Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • nwt Moeklesia 1:1-12:14
  • Moeklesia

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Moeklesia
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Moeklesia

MOEKLESIA

1 Mantsoe a mosuoe,*+ morena oa Jerusalema, mora oa Davida.+

 2 Mosuoe o re: “Lefeela la mafeela!

Lefeela la mafeela! Ntho e ’ngoe le e ’ngoe ke lefeela!”*+

 3 Motho o fumana’ng mosebetsing oohle o boima

Oo a o sebetsang ka thata moo lefatšeng?*+

 4 Moloko oa hlaha ’me moloko oa feta

Empa lefatše le lula le le teng* ho ea ho ile.+

 5 Letsatsi lea chaba ebile lea likela

Ebe le potlakela ho khutlela moo le tsoang teng e le hore le chabe hape.+

 6 Moea o ea boroa ’me o potoloha ho ea leboea.

O ntse o potoloha joalo, o sa khaotse.

 7 Linoka* kaofela li phallela leoatleng empa leoatle ha le tlale.+

Li khutlela sebakeng seo li qalileng ho phalla li le ho sona e le hore li phalle hape.+

 8 Lintho tsohle lia khathatsa,

Ha ho motho ea khonang ho li hlalosa.

Leihlo ha le khotsofalle ho bona

Le tsebe ha e tlale ke ho utloa.

 9 Se bileng teng se tla ba teng

Le se kileng sa etsoa se tla etsoa hape,

Ha ho letho le lecha mona lefatšeng.*+

10 Na ho na le ntho eo motho a ka reng ka eona: “Bona ntho ena, e ncha”?

Esale e le teng ho tloha khale-khale,

Esale e le teng pele ho mehla ea rona.

11 Ha ho na motho ea hopolang batho ba mehleng ea khale,

Ha ho na motho ea tla hopola batho ba tla ba teng hamorao,

Le bona ba ke ke ba hopoloa ke batho ba tl’o hlaha ka mor’a bona.+

12 ’Na mosuoe, ke ne ke le morena oa Iseraele Jerusalema.+ 13 Ka pelo eohle ke ile ka ikemisetsa ho sebelisa bohlale ba ka+ ho ithuta le ho batlisisa* ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e entsoeng lefatšeng.+ Ka batlisisa ka mosebetsi o bosula oo Molimo a o fileng batho o ba phathahantseng.

14 Ke ile ka bona mesebetsi eohle e etsoang mona lefatšeng*

’Me ka hlokomela hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe ke lefeela, ke ho lelekisa moea.+

15 Lintho tse sothehileng li ke ke tsa otlolloa,

Le tse sieo li ke ke tsa baloa.

16 Ke ile ka re ka pelong: “Ke bohlale ho feta mang kapa mang ea bileng teng pele ho ’na Jerusalema+ ebile ke fumane bohlale bo bongata le tsebo.”+ 17 Ka pelo eohle ke ile ka ikemisetsa ho tseba bohlale, bohlanya le booatla+ ’me ho ikemisetsa ho tseba lintho tsena le hona ke ho lelekisa moea.

18 Bohlale bo bongata bo baka le matšoenyeho a mangata.

Kahoo, ea eketsang tsebo o eketsa bohloko.+

2 Ke ile ka re ka pelong: “E-re ke leke ho ithabisa* ke tle ke bone hore na ke tla fumana molemo ofe.” Empa ka fumana hore le hona e ntse e le lefeela.

 2 Ke ile ka re: “Ho tšeha ke bohlanya.”

Hape ka ipotsa hore na thabo* e na le molemo ofe.

3 Ke ile ka re nke ke bone hore na ke tla fumana molemo ofe ha ke noa veine,+ ha ka nako e tšoanang ke ntse ke bolokile bohlale ba ka. Ke ile ka ba ka etsa booatla e le hore ke tsebe hore na ntho e molemo eo motho a ka e etsang ka matsatsi a fokolang ha a ntse a phela lefatšeng* ke efe. 4 Ke entse mesebetsi e meholo.+ Ke ile ka ikahela matlo,+ ka itemela lirapa tsa morara.+ 5 Ka iketsetsa lirapa tse kholo le tse nyenyane ’me ho tsona ka lema lifate tsa litholoana tsa mefuta eohle. 6 Ka iketsetsa matamo a metsi e le hore ke nosetse moru oa lifate tse tlokomang. 7 Ka ba le basebetsi+ ba banna le ba basali ’me ka ba le basebetsi ba hlahetseng ha ka.* Ka boela ka rua liphoofolo tse ngata: Likhomo le mohlape oa linku le lipoli+ tse ngata ho feta tsa bohle ba bileng teng pele ho ’na Jerusalema. 8 Ka ipokellela silevera le khauta,+ matlotlo a tšoanetseng* marena le liprofinse.+ Ka ipatlela libini tsa banna le tsa basali le ntho e thabisang banna haholo e leng basali ba bangata. 9 Ke ile ka ba moholo ’me ka ba le ho hongata ho feta mang kapa mang ea bileng teng pele ho ’na Jerusalema.+ Hape ka lula ke le bohlale.

10 Ha kea ka ka itima letho leo ke neng ke le batla.*+ Ha kea ka ka hanela pelo ea ka ka eng kapa eng e thabisang* etsoe pelo ea ka e ne e thabile ka lebaka la mosebetsi oohle oa ka o boima. Ona e ile ea e-ba moputso oa ka* bakeng sa mosebetsi oohle oa ka o boima.+ 11 Empa ha ke sheba lintho tsohle tseo ke li entseng ka matsoho a ka le mosebetsi o boima oo ke sebelitseng ka thata ho o phetha,+ ka bona hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e le lefeela, e le ho lelekisa moea.+ Ho ne ho se na letho le molemo lefatšeng.*+

12 Eaba ke hlahloba bohlale, bohlanya le booatla.+ Ke ne ke ipotsa hore na motho ea hlahlamang morena a ka etsa’ng haese ntho eo batho ba seng ba ntse ba e entse. 13 Ka bona hore bohlale bo molemo ho feta booatla+ feela joalokaha leseli le le molemo ho feta lefifi.

14 Motho ea bohlale o bona tsela ea hae hantle*+ empa motho ea se nang kelello o tsamaea lefifing.+ Hape ke hlokometse hore ba hlaheloa ke ntho e tšoanang qetellong.+ 15 Ka re ka pelong: “Haeba qetellong ke tla hlaheloa ke ntho e tšoanang le e tl’o hlahela motho ea se nang kelello joale ke fumane molemo ofe ka hore ebe ke ne ke le bohlale haholo?”+ Kahoo, ka re ka pelong: “Hona le hona ke lefeela.” 16 Ea bohlale le ea se nang kelello ka bobeli qetellong ba tla lebaloa.+ Ka moso bohle ba tla be ba lebetsoe. Ea bohlale o tla shoa joaloka ea se nang kelello.+

17 Kahoo, ke ile ka hloea bophelo+ hobane ke bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoang lefatšeng* e le bohloko etsoe ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e le lefeela,+ e le ho lelekisa moea.+ 18 Ke ile ka hloea lintho tsohle tseo ke neng ke li sebelelitse ka thata lefatšeng+ hobane ke tlameha ho li siela motho e mong.+ 19 Hape ke mang ea tsebang hore na motho eo o tla ba bohlale kapa e be leoatla?+ Ho ntse ho le joalo, o tla laola lintho tsohle tsa ka tseo ke li sebelelitseng ka thata le ka bohlale ba ka hore ke li fumane lefatšeng.* Hona le hona ke lefeela. 20 Kahoo, pelo ea ka e ile ea nyahama ka lebaka la mosebetsi oohle o boima oo ke o entseng lefatšeng.* 21 Motho a ka sebetsa ka thata le ka bohlale, tsebo le boiphihlelo ba hae empa o lokela ho fana ka moputso oa hae* ho motho ea sa o sebeletsang.+ Hona le hona ke lefeela le tlokotsi e kholo.

22 Motho o fumana eng ka mosebetsi oa hae o boima le ka boikemisetso ba hae* ba ho sebetsa ka thata lefatšeng?*+ 23 Mosebetsi oa hae o mo bakela bohloko le matšoenyeho bophelo bohle ba hae+ le bosiu pelo ea hae ha e phomole.+ Hona le hona ke lefeela.

24 Ha ho letho le molemo ho motho ho feta hore a je, a noe le hore a thabele* mosebetsi oa hae o boima.+ Ke hlokometse hore hona le hona ho tsoa ho Molimo oa ’nete.+ 25 Etsoe ke mang ea jang le ea noang hamonate ho mpheta?+

26 Molimo o fa batho ba mo khahlisang bohlale, tsebo le thabo+ empa baetsalibe o ba fa mosebetsi oa ho bokella le ho phutha e le hore feela ba fe ea khahlisang Molimo oa ’nete.+ Hona le hona ke lefeela le ho lelekisa moea.

3 Ho na le nako e nepahetseng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe,

Nako ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahalang lefatšeng:*

 2 Nako ea tsoalo le nako ea ho shoa.

Nako ea ho lema le nako ea ho fothola se lenngoeng.

 3 Nako ea ho bolaea le nako ea ho folisa.

Nako ea ho heletsa le nako ea ho haha.

 4 Nako ea ho lla le nako ea ho tšeha.

Nako ea ho bokolla le nako ea ho tantša.*

 5 Nako ea ho lahla majoe le nako ea ho bokella majoe.

Nako ea ho haka motho le nako ea ho qoba ho haka motho.

 6 Nako ea ho batla le nako ea ho tela se lahlehileng.

Nako ea ho boloka le nako ea ho lahla.

 7 Nako ea ho tabola+ le nako ea ho roka.

Nako ea ho thola+ le nako ea ho bua.+

 8 Nako ea ho rata le nako ea ho hloea.+

Nako ea ntoa le nako ea khotso.

9 Motho ea sebetsang o fumana’ng boitekong bohle ba hae?+ 10 Ke bone mosebetsi oo Molimo a o fileng batho e le hore ba lule ba phathahane. 11 O entse ntho e ’ngoe le e ’ngoe e le ntle* ka nako ea eona.+ O kentse ka lipelong tsa bona takatso ea ho phela ka ho sa feleng. Ho ntse ho le joalo, batho ba ke ke ba tseba mosebetsi oo Molimo oa ’nete a o entseng ho tloha qalong ho isa qetellong.

12 Ke qetile ka hore ha ho letho le molemo ho batho ho feta hore ba thabe le hore ba etse lintho tse ntle bophelong ba bona+ 13 le hore motho e mong le e mong a je ’me a noe le ho thabela* mosebetsi oohle oa hae o boima. Ke mpho ea Molimo.+

14 Kea tseba hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Molimo oa ’nete a e etsang, e tla ba teng ho ea ho ile. Batho ba ke ke ba eketsa kapa ba fokotsa letho ho eona. Molimo oa ’nete o e entse joalo e le hore batho ba ka mo hlompha.+

15 Eng kapa eng e etsahalang e se e etsahetse ’me e tlang ho ba teng e bile teng.+ Empa Molimo oa ’nete o batla ntho eo batho ba e pheheletseng.*

16 Ke boetse ke bone ntho ena lefatšeng:* Moo ho tšoanelang ho ba le toka ho ne ho e-na le bokhopo le moo ho tšoanelang ho ba le ho loka ho ne ho e-na le bokhopo.+ 17 Kahoo, ka re ka pelong: “Molimo oa ’nete o tla ahlola ea lokileng le ea khopo+ kaha ho na le nako bakeng sa mosebetsi o mong le o mong le ketso e ’ngoe le e ’ngoe.”

18 Ka boela ka re ka pelong mabapi le batho: “Molimo oa ’nete o tla ba beha tekong ’me a ba bontše hore ba tšoana le liphoofolo.” 19 Ntho e etsahallang motho e etsahalla le phoofolo. Joalokaha phoofolo e shoa, motho o shoa ka mokhoa o tšoanang.+ Kaofela ba na le moea o le mong.+ Kahoo, motho ha a phahamela phoofolo hobane ntho e ’ngoe le e ’ngoe ke lefeela. 20 Kaofela ba ea sebakeng se le seng.+ Kaofela ba tsoa leroleng+ ’me kaofela ba khutlela leroleng.+ 21 Ke mang ea tsebang hantle hore na moea oa batho o nyolohela holimo kapa hore na moea oa liphoofolo o theohela tlase lefatšeng?+ 22 Hape ke bone hore ha ho letho le molemo ho feta hore motho a thabele mosebetsi oa hae+ kaha ke moputso oa* hae. Ke mang ea ka etsang hore motho a bone tse tla etsahala ha a se a shoele?+

4 Ka boela ka hlokomela liketso tsohle tsa khatello tse ntseng li etsahala lefatšeng.* Ka bona meokho ea ba ntseng ba hatelloa ’me ho se ea ba tšelisang.+ Batho ba ba hatellang ba ne ba e-na le matla ’me ho se ea tšelisang ba hatelloang. 2 Kahoo, ke ile ka lebohela ba seng ba shoele ho e-na le ba ntseng ba phela.+ 3 Ea iketlang ho ba feta ka bobeli ke ea e-s’o hlahe,+ ea e-s’o bone lintho tse bohloko tse etsahalang lefatšeng.*+

4 Ke bone hore ha batho ba hlolisana, ba ntša bokhoni ba bona ebile ba sebetsa ka thata.+ Hona le hona ke lefeela, ke ho lelekisa moea.

5 Ea se nang kelello o phutha matsoho, a lape a be a shoe.*+

6 Ho phomola hanyenyane ho* molemo ho feta ho sebetsa ka thata haholo,* e leng ho lelekisa moea.+

7 Ke ile ka hlokomela ntho e ’ngoe e neng e se na thuso lefatšeng:* 8 Ke motho ea mong to! Ha a na motsoalle, ha a na mora kapa ngoan’abo empa o sebetsa ka thata a sa qete. Hape, ha ho mohla a* khotsofallang maruo.+ Empa na ho na le mohla a ipotsang, ‘Ke sebetsa ka thata le ho itima lintho tse monate bakeng sa mang?’+ Hona le hona ke lefeela le mosebetsi o bosula.+

9 Ba babeli ba molemo ho feta a le mong+ hobane ba na le moputso o moholoanyane bakeng sa mosebetsi oa bona o boima. 10 Etsoe haeba a le mong oa bona a oa, e mong a ka mo emisa. Empa ho tla etsahala’ng ka a le mong feela ea oang ha ho se na ea mo emisang?

11 Ho feta moo, haeba ba babeli ba robala ’moho, ba tla futhumala empa motho a le mong feela a ka futhumala joang? 12 Hape ha motho a le mong, e mong a ka mo hlola ka matla empa ha ba le babeli ba ka mo hlola. Thapo e meloho e meraro e ke ke ea khaoloa habonolo.*

13 Ngoana ea futsanehileng empa a le bohlale o molemo ho feta morena ea tsofetseng empa e le leoatla+ le se nang kelello hoo le sitoang ho mamela temoso.+ 14 O* tsoile teronkong hore e be morena+ le hoja a tsoetsoe e le mofutsana nakong ea puso ea morena eo ea tsofetseng.+ 15 Ke bone se etsahallang bohle ba phelang ba tsamaeang lefatšeng* le mohlankana ea hlahlamang morena boreneng ba hae. 16 Le hoja batho ba mo tšehetsang ba sa fele, batho ba hlahang hamorao ba ke ke ba mo thabela.+ Hona le hona ke lefeela, ke ho lelekisa moea.

5 Ikele hloko neng kapa neng ha u ea ntlong ea Molimo oa ’nete.+ Ho molemo hore u atamele ’me u mamele+ ho e-na le ho fana ka sehlabelo ka boikaketsi joalokaha ba se nang kelello ba etsa+ etsoe ha ba hlokomele hore ntho eo ba e etsang e mpe.

2 U se ke oa potlakela ho bua. U se ke oa lumella pelo ea hao hore e bue e sa nahana ka pel’a Molimo oa ’nete+ hobane Molimo oa ’nete o maholimong empa uena u lefatšeng. Ke ka lebaka leo mantsoe a hao e lokelang ho ba a seng makae.+ 3 Etsoe motho ea nahanang* ka lintho tse ngata haholo o qetella a lora+ ’me ho bua haholo ho etsa hore motho a bue lintho tse se nang kelello.+ 4 Neng kapa neng ha u etsa boitlamo ho Molimo, u se ke oa lieha ho bo phetha+ etsoe ha a thabele batho ba hlokang kelello.+ U phethe boitlamo boo u bo entseng.+ 5 Ho molemo hore u se ke oa etsa boitlamo ho e-na le hore u etse boitlamo ebe ha u bo phethe.+ 6 U se ke oa lumella molomo oa hao ho u khannela sebeng*+ ’me u se ke oa re ka pel’a lengeloi:* “Ke ne ke itlamme ka phoso.”+ Ke hobane’ng ha u halefisa Molimo oa ’nete ka lebaka la lintho tseo u li buang? Ha u etsa joalo o tla etsa hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u etsang e se ke ea atleha.+ 7 Etsoe feela joalokaha ho nahana ka lintho tse ngata haholo ho qetella ka litoro+ le mantsoe a mangata a qetella ka lintho tse se nang thuso. Empa uena u tšabe Molimo oa ’nete.+

8 Haeba seterekeng sa heno u bona bafutsana ba hatelloa, u bona toka le ho loka li le sieo, taba eo e se ke ea u makatsa.+ Etsoe ofisiri eo e phahameng e ntse e shebiloe ke ea e phahametseng le ho feta ’me ho na le ba bang ba phahametseng bao.

9 Hape phaello ea lefatše e arotsoe har’a banna bana kaofela. Esita le morena oa ja ha tšimo e lengoa.+

10 Ea ratang silevera a ke ke a khotsofalla silevera hape ea ratang leruo a ke ke a khotsofalla chelete e kenang.+ Sena le sona ke lefeela.+

11 Ha maruo a eketseha, batho ba a jang le bona baa eketseha.+ Ho na le molemo ofe ho mong’a ’ona haese feela ho a sheba?+

12 Boroko ba ea sebeletsang bo monate ho sa tsotellehe hore na o ja ho honyenyane kapa ho hongata empa lintho tse ngata tsa morui ha li mo lumelle ho robala.

13 Ho na le tlokotsi e kholo eo ke e boneng lefatšeng:* Ha maruo ao motho a a bokeletseng a mo ntša kotsi. 14 Maruo ao a ile a mo lahlehela ka lebaka la khoebo e* sa kang ea mo tsamaela hantle. Ha a e-ba le mora, ha ho na lefa leo a ka mo sielang lona.+

15 Joalokaha motho a tsoetsoe a le feela, o tla ea lebitleng a le feela joalokaha a tlile a le joalo.+ A ke ke a nka letho bakeng sa mosebetsi oa hae o boima.+

16 Tlokotsi e ’ngoe e kholo ke ena: Hantle feela kamoo a tlileng kateng, o tla ikela a ntse a le joalo. Molemo ke ofe oa ho sebetsa ka thata a sebeletsa lefeela?+ 17 Hape letsatsi le leng le le leng o jella lefifing, a tšoenyehile haholo, a kula a bile a halefile.+

18 Ke bone ho lokile ho bile ho le molemo hore motho a je a be a noe. A thabele mosebetsi oohle oa hae o boima+ oo a o etsang ka thata lefatšeng nakong e khutšoanyane ea bophelo ba hae boo Molimo oa ’nete a mo fileng bona. Ke moputso* oa hae.+ 19 Hape ha Molimo oa ’nete a fa motho maruo le matlotlo+ hammoho le bokhoni ba hore a a thabele, o lokela ho nka moputso* oa hae ’me a thabele mosebetsi oa hae o boima. Ena ke mpho ea Molimo.+ 20 Etsoe ke ka seoelo a tlang ho hlokomela* hore matsatsi a bophelo ba hae aa feta hobane Molimo oa ’nete o mo phathahanya ka ho etsa hore pelo ea hae e thabe.+

6 Ho na le tlokotsi e ’ngoe eo ke e boneng lefatšeng* ’me e tloaelehile har’a batho: 2 Molimo oa ’nete o fa motho maruo, matlotlo le tlhompho e le hore a se ke a hloka letho la lintho tseo a li batlang.* Leha ho le joalo, Molimo oa ’nete ha a mo lumelle hore a li thabele empa o lumella motho osele feela hore a li thabele. Hona ke lefeela ’me ke bomalimabe bo boholo. 3 Haeba monna a ka ba le bana ba lekholo, a phela lilemo tse ngata ho fihlela a tsofala empa a sa thabele lintho tsa hae tse molemo pele a shoa, ngoana ea hlahileng a khathetse* o molemo ho mo feta.+ 4 Etsoe ha ho na thuso ea hore ebe ngoana eo o hlahile. O shoeletse lefifing ’me lebitso la hae le koahetsoe ke lefifi. 5 Le hoja ho se mohla a kileng a bona letsatsi kapa a tseba ntho leha e le efe, o ntse a le molemo* ho feta monna eo.+ 6 Thuso ea hore motho a phele lilemo tse likete tse peli empa a sa thaba ke efe? Etsoe bohle ba ea sebakeng se le seng.+

7 Motho o etsa mosebetsi o boima e le hore a tlatse mpa ea hae+ empa ha ho mohla a khotsofalang. 8 Etsoe ke joang motho ea bohlale a leng molemo ho feta motho ea se nang kelello?+ Kapa ho thusa’ng hore ebe mofutsana o tseba mokhoa oa ho phela?* 9 Ho molemo hore motho a thabele seo mahlo a hae a se bonang ho feta hore a lakatse lintho tseo a ke keng a li fumana. Hoo le hona ke lefeela, ke ho lelekisa moea.

10 Eng kapa eng e teng e se e fuoe lebitso. Hape ho tsebahala hantle hore na motho ke’ng. Motho ha a khone ho pheha khang le* motho ea matla ho mo feta. 11 Ha mantsoe a le mangata, ha a na thuso.* A tlisetsa motho molemo ofe? 12 Ke mang ea tsebang hore na ke’ng e molemo eo motho a ka e etsang bophelong ba hae? Bophelo ba hae bo se nang thuso bo tšoana le moriti ’me bo tla fela.+ Etsoe ke mang ea ka bolellang motho hore na ho tla etsahala’ng lefatšeng* ha a se a shoele?

7 Lebitso le letle le* molemo ho feta oli e ntle+ ’me letsatsi la ho shoa le molemo ho feta letsatsi la ho tsoaloa ha motho. 2 Ho molemo ho ea ntlong ea batho ba utloileng bohloko ho feta ho ea ntlong ea mokete+ hobane lefu ke pheletso ea motho e mong le e mong ’me ba phelang ba lokela ho nahanisisa ka taba ena. 3 Ho tšoenyeha ho molemo ho feta ho tšeha+ etsoe ho hlonama ha sefahleho ho lokisa pelo.+ 4 Lipelo tsa ba bohlale li ntlong ea batho ba utloileng bohloko empa lipelo tsa ba hlokang kelello li ntlong ea thabo.+

5 Ho molemo ho mamela khalemelo e tsoang ho motho ea bohlale+ ho feta ho mamela thoriso* ea batho ba se nang kelello. 6 Litšeho tsa motho ea se nang kelello li tšoana le molumo o etsoang ke meutloa ha e cha tlas’a pitsa.+ Hoo le hona ke lefeela. 7 Khatello e ka etsa hore motho ea bohlale a hlanye ’me tjotjo e senya pelo.+

8 Qetello ea taba e molemo ho feta qalo ea eona. Ho molemo ho ba le mamello ho feta ho ikhohomosa.+ 9 U se ke oa potlakela* ho khopeha+ etsoe ho khopeha ho lula lifubeng tsa ba se nang kelello.*+

10 U se ke oa re: “Matsatsi a khale a ne a le molemo ho feta ana.” Ha se bohlale hore u bue joalo.+

11 Bohlale hammoho le lefa li molemo ebile li ruisa ba phelang.* 12 Etsoe bohlale boa sireletsa+ feela joalokaha chelete e sireletsa+ empa bohlale bo boloka bophelo ba motho ea nang le bona. Ona ke molemo oa ho sebelisa tsebo hantle.+

13 Nahanisisa ka mosebetsi oa Molimo oa ’nete etsoe ke mang ea ka otlollang seo Molimo a se sothileng?+ 14 Ka letsatsi la thabo, u nyakalle.+ Empa letsatsing la tlokotsi u elelloe hore matsatsi ana ka bobeli a lumeletsoe* ke Molimo+ e le hore batho ba se ke ba tseba hantle ntho efe kapa efe e tla ba hlahela ka moso.+

15 Bophelong ba ka bo se nang thuso,+ ke bone ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ke bone ea shoang le hoja a lokile,+ ka boela ka bona ea phelang halelele le hoja a le khopo.+

16 U se ke oa iketsa ea lokileng ho feta tekano+ kapa oa iketsa ea bohlale ho tlola.+ Ke hobane’ng ha u ka ipolaea ka ho etsa joalo?+ 17 U se ke oa ba khopo ho feta tekano kapa oa ba leoatla.+ Ke hobane’ng ha u batla ho shoa u sa le monyenyane?+ 18 Ho molemo hore u mamele keletso ea pele* empa u sa tlohele ea bobeli*+ hobane ea hlomphang* Molimo o tla li mamela ka bobeli.

19 Bohlale bo etsa hore motho ea bohlale a be matla ho feta banna ba leshome ba matla motseng.+ 20 Etsoe ha ho na motho ea lokileng lefatšeng ea lulang a etsa lintho tse nepahetseng, ho se mohla a etsang sebe.+

21 Hape u se ke oa nkela hloohong mantsoe ’ohle ao batho ba a buang,+ ho seng joalo u ka ’na oa utloa mohlanka oa hao a u bua hampe.* 22 Etsoe u tseba hantle ka pelong ea hao hore le uena u buile ba bang hampe* ka makhetlo a mangata.+

23 Ke hlahlobile lintho tsena tsohle ka bohlale eaba ke re: “Ke tla hlalefa.” Empa bohlale bo ne bo mphahametse. 24 Ntho efe kapa efe e etsahetseng e re phahametse ’me e tebile haholo. Ke mang ea ka e utloisisang?+ 25 Ke ile ka etsa qeto ea ho phenya, ho tseba, ho batla bohlale le lebaka leo ka lona lintho li etsahalang le ho utloisisa bokhopo ba batho ba se nang kelello le bothoto ba batho ba etsang lintho ka bohlanya.+ 26 Eaba ke fumana hona: Ho na le mosali ea sehloho ho feta lefu. O tšoana le sefi,* pelo ea hae e tšoana le leraba* ’me matsoho a hae a tšoana le liketane tsa teronko. Ea thabisang Molimo oa ’nete o tla baleha mosali eo+ empa moetsalibe o haptjoa ke eena.+

27 Mosuoe+ o re: “Bona, ke hlokometse sena ha ke ntse ke batlisisa ntho ka ’ngoe e le hore ke iketsetse qeto. 28 Empa ntho eo esale ke ntse ke e batla, ha kea e fumana. Har’a batho ba sekete ke fumane monna a le mong ea lokileng empa har’a bona ha kea fumana mosali le ea mong feela ea lokileng. 29 Ke fumane ntho ena feela: Molimo oa ’nete o entse batho ba lokile+ empa bona ba ipatletse litsela tsa bona tse fosahetseng.”+

8 Ke mang ea tšoanang le motho ea bohlale? Ke mang ea tsebang hore na bothata bo rarolloa joang?* Bohlale ba motho bo bonahala sefahlehong sa hae ’me bo etsa hore sefahleho sa hae se boima se khanye khotso.

2 Ke re: “Mamela litaelo tsa morena+ hobane u entse kano ho Molimo.+ 3 U se ke oa potlakela ho tloha ka pel’a morena.+ U se ke oa emela letho le lebe+ kaha a ka etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e batlang 4 hobane ha morena a buile le lumme+ ’me ha ho motho ea ka reng ho eena, ‘U etsa’ng?’”

5 Ea mamelang taelo a ke ke a etsahalloa ke letho le le lebe+ ’me motho ea bohlale o* tla tseba nako le tsela* e loketseng ea ho sebetsa litaba.+ 6 Ho na le nako le tsela* e loketseng ea ho sebetsa taba e ’ngoe le e ’ngoe+ hobane mathata a batho a mangata haholo. 7 Kaha ha ho ea tsebang se tla etsahala, ke mang ea ka bolelang hore na se tla etsahala joang?

8 Feela joalokaha ho se na motho ea nang le matla a ho laola moea,* ka ho tšoanang ha ho na motho ea nang le matla a ho laola letsatsi la ho shoa.+ Feela joalokaha ho se na motho ea ka lokolloang ntoeng le bokhopo bo ke ke ba lumella batho ba bo etsang hore ba phonyohe.*

9 Ke bone lintho tsena tsohle ’me ka nahanisisa ka lintho tsohle tse entsoeng lefatšeng.* Nakong eo eohle, motho o busitse motho ho mo ntša kotsi.+ 10 Hape ke ile ka bona ha batho ba khopo ba ntse ba patoa mabitleng a bona. Ba ne ba tloaetse ho kena le ho tsoa sebakeng se halalelang empa ba ile ba lebaloa kapele motseng oo ho oona ba neng ba etsa bokhopo.+ Hoo le hona ke lefeela.

11 Lipelo tsa batho li ikemisetsa ho etsa bobe le ho feta+ hobane lintho tse mpe tseo ba li entseng ha baa li ahloleloa ka potlako.+ 12 Le hoja moetsalibe a ka etsa bobe ka makhetlo a lekholo ’me a ’na a phela nako e telele, kea hlokomela hore ba hlomphang* Molimo oa ’nete bona lintho li tla ba tsamaela hantle hobane ba mo hlompha.+ 13 Empa ea khopo lintho li ke ke tsa mo tsamaela hantle+ ebile a ke ke a eketsa matsatsi a hae a tšoanang le moriti+ hobane ha a hlomphe Molimo.

14 Ho na le ntho e ’ngoe e se nang thuso* e etsahalang lefatšeng: Ho na le batho ba lokileng ba tšoaroang joalokaha eka ba entse bokhopo+ ’me ho na le batho ba khopo ba tšoaroang joalokaha eka ba entse lintho tse lokileng.+ Ke re hoo le hona ke lefeela.

15 Kahoo, ke ile ka khothaletsa batho ho thaba+ hobane lefatšeng* ha ho na letho le molemo bakeng sa motho ho feta hore a je, a noe ’me a thabe. O lokela ho etsa lintho tsena ha a ntse a sebetsa ka thata nakong ea matsatsi a bophelo ba hae+ boo Molimo oa ’nete a mo fang bona lefatšeng.*

16 Ke ile ka sebelisa kelello* ea ka ho fumana bohlale le ho bona lintho tsohle tse* etsahalang lefatšeng,+ ke bile ke sa robale bosiu le motšehare.* 17 Eaba ke nahanisisa ka mosebetsi oohle oa Molimo oa ’nete ’me ka hlokomela hore batho ba ke ke ba utloisisa lintho tse etsahalang lefatšeng.*+ Ho sa tsotellehe hore na ba leka ka matla hakae, ba ke ke ba li utloisisa. Le haeba ba ka re ba bohlale ’me ba li tseba kaofela, ho hang ba ke ke ba li utloisisa.+

9 Kahoo, ke ile ka tebisetsa lintho tsena tsohle pelong eaba ke etsa qeto ea hore ea lokileng le ea bohlale ba letsohong la Molimo oa ’nete hammoho le mesebetsi ea bona.+ Batho ha ba tsebe lerato le lehloeo le bileng teng pele ba hlaha. 2 Ba lokileng le ba khopo,+ ba molemo, ba hloekileng le ba sa hloekang, ba etsang sehlabelo le ba sa se etseng, kaofela ba hlaheloa ke ntho e tšoanang.+ Ea lokileng o tšoana le moetsalibe, ea etsang kano a sa nahane o tšoana le ea hlokolosi ha a etsa kano. 3 Ntho ena e etsahalang lefatšeng* ea nyahamisa: Lipelo tsa batho li tletse bobe hobane kaofela ba hlaheloa ke ntho e tšoanang.+ Hape lipelo tsa bona li tletse bohlanya ha ba sa ntse ba phela ebe ka mor’a moo baa shoa.*

4 Ho na le tšepo bakeng sa motho ea phelang hobane ntja e phelang e molemo ho feta tau e shoeleng.+ 5 Etsoe ba phelang baa tseba hore ba tla shoa.+ Empa ba shoeleng ha ba tsebe letho ho hang+ hape ha ba sa na moputso hobane lintho tseo ba neng ba ka hopoloa ka tsona li lebetsoe.+ 6 Lerato la bona, lehloeo la bona le poulelo ea bona li se li timetse ’me ha ba sa tla hlola ba etsa eng kapa eng e lokelang ho etsoa lefatšeng.*+

7 E-ea, u je lijo tsa hao u nyakaletse ’me u noe veine ea hao ka pelo e thabileng+ hobane Molimo oa ’nete o se a ntse a khahlisoa ke lintho tseo u li etsang.+ 8 E se eka kamehla liaparo tsa hao li ka lula li le tšoeu* ’me u se ke oa lebala ho tlotsa hlooho ea hao ka oli.+ 9 Phela hamonate le mosali oa hao eo u mo ratang+ ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hao bo bokhutšoanyane* boo Molimo a u fileng bona lefatšeng,* u phele hamonate ka matsatsi a seng makae a bophelo ba hao. Eo ke eona kabelo ea hao bophelong le moputso bakeng sa mosebetsi oa hao o boima oo u o etsang ka thata lefatšeng.*+ 10 Eng kapa eng eo u khonang ho e etsa,* u e etse ka matla a hao kaofela etsoe ha ho mosebetsi, morero, tsebo kapa bohlale Lebitleng*+ moo u eang teng.

11 Ke hlokometse ntho e ’ngoe hape lefatšeng* hore ha se kamehla ba lebelo ba hlolang peisong. Ha se kamehla ba matla ba hlolang ntoeng.+ Ha se kamehla ba bohlale ba nang le lijo kapa maruo.+ Hape ha se kamehla ba nang le tsebo ba atlehang+ hobane kaofela ba hlaheloa ke lintho ka tšohanyetso ka nako eo ba sa e lebellang. 12 Etsoe motho ha a tsebe nako ea hae.+ Feela joalokaha litlhapi li tšoasoa ka letlooa* le linonyana li tšoasoa ka sefi, batho le bona ba tšoasoa joalo nakong eo tlokotsi e ba oelang holimo ka tšohanyetso.

13 Ke ile ka boela ka hlokomela bohlale bo tsotehang lefatšeng:* 14 Ho ne ho e-na le motse o monyenyane o nang le banna ba seng bakae. Morena ea matla o ile a o futuhela ’me a o lika-liketsa le ho haha marako a maholo ho o pota-pota. 15 Ho oona ho ne ho e-na le monna ea futsanehileng empa a le bohlale. O ile a pholosa motse ka bohlale ba hae empa ha ho motho ea ileng a mo hopola.+ 16 Eaba ke re: ‘Bohlale bo molemo ho feta matla.+ Empa bohlale ba motho ea futsanehileng boa nyefoloa le mantsoe a hae ha a mameloe.’+

17 Ho molemo ho mamela mantsoe a bonolo a motho ea bohlale ho feta ho mamela mohoo oa motho ea busang lithoto.

18 Bohlale bo molemo ho feta lihlomo tsa ntoa empa moetsalibe a le mong feela a ka senya lintho tse ngata tse ntle.+

10 Feela joalokaha lintsintsi tse shoeleng li etsa hore oli e nkhang hamonate e senyehe e be e nkhe hampe, bothoto bo bonyenyane le bona bo senya lebitso la motho ea bohlale le ea hlomphuoang.+

2 Pelo ea motho ea bohlale e mo lebisa tseleng e nepahetseng* empa pelo ea motho ea se nang kelello e mo lebisa tseleng e fosahetseng.*+ 3 Ho sa tsotellehe hore na motho ea se nang kelello o nka tsela efe, hoa hlaka hore ha a na kelello*+ ’me o bolella motho e mong le e mong hore ke sethoto.+

4 Haeba ’musi a ka u halefela, u se ke oa tloha moo u leng teng+ hobane ha u le bonolo u kokobetsa libe tse kholo.+

5 Ho na le ntho e ’ngoe e bohloko eo ke e boneng lefatšeng* e leng phoso e etsoang ke babusi:+ 6 Maoatla a behoa maemong a phahameng empa batho ba nang le boiphihlelo* ba lula ba le maemong a tlase.

7 Ke bone bahlanka ba palame lipere empa likhosana li tsamaea ka maoto joalokaha eka ke bahlanka.+

8 Motho ea chekang sekoti a ka oela ka ho sona+ ’me ea phunyang lerako la majoe a ka longoa ke noha.

9 Motho ea chekang majoe a ka ntšoa kotsi ke ’ona. Motho ea rathang patsi a ka ’na a tsoa kotsi.*

10 Haeba sesebelisoa sa tšepe se se bohale ’me motho a sa se leotse, o tla lokela ho sebelisa matla a mangata. Empa bohlale bo tla mo thusa hore a atlehe.

11 Haeba motho a longoa ke noha pele a e tšerehanya, ha ho na thuso ea hore ebe o khona ho tšerehanya linoha.*

12 Mantsoe a tsoang molomong oa motho ea bohlale a monate+ empa molomo oa motho ea hlokang kelello o mo tlisetsa mathata.+ 13 Mantsoe a pele a tsoang molomong oa hae ke booatla+ ’me mantsoe a hae a ho qetela ke bohlanya bo bakang tlokotsi. 14 Empa sethoto se tsoela pele ho bua.+

Motho ha a tsebe lintho tse tla etsahala. Ke mang ea ka mo bolellang hore na ho tla etsahala’ng ha a se a le sieo?+

15 Mosebetsi o boima oa motho ea se nang kelello o etsa hore a khathale. Ha a tsebe le hore na a tsoe le hokae ha a ea motseng.

16 Ke ntho e mpe haholo bakeng sa naha ha morena e le moshanyana+ le likhosana li qala ho keteka e sa le hoseng. 17 Ke ntho e monate bakeng sa naha ha morena e le mora oa bahlomphehi le likhosana li ja ka nako e loketseng e le hore li fumane matla eseng hore li tahoe.+

18 Ha motho a le botsoa haholo, marulelo a tla oa ’me ka lebaka la ho se sebelise matsoho a hae ntlo e tla nela.+

19 Lijo li etselitsoe ho re thabisa,* veine e natefisa bophelo+ empa chelete e ka etsa hore u be le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e hlokang.+

20 U se ke oa rohaka morena esita le ka pelong ea hao*+ ’me u se ke oa rohaka barui ka kamoreng ea hao etsoe nonyana* e ka fetisa molaetsa* oo kapa phoofolo e nang le mapheo ea pheta seo u se buileng.

11 Lahlela bohobe ba hao ka metsing+ kaha ka mor’a matsatsi a mangata u tla boela u bo fumane.+ 2 Fana ka karolo ea lintho tsa hao ho batho ba supileng kapa ba robeli+ etsoe ha u tsebe hore na ho tla hlaha tlokotsi efe lefatšeng.

3 Haeba maru a tletse metsi, a tla tšollela pula lefatšeng ’me haeba sefate se oela ka boroa kapa ka leboea, se tla lula sebakeng seo se oelang ho sona.

4 Motho ea shebellang moea a ke ke a jala peo, le motho ea shebang maru a ke ke a kotula.+

5 Feela joalokaha u sa tsebe tsela eo moea o sebetsang ka eona masapong a ngoana ea ka mpeng* ea moimana,+ ka mokhoa o tšoanang ha u tsebe mosebetsi oa Molimo oa ’nete, ea etsang lintho tsohle.+

6 Jala peo ea hao hoseng ’me u se ke oa lumella letsoho la hao hore le phomole ho fihlela ka shoalane+ etsoe ha u tsebe hore na ke efe e tla atleha ebang ke ena kapa eane kapa hore na ka bobeli li tla atleha.

7 Leseli le monate ’me ho hotle hore mahlo a bone letsatsi. 8 Haeba motho a ka phela lilemo tse ngata, a li thabele kaofela.+ Empa a hopole hore matsatsi a lefifi a ka ba mangata. Matsatsi ’ohle a lefifi a tlang ke lefeela.+

9 Mocha, u thabe ha u sa le mocha ’me pelo ea hao e thabe matsatsing a bocha ba hao. U latele thato ea pelo ea hao ’me u ee moo mahlo a hao a u lebisang teng. Empa tseba hore Molimo oa ’nete o tla u ahlola* ka lebaka la lintho tsena tsohle.+ 10 Kahoo, tlosa likhathatso pelong ea hao ’me u qobe lintho tse kotsi ’meleng oa* hao etsoe mahlahahlaha a bocha ke lefeela.+

12 U hopole ’Mopi oa hao e Moholo u sa le mocha,+ pele matsatsi a mahlomola*+ a tla kapa ho fihla lilemo tseo u tla re: “Ha ke li thabele.” 2 Pele letsatsi, leseli, khoeli le linaleli li fifala+ ’me maru a khutla ka mor’a hore ho ne* pula ea litloebelele. 3 Pele letsatsi le fihla leo ka lona balebeli* ba ntlo ba thothomelang, pele banna ba matla ba fokolloa ke matla le basali ba khaotsa ho sila hobane ba fokotsehile le pele bafumahali ba bona ho le lefifi ha ba nyarela ka lifensetere.+ 4 Pele menyako e seterateng e koaloa, molumo oa leloala o fokotseha, pele motho a tsoha ha a utloa molumo oa nonyana le libini tsohle tsa basali li sa utloahale hantle.+ 5 Pele motho a tšaba moo ho phahameng ’me a tšaba hore ho kotsi seterateng. Pele sefate sa almonde se thunya,+ lerutle le ikhulanya le monokotšoai o phatloha hobane motho a ea ntlong eo a tla phomola nako e telele ho eona+ ’me ba utloileng bohloko ba itsamaela seterateng.+ 6 Pele thapo ea silevera e tlosoa, sekotlolo sa khauta se silakanngoa, pele nkho e selibeng e pshatleha le lebili la seliba le silakanngoa. 7 Ebe lerole le khutlela mobung+ moo le tsoang teng le matla a bophelo* a khutlela ho Molimo oa ’nete ea faneng ka ’ona.+

8 Mosuoe o re: “Lefeela la mafeela!+ Ntho e ’ngoe le e ’ngoe ke lefeela.”+

9 Mosuoe o ne a le bohlale hape a lula a ruta batho lintho tseo a li tsebang.+ O ne a nahanisisa le ho hlahlobisisa e le hore a bokelle maele a mangata.*+ 10 Mosuoe o ile a batlisisa mantsoe a monate+ a ba a ngola mantsoe a ’nete a nepahetseng.

11 Mantsoe a ba bohlale a tšoana le litsenene tsa likhomo+ le maele a bona a tšoana le lipekere tse kokotetsoeng ka thata ’me a tsoa ho molisa a le mong. 12 Mabapi le ntho leha e le efe ntle le tsena, mora oa ka, hlokomela: Batho ba tla lula ba ntse ba ngola libuka tse ngata ’me ho li bala haholo ho tepeletsa ’mele.+

13 Ha ntho e ’ngoe le e ’ngoe e se e utloiloe, qetello ea taba ke ena: Hlompha* Molimo oa ’nete+ ’me u mamele litaelo tsa hae+ etsoe ke eona ntho eo motho a lokelang ho e etsa.+ 14 Etsoe Molimo oa ’nete o tla ahlola batho ka liketso tsohle tsa bona esita le lintho tsohle tse patiloeng ’me a etse qeto ea hore na li ntle kapa li mpe.+

Ka Seheberu: “ea bokellang batho.”

