Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 4/15 leq. 21
  • Ho Nyarela ka Litabeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyarela ka Litabeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Puisano ea Mak’hatholike le Balateli ba Marx
  • Na ke Tokoloho ea Mannete?
  • Kolobetso ea Bana E-ea Hanoa
  • Qaka Bakeng sa Mak’hatholike a Tšepahalang
    Tsoha!—1987
  • Mokhatlo oa Bolumeli oa Tokoloho—Na o Tla Thusa Bahloki?
    Tsoha!—1987
  • Bok’hatholike Linaheng Tse Fokolang Moruong—Bo Tsitsitse Hakae?
    Tsoha!—1987
  • “Tse Bōpiloeng Tsohle li Ntse li Feheloa”—Hobane’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 4/15 leq. 21

Ho Nyarela ka Litabeng

Puisano ea Mak’hatholike le Balateli ba Marx

Toropong ea Budapest, Hungary, ka Mphalane 1986, liithuti tsa K’hatholike tse 15 le bafilosofi ba teana le bahlalefi ba lithuto tsa Marx ba 15. Seboka se ne se hlophisitsoe ke Lekhotla la Bongoli la Vatican bakeng sa Bao e Seng Balumeli le Lefapha la Mahlale la Hungary hore ho buisanoe ka phetoho motheong oa bohlokoa oa boitšoaro.

Har’a Mak’hatholike a neng a le teng ke Mok’hadinale Poupard oa Fora, molula-setulo oa Lekhotla la Bangoli bakeng sa Ba sa Lumeleng, le Mok’hadinale Koenig oa Austria, setsebi se hloahloa likamanong tsa Kereke ea K’hatholike le linaha tsa bokomonisi. Liithuti tse latelang lithuto tsa Marx li ne li akarelletsa Hlooho ea Lefapha la Filosofi Hungary le Lefapha la Thupelo la Soviet Litabeng tsa Bohlale ba ho Se Lumele Boteng ba Molimo.

Koranta ea letsatsi le letsatsi ea Fora Le Monde e tlalehile: “Liithuti tsa Marx li hlokometse hore li talimane le tlokotsi ea ho senyeha ha metheo ea bohlokoa ea boitšoaro, ’me ho teba ha tlokotsi ena ho lekanngoa ka lipalo tsa ba ipolaeang, tšebeliso ea lithethefatsi, le ho nooa ha joala. Ho ea ka mokhopi oa K’hatholike, phuputsong ea bona [liithuti tse latelang lithuto tsa Marx] e bontša hore tharollo e ka tla ka tšebelisano ea likereke tsa Bokreste. Ka lehlakoreng la Roma [e K’hatholike], morero e ne e le o menoeng habeli, e leng ho fuputsa hamolemo kamoo lithuto tsa Marx li amang sechaba le ‘ho hlahloba metheo ea boitšoaro ka sepheo sa ho bōpa tumellano pakeng tsa Bakreste ba Bochabela ba linaha tsa [bokomanisi] le ba lumelang lithuto tsa Marx.’”

Tharollo ea ’nete mathateng a boitšoaro kajeno e ke ke ea fumanoa libokeng tse nang le maikutlo a mabeli a sa tšoaneng. Ho e-na le hoo, e tla fumanoa ha ’Muso oa Jehova matsohong a Mora oa hae, Jesu, o liha tsamaiso ea hona joale ea lintho, ’me sebakeng sa eona ho emisa lefatše le lecha tlas’a ’Muso oa leholimo.—Daniele 2:44; Tšenolo 21:4, 5.

Na ke Tokoloho ea Mannete?

Mokhatlo oa bolumeli ba tokoloho—mokhatlo o amohelang pefo e le tsela “ea ho lokolla mafutsana le ba hateletsoeng,” haholo-holo linaheng tse futsanehileng, o fetoha o tloaelehileng. Sena e ne e le sehlooho sa puisano Kopanong ea Bobeli ea Machaba ea Lekhotla la Tumellano Litabeng tsa Bolumeli bakeng sa Linaha tse Futsanehileng e neng e tšoaretsoe Oaxtepec, Mexico, ka la 8-13 Tšitoe, 1986. Ke hobane’ng ha liithuti tsena tsa bolumeli li lomahantse meno lipheong tsa tsona tsa ho tlisa phetoho bophelong ba sechaba ho feta leha e le neng pele?

Le hoja ka 1985 Vatican e ile ea ntša taelo e nyatsang mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho, Instruction on Christian Freedom and Liberation e ileng ea romeloa ka 1986 e boletse hore “ke ho loketseng ka ho phethehileng hore ho nkuoe bohato bo matla bo thusang ba tujoang ka baka la khatello ea moruo kapa bopolotiki.” “Ntoa” e se e buelloa e le “tharollo ea ho qetela.”

Leha ho le joalo, na ha Jesu Kreste a ne a le mona lefatšeng, o ile a itšunya mekhatlong ea sechaba ea lefatše? Che, ka ho fapaneng, ha moapostola Petrose a ntša “sabole” ho sireletsa Mor’a Molimo, Jesu a mo khalemela ka hore: “Busetsa sabole ea hao selateng sa eona, hobane bohle ba tšoereng sabole, ba tla bolaoa ka sabole.” (Mattheu 26:52) Bibele e tšepisa hore tokoloho ea mannete e tla tlisoa ke ho kenella ha Molimo ha o felisa e seng feela bofutsana, khohlano ea machaba, khethollo ea merabe, le khatello empa hape le ho tlosa meokho, bohloko, masoabi, le lefu. (Tšenolo 21:4) Ka sebele, eo e tla ba tokoloho ea makhonthe!

Kolobetso ea Bana E-ea Hanoa

Moruti oa Protestanta oa Mojeremane oa Frankfurt haufinyana tjena o tsebisitse ba boholong ba kereke hore ho tloha nakong eo ho ea pele a ke ke a hlola a “kolobetsa bana ba sa hlokomeleng se etsuoang ho bona kerekeng ea hae.” Ha Klaus Hoffmann ea lemo li 58 a hlalosa lebaka leo ho kolobetsoa ha hae e le ngoana ho neng ho sa lokela kateng, o itse: “Ha hoa ka ha phethahatsa tlhokahalo ea pele ea kolobetso ea Bibele, e leng tumelo, hape e ne e se na letšoao le loketseng, qoeliso.” Ho tšehetsa pono ena ea hae, a khetha hore a kolobetsoe hape ’me ka baka leo “a kolobetsoa ka tsela ea Bibele ka hore a qoelisoe,” ho tlalehile koranta ea Sejeremane Frankfurter Allgemeine Zeitung.

Peleng, ba boholong ba kereke ba tlohelisa Hoffmann mesebetsi eohle ea hae, empa kahlolo ea fetoloa ka hore“o neoa likhoeli tse tharo tsa phomolo ho etsa lipatlisiso.” Liphello e bile life? Koranta e tlalehile hore patlisiso ea hae e tsoelang pele e ile ea tiisa “hore ka har’a Bibele ha ho na moo ho tšehetsoang kolobetso ea masea. Hape, mangolo a Bakreste ba pele ha a bue letho ka ho kenyelletsoa ha ketso ena ho fihlela lekholong la boraro la lilemo.”

Ha ho makatse ha ba boholong ba bolumeli ba ile ba qotsa neano e le motheo oa ketso ena. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe linnete tsena, ho kolobetsoa ha masea ho tsoela pele ho etsoa libakeng tsohle tsa Bokreste-’mōtoana. Na tšehetso eo ea boruti e etsa hore kolobetso e be e nepahetseng? Jesu o laetse balateli sa hae hore ba kolobetse, e seng masea, empa ba lumelang ho boloka tsohle tseo a li laetseng. Eena ka boeena e ne e se lesea empa “o ne a batla ho ba le lilemo tse mashome a mararo” ha a qoelisoa metsing a noka ea Jordane.—Luka 3:21-23; Mattheu 28:19, 20.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela