Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/90 leq. 2
  • Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
  • Lihloohoana
  • BEKE E QALANG KA DECEMBER 3
  • BEKE E QALANG KA DECEMBER 10
  • BEKE E QALANG KA DECEMBER 17
  • BEKE E QALANG KA DECEMBER 24
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
km 12/90 leq. 2

Liboka Tsa Tšebeletso

TLHOKOMELISO: Tšebeletso ea Rona ea ’Muso e tla ba le kemiso ea Seboka sa Tšebeletso bakeng sa beke e ’ngoe le e ’ngoe ka December. Liphutheho li ka etsa litokiso tse hlokahalang ho lumella nako ea ho ba teng kopanong ea setereke ’me ka mor’a eona ho ka ba le nako ea metsotso e 30 ea ho ikhopotsa lintlha tsa sehlooho tsa lenaneo la kopano Sebokeng sa Tšebeletso bekeng e latelang. Baena ba babeli kapa ba bararo ba tšoanelehang ba ka abeloa esale pele tlhahlobo ea letsatsi ka leng e le hore ba hlokomele ka ho khethehileng lintlha tse khōlō tsa letsatsi leo. Tlhahlobo ena e lokiselitsoeng hantle e tla thusa baena ho hopola lintlha tse khōlō tseo ba ka li sebelisang bophelong ba bona le ho li sebelisa tšimong. Liphihlelo tse sebelisoang le litlhaloso tse tsoang ho bamameli li lokela ho ba khutšoanyane ’me e be tse tobileng.

BEKE E QALANG KA DECEMBER 3

Pina 80

12 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rona ea ’Muso. Hlahlobang lintlha tse tobileng tse tsoang lihloohong tsa limakasine tse ka sebelisoang bofelong ba beke.

18 mets: “Na U Tla ba Mororisi oa Jehova ka December?” Puo ’me bamameli ba kopanele mona le mane. Ha le buisana ka lirapa 4 le 5, etsa pontšo ea kamoo mohoeletsi e mocha a ka nehelanang ka Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele mosebetsing oa ho etela batho ka lekhetlo la pele. Mohlomong u ka akarelletsa pontšo e khutšoanyane serapeng sa 6, e bontšang kamoo ho ka nehelanoang ka buka ena ha motho a le phomolong. Khothalletsa bohle ho kopanela ka botlalo tšebeletsong le ho tlaleha mesebetsi ea bona ka nako.

15 mets: “Ho Nehelana ka Taba tse Molemo—Ka Matsatsi a Phomolo.” Lipotso le likarabo. Etsa tsebiso ka litokisetso tse khethehileng tsa tšebeletso matsatsing a phomolo.

Pina 42 le thapelo e koalang.

BEKE E QALANG KA DECEMBER 10

Pina 76

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea lichelete le liteboho tsa menehelo. Babatsa baena ka tšebeliso e nepahetseng ea “matlotlo a sa lokang.” (Luka 16:9; it-2, leq. 806)

20 mets: “Ho Khanna Lithuto tsa Lelapa tsa Bibele tse Nang le Morero.” Lipotso le likarabo. Ha nako e lumela, ere motsoali a le mong kapa ba babeli ba phete seo ba se entseng ho etsa hore thuto ea bona ea lelapa ea Bibele e be e rutang le e thabisang.

15 mets: Na U Boloka Mecha ea Puisano e Bulehile? Moholo o tšohla melao-motheo e ’meli kapa e meraro e fumanoang khaolong ea 11 bukeng ea Bophelo ba Lelapa. Akarelletsa le lipontšo tse khutšoanyane tse theiloeng boitsebisong bo lirapeng 5-8, tse bontšang kamoo batsoali ba ka khothalletsang ngoana ho bua kapa ba mo nyahamisa.

Pina 221 le thapelo e koalang.

BEKE E QALANG KA DECEMBER 17

Pina 126

15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Karolo ea Lipotso. Ha nako e lumela akaretsa boitsebiso ba Litaba tsa Puso ea Molimo.

15 mets: Ho Ananela Bahlanka ba Rōna ba Sebeletsang. Buisana le baena ba hlokomelang sethala le thepa ea molumo, lichelete, libuka, limakasine, le ba hlokomelang mesebetsi e meng joaloka bahlokomeli. Bolela mesebetsi ea bona e khethehileng ka ho hlaka le kamoo bahoeletsi ba ka sebelisanang hammoho ho etsa hore mosebetsi oa bona e be o thabisang haholoanyane. Etsa hore boitsebiso bo tšoanele litlhoko tsa phutheho.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho kapa puo e reng “Le Rapellane” e theiloeng sehloohong sa Molula-Qhooa oa November 15, 1990.

Pina 93 le thapelo e koalang.

BEKE E QALANG KA DECEMBER 24

Pina 91

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Khothalletsa ho paka matsatsing a phomolo. Etsa tlhahiso ka lihlooho tse ka sebelisoang ka letsatsi la limakasine.

20 mets: “Ho Rutoa ke Jehova.” Molebeli oa sekolo o buisana le bamameli. Buisana le seithuti se behang mohlala o motle, se totobatse melemo eo se e fumanang ka ho lokisetsa esale pele le ho sebeletsa lintlheng tsa keletso ea puo.

15 mets: Sebelisa Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—1991 Hamolemo. Puo e theiloeng selelekeleng se bukaneng ena. Bontša bohlokoa ba eona ka lintlha tse tsoang temaneng ea letsatsi le letsatsi. Bontša lintlha tse fanoeng ke puisano ea lelapa ka temana ea kajeno.

Pina 55 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela