Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/01 leq. 1
  • Na U Phetha Bosebeletsi ba Hao ka Botlalo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Phetha Bosebeletsi ba Hao ka Botlalo?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsela ea ho Lokisetsa Nehelano ea Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Fana ka Limakasine Tse Pakelang ’Nete
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Lokisetsa Nehelano ea Hao ea Makasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Mokhoa oa ho Sebelisa Linehelano Tse Fanoeng e le Mohlala
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
km 9/01 leq. 1

Na U Phetha Bosebeletsi ba Hao ka Botlalo?

1 Bukeng ea Liketso, re bolelloa hore barutuoa ba Jesu ba ne ba phetha tšebeletso ea bona ka ho ‘pakela batho ka ho phethahetseng.’ (Lik. 2:40; 8:25; 28:23) Ka sebele eo e ne e le pakane ea moapostola Pauluse. (Lik. 20:24) Na eo hase pakane ea hao u le mosebeletsi oa litaba tse molemo? U ka e finyella joang?

2 Lokisetsa Nehelano ea Hao: Hore u kholisehe hore u fana ka bopaki bo atlehileng tšebeletsong, tokisetso ke ea bohlokoa. Sena u se bona haholo-holo ha u aba limakasine, kaha lihlooho tsa tsona lia feto-fetoha. Bakeng sa ho re hlomella hamolemo, tokollo ena ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e hlahisa tšobotsi e ncha—karolo e ka letsohong le letšehali, e thathamisang mehlala ea linehelano tsa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! tsa morao-rao. Ho tla totobatsoa taba e nakong e tla ipiletsa ho batho ba bangata tokollong ka ’ngoe. U ka atolosa linehelano tsee tse khutšoanyane joang?

3 Khetha tlhahiso eo u nang le maikutlo a hore e tla atleha haholo tšimong ea heno. Bala sehlooho se bontšitsoeng ka hloko, ’me u ele hloko lintlha tse tobileng tse ka ’nang tsa tsosa thahasello. Batla lengolo makasineng le lumellanang le nehelano le leo u ka khonang ho le balla mong’a ntlo. Haeba ho loketse, qetella ka hore ka bokhutšoanyane u khothalletse momameli oa hao ho bala makasine u be u bolele ka bokhutšoanyane hore mong’a ntlo a ka ’na a ntša monehelo bakeng sa mosebetsi oa lefatše ka bophara oa Lipaki tsa Jehova. Joale, itlhakisetse nehelano ea hao.

4 Ikemisetse ho Sebelisa Bibele: Ka ho lokisetsa hantle, u ka ’na ua kenyelletsa lengolo nehelanong ea hao. Ka mohlala, bahoeletsi ba nang le phihlelo libakeng tse ngata ba atleha ho etsa sena ka hore ba tšoare Bibele ka letsoho ha ba e-ea ka ntlo le ntlo, ba lumelise mong’a ntlo, ebe ba re:

◼ “Re ntse re botsa batho hore na ebe ba lumela sena . . . ” Bala Genese 1:1, ebe ua botsa: “Na u lumellana le polelo ee?” Haeba motho a lumela, ebe u re: “Le ’na ke lumellana le eona. Leha ho le joalo, na u nahana hore haeba Molimo o bōpile lintho tsohle, o boetse oa ikarabella ka bokhopo bo teng?” Ka mor’a ho leboha karabelo ea motho eo, bala Moeklesia 7:29. Phetla buka ea Tsebo leqepheng la 71, ’me u bale serapa sa 2. Khothalletsa motho eo ho bala buka eo.

5 Latella ba Bontšitseng Thahasello: U ke ke ua phetha bosebeletsi ba hao ka botlalo haeba u sa latelle ba bontšitseng thahasello. Ha u buisana hamonate le motho, ho sa tsotellehe hore na u tsamaisa limakasine kapa lingoliloeng tse ling, ngola lebitso la hae le aterese. Khothalla ho hlaolela thahasello ea hae ka ho khutlela hang-hang. Etsa bonnete ba hore u kōpa ho ithuta Bibele le eena.

6 Barutuoa ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba tseba hore Jesu o ba laetse “ho fana ka bopaki bo phethahetseng.” (Lik. 10:42) Taelo eona eo ea sebetsa ho rōna, hobane ke eona feela tsela eo ka eona re tla etsa barutuoa. (Mat. 28:19, 20) A re etseng sohle se matleng a rōna ho phetha bosebeletsi ba rōna ka botlalo.—2 Tim. 4:5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela