Mema ba Bang ho Latela Motho e Moholo ka ho Fetisisa
1 Joalokaha ho tlalehiloe ho Mattheu 5:14, Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae: “Le leseli la lefatše.” Balateli ba Jesu ba ne ba tlameha ho bolella batho hohle ka ’Muso oa Jehova le tokisetso ea Hae e lerato ea poloko ka Jesu. Re hopotse ka thomo eo, khoeling ea December re lebelletse ho nehelana ka buka Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. Tlaase mona ke litlhahiso tseo u ka batlang ho li sebelisa.
2 Ka mor’a ho itsebisa, u ka ’na ua bua sena ka mantsoe a hao:
◼ “Batho ba bangata ba ’nile ba ipotsa hore na ebe Jesu o ne a le joang ha a phela e le motho lefatšeng lena. U nahana hore o ne a fapane le ba bang ka litsela life? [Emela karabo.] Buka ena e hlollang, Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela, e pheta lintlha tse hlahelletseng bophelong le tšebeletsong ea hae, ’me e fana ka temohisiso ea hore na e ne e le motho oa mofuta ofe. Ka mor’a ho e bala, ba bang ba ikutloa eka ba ka be ba bile le monyetla oa ho kopana le eena ka ho toba, ba kopanela le eena matšoenyehong a hae, ’me ba iponela ka mahlo tšebeletso ea hae.” Bontša setšoantšo sa pele bukeng, se totobatsang sehlooho. Joale u phetle kenyelletso, ebe u bala serapa sa bobeli tlas’a sehloohoana “Rua Molemo ka ho Ithuta ka Eena.” Nehelana ka buka ka monehelo oa R10,50.
3 Kapa u ka ’na ua bua mantsoe a kang ana:
◼ “Nakong ena ea selemo batho ba nahana ka Jesu. Leha ho le joalo, ka lebaka la hore ho etsahala lintho tse ngata tse mpe lefatšeng lohle, ba bang ba ka ’na ba ipotsa hore na ehlile Jesu oa re tsotella. U ikutloa joang ka seo?” Emela karabo. Phetla khaolong ea 24 bukeng ea Motho e Moholo, ’me u tšohle ka bokhutšoaane lebaka la hore Jesu a tle lefatšeng. Ebe u bala Johanne 15:13, u hatise lerato la Jesu ho batho le tsoang pelong. Hopola hore u be le limakasine tsa morao-rao, bukana e lekanang le makasine, kapa pampitšana e loketseng e ka neheloang haeba ho sa amoheloe buka.
4 Tlhahiso e ’ngoe ke ena:
◼ “Batho ba bangata ba bacha ba batla batho ba behang mohlala oo ba ka o latelang, empa ho thata ho fumana ba behang mohlala o motle. Jesu Kreste o ile a behela e mong le e mong mohlala o phethahetseng. [Bala 1 Petrose 2:21.] Bophelo bohle ba hae bo ne bo itšetlehile ka borapeli bo eang ho Ntate oa hae oa leholimo. U nahana hore ho ne ho tla ba joang haeba batho ba bangata ba ne ba ka leka ho mo etsisa?” Emela karabo. Supa serapeng sa boraro leqepheng le tlang pele ho la ho qetela bukeng, se hlalosang litšoaneleho tsa hae tse khethehileng. Hlalosa kamoo buka Motho e Moholo e ka re thusang kaofela ho ba Bakreste ba molemo haholoanyane.
5 U ka ’na ua batla ho sebelisa mantsoe a kang ana:
◼ “Ha e mong a bua ka Jesu Kreste, batho ba bangata ba nahana ka eena e le lesea kapa e le monna ea utloang bohloko ea lekhatheng la ho shoa. Khopolo ea bona ka Jesu e ama tsoalo ea hae le lefu la hae feela. Hangata lintho tse hlollang tseo a li buileng le tseo a li entseng bophelong ba hae ha li hlokomeloe. Seo a se finyeletseng se ama motho e mong le e mong ea kileng a phela lefatšeng lena. Ke ka lona lebaka lena ho leng bohlokoa haholo hore re ithute ka hohle kamoo re ka khonang ka lintho tse hlollang tseo a re etselitseng tsona.” Bala Johanne 17:3. Phetla leqepheng la pele la kenyeletso ea buka Motho e Moholo, ’me u bale serapeng sa bone. Hlalosa hore na buka e ka fumanoa joang le ho sebelisoa bakeng sa thuto ea botho.
6 Tiisa hore u boloka tlaleho ea ba ileng ba bontša thahasello le lingoliloeng tse tsamaisitsoeng e le hore u ka etsa maeto a ho boela. Ha nako e sa le teng, ka cheseho a re batleng batho ba tšepahalang ’me re ba thuse ho ba balateli ba ’Moloki oa rōna, Jesu Kreste.—Matt. 16:24.