Aroere e leng pel’a Khohlo ea Arnone, Gileade le Bashane.+
34 Histori eohle ea Jehu le lintho tsohle tse kholo tseo a li entseng le matla a hae, li ngotsoe bukeng ea histori ea marena a Iseraele. 35 Jehu a shoa* ’me a pateloa Samaria. Mora oa hae Joakaze+ ea e-ba morena. 36 Jehu o busitse Iseraele e Samaria ka lilemo tse 28.
11 Ha Athalia+ ’mè oa Akazia a hlokomela hore mora oa hae o shoele,+ a bolaea bana bohle ba boreneng.*+ 2 Empa ngoan’abo Akazia e leng Josheba morali oa Morena Jorame, a nka Joase+ mora oa Akazia ho bara ba morena ba neng ba tl’o bolaoa, a mo beha ka kamoreng le mohlokomeli oa hae. Athalia ha aa ka a mo bolaea hobane ba ne ba mo patile. 3 Josheba a lula le Joase lilemo tse tšeletseng a mo patile ntlong ea Jehova, ha Athalia a ntse a busa naheng.
4 Ka selemo sa bosupa, Jehojada a bitsa balaoli ba ba makholo ba balebeli ba Bakaria le balebeli* ba phaleisi+ hore ba tle ho eena ntlong ea Jehova. A etsa tumellano* le bona ’me a re ba hlapanye ntlong ea Jehova hore ba tla tšepahalla tumellano eo eaba o ba bontša mora oa morena.+ 5 A re ho bona: “Sehlopha se le seng ho tse tharo tsa lona se tla sebetsa ka letsatsi la Sabatha ’me se etse bonnete ba hore se lebela ntlo ea morena.*+ 6 Sehlopha se seng se tla lebela keiti e bitsoang Keiti ea Motheo ’me se seng se lebele keiti e ka mor’a phaleisi ea balebeli. Le chenchane ka ho lebela ntlo ea morena. 7 Lihlopha tse peli tse sa sebetseng ka letsatsi la Sabatha, li etse bonnete ba hore li lebela ntlo ea Jehova e le hore li sireletse morena. 8 Le sireletse morena ka mahlakoreng ’ohle ’me kaofela le nke libetsa. Motho ea tla feta masole a lebetseng a bolaoe. Le tsamaee le morena hohle moo a eang teng.”*
9 Balaoli ba ba makholo+ ba etsa hantle seo moprista Jehojada a neng a ba laetse sona. Molaoli e mong le e mong a ea ho moprista Jehojada+ le sehlopha sa hae sa banna ba sebetsang ka Sabatha le ba neng ba sa sebetse. 10 Moprista a fa balaoli ba ba makholo marumo le lithebe tse selika-likoe tsa Morena Davida tse neng li le ka tlung ea Jehova. 11 Balebeli+ ba ema libakeng tsa bona, e mong le e mong a tšoere libetsa, ho tloha lehlakoreng le letona la ntlo ho ea ka ho le letšehali haufi le aletare+ le ntlo, ba potolohile morena. 12 Jehojada a tlisa mora oa morena+ eaba ba mo roesa korone ’me ba beha Buka ea Molao*+ hloohong ea hae, ba mo tlotsa hore e be morena. Ba opa liatla ba re: “Morena a ke a phele!”+
13 Ha Athalia a utloa batho ba mathang, hang-hang a tla ntlong ea Jehova.+ 14 A bona morena a eme pel’a pilara moo marena a neng a tloaetse ho ema teng.+ Morena o ne a le moo le balaoli le batho ba letsang literompeta,+ batho bohle ba ne ba thabile ebile ba letsa literompeta. Athalia a tabola liaparo tsa hae ’me a hoeletsa a re: “Borabele! Borabele!” 15 Empa moprista Jehojada a re ho balaoli ba ba makholo+ e leng baokameli ba masole: “Mo tloseng har’a masole. Ha ho ka ba le motho ea mo latelang le mo bolaee ka sabole.” Moprista Jehojada o ne a itse a se ke a bolaeloa ka har’a ntlo ea Jehova. 16 Ba mo tšoara ’me ha ba fihla tseleng ea lipere e eang ntlong ea morena,*+ ba mo bolaea.
17 Jehojada a etsa selekane pakeng tsa Jehova, morena le batho+ sa hore e tla lula e le batho ba Jehova. A boela a etsa selekane pakeng tsa morena le batho.+ 18 Ka mor’a moo, batho bohle ba tla tempeleng* ea Baale ’me ba liha lialetare,+ ba pshatla litšoantšo+ tsa hae ’me ba bolaela Matane moprista oa Baale+ ka pel’a lialetare.
Moprista a khetha balebeli e le hore ba lebele ntlo ea Jehova.+ 19 A tsamaea le balaoli ba ba makholo,+ balebeli ba Bakaria, balebeli ba phaleisi+ le batho bohle ho felehetsa morena ho tsoa ntlong ea Jehova. Ba tla ntlong ea morena* ba tsamaea ka tsela e tsoang keiting ea balebeli ba phaleisi. Joase a lula teroneng ea marena.+ 20 Batho bohle ba thaba ’me motse oa e-ba le khotso kaha ba ne ba bolaile Athalia ka sabole ntlong ea morena.
21 Joase+ o ne a le lilemo li supileng ha e e-ba morena.+
12 Ha Jehu+ a e-na le lilemo tse supileng a busa, Joase+ ea e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 40. Lebitso la ’mè oa hae e ne e le Zibia ea tsoang Beersheba.+ 2 Joase a etsa lintho tse thabisang Jehova nakong eohle eo moprista Jehojada e neng e le moeletsi oa hae. 3 Kaha ha aa ka a tlosa libaka tse phahameng,+ batho ba ne ba ntse ba etsa linyehelo le mahlabelo a kubellang mosi ho tsona.
4 Joase a re ho baprista: “Nkang chelete eohle e tlisoang ntlong ea Jehova ea linyehelo tse halalelang+ e leng chelete eo motho e mong le e mong a neng a lokela ho e ntša,+ chelete eo motho ka mong a neng a ka khona ho e ntša le chelete eo motho a neng a e ntša ka ho rata ntlong ea Jehova.+ 5 Baprista ba e nke ho batho ba e tlisang* ’me ba e sebelisetse ho lokisa ntlo moo e senyehileng* teng.”+
6 Ha Morena Joase a e-na le lilemo tse 23 a busa, baprista ba ne ba ntse ba e-s’o lokise ntlo.+ 7 Morena Joase a bitsa moprista Jehojada+ le baprista ba bang ’me a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le ntse le e-s’o lokise ntlo? Le se ke la hlola le nka chelete ho batho ntle le haeba le tl’o e sebelisetsa ho lokisa ntlo.”+ 8 Baprista ba lumela hore ba ke ke ba hlola ba nka chelete ho batho le hore ha e sa le bona ba tla lokisa ntlo.
9 Moprista Jehojada a nka lebokose+ ’me a le phunya lesoba sekoahelong, a le beha pel’a aletare ka lehlakoreng le letona ha motho a kena ka tlung ea Jehova. Baprista bao e neng e le balebeli ba menyako, ba ne ba tšela chelete e tlisoang ka tlung ea Jehova ka moo.+ 10 Ha ba bona hore chelete e ngata ka lebokoseng, mongoli oa morena le moprista ea phahameng ba ne ba e ntša* ’me ba bala chelete eo e tlisitsoeng ntlong ea Jehova.+ 11 Ba ne ba nka chelete eo ba seng ba e balile ’me ba e fa batho ba hlokomelang mosebetsi o etsoang ntlong ea Jehova. Batho bao bona, ba ne ba patala batho ba sebetsang ka lepolanka le lihahi tse neng li lokisa ntlo ea Jehova+ 12 hammoho le ba hahang ka majoe le babetli ba majoe. Ba boela ba tlisa mapolanka le majoe a betliloeng ho lokisa ntlo ea Jehova ’me ba sebelisa chelete e ’ngoe ho reka lintho tse neng li hlokahala hore ba lokise ntlo.
13 Chelete e ileng ea tlisoa ntlong ea Jehova ha ea ka ea sebelisetsoa ho etsa libeisine tsa silevera, lintho tse timang mollo, lijana, literompeta+ kapa ntho leha e le efe ea khauta kapa ea silevera bakeng sa ntlo ea Jehova.+ 14 Ba ne ba e fa batho ba etsang mosebetsi ’me batho bao bona ba e sebelisetsa ho lokisa ntlo ea Jehova. 15 Batho ba hlokomelang mosebetsi oa ho lokisa, ba ne ba fa basebeletsi chelete. Kaha ba ne ba tšepahala, ba ne ba sa ba botse hore na ba entse’ng ka chelete eo.+ 16 Leha ho le joalo, chelete ea nyehelo ea molato+ le ea nyehelo ea sebe, e ne e sa tlisoe ntlong ea Jehova. E ne e e-ba ea baprista.+
17 Ka nako eo, Hazaele+ morena oa Siria a e’o loantša Gathe+ ’me a e hapa. Ka mor’a moo, a etsa qeto ea ho hlasela Jerusalema.+ 18 Morena Joase oa Juda a nka linyehelo tsohle tse halalelang tseo moholo-holo oa hae Josafate, Jorame le ntate oa hae Akazia e leng marena a Juda ba neng ba fane* ka tsona. A boela a nka linyehelo tsa hae tse halalelang le khauta eohle e neng e le ka matlotlong a ntlo ea Jehova le ka tlung ea morena,* a li romela ho Hazaele morena oa Siria.+ Ka lebaka leo, Hazaele a se ke a hlasela Jerusalema.
19 Histori eohle ea Joase le lintho tsohle tseo a ileng a li etsa, li ngotsoe bukeng ea histori ea marena a Juda. 20 Empa bahlanka ba hae ba mo rerela bolotsana+ eaba ba mo bolaela ntlong ea Qubu,*+ tseleng e eang Sila. 21 Bahlanka ba Joase e leng Jozakare mora oa Shimeathe le Jozabade mora oa Shomere ke bona ba ileng ba mo otla ’me ba mo bolaea.+ Ba mo patela* Motseng oa Davida eaba mora oa hae Amazia e e-ba morena.+
13 Ha Joase+ mora oa Akazia+ morena oa Juda a e-na le lilemo tse 23 a busa, Joakaze mora oa Jehu+ ea e-ba morena oa Iseraele e Samaria ’me a busa ka lilemo tse 17. 2 A ’na a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova, a se ke a tlohela ho etsa sebe seo Jeroboame mora oa Nebate a ileng a etsa hore Baiseraele ba se etse.+ 3 Jehova a halefela+ Baiseraele+ ’me a ba tlohela hore ba hatelloe ke Morena Hazaele+ oa Siria le mora oa hae Ben-hadade+ ka nako e telele.
4 Ha nako e ntse e ea, Joakaze a kopa Jehova hore a mo thuse. Jehova a mo mamela kaha o ne a bona kamoo morena oa Siria a hateletseng Baiseraele kateng.+ 5 Jehova o ile a fa Baiseraele motho ea ileng a ba pholosa+ ho Basiria ’me Baiseraele ba lula ka khotso malapeng a bona joaloka pele. 6 (Leha ho le joalo, sechaba ha sea ka sa tlohela ho etsa sebe* seo ba lelapa la Jeroboame ba ileng ba etsa hore Baiseraele ba se etse.+ Palo e halalelang*+ e neng e le Samaria e ile ea lula e le teng.) 7 Joakaze o ne a setse feela ka bapalami ba lipere ba 50, likariki tse leshome le masole a 10 000 hobane morena oa Siria o ne a felisitse tse ling+ ’me a li hatile joaloka lerole ha ho poloa.+
8 Histori eohle ea Joakaze le lintho tsohle tse kholo tseo a li entseng, li ngotsoe bukeng ea histori ea marena a Iseraele. 9 Joakaze a shoa* ’me a pateloa Samaria.+ Mora oa hae Joase ea e-ba morena.
10 Ha Joase morena oa Juda a e-na le lilemo tse 37 a busa, Joase+ mora oa Joakaze ea e-ba morena oa Baiseraele Samaria ’me o busitse ka lilemo tse 16. 11 O ne a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova ka hore a se ke a tlohela libe tsohle tseo Jeroboame mora oa Nebate a ileng a etsa hore Baiseraele ba li etse.+ O ile a tsoela pele ho li etsa.*
12 Histori eohle ea Joase, lintho tsohle tse kholo tseo a li entseng le kamoo a ileng a loantša Morena Amazia oa Juda kateng,+ li ngotsoe bukeng ea histori ea marena a Iseraele. 13 Joase a shoa* ’me Jeroboame*+ a lula teroneng ea hae. Joase o ile a pateloa Samaria le marena a Iseraele.+
14 Ha Elisha+ a kula, a tšoeroe ke boloetse boo qetellong bo ileng ba mo bolaea, Joase morena oa Iseraele o ile a tla ho eena ’me a lla a re: “Ntate, Ntate! Bona kariki ea ntoa le bapalami ba lipere ba Iseraele!”+ 15 Elisha a re ho eena: “Nka seqha le metsu.” Joase a li nka. 16 Elisha a re ho morena oa Iseraele: “Itokisetse ho betsa.” A itokisetsa ho betsa ’me Elisha a beha matsoho a hae holim’a matsoho a morena. 17 Elisha a re: “Bula fensetere e ka bochabela.” A e bula. Elisha a re: “Betsa!” A betsa. A boela a re ho morena oa Iseraele: “Motsu oa Jehova oa tlholo,* o tla hlola Siria! O tla hlasela* Siria Afeke+ ho fihlela o e felisitse.”
18 Elisha a re: “Nka metsu” eaba oa e nka. A re ho morena oa Iseraele: “Otla fatše.” A otla ka makhetlo a mararo eaba oa emisa. 19 Elisha mohlanka oa Molimo oa ’nete a mo halefela a re: “U ka be u otlile fatše ka makhetlo a mahlano kapa a tšeletseng! Ka tsela eo u ne u tla hlasela Siria ho fihlela u e felisitse empa u tla e hlasela ka makhetlo a mararo feela.”+
20 Ka mor’a moo, Elisha a shoa ’me a patoa. Ha selemo se seng le se seng se qala,* masole a Bamoabe+ a ne a tla naheng. 21 Ha banna ba bang ba ntse ba pata motho, ba ile ba bona sehlopha sa masole eaba ka potlako ba lahlela setopo seo moo Elisha a neng a patetsoe teng ’me ba baleha. Ha setopo seo se thetsa masapo a Elisha, motho eo a phela+ eaba o ema ka maoto.
22 Morena Hazaele+ oa Siria a hatella Baiseraele+ nakong eohle eo Joakaze e neng e le morena. 23 Empa Jehova o ile a ba hauhela+ ’me a bontša hore oa ba khathalla ka lebaka la selekane seo a se entseng le Abrahama,+ Isaka+ le Jakobo.+ Ha aa ka a ba felisa kapa a ba leleka* ho fihlela letsatsing lena. 24 Ha Morena Hazaele oa Siria a shoa, mora oa hae Ben-hadade ea e-ba morena. 25 Joase mora oa Joakaze a boela a hapa metse eo Ben-hadade mora oa Hazaele a neng a e nkile ho ntate oa hae. Joase a mo hlasela* ka makhetlo a mararo+ ’me a khutlisa metse ea Iseraele.
14 Ha Joase+ mora oa Joakaze morena oa Iseraele a e-na le lilemo tse peli a busa, Amazia mora oa Morena Joase oa Juda ea e-ba morena. 2 O ne a le lilemo li 25 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 29. Lebitso la ’mè oa hae e ne e le Jehoadine ea tsoang Jerusalema.+ 3 Amazia o ne a etsa lintho tse thabisang Jehova empa eseng joaloka moholo-holo oa hae Davida.+ O ile a etsa lintho tsohle joaloka ntate oa hae Joase.+ 4 Empa libaka tse phahameng ha lia ka tsa tlosoa.+ Batho ba ne ba ntse ba etsa linyehelo le mahlabelo a kubellang mosi ho tsona.+ 5 Ha ’muso oa hae o se o le matla, a hlasela bahlanka ba hae ba ileng ba bolaea ntate oa hae eo e neng e le morena.+ 6 Empa ha aa ka a bolaea bara ba bahlanka bao ho latela taelo ea Jehova e ngotsoeng bukeng ea Molao oa Moshe e reng: “Bo-ntate ba se ke ba bolaoa ka lebaka la bara ba bona le bara ba se ke ba bolaoa ka lebaka la bo-ntate ba bona. Empa e mong le e mong a bolaoe ka lebaka la sebe sa hae.”+ 7 A bolaea banna ba 10 000 ba Baedomo+ Khohlong ea Letsoai+ ’me a hapa motse oa Sela+ o ileng oa bitsoa Jokthiele ho fihlela kajeno.
8 Amazia a romela baromuoa ho Joase mora oa Joakaze setloholo sa Jehu morena oa Iseraele a re: “Tloo re tl’o loana.”*+ 9 Morena Joase oa Iseraele a romela molaetsa ho Morena Amazia oa Juda a re: “Lihlabahlabane tsa Lebanone li rometse molaetsa ho sefate sa kedare sa Lebanone tsa re, ‘E-re mora oa ka a nyale morali oa hao.’ Empa sebata sa naha ea Lebanone sa feta moo sa hatakela lihlabahlabane tseo. 10 Oa ikhohomosa hobane u bolaile Baedomo.+ Thabela tlholo ea hao empa u itulele moo ha hao.* Ke hobane’ng ha u qala ntoa e tla etsa hore u hloloe hammoho le Juda?” 11 Amazia ha aa ka a mamela.+
Morena Joase oa Iseraele a ea ho Morena Amazia oa Juda ’me ba loantšana ba le Bethe-shemeshe+ ea Juda.+ 12 Baiseraele ba hlola Bajuda ’me masole a Bajuda a balehela malapeng* a ’ona. 13 Morena Joase oa Iseraele a hapa Morena Amazia oa Juda mora oa Joase setloholo sa Akazia Bethe-shemeshe. Ba tla Jerusalema ’me ba liha lebota la Jerusalema ho tloha Keiting ea Efraime+ ho ea Keiting e K’honeng.+ E ne e le sebaka se boholo ba limithara tse 178.* 14 A nka khauta le silevera eohle le lintho tsohle tse neng li le ka tlung ea Jehova le matlotlo a ntlo ea morena* hammoho le batšoaruoa. Ka mor’a moo, a khutlela Samaria.
15 Histori eohle ea Joase, lintho tse kholo tseo a li entseng le kamoo a loantšitseng Morena Amazia oa Juda kateng, li ngotsoe bukeng ea histori ea marena a Iseraele. 16 Joase a shoa* ’me a pateloa Samaria+ le marena a Iseraele. Mora oa hae Jeroboame*+ ea e-ba morena.
17 Amazia+ mora oa Joase morena oa Juda a phela lilemo tse 15 ka mor’a lefu la Joase+ mora oa Joakaze morena oa Iseraele.+ 18 Histori eohle ea Amazia e ngotsoe bukeng ea histori ea marena a Juda. 19 Hamorao ba rera ho mo bolaea+ Jerusalema ’me a balehela Lakishe empa ba romela batho ’me ba mo bolaela teng. 20 Ba mo lata ka lipere ’me a pateloa Jerusalema le baholo-holo ba hae Motseng oa Davida.+ 21 Batho bohle ba Juda ba etsa Azaria*+ morena ka mor’a hore ntate oa hae Amazia+ a shoe. O ne a le lilemo li 16 ka nako eo.+ 22 A hapa Elathe,+ a e haha bocha ’me a e khutlisetsa ho Bajuda ka mor’a hore morena a shoe.*+
23 Ha Amazia mora oa Joase morena oa Juda a e-na le lilemo tse 15 a busa, Jeroboame+ mora oa Morena Joase oa Iseraele ea e-ba morena Samaria ’me a busa ka lilemo tse 41. 24 O ne a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova. Ha aa ka a tlohela ho etsa libe tsohle tseo Jeroboame mora oa Nebate a ileng a etsa hore Baiseraele ba li etse.+ 25 O ile a khutlisetsa moeli oa Iseraele ho tloha Lebo-hamathe*+ ho ea Leoatleng la Araba,*+ ho ea ka seo Jehova Molimo oa Iseraele a ileng a se bua a sebelisa mohlanka oa hae Jonase+ mora oa Amitai, moprofeta oa Gathe-hefere.+ 26 Jehova o ne a bone kamoo Baiseraele ba utloileng bohloko kateng.+ Ho ne ho se na motho ea ka ba thusang esita le batho ba boemo bo tlaase ba ne ba le sieo. 27 Empa Jehova o ne a tšepisitse hore a ke ke a felisa Baiseraele lefatšeng.+ Kahoo, o ile a sebelisa Jeroboame mora oa Joase ho ba pholosa.+
28 Histori eohle ea Jeroboame, lintho tsohle tse kholo tseo a li entseng le kamoo a ileng a loana le ho khutlisetsa Damaseka+ le Hamathe+ Juda ho Baiseraele, li ngotsoe bukeng ea histori ea marena a Iseraele. 29 Jeroboame a shoa joaloka baholo-holo ba hae e leng marena a Iseraele. Mora oa hae Zakaria+ ea e-ba morena.
15 Ha Morena Jeroboame* oa Iseraele a e-na le lilemo tse 27 a busa, Azaria*+ mora oa Morena Amazia+ oa Juda ea e-ba morena.+ 2 O ne a le lilemo li 16 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 52. ’Mè oa hae e ne e le Jekolia oa Jerusalema. 3 O ne a etsa lintho tse thabisang Jehova joaloka ntate oa hae Amazia.+ 4 Empa libaka tse phahameng ha lia ka tsa tlosoa+ ’me batho ba ne ba ntse ba etsa linyehelo le mahlabelo a kubellang mosi ho tsona.+ 5 Jehova a otla morena ka lefu la lepera,+ o ile a ba le lona ho fihlela a shoa. O ne a lula ntlong ea hae a le mong.+ Mora oa hae Jothame+ e ne e le eena ea hlokometseng ntlo ea morena* a bile a ahlola sechaba.+ 6 Histori eohle ea Azaria+ le lintho tsohle tseo a ileng a li etsa li ngotsoe bukeng ea histori ea marena a Juda. 7 Azaria a shoa*+ ’me a pateloa Motseng oa Davida. Mora oa hae Jothame ea e-ba morena.
8 Ha Morena Azaria oa Juda a e-na le lilemo tse 38 a busa,+ Zakaria+ mora oa Jeroboame ea e-ba morena oa Baiseraele Samaria ’me a busa ka likhoeli tse tšeletseng. 9 O ile a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova joaloka baholo-holo ba hae. Ha aa ka a tlohela ho etsa libe tseo Jeroboame mora oa Nebate a ileng a etsa hore Baiseraele ba li etse.+ 10 Shalume mora oa Jabeshe a rera ho bolaea Zakaria.+ Qetellong a mo bolaela Ibleame+ ’me Shalume ea e-ba eena morena. 11 Histori eohle ea Zakaria e ngotsoe bukeng ea histori ea marena a Iseraele. 12 Ho ile ha phethahala seo Jehova a neng a se buile ho Jehu ha a ne a re: “Meloko ea hao e mene+ e tla lula teroneng ea Iseraele.”+
13 Ha Morena Uzia oa Juda a e-na le lilemo tse 39 a busa,+ Shalume mora oa Jabeshe ea e-ba morena. O busitse Samaria khoeli e le ’ngoe feela. 14 Menaheme mora oa Gadi a tloha Tirza+ a ea Samaria ’me a bolaea Shalume+ mora oa Jabeshe. Menaheme ea e-ba morena. 15 Histori eohle ea Shalume le morero oa hae oa bolotsana, li ngotsoe bukeng ea histori ea marena a Iseraele. 16 Menaheme a tloha Tirza ’me a hlasela motse oa Tifsa le ho bolaea batho ba lulang ho oona hobane ha ba aa ka ba mo bulela likeiti. A o hlasela a ba a tabola limpa tsa basali ba immeng ba motse oo.
17 Ha Morena Azaria oa Juda a e-na le lilemo tse 39 a busa, Menaheme mora oa Gadi ea e-ba morena oa Iseraele, a busa Samaria ka lilemo tse leshome. 18 O ne a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova. Bophelong bohle ba hae ha aa ka a tlohela ho etsa libe tsohle tseo Jeroboame mora oa Nebate a ileng a etsa hore Baiseraele ba li etse.+ 19 Morena Pule+ oa Asiria a tla Iseraele ’me Menaheme a mo fa silevera e boima ba lik’hilokramo tse 34 200* e le ho mo leboha hobane a ile a mo thusa hore ’muso oa hae o be matla.+ 20 E le hore a fumane silevera eo a tla e fa morena oa Asiria, Menaheme o ile a batla silevera e etsang boima ba likramo tse 570* ho monna e mong le e mong ea ruileng Iseraele.+ Kahoo, morena oa Asiria a tsamaea ’me a se ke a hlasela Iseraele. 21 Histori eohle ea Menaheme+ le lintho tsohle tseo a ileng a li etsa, li ngotsoe bukeng ea histori ea marena a Iseraele. 22 Menaheme a shoa.* Mora oa hae Pekakia ea e-ba morena.
23 Ha Morena Azaria oa Juda a e-na le lilemo tse 50 a busa, Pekakia mora oa Menaheme ea e-ba morena oa Baiseraele Samaria ’me a busa ka lilemo tse peli. 24 O ne a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova. Ha aa ka a tlohela ho etsa libe tseo Jeroboame mora oa Nebate a ileng a etsa hore Baiseraele ba li etse.+ 25 Molaoli oa hae oa masole e leng Peka+ mora oa Remalia a rera ho mo bolaea. Qetellong a mo bolaela Samaria toreng e sireletsehileng ea ntlo ea morena* a e-na le Argobe le Arie. O ne a tsamaea le banna ba 50 ba Gileade ’me ka mor’a ho mo bolaea e ile ea e-ba morena. 26 Histori eohle ea Pekakia le lintho tsohle tseo a ileng a li etsa, li ngotsoe bukeng ea histori ea marena a Iseraele.
27 Ha Morena Azaria oa Juda a e-na le lilemo tse 52 a busa, Peka+ mora oa Remalia ea e-ba morena oa Baiseraele Samaria ’me a busa ka lilemo tse 20. 28 O ne a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova. Ha aa ka a tlohela ho etsa libe tseo Jeroboame mora oa Nebate a ileng a etsa hore Baiseraele ba li etse.+ 29 Ha Morena Peka oa Iseraele a ntse a busa, Morena Tiglathe-pilesere+ oa Asiria a ea Iseraele ’me a hapa Ijone, Abele-bethe-maaka,+ Janooa, Kedeshe,+ Hazore, Gileade+ le Galilea e leng naha eohle ea Nefthali.+ O ile a nka le baahi bohle ba eona a ba isa botlamuoeng Asiria.+ 30 Hoshea+ mora oa Ela a rera ho bolaea Peka mora oa Remalia ’me qetellong a mo bolaea. Hoshea e ile ea e-ba morena ha Jothame+ mora oa Uzia a e-na le lilemo tse 20 a busa. 31 Histori eohle ea Peka le lintho tsohle tseo a ileng a li etsa, li ngotsoe bukeng ea histori ea marena a Iseraele.
32 Ha Peka mora oa Remalia morena oa Iseraele a e-na le lilemo tse peli a busa, Jothame+ mora oa Morena Uzia+ oa Juda ea e-ba morena. 33 O ne a le lilemo li 25 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 16. Lebitso la ’mè oa hae e ne e le Jerusha morali oa Tsadoke.+ 34 Jothame o ne a etsa lintho tse thabisang Jehova joaloka ntate oa hae Uzia.+ 35 Empa libaka tse phahameng ha lia ka tsa tlosoa ’me batho ba ne ba ntse ba etsa linyehelo le mahlabelo a kubellang mosi ho tsona.+ Ke eena ea ileng a haha keiti e holimo ea ntlo ea Jehova.+ 36 Histori eohle ea Jothame le lintho tsohle tseo a ileng a li etsa, li ngotsoe bukeng ea histori ea marena a Juda. 37 Mehleng eo, Jehova a romela Rezine morena oa Siria le Peka+ mora oa Remalia hore ba hlasele Juda.+ 38 Jothame a shoa* ’me a pateloa Motseng oa Davida moholo-holo oa hae. Mora oa hae Akaze ea e-ba morena.
16 Ha Peka mora oa Remalia a e-na le lilemo tse 17 a busa, Akaze+ mora oa Morena Jothame oa Juda ea e-ba morena. 2 Akaze o ne a le lilemo li 20 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 16. O ne a sa tšoane le moholo-holo oa hae Davida ea neng a etsa lintho tse thabisang Jehova.+ 3 Empa o ile a etsa lintho tse neng li etsoa ke marena a Iseraele+ a ba a chesa* mora oa hae+ e le ha a etsisa mekhoa e nyonyehang ea lichaba+ tseo Jehova a li lelekileng ha Baiseraele ba ne ba hapa naha. 4 O ne a etsa linyehelo le mahlabelo a kubellang mosi libakeng tse phahameng,+ maralleng le tlas’a lifate tse ntle tse tala.+
5 Morena Rezine oa Siria le Peka mora oa Remalia morena oa Iseraele, ba hlasela Jerusalema.+ Ba ile ba thibella motse oo Akaze a neng a lula ho oona empa ha baa ka ba o hlola. 6 Morena Rezine oa Siria a khutlisetsa motse oa Elathe+ ho Baedomo ’me a leleka Bajuda* ho oona. Baedomo ba ea Elathe ’me ba lula moo ho fihlela letsatsing lena. 7 Akaze a roma baromuoa ho Morena Tiglathe-pilesere+ oa Asiria ’me a re ba re ho eena: “Ke mohlanka oa hao ebile ke mora oa hao. Tloo u tl’o mpholosa ho marena a ntlhaselang e leng morena oa Siria le morena oa Iseraele.” 8 Akaze a nka silevera le khauta tse neng li le ka tlung ea Jehova le ka matlotlong a ntlo ea morena* eaba o li romela ho morena oa Asiria e le tjotjo.+ 9 Morena oa Asiria a lumela ho mo thusa ’me a e’o hlasela Damaseka le ho e hapa. A isa baahi ba eona botlamuoeng Kire+ eaba o bolaea Rezine.+
10 Morena Akaze a ea Damaseka a e’o kopana le Morena Tiglathe-pilesere oa Asiria. Ha a bona aletare e Damaseka, a romella moprista Uria polane ea eona.+ 11 Moprista Uria+ a haha aletare+ ho ea ka polane eo Morena Akaze a neng a mo romeletse eona ho tsoa Damaseka. O ile a qeta ho e haha pele Morena Akaze a khutla Damaseka. 12 Ha morena a khutla Damaseka ’me a bona aletare, a ea ho eona ’me a etsa linyehelo holim’a eona.+ 13 O ne a chesa linyehelo tsa secheso le linyehelo tsa lijo* holim’a aletare eo. O ne a boetse a tšela linyehelo tsa seno a bile a fafatsa mali a mahlabelo a kopanetsoeng ho eona. 14 Akaze a tlosa aletare ea koporo+ e neng e le ka pel’a Jehova moo e neng e lula teng ka pel’a ntlo, pakeng tsa aletare ea hae le ntlo ea Jehova ’me a e beha lehlakoreng le ka leboea la aletare ea hae. 15 Morena Akaze a re ho moprista Uria:+ “Hoseng u etse nyehelo ea secheso aletareng e kholo+ le mantsiboea u etse nyehelo ea lijo,+ nyehelo ea secheso ea morena, nyehelo ea hae ea lijo, linyehelo tsa secheso, linyehelo tsa lijo le linyehelo tsa seno tsa batho bohle. Hape u fafatse aletare ka mali ’ohle a linyehelo tsa secheso le a mahlabelo a mang. Aletare eona ke tla u bolella hore na u etse’ng ka eona.” 16 Moprista Uria a etsa lintho tsohle tseo Morena Akaze a neng a itse a li etse.+
17 Morena Akaze a liha mabota a mahlakoreng a literoli+ ’me a tlosa le libeisine tse neng li le holim’a tsona.+ O ile a tlosa Tanka e neng e le holim’a lipoho tsa koporo+ tse e tšehelitseng eaba o e beha lebaleng le entsoeng ka majoe.+ 18 A tlosa mohaho o pel’a tempele o neng o sebelisoa ka Sabatha le tsela e ka ntle e eang ntlong ea morena, a li tlosa ntlong ea Jehova. O ile a etsa sena ka lebaka la morena oa Asiria.
19 Histori eohle ea Akaze le lintho tsohle tseo a ileng a li etsa, li ngotsoe bukeng ea histori ea marena a Juda.+ 20 Akaze a shoa* ’me a pateloa Motseng oa Davida moholo-holo oa hae. Mora oa hae Ezekiase*+ ea e-ba morena.
17 Ha Morena Akaze oa Juda a e-na le lilemo tse 12 a busa, Hoshea+ mora oa Ela ea e-ba morena oa Baiseraele Samaria ’me a busa ka lilemo tse robong. 2 O ne a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova empa eseng joaloka marena a Iseraele a busitseng pele ho eena. 3 Morena Shalmanesere oa Asiria a hlasela Hoshea.+ A mo etsa mohlanka oa hae eaba Hoshea o qala ho mo patala lekhetho.+ 4 Morena oa Asiria a utloa hore Hoshea o rera bolotsana hobane o ne a romme baromuoa ho Morena So oa Egepeta+ hape a sa tlisa lekhetho ho eena morena oa Asiria joalokaha a ne a etsa lilemong tse fetileng. Ka lebaka leo, morena oa Asiria a mo koalla teronkong a mo fasitse.
5 Morena oa Asiria a ea Samaria, a hlasela naha eohle ’me a e thibella ka lilemo tse tharo. 6 Ha Hoshea a e-na le lilemo tse robong a busa, morena oa Asiria a hapa Samaria.+ A isa Baiseraele botlamuoeng+ Asiria ’me a re ba lule Hala, Habore nokeng ea Gozane+ le metseng ea Bamede.+
7 Sena se ile sa etsahala hobane Baiseraele ba ne ba foselitse Jehova Molimo oa bona, ea ba ntšitseng naheng ea Egepeta tlas’a puso ea Faro morena oa Egepeta.+ Ba ne ba rapela* melimo e meng,+ 8 ba etsa lintho tse neng li etsoa ke lichaba tseo Jehova a neng a li lelekile le tse neng li etsoa ke marena a Iseraele.
9 Baiseraele ba ne ba etsa lintho tse sa thabiseng Jehova Molimo oa bona. Ba ne ba ntse ba haha libaka tse phahameng metseng eohle ea bona,+ ho tloha toreng ea ho lebela ho ea fihla motseng o sireletsehileng.* 10 Ba ’na ba iketsetsa lipilara le lipalo tse halalelang*+ leralleng le leng le le leng le phahameng le tlas’a lifate tsohle tse ntle tse tala.+ 11 Ba ne ba etsa mahlabelo a kubellang mosi libakeng tsohle tse phahameng joaloka lichaba tseo Jehova a neng a li lelekile ka pel’a bona a li isa botlamuoeng.+ Ba ne ba etsa lintho tse mpe tse utloisang Jehova bohloko.
12 Ba ne ba rapela litšoantšo tse nyonyehang*+ tseo Jehova a neng a itse ho bona ka tsona: “Le se ke la li rapela!”+ 13 Jehova a ’na a lemosa Baiseraele le Bajuda a sebelisa baprofeta bohle ba hae le batho bohle ba bonang lipono+ a re: “Tlohelang ho etsa lintho tse mpe!+ Le mamele litaelo tsa ka ho ea ka melao eohle eo ke e fileng baholo-holo ba lona le eo ke ileng ka le romella eona ke sebelisa bahlanka ba ka e leng baprofeta.” 14 Empa ha ba aa ka ba mamela, ba ne ba le manganga* joaloka baholo-holo ba bona ba neng ba sa bontše tumelo ho Jehova Molimo oa bona.+ 15 Ba ile ba tlohela ho latela melao, selekane+ seo a neng a se entse le baholo-holo ba bona le likhopotso tseo a neng a ba lemositse ka tsona.+ Ba ne ba rapela litšoantšo tse se nang thuso+ ’me le bona ba qetella ba se na thuso joaloka tsona,+ ba etsisa lichaba tse ba potolohileng tseo Jehova a neng a itse ba se ke ba li etsisa.+
16 Ha ba aa ka ba mamela melao eohle ea Jehova Molimo oa bona eaba ba iketsetsa manamane a mabeli+ a tšepe* le palo e halalelang.*+ Ba khumamela makhotla ’ohle a leholimo+ ’me ba sebeletsa le Baale.+ 17 Ba boela ba chesa* bara le barali ba bona,+ ba sebelisa bonohe+ ’me ba batla lipontšo tsa se tlang. Ba tsoela pele ho etsa* lintho tse sa thabiseng Jehova ’me ba mo utloisa bohloko.
18 Jehova a halefela Baiseraele ’me a ba leleka.+ O ile a siea leloko la Juda feela.
19 Bajuda le bona ha ba aa ka ba mamela melao ea Jehova Molimo oa bona.+ Ba ile ba etsa lintho tseo Baiseraele ba neng ba li etsa.+ 20 Jehova a lahla Baiseraele* ’me a ba tlotlolla le ho etsa hore ba hloloe ke lira ho fihlela a ba lelekile kaofela. 21 O ile a tlosa Baiseraele ’musong oa Davida ’me ba etsa Jeroboame mora oa Nebate morena.+ Empa Jeroboame a etsa hore Baiseraele ba se ke ba mamela Jehova le hore ba etse sebe se seholo. 22 Baiseraele ba ’na ba etsa libe tsohle tseo Jeroboame a neng a li etsa.+ Ha ba aa ka ba li tlohela 23 ho fihlela Jehova a ba lelekile joalokaha a ne a boletse a sebelisa bahlanka bohle ba hae e leng baprofeta.+ Baiseraele ba isoa botlamuoeng naheng ea Asiria+ ’me ba ntse ba le moo ho fihlela letsatsing lena.
24 Morena oa Asiria a lata batho ho tsoa Babilona, Kutha, Ava, Hamathe le Sefarvaime+ ’me a re ba lule metseng ea Samaria moo Baiseraele ba neng ba lula teng. Ba ile ba hapa Samaria ’me ba lula metseng ea eona. 25 Ha ba se ba lula moo, ha ba aa ka ba sebeletsa* Jehova. Eaba Jehova o romela litau+ hore li bolaee ba bang ba bona. 26 Morena oa Asiria a fumana tlaleho ena e reng: “Lichaba tseo u li isitseng botlamuoeng ’me oa re li lule metseng ea Samaria, ha li tsebe hore na Molimo oa naha eo o rapeloa joang. Kahoo, o lula a romela litau hore li ba bolaee.”
27 Morena oa Asiria a re: “Nkang e mong oa baprista ba tsoang Samaria ’me le mo khutlisetse teng e le hore a rute sechaba hore na Molimo oa naha eo o rapeloa joang.” 28 E mong oa baprista ba neng ba isitsoe botlamuoeng a khutlela Bethele+ ’me a ruta sechaba hore na se rapele* Jehova joang.+
29 Empa lichaba tse fapaneng tsa iketsetsa melimo ea tsona ’me tsa e beha libakeng tse phahameng tsa matlo a borapeli tseo Basamaria ba neng ba li entse. Li ile tsa etsa sena metseng eo li neng li lula ho eona. 30 Batho ba Babilona ba iketsetsa molimo ea bitsoang Sukothe-benothe, batho ba Kuthe ba etsa Nergale, batho ba Hamathe+ ba etsa Ashima. 31 Baava bona ba ile ba etsa molimo ea bitsoang Nibkaze le Tartake. Basefarvaime le bona ba ne ba chesa bara ba bona bakeng sa melimo ea Sefarvaime e leng Adrameleke le Anameleke.+ 32 Le hoja ba ne ba sebeletsa* Jehova, ba ile ba khetha baprista har’a batho hore ba sebetse matlong a borapeli libakeng tse phahameng.+ 33 Ba ne ba sebeletsa* Jehova empa ba ntse ba rapela melimo ea bona ho ea ka bolumeli ba lichaba tseo ba neng ba tsoa ho tsona.+
34 Ho fihlela letsatsing lena ba ntse ba latela malumeli a bona a pele. Ha ho na ea sebeletsang* Jehova ’me ha ho na ea mamelang Molao le litaelo tsa Jehova tseo a neng a li file bara ba Jakobo, eo Molimo a ileng a fetola lebitso la hae hore e be Iseraele.+ 35 Ha Jehova a etsa selekane le bona+ o ile a re: “Le se ke la rapela melimo e meng, la e khumamela, la e sebeletsa kapa la e etsetsa sehlabelo.+ 36 Empa Jehova ea le ntšitseng naheng ea Egepeta ka matla a maholo+ ke eena eo le lokelang ho mo sebeletsa,+ ho mo khumamela le ho mo etsetsa sehlabelo. 37 Le mamele litaelo tsa hae le Melao ea hae eo a le ngoletseng eona+ ’me le se ke la sebeletsa melimo e meng. 38 Le se ke la lebala selekane seo ke se entseng le lona+ ’me le se ke la sebeletsa melimo e meng. 39 Empa le sebeletse Jehova Molimo oa lona kaha ke eena ea tla le pholosa ho lira tsohle tsa lona.”
40 Empa ha ba aa ka ba mamela ’me ba ile ba latela bolumeli ba bona ba pele.+ 41 Lichaba tsena li ne li rapela Jehova+ empa li ne li boetse li rapela litšoantšo tse rapeloang. Bana le litloholo ba entse lintho tseo baholo-holo ba bona ba neng ba li etsa ho fihlela letsatsing lena.
18 Ha Hoshea mora oa Ela morena oa Iseraele a e-na le lilemo tse tharo a busa,+ Ezekiase+ mora oa Morena Akaze+ oa Juda ea e-ba morena. 2 O ne a le lilemo li 25 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 29. Lebitso la ’mè oa hae e ne e le Abi* morali oa Zakaria.+ 3 O ne a etsa lintho tse thabisang Jehova+ joaloka moholo-holo oa hae Davida.+ 4 Ke eena ea ileng a tlosa libaka tse phahameng,+ a pshatla lipilara tse halalelang a ba a khaola palo e halalelang.*+ A boela a pshatla noha ea koporo* eo Moshe a neng a e entse+ hobane ho fihlela ka nako eo, Baiseraele ba ne ba e etsetsa sehlabelo se kubellang mosi ebile ba e bitsa setšoantšo se rapeloang sa noha ea koporo. 5 Ezekiase o ne a tšepile Jehova+ Molimo oa Iseraele ’me ho ne ho se na morena ea tšoanang le eena har’a marena ’ohle a Juda a busitseng pele ho eena le ka mor’a hae. 6 O ile a lula a tšepahalla Jehova.+ Ha aa ka a tlohela ho latela litaelo tsa Jehova tseo a neng a li file Moshe. 7 Jehova o ile a lula a e-na le eena ka linako tsohle ’me o ne a etsa lintho ka bohlale. O ile a fetohela morena oa Asiria ’me a hana ho mo sebeletsa.+ 8 A boela a hlola Bafilista+ ba neng ba le Gaza le libakeng tsa eona, ho tloha toreng ea ho lebela ho ea fihla motseng o sireletsehileng.*
9 Ha Morena Ezekiase a e-na le lilemo tse ’nè a busa, ha Hoshea mora oa Ela morena oa Iseraele a e-na le lilemo tse supileng a busa,+ Morena Shalmanesere oa Asiria a tla Samaria a e thibella.+ 10 O ile a hapa Samaria+ qetellong ea lilemo tse tharo, ha Ezekiase a e-na le lilemo tse tšeletseng a busa ’me Morena Hoshea oa Iseraele a e-na le lilemo tse robong a busa. 11 Morena oa Asiria a isa Baiseraele botlamuoeng+ Asiria ’me a re ba lule Hala, Habore nokeng ea Gozane le metseng ea Bamede.+ 12 Sena se ile sa etsahala hobane ha ba aa ka ba mamela Jehova Molimo oa bona, ha ba aa ka ba tšepahalla selekane seo a neng a se entse le bona le ho mamela litaelo tsohle tseo Moshe mohlanka oa Jehova a neng a ba boleletse tsona.+ Ho hang ha ba aa ka ba li mamela.
13 Ha Morena Ezekiase a e-na le lilemo tse 14 a busa, Sankeribe morena oa Asiria+ a hlasela metse eohle ea Juda e sirelelitsoeng ka thata ’me a e hapa.+ 14 Morena Ezekiase oa Juda a romela molaetsa ho morena oa Asiria ea neng a le Lakishe a re: “Ke molato. Ke kopa u se ke oa ntlhasela ’me ke tla u fa ntho leha e le efe eo u tla mpatla eona.” Morena oa Asiria a re Morena Ezekiase oa Juda a mo fe silevera ea boima ba lik’hilokramo tse 10 260* le khauta e ka etsang boima ba lik’hilokramo tse 1 000.* 15 Ezekiase a fana ka silevera eohle e neng e le ka tlung ea Jehova le ka matlotlong a ntlo ea morena.*+ 16 Morena Ezekiase oa Juda a tlosa* mamati a tempele+ ea Jehova le likosene tseo a neng a li tlotsitse ka khauta+ ’me a li fa morena oa Asiria.
17 Morena oa Asiria a roma Tartane,* Rabsarise,* Rabshake* le lebotho le leholo la sesole ho tsoa Lakishe+ hore ba ee Jerusalema ho Morena Ezekiase.+ Ba ea Jerusalema ’me ba ema pel’a kotopo ea letamo le ka holimo tseleng e kholo e eang moo motho ea hlatsoang a sebetsang teng.+ 18 Ha ba hoeletsa morena, ho ile ha tla Eliakime+ mora oa Hilkia ea neng a hlokometse ba ntlo ea morena,* mongoli Shebna+ le motlalehi Jooa mora oa Asafe.
19 Kahoo, Rabshake a re ho bona: “Ke kopa le re ho Ezekiase: ‘Morena e moholo, morena oa Asiria o re: “U tšepile’ng?+ 20 U ipoleletse hore u na le leqheka le matla a ho loana empa mantsoe ao ha a na thuso. Ebe u tšepile mang, ha u le sebete sa ho mphetohela tjee?+ 21 U tšepile hore u tla itšetleha ka Egepeta,+ lehlaka le robehileng, le ka hlabang la ba la phunya seatla sa motho ea ka itšetlehang ka lona. Faro morena oa Egepeta, o joalo ho bohle ba mo tšepang. 22 Haeba u re le tšepile Jehova Molimo oa lona,+ na ha se uena Ezekiase ea ileng a tlosa libaka tse phahameng le lialetare tsa hae+ eaba u re batho ba Juda le ba Jerusalema ba khumame ka pel’a aletare e Jerusalema?”+ 23 Joale ke kopa u etse tumellano ena le khosi ea ka morena oa Asiria: Ke tla u fa lipere tse 2 000 haeba u ka li fumanela bapalami.+ 24 Le hoja Egepeta e ka le fa likariki tsa ntoa le banna ba palamang lipere, le ke ke la hlola esita le letona la boemo bo tlase la morena oa rona. 25 Na u nahana hore ke hlasetse sebaka see ntle ho tumello ea Jehova? Jehova ke eena ea itseng ke hlasele naha ena ’me ke e felise.’”
26 Eliakime mora oa Hilkia, Shebna+ le Jooa ba re ho Rabshake:+ “Re kopa u bue le rona ka puo ea Searame*+ hobane rea e utloisisa. U se ke oa bua le rona ka puo ea Bajuda hobane batho ba lerakong ba ntse ba utloa.”+ 27 Empa Rabshake a re ho bona: “Molaetsa ona ha se oa lona le morena oa lona feela hape ke oa banna bana ba lerakong ba tla ja mantle a bona le ho noa mosese* oa bona hammoho le lona.”
28 Rabshake a ema ’me a hoeletsa ka puo ea Bajuda a re: “Mamelang mantsoe a morena e moholo, morena oa Asiria.+ 29 Morena o re: ‘Le se ke la lumella Ezekiase ho le thetsa hobane a ke ke a khona ho le pholosa ha ke le hlasela.+ 30 Hape le se ke la lumella Ezekiase ho etsa hore le tšepe Jehova ha a re: “Jehova o tla re pholosa ’me motse ona o ke ke oa felisoa ke morena oa Asiria.”+ 31 Le se ke la mamela Ezekiase kaha ’na morena oa Asiria ke re: “Bopang khotso le ’na ’me le inehele* e le hore kaofela le ka ja lifateng tsa lona tsa morara, tsa feie* le be le noe metsi a liliba tsa lona, 32 ho fihlela ke tla ’me ke le isa naheng e tšoanang le ea lona,+ e nang le koro* le veine e ncha, bohobe, lirapa tsa morara, lifate tsa oli ea mohloaare le mahe a linotši. Ha le etsa joalo le ke ke la shoa. Le se ke la khelosoa ke Ezekiase ha a re: ‘Jehova o tla re lopolla.’ 33 Na ho na le sechaba seo molimo oa sona a kileng a se pholosa ho morena oa Asiria? 34 E kae melimo ea Hamathe+ le Arpade? E kae melimo ea Sefarvaime,+ Hena le Iva? Na e ile ea pholosa Samaria ha ke ne ke e hlasela?+ 35 Ke molimo ofe har’a melimo eohle ea linaha tsee ea ileng a pholosa naha ea hae ha ke e hlasela hoo le nahanang hore Jehova a ka pholosa Jerusalema?”’”+
36 Empa batho ba thola tu! eaba ha ba mo arabe hobane Morena Ezekiase o ne a itse ba se ke ba mo araba.+ 37 Eliakime mora oa Hilkia, ea neng a hlokometse ba ntlo ea morena,* mongoli Shebna le motlalehi Jooa mora oa Asafe ba tla ho Ezekiase ba tabotse liaparo tsa bona ’me ba mo bolella hore na Rabshake o itse’ng.
19 Hang ha Morena Ezekiase a utloa litaba tsena, a tabola liaparo tsa hae a apara lesela le hoashang* eaba o ea ntlong ea Jehova.+ 2 A romela Eliakime mohlokomeli oa ntlo ea morena,* mongoli Shebna le baholo ba baprista ho moprofeta Esaia+ mora oa Amoze. Ba ne ba apere masela a hoashang.* 3 Ba mo bolella mantsoe a Ezekiase a reng: “Letsatsi lena ke la mathata, la ho khalemeloa le la ho tlotlolloa. Re tšoana le mosali ea haufi le ho ba le ngoana* empa a se na matla a ho beleha.+ 4 Mohlomong Jehova Molimo oa hao o tla utloa mantsoe ’ohle ao morena oa Asiria a a buileng a sebelisa Rabshake e le hore a some Molimo ea phelang.+ Jehova Molimo oa hao o tla mo khalemela ka lebaka la mantsoe ao a a utloileng. Re rapelle+ rona batho ba ntseng ba setse.”
5 Bahlanka ba Morena Ezekiase ba fihla ho Esaia.+ 6 Eaba Esaia o re ho bona: “Le lokela ho re ho morena oa lona, ‘Jehova o re: “U se ke oa tšosoa+ ke mantsoe ao u utloileng bahlanka ba morena oa Asiria ba nthohaka ka ’ona.+ 7 Ke kenya monahano kelellong ea hae. O tla utloa tlaleho ebe o khutlela naheng ea hae a be a bolaoe ka sabole moo.”’”+
8 Ka mor’a hore Rabshake a utloe hore morena oa Asiria o tlohile Lakishe,+ a khutlela ho eena ’me a mo fumana a ntse a loantša Libna.+ 9 Morena oa Asiria a utloa ho thoe Morena Tirhaka oa Ethiopia o tl’o mo loantša. Kahoo, a roma batho+ hape ho Ezekiase a re: 10 “Le re ho Morena Ezekiase oa Juda, ‘U se ke oa lumella Molimo oa hao eo u mo tšepileng hore a u thetse, ha a re morena oa Asiria a ke ke a hlola Jerusalema.+ 11 U utloile hore na marena a Asiria a ile a felisa linaha tse ling joang.+ Hobane’ng ha u nahana hore uena u tla pholoha? 12 Na melimo ea lichaba tseo baholo-holo ba ka ba ileng ba li felisa e ile ea li pholosa? Se kae sechaba sa Gozane, Harane,+ Rezefe le batho ba Edene ba neng ba le Tel-asare? 13 O kae morena oa Hamathe, oa Arpade, oa metse ea Sefarvaime, oa Hena le oa Iva?’”+
14 Ezekiase a nka mangolo ho baromuoa a a bala. A ea ntlong ea Jehova eaba o a bula ka pel’a Jehova.+ 15 Ezekiase a rapela+ Jehova a re: “Jehova Molimo oa Iseraele, uena ea lutseng teroneng ka holim’a* likerubime,+ ke uena feela Molimo oa ’nete mebusong eohle e lefatšeng.+ U entse maholimo le lefatše. 16 Jehova utloa u be u mamele.+ Jehova, sheba+ ’me u bone. Utloa mantsoe a tsoang ho Sankeribe, ao a somang Molimo ea phelang ka ’ona. 17 Jehova, ke ’nete hore marena a Asiria a felisitse lichaba le linaha tsa tsona.+ 18 A ile a chesa melimo ea tsona hobane e ne e le melimo e iketselitsoeng,+ e entsoeng ka patsi le lejoe. Ke kahoo a ileng a khona ho e felisa. 19 Jehova Molimo oa rona re kopa u re pholose ho morena oa Asiria e le hore mebuso eohle ea lefatše e ka tseba hore uena Jehova, u Molimo u le mong.”+
20 Esaia mora oa Amoze a romella Ezekiase molaetsa o reng: “Jehova Molimo oa Iseraele o re o utloile thapelo eo u e entseng+ ka lebaka la Morena Sankeribe oa Asiria.+ 21 Jehova o re ho eena:
‘Moroetsana oa Sione o u hloile ebile oa u tšeha.
Morali oa Jerusalema o sisinya hlooho ha a u bona.
22 Na oa tseba hore ke mang eo u mo rohakang le ho mo tella?+
Ke mang eo u mo halefetseng+
Le ho mo sheba hampe?
Ke Mohalaleli oa Iseraele.+
23 U nyefotse Jehova+ u sebelisa baromuoa ba hao+ oa re:
“Ka likariki tsa ka tsa ntoa tse ngata
Ke tla hloella ka holim’a lithaba,
Libakeng tse hole tsa Lebanone.
Ke tla rema lifate tsa eona tsa kedare tse telele le lifate tsa eona tse ntle tsa junipere.
Ke tla fihla lithabeng tsa eona tse hole ka ho fetisisa, morung oa eona o teteaneng haholo.
24 Ke tla cheka liliba, ke noe metsi a balichaba.
Ke tla pshesa linokana* tsohle tsa Egepeta ka maoto a ka.”
25 Na ha oa utloa hore khale ke rerile* ho etsa ntho eo?+
Ke nahanne ka eona* ho tloha mehleng ea khale.+
Joale ke tla e phetha.+
U tla etsa hore metse e sirelelitsoeng ka thata e be qubu ea majoe.+
26 Baahi ba eona ba tla felloa ke matla.
Ba tla tšoha ’me ba hlajoe ke lihlong.
Ba tla ba joaloka limela tsa naha le joang bo botala,+
Joaloka joang bo melang ka holim’a ntlo bo omelelitsoeng ke moea oa bochabela.
28 Ke utloile kamoo u nkoatetseng le ho nkhalefela kateng.+
Kahoo, ke tla kenya hakisi ea ka ka nkong ea hao le tomo ea ka+ pakeng tsa molomo oa hao.
Ke tla u khutlisa ka tsela eo u tlileng ka eona.’+
29 Ezekiase o tla bona ka lintho tse latelang hore sena se tla phethahala: Selemong sena le selemong sa bobeli le tla ja koro* e itlhahisitseng.+ Empa ka selemo sa boraro le tla lema le be le kotule ’me le tla lema lirapa tsa morara le be le je litholoana tsa tsona.+ 30 Batho ba Juda ba setseng+ ba tla tšoana le limela tse metseng ka metso ’me ba hlahise litholoana. 31 Batho ba setseng ba tla tsoa Jerusalema ’me ba phonyohileng ba tsoe Thabeng ea Sione. Jehova oa mabotho o tla etsa sena ka cheseho.+
32 Jehova o itse ka morena oa Asiria:+
‘A ke ke a kena motseng ona+
Kapa a betsetsa motsu ho oona.
A ke ke a tla ho oona a nkile thebe
Kapa a haha qubu e o thibellang.’+
33 Jehova o re: ‘Morena oa Asiria o tla khutla ka tsela eo a tlileng ka eona.
A ke ke a kena motseng ona.
34 Ke tla sireletsa motse ona+ ’me ke o pholose ka lebaka la lebitso la ka+
Le ka lebaka la mohlanka oa ka Davida.’”+
35 Bosiung bona boo, lengeloi la Jehova la tla ’me la bolaea masole a 185 000 litenteng tsa Baasiria.+ Ha batho ba tsoha hoseng, ba fumana masole ao a shoele kaofela.+ 36 Morena Sankeribe oa Asiria a khutlela Ninive+ ’me a lula teng.+ 37 Ha a ntse a rapela tempeleng* ea molimo oa hae Nisroke, bara ba hae e leng Adrameleke le Sharezere ba mo bolaea ka sabole+ ’me ba balehela naheng ea Ararate.+ Mora oa hae Esare-hadone+ ea e-ba morena.
20 Matsatsing ao Ezekiase a kulela lefu.+ Eaba moprofeta Esaia mora oa Amoze o fihla ho eena o re, “Jehova o re: ‘Fana ka litaelo ho ba lelapa la hao hobane u ke ke oa fola empa u tla shoa.’”+ 2 A sheba leboteng ’me a rapela Jehova a re: 3 “Kea u kopa hle Jehova, ke kopa u hopole kamoo ke u sebelelitseng ka botšepehi kateng le ka pelo eohle ’me ke etsa lintho tse u thabisang.”+ Ezekiase a lla habohloko.
4 Esaia o ne a e-s’o fihle lebaleng le hare ha Jehova a re ho eena:+ 5 “Khutla u ee ho Ezekiase moeta-pele oa batho ba ka ’me u re, ‘Jehova Molimo oa moholo-holo oa hao Davida o re: “Ke utloile thapelo ea hao ’me ke bone meokho ea hao.+ Ke tl’o u folisa.+ Ka letsatsi la boraro u tla ea ntlong ea Jehova.+ 6 Ke tla eketsa bophelo ba hao ka lilemo tse 15 ’me ke tla pholosa uena le motse ona ho morena oa Asiria.+ Ke tla sireletsa motse ona ’me ke u pholose ka lebaka la lebitso la ka le ka lebaka la mohlanka oa ka Davida.”’”+
7 Esaia a re: “Tlisang mangangajane a lifeie.”* Ba a tlisa ’me ba a tlotsa lethopeng, butle-butle a fola.+
8 Ezekiase a re ho Esaia: “Pontšo ke efe+ ea hore Jehova o tla mpholisa le hore ka letsatsi la boraro ke tla ea ntlong ea Jehova?” 9 Esaia a re: “Ena ke pontšo e tsoang ho Jehova e u bontšang hore Jehova o tla phethahatsa seo a se buileng: U batla hore moriti o litepising* o ee pele kapa morao ka mehato e leshome?”+ 10 Ezekiase a re: “Ho bonolo hore moriti u ee pele ka mehato e leshome empa eseng hore u ee morao ka mehato e leshome.” 11 Moprofeta Esaia a rapela Jehova ka lentsoe le phahameng ’me Molimo a etsa hore moriti o litepising tsa Akaze o khutlele morao ka mehato e leshome.+
12 Morena oa Babilona e leng Berodake-baladane mora oa Baladane a romela mangolo le mpho ho Ezekiase hobane a utloile hore Ezekiase o ne a kula.+ 13 Ezekiase a amohela* baromuoa ba morena eaba o ba bontša ntlo* ea hae ea matlotlo:+ Silevera, khauta, oli ea balsame le lioli tse ling tsa bohlokoa, moo a neng a beha lihlomo tsohle tsa hae le lintho tsohle tse neng li ka fumanoa matlotlong a hae. Ha ho letho leo Ezekiase a sa kang a ba bontša lona ka tlung ea hae le pusong eohle ea hae.
14 Ka mor’a moo, moprofeta Esaia a ea ho Morena Ezekiase a fihla a re: “Banna baa ba itse’ng? Ba tsoa hokae?” Ezekiase a re: “Ba tsoa hole naheng ea Babilona.”+ 15 Esaia a re: “Ba bone eng ka tlung* ea hao?” Ezekiase a re: “Ba bone ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka tlung* ea ka. Ha ho letho leo ke sa ba bontšang lona matlotlong a ka.”
16 Esaia a re ho Ezekiase: “Utloa hore na Jehova o re’ng,+ 17 Jehova o re: ‘Matsatsi aa tla ao ka ’ona sohle se ka tlung* ea hao le sohle seo baholo-holo ba hao ba se bolokileng ho fihlela letsatsing lena se tla isoa Babilona.+ Ha ho letho le tla sala. 18 Ba bang ba bara ba hao bao u tla ba le bona ba tla nkoa+ ’me ebe balaoli ba lekhotla phaleising ea morena oa Babilona.’”+
19 Ezekiase a re ho Esaia: “Molaetsa oo o u buileng o tsoang ho Jehova oa utloahala.”+ A boela a re: “Ke ntho e ntle haeba ho tla ba le khotso le khutso* ha ke ntse ke phela.”*+
20 Histori eohle ea Ezekiase, lintho tsohle tse kholo tseo a li entseng, kamoo a entseng letamo+ le kotopo kateng ’me a tlisa metsi motseng,+ li ngotsoe bukeng ea histori ea marena a Juda. 21 Ezekiase a shoa*+ ’me mora oa hae Manase+ ea e-ba morena.+
21 Manase+ o ne a le lilemo li 12 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 55.+ Lebitso la ’mè oa hae e ne e le Hefziba. 2 O ile a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova ka hore a etse lintho tse nyonyehang tse neng li etsoa ke lichaba+ tseo Jehova a neng a li lelekile ha Baiseraele ba hapa naha.+ 3 A haha bocha libaka tse phahameng tseo ntate oa hae Ezekiase a neng a li sentse+ ’me a etsetsa Baale lialetare le palo e halalelang*+ feela joalokaha Akabe morena oa Iseraele a ne a entse.+ O ile a inamela makhotla ’ohle a leholimo le ho a sebeletsa.+ 4 Manase a boela a haha lialetare ka tlung ea Jehova+ eo Jehova a ileng a re ka eona: “Lebitso la ka le tla ba Jerusalema.”+ 5 A hahela makhotla ’ohle a leholimo lialetare+ ka har’a mabala a mabeli a ntlo ea Jehova.+ 6 A chesa* mora oa hae, a sebelisa boselamose, a batla lipontšo tsa se tlang,+ a batla thuso ho batho ba reng ba buisana le balimo le ho batho ba reng ba bolela liketsahalo esale pele.*+ A etsa lintho tse mpe ka ho fetisisa, a utloisa Jehova bohloko.
7 O ile a beha setšoantšo se betliloeng sa palo e halalelang*+ seo a neng a se entse ka tlung eo ka eona Jehova a ileng a re ho Davida le ho mora oa hae Solomone: “Ke tla beha lebitso la ka ka ho sa feleng ka tlung ena le Jerusalema eo ke e khethileng malokong ’ohle a Iseraele.+ 8 Haeba Baiseraele ba mamela litaelo tsa ka tseo ke ba fileng tsona le Molao oohle oo mohlanka oa ka Moshe a itseng ba o latele,+ nke ke ka ba tlosa hape naheng eo ke e fileng baholo-holo ba bona.”+ 9 Empa Baiseraele ha baa ka ba mamela, Manase o ile a ba khelosa, a etsa hore ba etse lintho tse mpe ho feta tse neng li etsoa ke lichaba tseo Jehova a neng a li felisitse ha Baiseraele ba hapa naha.+
10 Jehova a sebelisa bahlanka ba hae e leng baprofeta+ a re: 11 “Manase morena oa Juda o ile a etsa lintho tsena tsohle tse nyonyehang.* O ile a etsa lintho tse mpe ho feta Baamore+ ba bileng teng pele ho eena+ ’me a etsa hore Juda e etse sebe ka litšoantšo tse rapeloang tse nyonyehang. 12 Ka lebaka leo Jehova Molimo oa Iseraele o re: ‘Ke tlisa tlokotsi Jerusalema+ le Juda ’me bohle ba utloang ka eona ba tla tšoha.*+ 13 Ke tla ahlola Jerusalema joalokaha ke ile ka ahlola*+ Samaria+ le ba lelapa la Akabe.+ Ke tla hlakola Jerusalema feela joalokaha motho a hlakola sejana le ho se shebisa fatše.+ 14 Ke tla lahla ba setseng lefeng la ka+ ’me ke etse hore lira tsa bona li ba hlole, li tla ba hapa ’me e be thepa ea tsona+ 15 hobane ba entse lintho tse sa nthabiseng le ho nkutloisa bohloko, ho tloha letsatsing leo ka lona baholo-holo ba bona ba ileng ba tsoa Egepeta ho fihlela letsatsing lena.’”+
16 Ntle le sebe seo Manase a ileng a etsa hore Bajuda ba se etse ka hore ba fosetse Jehova, o ile a bolaea batho ba bangata haholo ba se nang molato. A bolaea batho ho tloha qalong ea Jerusalema ho ea qetellong ea eona.+ 17 Histori eohle ea Manase, lintho tsohle tseo a ileng a li etsa le libe tsohle tseo a li entseng li ngotsoe bukeng ea histori ea marena a Juda. 18 Manase a shoa* ’me a pateloa serapeng sa ntlo ea hae seo e neng e le sa Uza.+ Mora oa hae Amone ea e-ba morena.
19 Amone+ o ne a le lilemo li 22 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse peli.+ Lebitso la ’mè oa hae e ne e le Meshulemethe morali oa Haruze ea tsoang Jotba. 20 O ile a ’na a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova joaloka ntate oa hae Manase.+ 21 A ’na a etsa lintho tsohle tseo ntate oa hae a neng a li etsa, a sebeletsa le ho khumamela litšoantšo tse rapeloang joalokaha ntate oa hae a ne a etsa.+ 22 O ile a tlohela Jehova Molimo oa baholo-holo ba hae ’me ha aa ka a mamela Jehova.+ 23 Bahlanka ba morena Amone ba mo rerela bolotsana ’me ba mo bolaela ka tlung ea hae. 24 Empa baahi ba naha ba bolaea batho bohle ba ileng ba rerela Morena Amone bolotsana. Ba etsa mora oa hae Josiase morena.+ 25 Histori eohle ea Amone le lintho tsohle tseo a ileng a li etsa, li ngotsoe bukeng ea histori ea marena a Juda. 26 Ba mo patela lebitleng la hae le neng le le serapeng sa Uza+ ’me mora oa hae Josiase+ ea e-ba morena.
22 Josiase+ o ne a le lilemo li robeli ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 31.+ Lebitso la ’mè oa hae e ne e le Jedida morali oa Adaia ea tsoang Bozkathe.+ 2 O ile a etsa lintho tse thabisang Jehova joaloka moholo-holo oa hae Davida.+ Ha aa ka a khelohela ka ho le letona kapa ka ho le letšehali.
3 Ha Morena Josiase a e-na le lilemo tse 18 a busa, o ile a roma mongoli Shafane mora oa Azalia e leng mora oa Meshulame ntlong ea Jehova+ a re: 4 “E-ea ho Hilkia+ moprista ea phahameng ’me u mo bolelle hore a bokelle chelete eohle eo batho ba e tlisang ntlong ea Jehova+ eo balebeli ba menyako ba e bokelletseng.+ 5 U re ba e fe batho ba hlokomelang mosebetsi o etsoang ntlong ea Jehova ’me bona ba tla e fa basebetsi ba lokisang ntlo ea Jehova+ 6 e leng litsebi tsa mesebetsi ea matsoho, lihahi le ba hahang ka majoe. Ba sebelise chelete eo ho reka mapolanka le majoe a betliloeng e le hore ba lokise ntlo.+ 7 Empa ba se ke ba botsoa hore na ba entse’ng ka chelete eo ba e filoeng hobane baa tšepahala.”+
8 Hamorao moprista ea phahameng Hilkia a re ho mongoli Shafane:+ “Ke fumane buka ea Molao+ ka tlung ea Jehova.” Hilkia a e fa Shafane ’me a e bala.+ 9 Mongoli Shafane a ea ho morena ’me a re ho eena: “Bahlanka ba hao ba ntšitse chelete e fumanoeng ka tlung ’me ba e file ba khethetsoeng ho hlokomela mosebetsi o etsoang ntlong ea Jehova.”+ 10 Mongoli Shafane a boela a re ho morena: “Ho na le buka+ eo moprista Hilkia a mphileng eona” eaba Shafane o e balla morena.
11 Ha morena a utloa mantsoe a tsoang bukeng ea Molao, a tabola liaparo tsa hae.+ 12 Morena a re ho moprista Hilkia, Akikame+ mora oa Shafane, Akbore mora oa Mikaia, mongoli Shafane le Asaia mohlanka oa morena: 13 “Tsamaeang le e’o mpotsetsa ho Jehova, le botsetse le batho le Bajuda bohle mabapi le mantsoe a buka ena e fumanoeng. Jehova o re halefetse haholo+ hobane baholo-holo ba rona ha baa mamela litaelo tsohle tseo re li ngoletsoeng bukeng ena.”
14 Moprista Hilkia a tsamaea le Akikame, Akbore, Shafane le Asaia ba ea ho moprofeta Hulda.+ E ne e le mosali oa Shalume mora oa Tikva e leng mora oa Harhase ea neng a ikarabella ka liaparo. O ne a lula Karolong ea Bobeli ea Jerusalema ’me ba ile ba bua le eena moo.+ 15 A re ho bona: “Jehova Molimo oa Iseraele o itse ke bolelle monna ea le rommeng ho ’na hore 16 Jehova o re, ‘Ke tla tlisa tlokotsi sebakeng sena le ho baahi ba sona ’me mantsoe ’ohle ao morena oa Juda a a balileng bukeng ena a tla phethahala.+ 17 Ba ntahlile ’me ba etsetsa melimo e meng+ mahlabelo a kubellang mosi ebile ba nkutloisa bohloko ka lintho tseo ba li etsang.+ Ke tla halefela sebaka sena ’me ha ho na motho ea tla nthiba.+ 18 Empa le bolelle morena oa Juda ea itseng le tl’o botsa Jehova le re, “Jehova Molimo oa Iseraele o re: ‘Ho latela mantsoe ao u a utloileng, 19 u ile oa mamela* ’me oa ikokobelletsa+ Jehova ha u utloa seo ke se buileng ka sebaka sena le baahi ba sona. Ke tla ba felisa ’me batho ba tla tšoha ka lebaka la bona. U ile oa tabola liaparo tsa hao,+ oa lla oa kopa thuso ho ’na ’me ke u utloile, ke ’na Jehova ea chong. 20 Ka lebaka leo, u tla shoa* ’me u patoe ka khotso. U ke ke oa bona tlokotsi eo ke tla e tlisa sebakeng sena.”’” Ke eona karabo eo ba ileng ba e isa ho morena.
23 Morena a romela molaetsa oa hore ho bitsoe baholo bohle ba Juda le ba Jerusalema.+ 2 Ka mor’a moo, morena a ea ntlong ea Jehova le batho bohle e leng banna bohle ba Juda, baprista, baprofeta le baahi bohle ba Jerusalema, ho tloha ho ngoana ho ea fihla ho motho e moholo. A ba balla mantsoe ’ohle a ka bukeng+ ea selekane+ e fumanoeng ka tlung ea Jehova.+ 3 Morena a ema pel’a pilara ’me a etsa selekane* ka pel’a Jehova+ sa hore o tla mamela Jehova, litaelo tsa hae, melao ea hae le likhopotso tsa hae ka pelo eohle le moea oohle oa hae ka hore a phethe mantsoe a ngotsoeng bukeng ea selekane. Batho bohle ba ile ba lumela hore ba tla latela selekane seo.+
4 Morena a re moprista ea phahameng Hilkia,+ baprista ba bang le balebeli ba menyako ba ntše lisebelisoa tsohle tsa Baale, palo e halalelang*+ le makhotla a leholimo ka tempeleng ea Jehova. A li chesetsa ka ntle ho Jerusalema masimong a khohlong ea Kidrone ’me a isa molora oa tsona Bethele.+ 5 A leleka baprista ba melimo ea bohata bao marena a Juda a neng a ba khethile hore ba etse mahlabelo a kubellang mosi libakeng tse phahameng tse metseng ea Juda le e potolohileng Jerusalema. A leleka le ba neng ba etsetsa Baale, letsatsi, khoeli, lihlopha tsa linaleli tsa zodiake le makhotla ’ohle a leholimo+ mahlabelo a kubellang mosi. 6 A ntša palo e halalelang*+ ka tlung ea Jehova a e isa ka ntle ho Jerusalema Khohlong ea Kidrone. A e chesa+ le ho e sila hore e be molora ’me a o qhalla mabitleng a batho ba futsanehileng.+ 7 A boela a senya libaka tseo matekatse a banna*+ a neng a lula ho tsona ka tlung ea Jehova le moo basali ba neng ba lohela masela a palo e halalelang.*
8 A ntša baprista bohle metseng ea Juda ’me a silafatsa libaka tsa bolumeli ba bohata e le hore ho se ke ha hlola ho rapelloa ho tsona. E ne e le libaka tseo baprista ba neng ba etsa mahlabelo a kubellang mosi ho tsona, ho tloha Geba+ ho ea Beersheba.+ A boela a liha libaka tse phahameng tse neng li le keiting ea Joshua molaoli oa motse tse neng li le ka lehlakoreng le letšehali ha motho a kena keiting ea motse. 9 Baprista ba sebetsang libakeng tse phahameng ba ne ba sa sebeletse aletareng ea Jehova e Jerusalema+ empa ba ne ba ja bohobe bo se nang tomoso le bana ba bo bona. 10 O ile a silafatsa libaka tsa borapeli tse Tofethe+ e Khohlong ea Bara ba Hinome*+ e le hore ho se ke ha hlola ho rapelloa ho tsona kapa ha e-ba le motho ea chesetsang* Moloke mora kapa morali oa hae ho tsona.+ 11 A thibela lipere tseo marena a Juda a neng a li file* molimo oa letsatsi ho kena ka tlung ea Jehova ka kamore* ea Nathane-meleke molaoli oa lekhotla, e neng e le foranteng. A chesa le likariki tse neng li filoe molimo oa letsatsi.+ 12 Morena Josiase a boela a liha lialetare tseo marena a Juda a neng a li entse marulelong+ a kamore e ka holimo ea Akaze le lialetare tseo Manase a neng a li entse mabaleng a mabeli a ntlo ea Jehova.+ A li pshatla ’me a qhalla lerole la tsona Khohlong ea Kidrone. 13 Morena a silafatsa libaka tse phahameng tsa borapeli ba bohata tse neng li le ka pel’a Jerusalema ka boroa* ho Thaba ea Tšenyo,* e le hore ho se ke ha hlola ho rapelloa ho tsona. E ne e le libaka tseo Solomone morena oa Iseraele a neng a li hahetse Ashtorethe molimo ea nyonyehang oa Basidone, Kemoshe molimo ea nyonyehang oa Moabe le Milkome+ molimo ea nyonyehang oa Baamone.+ 14 A pshatla lipilara tse halalelang le ho khaola lipalo tse halalelang*+ ’me a tlatsa masapo a batho moo li neng li lula teng. 15 A boela a liha aletare e neng e le Bethele le sebaka se phahameng seo Jeroboame mora oa Nebate a neng a entse hore Baiseraele ba etse sebe ka lebaka la sona.+ Ka mor’a hore a li lihe, a chesa sebaka se phahameng hore e be molora a ba a chesa le palo e halalelang.*+
16 Ha Josiase a tjeka ’me a bona mabitla a thabeng, a re ho ntšoe masapo a ho ’ona ’me a chesoe aletareng ho etsa hore ho se ke ha rapeloa ho eona ho ea ka seo Jehova a se buileng a sebelisa mohlanka oa Molimo oa ’nete hore lintho tsena li tla etsahala.+ 17 A re: “Lebitla lane leo ke le bonang ke la mang?” Banna ba motse ba re ho eena: “Ke lebitla la mohlanka oa Molimo oa ’nete ea tsoang Juda+ ea ileng a bolela esale pele lintho tsena tseo u li entseng aletareng e Bethele.” 18 Josiase a re: “Ho se ke ha e-ba le motho ea tšoarang masapo a hae, a tloheleng a le joalo.” Ba a tlohela hammoho le masapo a moprofeta ea neng a tsoa Samaria.+
19 Josiase a boela a tlosa matlo ’ohle a borapeli libakeng tse phahameng a neng a le metseng ea Samaria,+ ao marena a Iseraele a neng a a hahile e le ho utloisa Molimo bohloko. O ile a etsa ntho e tšoanang le eo a ileng a e etsa Bethele.+ 20 A etsa mahlabelo holim’a lialetare ka baprista bohle ba libaka tse phahameng ba neng ba le moo, a boela a chesa masapo a batho holim’a tsona.+ Ka mor’a moo, a khutlela Jerusalema.
21 Morena Josiase a laela sechaba a re: “Etsetsang Jehova Molimo oa lona Paseka+ joalokaha ho ngotsoe bukeng ea selekane.”+ 22 Ha ho e-s’o ka ho e-ba le Paseka e joaloka ena ho tloha mehleng ea ha ho ne ho e-na le baahloli Iseraele kapa mehleng ea marena a Iseraele le a Juda.+ 23 Ho ile ha etsetsoa Jehova Paseka ena Jerusalema ha Morena Josiase a e-na le lilemo tse 18 a busa.
24 Josiase a boela a tlosa batho ba reng ba buisana le balimo, ba reng ba bolela liketsahalo esale pele,*+ literafime,*+ litšoantšo tse rapeloang tse nyonyehang* le lintho tsohle tse nyonyehang tse neng li le teng naheng ea Juda le Jerusalema. O ile a etsa sena ho phethahatsa mantsoe a ngotsoeng bukeng ea Molao+ eo moprista Hilkia a ileng a e fumana ka tlung ea Jehova.+ 25 Ha ho e-s’o ka ho e-ba le morena ea tšoanang le eena ea ileng a khutlela ho Jehova ka pelo ea hae eohle, moea*+ oohle le matla ’ohle ho ea ka sohle se ngotsoeng bukeng ea Molao oa Moshe.
26 Empa Jehova ha aa ka a tlohela ho halefela Bajuda ka lebaka la lintho tsohle tse mo utloisitseng bohloko tseo Manase a ileng a li etsa.+ 27 Jehova a re: “Ke tla tlosa Bajuda ka pel’a ka+ feela joalokaha ke tlositse Baiseraele.+ Hape ke tla lahla motse oo ke o khethileng oa Jerusalema le ntlo eo ke itseng lebitso la ka le tla lula le le ho eona.”+
28 Histori eohle ea Josiase le lintho tsohle tseo a ileng a li etsa, li ngotsoe bukeng ea histori ea marena a Juda. 29 Mehleng ea Josiase, Faro Neko morena oa Egepeta a kopana le morena oa Asiria Nokeng ea Eufrate. Morena Josiase a e’o loantša Neko empa ha Neko a mo bona Megido a mo bolaea.+ 30 Bahlanka ba Josiase ba nka setopo sa hae Megido ka kariki, ba se isa Jerusalema eaba ba mo patela lebitleng la hae. Bajuda ba tlotsa Joakaze mora oa Josiase ’me ba mo etsa morena.+
31 Joakaze+ o ne a le lilemo li 23 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka likhoeli tse tharo. Lebitso la ’mè oa hae e ne e le Hamutale+ morali oa Jeremia ea tsoang Libna. 32 O ile a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova joaloka baholo-holo ba hae.+ 33 Faro Neko+ a mo isa teronkong Ribla+ naheng ea Hamathe e le ho mo thibela ho busa Jerusalema ’me a patalisa naha silevera le khauta ea boima ba lik’hilokramo tse 3 420.*+ 34 Hape Faro Neko o ile a etsa Eliakime mora oa Josiase morena ’me a fetola lebitso la hae hore e be Jojakime. A tlisa Joakaze Egepeta+ moo a ileng a shoella teng.+ 35 Jojakime a batla lekhetho la silevera le khauta ho batho ba Juda ho ea kamoo e mong le e mong a khonang kateng ’me a li fa Faro hobane o ne a li batla.
36 Jojakime+ o ne a le lilemo li 25 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 11.+ Lebitso la ’mè oa hae e ne e le Zebida morali oa Pedaia ea tsoang Ruma. 37 O ne a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova+ feela joaloka baholo-holo ba hae.+
24 Mehleng ea Jojakime, Morena Nebukadnezare+ oa Babilona a mo hlasela ’me a mo etsa mohlanka oa hae ka lilemo tse tharo. Empa Jojakime a mo fetohela. 2 Jehova a romela masole a Bakalde,+ a Basiria, a Bamoabe le a Baamone hore a hlasele Jojakime. A ’na a a romela hore a felise Juda ho ea ka seo Jehova a se buileng+ a sebelisa bahlanka ba hae ba baprofeta. 3 Ho hlakile hore ke Jehova ea laetseng hore sena se etsahalle Bajuda e le hore a ka ba tlosa ka pel’a hae+ ka lebaka la libe tsohle tseo Manase a li entseng+ 4 le ka lebaka la ho bolaea batho ba bangata ba se nang molato+ Jerusalema. Jehova o ne a sa ikemisetsa ho ba tšoarela.+
5 Histori eohle ea Jojakime le lintho tsohle tseo a ileng a li etsa, li ngotsoe bukeng ea histori ea marena a Juda.+ 6 Jojakime a shoa*+ ’me mora oa hae Jojakine ea e-ba morena.
7 Morena oa Egepeta ha aa ka a tloha naheng ea hae hobane morena oa Babilona o ne a mo nketse lintho tsohle+ ho tloha Khohlong* ea Egepeta+ ho ea fihla Nokeng ea Eufrate.+
8 Jojakine+ o ne a le lilemo li 18 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka likhoeli tse tharo.+ Lebitso la ’mè oa hae e ne e le Nehushta morali oa Elnathane ea tsoang Jerusalema. 9 Jojakine o ne a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova joaloka ntate oa hae. 10 Ka nako eo, bahlanka ba Morena Nebukadnezare oa Babilona ba hlasela Jerusalema ’me ba e thibella.+ 11 Morena Nebukadnezare oa Babilona o ile a fihla Jerusalema ha bahlanka ba hae ba ntse ba e thibeletse.
12 Morena Jojakine oa Juda a ea ho morena oa Babilona+ a e-na le ’mè oa hae, bahlanka ba hae, likhosana le balaoli ba hae ba lekhotla.+ Ha morena oa Babilona a e-na le lilemo tse robeli a busa, a isa Jojakine botlamuoeng.+ 13 A nka matlotlo ’ohle a ntlo ea Jehova le a ntlo ea morena.*+ A pshatla lisebelisoa tsohle tsa khauta tseo Solomone morena oa Iseraele a neng a li entse ka tempeleng ea Jehova.+ Ha etsahala seo Jehova a neng a se boletse. 14 Morena Nebukadnezare a isa batho ba 10 000 ba Jerusalema botlamuoeng e leng likhosana tsohle,+ banna bohle ba matla, litsebi tsa mosebetsi oa matsoho le ba sebetsang ka tšepe.*+ Ba nka batho bohle naheng ntle le ba futsanehileng haholo.+ 15 A isa Jojakine+ botlamuoeng Babilona.+ A boela a tlosa ’mè oa morena, basali ba morena, balaoli ba lekhotla le banna ba hlomphehang naheng ba neng ba le Jerusalema eaba o ba isa botlamuoeng Babilona. 16 Morena oa Babilona a isa masole a 7 000 botlamuoeng Babilona, banna ba etsang mesebetsi ea matsoho ba 1 000 le ba sebetsang ka tšepe e leng banna bohle ba matla le ba koetliselitsoeng ho loana. 17 Morena oa Babilona a khetha Matania rangoane oa Jojakine+ hore e be morena ’me a fetola lebitso la hae hore e be Tsedekia.+
18 Tsedekia o ne a le lilemo li 21 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 11. Lebitso la ’mè oa hae e ne e le Hamutale+ morali oa Jeremia ea tsoang Libna. 19 Tsedekia o ile a etsa lintho tsohle tseo Jojakime a li entseng tse sa thabiseng Jehova.+ 20 Lintho tseo batho ba Jerusalema le Juda ba ileng ba li etsa li ile tsa halefisa Jehova hoo a ileng a ba leleka ka pel’a mahlo a hae.+ Tsedekia a fetohela morena oa Babilona.+
25 Ka la leshome khoeling ea leshome ha Morena Tsedekia a e-na le lilemo tse robong a busa, Morena Nebukadnezare*+ oa Babilona a tla le masole ’ohle a hae ’me a hlasela Jerusalema.+ A hloma litente pel’a eona ’me a haha lebota le thibellang ho e potoloha.+ 2 Motse oa thibelloa ho fihlela Morena Tsedekia a e-na le lilemo tse 11 a busa. 3 Ka letsatsi la borobong khoeling ea bone, ha e-ba le tlala e kholo+ motseng ’me batho ba ne ba se na lijo naheng eo.+ 4 Ho ile ha lihuoa lebota la motse+ ’me masole ’ohle a Jerusalema a baleha bosiu a tsoa ka keiti e pakeng tsa mabota a mabeli haufi le serapa sa morena ha Bakalde ba ntse ba pota-potile motse. Morena Tsedekia a baleha ka tsela e eang Araba.+ 5 Empa masole a Bakalde a lelekisa morena, a mo fumana lehoatateng la Jeriko, masole ’ohle a hae a ne a balehile. 6 A tšoara morena+ ’me a mo tlisa ho morena oa Babilona Ribla eaba oa ahloloa. 7 A bolaea bara ba Tsedekia ka pel’a mahlo a hae ’me Nebukadnezare a mo foufatsa, a mo tlama ka liketane tsa koporo eaba o mo isa Babilona.+
8 Ka letsatsi la bosupa khoeling ea bohlano e leng ha Morena Nebukadnezare* oa Babilona a e-na le lilemo tse 19 a busa, Nebuzaradane+ mookameli oa balebeli ebile e le mohlanka oa morena oa Babilona, a ea Jerusalema.+ 9 A chesa ntlo ea Jehova,+ ntlo ea morena*+ le matlo ’ohle a Jerusalema.+ A boela a chesa matlo a banna bohle ba hlomphehang.+ 10 Masole ’ohle a Bakalde a neng a e-na le mookameli oa balebeli a heletsa marako a neng a pota-potile Jerusalema.+ 11 Nebuzaradane mookameli oa balebeli a nka batho bohle ba neng ba setse motseng, batho ba neng ba balehetse ho morena oa Babilona le sechaba sohle a ba isa botlamuoeng.+ 12 Mookameli oa balebeli a siea ba bang ba batho ba futsanehileng haholo hore ba leme morara le ho etsa mesebetsi e lokelang ho etsoa.+ 13 Bakalde ba pshatla lipilara tsa koporo+ tse neng li le ntlong ea Jehova, literoli+ le Tanka* ea koporo,+ tse neng li le ka tlung ea Jehova ’me ba isa koporo eo Babilona.+ 14 Ba boela ba nka linkho, likharafu, lintho tse timang mollo, likopi le lintho tsohle tse neng li sebelisoa tempeleng, tse entsoeng ka koporo. 15 Mookameli oa balebeli a nka lipane tsa mollo le likotlolo tse entsoeng ka khauta ea ’nete+ le silevera ea ’nete.+ 16 Koporo ea lipilara tse peli, ea Tanka* le ea literoli tseo Solomone a neng a li etselitse ntlo ea Jehova, e ne e le ngata hoo ho neng ho sa khonehe hore e methoe.+ 17 Pilara e ’ngoe le e ’ngoe e ne e le bophahamo ba limithara tse ka bang robeli*+ ’me e e-na le hlooho e entsoeng ka koporo e bolelele ba mithara.* Letanta* le likharenate tse neng li khabisitse hlooho li ne li entsoe ka koporo.+ Pilara ea bobeli le eona e ne e le joalo.
18 Mookameli oa balebeli a boela a nka Seraia+ moprista e moholo, Sofonia+ moprista oa bobeli le balebeli ba bararo ba monyako.+ 19 A boela a nka mookameli a le mong oa lekhotla eo e neng e le mookameli oa masole, metsoalle e mehlano ea Morena Tsedekia e neng e le motseng, mongoli oa mookameli oa masole ea neng a bokella masole ha a ea ntoeng le banna ba 60 ba ileng ba fumanoa motseng. 20 Nebuzaradane+ mookameli oa balebeli a ba nka ’me a ba isa Ribla ho morena oa Babilona.+ 21 Morena oa Babilona a ba bolaela Ribla naheng ea Hamathe+ eaba Bajuda ba tlosoa naheng ea bona ba isoa botlamuoeng.+
22 Morena Nebukadnezare oa Babilona a khetha Gedalia+ mora oa Akikame+ e leng mora oa Shafane+ hore a etelle pele batho ba neng ba setse Juda.+ 23 Ha balaoli bohle ba masole le bahlanka ba bona ba utloa hore morena oa Babilona o khethile Gedalia, ba ea ho Gedalia Mizpa. E ne e le Ishmaele mora oa Nethania, Johanane mora oa Karea, Seraia mora oa Tanhumethe oa Monetofa, Jazania mora oa Momakathe le bahlanka ba bona.+ 24 Gedalia a etsa kano le bona le bahlanka ba bona a re: “Le se ke la tšaba ho ba bahlanka ba Bakalde. Lulang naheng ena le sebeletse morena oa Babilona ’me lintho li tla le tsamaela hantle.”+
25 Ka khoeli ea bosupa, Ishmaele+ mora oa Nethania e leng mora oa Elishama ea tsoang lelokong la borena a tla le banna ba leshome ’me ba bolaea Gedalia, Bajuda le Bakalde ba neng ba e-na le Gedalia Mizpa.+ 26 Ka mor’a moo, batho bohle ho akarelletsa le balaoli ba masole ba balehela Egepeta+ hobane ba ne ba tšaba Bakalde.+
27 Ka la 27 khoeling ea bo12 ha Morena Jojakine+ a e-na le lilemo tse 37 a le botlamuoeng e leng ka selemo seo Morena Evile-merodake oa Babilona e bileng morena ka sona, a ntša Morena Jojakine oa Juda teronkong.+ 28 O ile a mo tšoara hantle ’me a mo hlompha ho feta marena* a mang a neng a hapuoe le eena Babilona. 29 Jojakine a hlobola liaparo tseo a neng a li apara teronkong ’me a jella tafoleng ea morena kamehla bophelo bohle ba hae. 30 Letsatsi le leng le le leng morena o ne a mo fa lijo. O ile a etsa sena ho fihlela a shoa.
E bolelang “Molimo oa ka ke Jehova.”
A thetsitse fatše ka hlooho.
E leng ngoan’abo Akazia.
Kapa: “sepaka-pakeng.”
E ka ’na eaba polelo “bara ba baprofeta” e bolela sekolo sa baprofeta kapa mokhatlo oa baprofeta.
Kapa: “sepakapakeng.”
Ba thetsitse fatše ka lihlooho.
Kapa mohlomong: “naha e etsa hore basali ba se ke ba khona ho ba le bana.”
Kapa mohlomong: “le basali ba tla khona ho ba le bana.”
Kapa: “ea neng a sebeletsa Elia.”
Ka Seheberu: “eo ke emeng ka pel’a hae.”
Kapa: “sebini.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “bohle ba tlamang mabanta thekeng.”
Mohlomong ho buuoa ka masole a Edomo le a Juda a neng a tšehetsa Baiseraele.
Kapa: “nkho e nang le molomo o monyenyane.”
A thetsitse fatše ka hlooho.
Kapa: “pholohe.”
Kapa: “a e-na le boloetse ba letlalo.”
Ho ka etsahala hore ho buuoa ka Naamane.
Ka Seheberu: “litalenta tse leshome.” Talenta e lekana le lik’hilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “nama.”
Ka Seheberu: “tlhohonolofatso.”
Ka Seheberu: “eo ke emeng ka pel’a hae.”
Kapa: “ntlong.”
A thetsitse fatše ka hlooho.
Ka Seheberu: “talenta e le ’ngoe.” Talenta e lekana le lik’hilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “litalenta tse peli.”
Sebaka se Samaria, mohlomong e ne e le leralleng kapa sebakeng se sireletsehileng.
Kapa: “mohlanka.”
Ka Seheberu: “u bule mahlo a hae.”
Ka Seheberu: “bula mahlo a bona.”
Ka Seheberu: “kotara ea kabe.” Kabe e lekana le lilithara tse 1,22. Sheba Ntlha ea B14.
Kapa: “limmarakeng.”
Ka Seheberu: “seah e le ’ngoe.” Seah e lekana le lilithara tse 7,33. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “shekele.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.
Kapa: “lisebelisoa.”
Ka Seheberu: “seah e le ’ngoe.”
Ka Seheberu: “liseah tse peli.”
Ka Seheberu: “liseah tse peli.”
Ka Seheberu: “seah e le ’ngoe.”
Kapa: “mohlanka oa hao.”
Ka Seheberu: “o tla mo fa lebone.”
Ka Seheberu: “a patoa joaloka baholo-holo ba hae.”
Ka Seheberu: “morali.”
Ka Seheberu: “Rama.” Ke lebitso le khutsufalitsoeng la Ramothe-gileade.
Kapa: “o ne a kula.”
Ka Seheberu: “mang kapa mang ea ntšetsang metsi lerakong.” Ona ke mokhabo-puo oa Seheberu o sebelisoang ho nyatsa banna.
Ka Seheberu: “mora.”
Ka Seheberu: “a patoa joaloka baholo-holo ba hae.”
Ka Seheberu: “bahlokomeli ba Akabe.”
Ka Seheberu: “ntlo.”
Kapa: “Le lokile.”
Ka Seheberu: “le tla oela fatše.”
Ka Seheberu: “tlamelang.” E ka ’na eaba ke sebaka seo linku li neng li tlangoa ho sona e le hore li kutoe.
Kapa: “hlohonolofatsa.”
Ka Seheberu: “pelo ea hao e lokile.”
Ka Seheberu: “Halaletsang.”
Kapa: “ka tlung.”
Ka Seheberu: “limathi.”
Ka Seheberu: “motseng,” mohlomong se ne se hahiloe joaloka motse o sireletsehileng.
Ka Seheberu: “ka pelo ea hae eohle.”
Kapa: “fokotsa.”
Ka Seheberu: “a patoa joaloka baholo-holo ba hae.”
Ka Seheberu: “peo eohle ea ’muso.”
Ka Seheberu: “limathi.”
Kapa: “selekane.”
Kapa: “phaleisi.”
Ka Seheberu: “ha a kena le ha a tsoa.”
Kapa: “Bopaki.” Ho ka etsahala hore ho buuoa ka moqolo o neng o na le Molao oa Molimo.
Kapa: “phaleisi.”
Kapa: “ntlong.”
Kapa: “phaleising.”
Kapa: “metsoalle.”
Kapa: “petsohileng.”
Kapa: “ba e tšela ka mekotleng.”
Kapa: “ba halalelitse.”
Kapa: “phaleising.”
Kapa: “Bethe-milo.”
Ka Seheberu: “a patoa joaloka baholo-holo ba hae.”
Ka Seheberu: “ho tsamaea sebeng.”
Ka Seheberu: “a patoa joaloka baholo-holo ba hae.”
Ka Seheberu: “a tsamaea ho tsona.”
Ka Seheberu: “a patoa joaloka baholo-holo ba hae.”
E leng Jeroboame oa Bobeli.
Kapa: “poloko.”
Kapa: “hlola.”
Ho ka etsahala hore e ne e le ka nako ea selemo.
Ka Seheberu: “ka pel’a hae.”
Kapa: “hlola.”
Kapa: “re kopane.”
Kapa: “phaleising.”
Ka Seheberu: “litenteng.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 400.” Setsoe se lekana le lisenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ea B14.
Kapa: “phaleisi.”
Ka Seheberu: “a patoa joaloka baholo-holo ba hae.”
E leng Jeroboame oa Bobeli.
E bolelang “Jehova o Thusitse.” O bitsoa Uzia ho 2Ma 15:13; 2Kr 26:1-23; Esa 6:1 le Zak 14:5.
Ka Seheberu: “a patoe joaloka baholo-holo ba hae.”
Kapa: “moo ho kenoang teng Hamathe.”
E leng Leoatle la Letsoai kapa Leoatle le Shoeleng.
E leng Jeroboame oa Bobeli.
E bolelang “Jehova o Thusitse.” O bitsoa Uzia ho 2Ma 15:13; 2Kr 26:1-23; Esa 6:1 le Zak 14:5.
Kapa: “phaleisi.”
Ka Seheberu: “a patoa joaloka baholo-holo ba hae.”
Ka Seheberu: “litalenta tse 1 000.” Talenta e lekana le lik’hilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “lishekele tse 50.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “a patoa joaloka baholo-holo ba hae.”
Kapa: “phaleisi.”
Ka Seheberu: “a patoa joaloka baholo-holo ba hae.”
Ka Seheberu: “fetisa mollong.”
Kapa: “banna ba Juda.”
Kapa: “phaleisi.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “a patoa joaloka baholo-holo ba hae.”
E bolelang “Jehova oa Matlafatsa.”
Ka Seheberu: “tšaba.”
E leng libakeng tsohle tse se nang batho ba bangata kapa tse nang le batho ba bangata.
Polelo ena ea Seheberu e ka amana le lentsoe “bolokoe” ’me e sebeliselitsoe ho bontša ho hloea.
Ka Seheberu: “ba satalatsa melala ea bona.”
Kapa: “liemahale tse entsoeng ka ho qhibilihisoa.”
Ka Seheberu: “fetisa mollong.”
Ka Seheberu: “ho ithekisetsa.”
Kapa: “litloholo tsohle tsa Iseraele.”
Kapa: “rapela.”
Kapa: “tšabe.”
Ka Seheberu: “tšaba.”
Ka Seheberu: “tšaba.”
Ka Seheberu: “tšabang.”
Lebitso lena ke khutsufatso ea Abija.
Kapa: “e bitsoang Nehushatane.”
E leng libakeng tsohle tse se nang batho ba bangata kapa tse nang le batho ba bangata.
Ka Seheberu: “litalenta tse 300.” Talenta e lekana le lik’hilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “litalenta tse 30.”
Kapa: “phaleisi.”
Ka Seheberu: “khaola.”
Kapa: “molaoli.”
Kapa: “molaoli oa lekhotla.”
Kapa: “mookameli oa baqhatsetsi.”
Kapa: “phaleisi.”
Kapa: “Sesiria.”
Kapa: “moroto.”
Ka Seheberu: “Etsang selekane le ’na ’me le be ka lehlakoreng la ka.”
Kapa: “feiga.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “phaleisi.”
Kapa: “phaleisi.”
Ka Seheberu: “Ngoana o fihlile molomong oa popelo.”
Kapa mohlomong: “lipakeng tsa.”
Kapa: “melatsoana ea Noka ea Nile.”
Ka Seheberu: “qetile.”
Kapa: “Ke e entse.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ntlong.”
Kapa: “lifeiga.”
Mohlomong li ne li sebelisetsoa ho supa nako ka ho sheba moriti.
Kapa: “a mamela.”
Kapa: “phaleisi.”
Kapa: “phaleising.”
Kapa: “phaleising.”
Kapa: “phaleising.”
Kapa: “ ’nete.”
Ka Seheberu: “matsatsing a ka.”
Ka Seheberu: “a patoa joaloka baholo-holo ba hae.”
Ka Seheberu: “fetisa mollong.”
Kapa: “mathuela.”
Polelo ena ea Seheberu e ka amana le lentsoe “bolokoe” ’me e sebeliselitsoe ho bontša ho hloea.
Ka Seheberu: “litsebe tsa bona li tla hlohlona.”
Ka Seheberu e re Molimo o ahlola batho ba hae a sebelisa lisebelisoa tseo sehahi se methang ka tsona.
Ka Seheberu: “a patoa joaloka baholo-holo ba hae.”
Ka Seheberu: “pelo ea hao e ile ea e-ba bonolo.”
Ka Seheberu: “patoa joaloka baholo-holo ba hao.”
Ka Seheberu: “a nchafatsa selekane.”
Ka Seheberu: “matekatse a banna a tempele.”
Sheba Tlhaloso, “Gehena.”
Ka Seheberu: “fetisa mollong.”
Kapa: “khethetse”
Kapa: “likamoreng tsa ho jela.”
Ka Seheberu: “lehlakoreng le letona.” E leng ka boroa ha motho a shebile ka bochabela.
E leng Thaba ea Mehloaare, ka ho khetheha e ka boroa e boetseng e tsejoa e le Thaba ea Khopiso.
Kapa: “mathuela.”
Kapa: “melingoana ea litšoantšo ea ka tlung.”
Polelo ena ea Seheberu e ka amana le lentsoe “bolokoe” ’me e sebeliselitsoe ho bontša ho hloea.
Ka Seheberu: “litalenta tse 100.” Talenta e lekana le lik’hilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “a patoa joaloka baholo-holo ba hae.”
Kapa: “phaleisi.”
Kapa mohlomong: “ba hahang lerako la tšireletso.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
Kapa: “phaleisi.”
Ka Seheberu: “Leoatle.”
Ka Seheberu: “Leoatle.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 18.” Setsoe se lekana le lisenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “litsoe tse tharo.”
Kapa: “Nete.”
Ka Seheberu: “a mo fa terone e phahametseng literone tsa marena.”