Kapa: “ha e na thuso.”

Ka Seheberu: “tlas’a letsatsi.”

Ka Seheberu: “le eme.”

Kapa: “Melapo.”

Ka Seheberu: “tlas’a letsatsi.”

Kapa: “batla ka bohlale.”

Ka Seheberu: “tlas’a letsatsi.”

Kapa: “nyakalla.”

Kapa: “monyaka.”

Ka Seheberu: “tlas’a maholimo.”

Ka Seheberu: “bara ba ntlo.”

Kapa: “a fumanehang feela ho.”

Ka Seheberu: “leo mahlo a ka a neng a le lakatsa.”

Kapa: “nyakallisang.”

Kapa: “kabelo ea ka.”

Ka Seheberu: “tlas’a letsatsi.”

Ka Seheberu: “o na le mahlo hloohong.”

Ka Seheberu: “tlas’a letsatsi.”

Ka Seheberu: “tlas’a letsatsi.”

Ka Seheberu: “tlas’a letsatsi.”

Kapa: “ho fana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea hae.”

Ka Seheberu: “boiteko ba pelo ea hae.”

Ka Seheberu: “tlas’a letsatsi.”

Kapa: “fumane litholoana tsa.”

Ka Seheberu: “tlas’a maholimo.”

Ka Seheberu: “ho tlola-tlola.”

Kapa: “e loketse; e hlophehile hantle.”

Kapa: “fumana litholoana tsa.”

Kapa mohlomong: “e seng e fetile.”

Ka Seheberu: “tlas’a letsatsi.”

Kapa: “kabelo ea.”

Ka Seheberu: “tlas’a letsatsi.”

Ka Seheberu: “tlas’a letsatsi.”

Ka Seheberu: “ ’me o ja linama tsa hae.”

Ka Seheberu: “Phomolo e tletseng letsoho e.”

Ka Seheberu: “ho feta mosebetsi o boima o tletseng matsoho a mabeli.”

Ka Seheberu: “tlas’a letsatsi.”

Ka Seheberu: “mahlo a hae a.”

Kapa: “kapele.”

Mohlomong ho buuoa ka ngoana ea bohlale.

Ka Seheberu: “tlas’a letsatsi.”

Kapa: “tšoenyehang.”

Ka Seheberu: “ho etsa hore nama ea hao e etse sebe.”

Kapa: “moromuoa.”

Ka Seheberu: “tlas’a letsatsi.”

Kapa: “mosebetsi o.”

Kapa: “kabelo.”

Kapa: “kabelo.”

Kapa: “hopola.”

Ka Seheberu: “tlas’a letsatsi.”

Kapa: “tseo moea oa hae o li batlang.”

Kapa: “a sa phele.”

Ka Seheberu: “o ba le phomolo.”

Ka Seheberu: “o tseba ho tsamaea ka pel’a ba phelang.”

Kapa: “ho buella nyeoe ea hae ho.”

Kapa mohlomong: “Ha lintho li le ngata, ha li na thuso.”

Ka Seheberu: “tlas’a letsatsi.”

Kapa: “Botumo bo botle bo.” Ka Seheberu: “Lebitso.”

Ka Seheberu: “pina.”

Ka Seheberu: “oa potlaka moeeng oa hao.”

Kapa mohlomong: “ke letšoao la ba se nang kelello.”

Ka Seheberu: “ba bonang letsatsi.”

Kapa: “entsoe.”

E hlahang temaneng ea 16.

E hlahang temaneng ea 17.

Kapa: “ea tšabang.”

Ka Seheberu: “a u rohaka.”

Ka Seheberu: “u rohakile ba bang.”

Kapa: “letlooa la ho tsoma.”

Kapa: “matlooa a huloang.”

Kapa: “ea tsebang tlhaloso ea taba?”

Kapa: “pelo ea motho ea bohlale e.”

Kapa: “qeto.”

Kapa: “qeto.”

Kapa: “phefumoloho.”

Kapa mohlomong: “bokhopo ba bona bo ke ke ba pholosa batho ba khopo.”

Ka Seheberu: “tlas’a letsatsi.”

Kapa: “ba tšabang.”

Kapa: “e halefisang.”

Ka Seheberu: “tlas’a letsatsi.”

Ka Seheberu: “tlas’a letsatsi.”

Kapa: “pelo.”

Kapa: “bona mosebetsi oohle o.”

Kapa mohlomong: “hore batho ha ba robale, ebang ke motšehare kapa ke bosiu.”

Ka Seheberu: “tlas’a letsatsi.”

Ka Seheberu: “tlas’a letsatsi.”

Ka Seheberu: “ka mor’a moo, ba ea ho ba shoeleng.”

Ka Seheberu: “tlas’a letsatsi.”

E leng liaparo tse bontšang hore motho o thabile, eseng tse bontšang hore o utloile bohloko.

Kapa: “bo se nang thuso.”

Ka Seheberu: “tlas’a letsatsi.”

Ka Seheberu: “tlas’a letsatsi.”

Ka Seheberu: “eo letsoho la hao le khonang ho e etsa.”

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “tlas’a letsatsi.”

Ke nete e tšoasang litlhapi.

Ka Seheberu: “tlas’a letsatsi.”

Ka Seheberu: “e ka letsohong la hae le letona.”

Ka Seheberu: “e ka letsohong la hae le letšehali.”

Ka Seheberu: “hore pelo ea hae ea haelloa.”

Ka Seheberu: “tlas’a letsatsi.”

Kapa: “batho ba ruileng.”

Kapa mohlomong: “a be hlokolosi.”

Ka Seheberu: “ho laola leleme.”

Kapa: “Bohobe bo etselitsoe hore re tšehe.”

Kapa mohlomong: “leha u le betheng ea hao.”

Ka Seheberu: “sebopuoa se fofang sa maholimo.”

Kapa: “molumo.”

Ka Seheberu: “masapong ka popelong.”

Kapa: “o tla u bitsa hore u ikarabelle.”

Ka Seheberu: “nameng ea.”

Kapa: “tlokotsi.”

Kapa mohlomong: “a khutla le.”

Kapa: “bahlokomeli.”

Kapa: “moea.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “a hlophise maele a mangata ka tatellano.”

Kapa: “Tšaba.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela