Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/92 leq. 2
  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa June

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa June
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka June 1
  • Beke e Qalang ka June 8
  • Beke e Qalang ka June 15
  • Beke e Qalang ka June 22
  • Beke e Qalang ka June 29
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
km 6/92 leq. 2

Liboka Tsa Tšebeletso Tsa June

Beke e Qalang ka June 1

Pina 80

10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse loketseng tse tsoang ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Kaha ho setse likhoeli tse tharo feela pele selemo sena sa tšebeletso se fela, mohoeletsi e mong le e mong o khothalletsoa hore a be le karolo ea ka mehla tšebeletsong beke ka ’ngoe le ho fana ka tlaleho hang ha khoeli e fela.

15 mets: “Tlhokahalo ea Hore Moloko oa Batho o Batle Molimo.” Lipotso le likarabo. Etsa hore ba be le cheseho bakeng sa mosebetsi oa rōna oa tšimo khoeling ena. Bontša kamoo khatiso ena e ka thusang batho ba malumeli a sa tšoaneng ba leng tšimong ea lōna.

20 mets: “Ho Buella Moloko oa Batho o Batla Molimo.” Tšohla ’me u etse pontšo ka tse ling tsa litlhahiso tse leng sehloohong sena. Pontšong e ’ngoe bontša kamoo ho ka sebelisoang katamelo e tobileng bakeng sa ho qala lithuto. Hape, bontša kamoo litsela tse leshome tse ho leqephe 377 tsa ho khetholla bolumeli ba ’nete li ka sebelisoang ka tsela e atlehang.

Pina 225 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka June 8

Pina 145

10 mets: Litsebiso. Lokisetsa esale pele ho ba le bo-pula-maliboho ba ka mehla ba babeli kapa bo-pula-maliboho ba thusang hore ba bue ka likenyelletso tseo ba fumaneng li atleha tšimong ea lōna.

15 mets: “E-ba le Moea oa Boitelo!” Puo e thehiloeng sehloohong sa Molula-Qhooa oa February 1, 1992, maqephe 25-8. Hatella hore ho ba le moea oa boitelo ha se ntho eo motho a bang le eona hafeela a rata empa ke tlhokahalo ea Bokreste. Ha re lahleheloe ke letho ka ho tela lintho tse bonahalang le mesebetsi ea boikhathollo bakeng sa ho hahamalla lithahasello tsa ’Muso pele.

20 mets: “Bopula-maliboho—Pontšo ea Lerato.” Lipotso le likarabo. Ka mor’a ho buisana ka lirapa 3 le 4, buisana le bo-pula-maliboho ba bararo ba ka mehla (kapa bahoeletsi ba nkang bopula-maliboho bo thusang ka mehla kapa ka linako tse itseng), ho kopanyelletsa, haeba a le teng, mocha eo e leng pula-maliboho oa ka mehla ea ileng a nka bopula-maliboho hang ha a qeta sekolong. Ba botse hore na ba ile ba hlophisa litaba tsa bona joang hore ba khone ho nka bopula-maliboho, ba ne ba susumetsoa ke eng ho bula maliboho, ba ile ba tlameha ho etsa boitelo bofe ba lintho tse bonahalang, ’me ba fumane mahlohonolo afe ha ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba ka mehla.

Pina 61 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka June 15

Pina 34

10 mets: Litsebiso. Bua ka lintlha tse khōlō tlalehong ea tšebeletso ea tšimo ea March. Bontša hore na phutheho ea lōna e bile le karolo efe tlalehong ea tšebeletso ea tšimo ka March. Bua hakhutšoaane ka merero ea phutheho e mabapi le phutuho ea tšimo e sa abuoang. Fana ka tlaleho ea lichelete. Babatsa phutheho bakeng sa mosebetsi o entsoeng tšebeletsong ea tšimo le ka tšehetso ea lichelete e etsoang ka letsoho le bulehileng ke phutheho.

20 mets: “Na U Tla Kopanela Bopaking bo sa Reroang?” Tšohla ’me u etse pontšo ka lintlha tse leng sehloohong sena. Hatisa ’nete ea hore ka linako tsohle re Lipaki tsa Jehova, kahoo re batla ho fumana menyetla ea ho fana ka bopaki. Lokisetsa esale pele hore u be le liphihlelo tse peli tse khutšoaane tseo ho tsona batho ba ileng ba kopanela bopaking bo sa reroang ’me ba ba le liphello tse ntle kapa moo motho ea ka phuthehong a ileng a thahasella ’nete ka baka la bopaki bo sa reroang.

15 mets: Puisano le lipontšo tsa puisano ea Bibele le ha ho nehelanoa ka Moloko oa Batho o Batla Molimo, ho sebelisoa Esaia 55:6, 7 le Liketso 17:26, 27. Etsa pontšo ea kamoo batho ba bacha linneteng kapa ba banyenyane ba ka sebelisang nehelano e nolofalitsoeng, ba sebelisa Esaia 55:6, 7 feela.

Pina 154 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka June 22

Pina 173

5 mets: Litsebiso. Litaba tsa Puso ea Molimo. Ha le buisana ka tsona, bapisa tlaleho ea hona joale le boitsebiso bo mabapi le lekala leo selemong sa tšebeletso sa 1986, joalokaha bo fumaneha tlalehong ea selemo sa tšebeletso ho 1987 Yearbook.

20 mets: “Na U se U Loketse ho Tobana le Boemo ba Phekolo ea Meriana bo Lekang Tumelo?” Puisano ea lipotso le likarabo e tšoaroang ke moholo ea tšoanelehang, e koahelang lirapa ho tloha qalong ea sehlooho sa kenyelletso ho ea fihla sehloohong se senyenyane “Thuso ea Bohlokoa Nakong ea ha e Hlokahala.” Hatella hore ba se ke ba ema ho fihlela ha ho hlaha ntho e ’ngoe pele ba nahana ka seo ba ka se etsang. Rerang hona joale esale pele joaloka lelapa—itokiseng!

20 mets: “Ho Khutlela ka Sepheo sa ho Qalisa Thuto ea Bibele.” Puisano le lipontšo. Etsa pontšo ka puisano ea Bibele e boletsoeng ho serapa 3. Sebelisa lirapa 17-20 ho maqephe 372-5 bukeng ea Moloko oa Batho o Batla Molimo e le motheo oa ho qalisa thuto ea Bibele.

Pina 135 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka June 29

Pina 90

10 mets: Litsebiso. Etsa lipontšo tse khutšoaane tse peli tse bontšang kamoo re ka bang le puisano ea Mangolo ha re nehelana ka limakasine tšebeletsong ea tšimo mafelo-bekeng ana.

20 mets: “Na U se U Loketse ho Tobana le Boemo ba Phekolo ea Meriana bo Lekang Tumelo?” Sebui se nang le phihlelo se fana ka puo e hlakileng e tsoang boitsebisong bo sehloohong se senyenyane “Thuso ea Bohlokoa Nakong ea ha e Hlokahala” ho fihlela qetellong ea sehlooho sa kenyelletso, se hatise molemo oa ho sebelisana le baholo ba phutheho ea habo lōna ha ho sebetsanoa le boemo ba tšohanyetso ba phekolo ea meriana.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho. U ka ikhopotsa lintlha tse fanoeng kopanong ea ho qetela ea potoloho kapa lenaneong la kopano ea letsatsi le khethehileng tse ka sebetsang phuthehong ea lōna.

Pina 167 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela