Na U Tla Khomarela ’Nete?
HAEBA u qalile ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, potso ea pele eo u tlamehang ho e arabela hore u khotsofale ke ena, Na hoo ke ’nete? Haeba u fumana hore ke eona, na u tla e khomarela? Batho ba ’nile ba tobana le lipotso tse tšoanang mehleng ea Jesu le ea baapostola ba hae.
Ha baapostola ba bolela ka Jesu, batho ba ile ba itšoara joang? Koana, litaba tse amanang le ’Muso oa Kreste, mehlolo ea hae, sehlabelo sa hae sa topollo, tsoho ea hae le bophelo bo sa feleng li ile tsa utloahala li le molemo, ’me ba bangata ba amohela seo ba se utloang e le ’nete. Empa boholo ha boa ka ba se amohela. Ha e le hantle, mokhatlo o hlophisitsoeng oa Bokreste oa mehleng eo o ne o “hanoa kahohle.” (Liketso 28:22) Kahoo ho amohela linnete tse neng li rutoa ke barutuoa ba Jesu ho ne ho bolela ho hanana le maikutlo a sechaba le ho tobana le khanyetso. Kahoo batho ba thahasellang ba ne ba lokela ho ikholisa hore lithuto tsa Bokreste e ne e le ’nete. Ke ka nako eo feela ba neng ba ka ema ba tiile.
Ha Pauluse le Barnabase ba etela Antioke Asia Minor, batho ba bangata ba ile ba mamela molaetsa oa bona ka thahasello e khōlō. Tlaleho ea Bibele e re: “Eitse hobane ba tsoe . . . ba-lichaba ba rapela hore, ka sabbatha e tlang, ba bolelloe litaba tseo le bona. Ka sabbatha e hlahlamang, motse oa hla oa batla o e-ba hammoho kaofela, ho utloa litaba tsa Molimo.” (Liketso 13:42, 44) Empa thahasello ena e qalang e ile ea tapa ho batho ba bangata ha ba utloa maikutlo a bahanyetsi ba hananang le baapostola.
Temana ea 45 ea Liketso khaolo ea 13 e re: “Empa ba-Jode eare ha ba bona bongata, ba tlala mōna, ba hanyetsa litaba tsa Pauluse, ba nganga, ba nyefola.” Joale temana ea 50 e tsoela pele hore: “Empa ba-Jode ba hlohlelletsa basali ba hlomphuoang, ba tšabang Molimo, le baholo ba motse; ba tsosetsa Pauluse le Barnabase hloriso, ’me ba ba leleka naheng ea bona.” Batho ba thahasellang ba ile ba lokela ho etsa qeto hore na ba tsoela pele ba mamela balateli ba Jesu ho sa tsotellehe khanyetso. Ba ne ba lokela ho amohela seo ba se utloang e le ’nete kapa ba ithibe litsebe.
Khanyetso Kajeno
Joalokaha Bakreste ba ne ba hanyetsoa lekholong la pele la lilemo C.E., ho ntse ho e-na le bahanyetsi ba joalo kajeno ba lekang ho thiba litsebe tsa batho ba thahasellang hore ba se ke ba utloa linnete tsa Mangolo tse rutoang ke Lipaki tsa Jehova. Metsoalle, beng ka motho le baeta pele ba bolumeli hangata ba tšoarahane le ho nyahamisa ba thahasellang hore ba se ke ba ithuta Bibele le Lipaki. Ntle ho bopaki ba Mangolo, bahanyetsi ba hanana le se rutoang ’me ba etsa liqoso tsa bohata.
Batho ba thahasellang ba lokela ho etsa eng? Na ba lokela ho lumella hore mantsoe a bahanyetsi a ba koale likelello le litsebe joalokaha ba bang ba ile ba etsa Antioke? Kapa ba lokela ho ipakela e le bona ho tsoa Bibeleng hore na seo ba ithutang sona ke ’nete kapa che?
A babatsa batho ba amohelang ba motse oa Berea ba babatsoa hobane ba ne ba hlahloba Mangolo ho bona hore na seo Pauluse a neng a ba bolella sona e ne e le ’nete. Hoba ba fumane hore o ne a bua ’nete, ba ile ba e emela ba tiile. Rea bolelloa: “[Baberea] bao ba fetisa ba Thessalonika ka bokhabane, ba amohela lentsoe ka cheseho e kholo, ba botsisisa Mangolo ka matsatsi ’ohle, ho tseba hore na litaba tseo li joalo ruri na?”—Liketso 17:10, 11.
Batho ba Berea ha baa ka ba lumella lipolelo tsa bahanyetsi hore li ba koale likelello bakeng sa ho utloa litaba tse molemo. Ho e-na le hoo, ba ile ba hlahloba Mangolo ka mehla ho tiisa hore lintho tseo ba li utloileng e ne e le ’nete. Ba ne ba fumane letlotlo la bohlokoa ’me ba ne ba ke ke ba lumella hore bahanyetsi ba ba furallise lona. Na ee e ne e ke ke ea e-ba tsela e bohlale ho e nka mabapi le litaba tse molemo tse tšoanang le tseo Lipaki tsa Jehova li li bolelang kajeno?
Lebaka Leo ba Bang ba Hanyetsang ka Lona
Ka linako tse ling bahanyetsi ke beng ka uena ba nang le morero o motle bao u ba ratang le ho ba hlompha, ’me u na le mabaka oohle a ho lumela hore ba hlile ba thahasella boiketlo ba hao. Empa ho hlokahala hore u hlahlobe hore na ke hobane’ng ha ba hanyetsa ha u ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Na ba na le bopaki bo tiileng ba Mangolo ba hore seo u ithutang sona hase ’nete? Kapa khanyetso ea bona e tsoaloa ke seo ba se utloileng ka ba bang? Na ba haelloa ke tsebo e nepahetseng ka se rutoang ke Lipaki? Ba bangata ba neng ba hanyetsa Jesu ba entse joalo ke ho se tsebe seo a neng a se ruta le hobane ba ne ba lumela liqoso tsa bohata tsa bahanyetsi.
Ha Jesu a ne a leketlile thupeng ea tlhokafatso, batho ba neng ba feta ka tsela “ba ne ba mo nyefola, ba sisinya lihloho tsa bona, ba re: Hela! uena ea qhaqhang tempele, ea e tsosang ka matsatsi a mararo, u ipholose ka ho theoha sefapanong! Ka mokhoa o joalo, le bona baprista ba baholo ba buisana le bangoli ka litšomo holim’a hae, ba re: O pholositse ba bang, eena o sitoa ho ipholosa! Kreste, morena oa Iseraele, a ke a theohe joale sefapanong, re tle re bone, ’me re lumele.” (Mareka 15:29-32) Boikutlo boo bo bobe bo ne bo tsoaloa ke eng?
Batho ba ne ba lumelletse hore maikutlo a bona ka Jesu a boptjoe ke baeta pele ba bolumeli ba neng ba mo hloile hobane a ne a ba hlahalitse e le baruti ba bohata bao liketso tsa bona li neng li sa lumellane le lipolelo tsa bona tsa hore ke baemeli ba Molimo oa ’nete. Ka ho toba, Jesu o ne a itse ho bona: “Le tlōlela’ng molao oa Molimo ka mokhoa oo le o neanang na? Baikaketsi, Esaia o na a profete tsa lōna hantle, ha a itse: Sechaba sena se ntlhonepha ka molomo feela; empa pelo tsa bona li hole le ’na. Ba nkhumamella lefeela, ha ba ruta lithuto tseo e leng melao ea batho.”—Mattheu 15:3, 7-9.
Baeta pele ba bolumeli ba ne ba hloile Jesu ka matla le linnete tseo a li rutang hoo ba ileng ba rera ho ’molaea le ho etsa boiteko bohle ba hore batho ba mo furalle. Kajeno, baeta pele ba bangata ba bolumeli ba hanyetsa Lipaki tsa Jehova ka matla a ntseng a tšoana. ’Me joalokaha ho bile joalo ka Bakreste ba pele, Lipaki li ea “hanoa hohle.” Empa na ke bohlale ho lumella khanyetso ee e ratoang hore e bope monahano oa hao?
Linnete tse tšoanang tsa Mangolo tse buang ka ’Muso oa Molimo tseo Jesu le baapostola ba hae ba li boletseng li boleloa ke Lipaki tsa Jehova kajeno. Makholo a likete a batho lefatšeng lohle a amohela litaba tsena tse molemo ho sa tsotellehe khanyetso e matla e tsoang ho metsoalle, beng ka motho le baeta pele ba bolumeli. Ba amohelang molaetsa oa ’Muso ba ikholisitse hore ke ’nete, ’me ba ikemiselitse ho tšoarella ho eona.
Kahoo ke hobane’ng ha u ka tšoana le ba lekholong la pele la lilemo ba ileng ba lumella ba bang ho ba furallisa linnete tse phelisang tsa Mangolo tse tlileng ho bona ka balateli ba sa ratoeng ba Jesu Kreste? Ho e-na le hoo, tsoela pele u ithuta Bibele le Lipaki, u sebelisa Lentsoe le ngotsoeng la Molimo ho ikholisa hore seo u ithutang sona e fela e le ’nete. (Johanne 8:32) ’Me ka thuso ea Molimo khomarela ’nete eo.