Na U Tla Kopanela Bopaking bo sa Reroang?
1 Mokhoa oa rōna o tloaelehileng oa bophelo o kopanyelletsa linako tse tobileng tsa ho buisana le batho ka Jehova. Re behella nako ka thōko bakeng sa ho paka ka tsela e reriloeng ka ntlo le ntlo, ho etsa maeto a ho boela, le ho khanna lithuto tsa Bibele. Leha ho le joalo, ho na le makhetlo a mang a sa reroang tjena, ao re ka buisanang le batho ka ’nete ka ’ona. Re bitsa mokhoa ona oa ho paka hore ke bopaki bo sa reroang.
2 Bahoeletsi ba bang ba fumana menyetla e mengata ea ho kopanela mofuteng ona oa tšebeletso. Nahana ka litsela tsa ho pakela baeti, beng ka uena, batho bao u sebetsang le bona, batho bao u kenang sekolo le bona, batho bao re teanang le bona ha re il’o reka, le bao re teanang le bona ha re tsoa ntlong e ’ngoe re ea ho e ’ngoe tšebeletsong ea tšimo. Na u tla sebelisa menyetla ee ea ho fana ka bopaki bo sa reroang?
3 Rera Esale Pele: Tokisetso le ho rera esale pele li tla re nolofalletsa hore re pake ka mokhoa o sa reroang ka tsela e atlehileng. Tabeng ena, re hlomelletsoe hantle ka likhatiso tse fapa-fapaneng tse re thusang ho finyella sena. Ho ekelletsa ho Molula-Qhooa le Tsoha!, re na le lipampitšana tse ’maloa tse bontšang lihlooho tse susumetsang maikutlo bakeng sa ho tsosa thahasello. Ho na le libukana tse lekanang le makasine tse ipiletsang ho batho ba limelo tse fapa-fapaneng le ba bolumeli bo sa tšoaneng. Re boetse re na le libuka tse fellang ka pokothong tse buang ka litaba tse nakong tse thahasellisang. Ke likhatiso life tseo u ikutloang u lokolohile ho li sebelisa? Nahanang ka sena le le lelapa. Joale le ikoetlise ka seo le tlang ho se bua ha monyetla o loketseng o hlaha.
4 Ha U le Phomolong: Nako e ntle ka ho fetisisa ea ho paka ka mokhoa o sa reroang ke ha u le phomolong. Na u rerile ho eta ka sefofane, terene kapa ka bese? Haeba ho joalo, nka Bibele le e ’ngoe ea likhatiso tse boletsoeng ka holimo. Ho bala likhatiso tse joalo ha u le ka har’a lipalangoang tsa sechaba hangata ho qalisa moqoqo. Haeba u tsamaea ka koloi, nahana ka seo u tla se bua ha u emisa ho tšela petrole kapa ntlong ea lijo kapa ha u lula hoteleng. Linakong tse joalo, u ka ba le lipampitšana tse seng kae haufi bakeng sa ho li fa batho ba thahasellang. Haeba u le lebopong le letle la leoatle kapa serapeng sa boikhathollo, mohlomong u ka qala ho paka ka ho botsa motho e mong: “Na ho ne ho ke ke ha e-ba hotle haeba lefatše lohle le ne le shebahala tjee?”
5 Ho Beng ka Uena: Hangata beng ka rōna ba sa lumelang baa tseba hore re Lipaki tsa Jehova. Ba ka ’na ba thahasella ho tseba seo re se lumelang kapa mesebetsi ea rōna empa ba ba leqe ho botsa hobane ba sa batle ho ‘emelloa ka bopaki’ kapa ho kenella moqoqong o molelele. Ke hobane’ng ha u sa bue hakhutšoaane ka ’nete ebe u fa mong ka uena monyetla oa ho tsoela pele ka moqoqo haeba a batla joalo? Kapa u ka bolela feela hore na u qetelletse ho ea kopanong efe ’me u ’montše e ’ngoe ea likhatiso tse ncha e ileng ea lokolloa. Hangata beng ka rōna ba mamela bana.
6 Re batla hore ka linako tsohle re hlokomele menyetla eo re nang le eona ea ho fana ka bopaki bo sa reroang. Leha ho le joalo, hopola bohlokoa ba ho ba le botsoalle le ho bontša thahasello ea sebele ho motho e mong. (Liprov. 15:23; 1 Pet. 3:15) Mokhoa ona oa boboleli o beha litholoana, ’me bahlanka ba Jehova ba lokela ho kopanela ho ’ona. Joaloka Jesu, e se eka lerato la rōna ho batho ba bang le ka re susumelletsa hore re bue ha monyetla o mong le o mong o loketseng o hlaha!—Matt. 5:14-16.