Lipotso li Ngata Empa Likarabo Tse Khotsofatsang Lia Fokola
HOSENG ha Letsatsi la Bahalaleli Bohle ka la 1 November, 1755, ho ile ha e-ba le tšisinyeho ea lefatše e khōlō motseng oa Lisbon ha baahi ba bangata ba oona ba ne ba ntse ba le ka kerekeng. Mehaho e likete e ile ea soahlamana, ’me batho ba likete tse mashome ba shoa.
Nakoana ka mor’a tlokotsi eo, mongoli oa Lefora ea bitsoang Voltaire o ile a hatisa Poème sur le désastre de Lisbonne (Thoko ka Koluoa ea Lisbon), eo ho eona a neng a hanyetsa taba ea hore tlokotsi eo e bakiloe ke Molimo ha a otla batho ka lebaka la libe tsa bona. Ha Voltaire a bolela hore motho a ke ke a utloisisa kapa a hlalosa litlokotsi tse joalo, o ile a ngola a re:
Tlhaho ha e bue, ha re e botsa ha e re letho;
Re hloka Molimo ea buang le batho.
Ha e le hantle, Voltaire hase eena oa pele ea ileng a botsa lipotso ka Molimo. Historing eohle batho ba ’nile ba ipotsa lipotso ka lebaka la litlokotsi le likoluoa. Lilemong tse fetileng tse 3 600, mopatriareka Jobo, ea neng a qeta ho shoeloa ke bana bohle ba hae le ea neng a hlasetsoe ke boloetse bo tšosang, o ile a botsa: “Ke hobane’ng ha [Molimo] a fa ea khathatsong leseli, a fa bao meea ea bona e utloileng bohloko bophelo?” (Jobo 3:20) Kajeno, batho ba bangata baa ipotsa hore na ke joang Molimo ea molemo le ea lerato a ka bonahalang a iphapanyetsa mahlomola a mangata hakana le ho hloka toka.
Batho ba bangata ha ba oetsoe ke tlala, ntoa, ho kula le lefu ba latola bosehla hore ho na le ’Mōpi ea tsotellang batho. Rafilosofi e mong ea sa lumeleng ho Molimo o ile a re: “Ha ho na lebaka le utloahalang la hore Molimo a lumelle bana ho utloa bohloko, . . . ntle le haeba ka sebele ha a eo.” Litlokotsi tse khōlō, tse kang Polao e Sehlōhō Ntoeng ea II ea Lefatše, li etsa hore batho ba etse liqeto tse joalo. Hlokomela polelo ena e ileng ea hlaha lengolong le ngotsoeng ke mongoli oa Mojuda e reng: “Tlhaloso e bonolo ea mahlomola a ileng a e-ba teng Auschwitz ke hore ha ho na Molimo ea kenellang litabeng tsa batho.” Ho latela phuputso e ileng ea etsoa ka 1997 naheng ea Fora eo boholo ba baahi ba eona e leng Mak’hatholike, ho batho ba bang le ba bang ba lekholo ba 40 ba belaella boteng ba Molimo ka lebaka la lipolao tse reretsoeng ho timetsa morabe ka ho feletseng, tse kang e ileng ea e-ba teng Rwanda ka 1994.
Na e Sitisa Batho ho Lumela?
Ke hobane’ng ha Molimo a sa kenelle hore a thibele lintho tse mpe? Mongoli e mong oa K’hatholike ea ngolang liketsahalo ka tatellano ea tsona le nako eo li etsahetseng ka eona o pheha khang ea hore batho ba bangata potso ena “e ba sitisa ho lumela.” Oa botsa: “Na ka sebele hoa khoneha ho lumela ho Molimo ea shebellang feela ha batho ba bangata ba se nang molato ba shoa ’me merabe e feletseng e rinngoa ka sehlōhō lefatšeng empa a sa etse letho ho thibela seo?”
Ka ho tšoanang, sehlooho se ngotsoeng ke mohlophisi koranteng ea K’hatholike ea La Croix se re: “Ebang ke litlokotsi tsa nakong e fetileng, mathata a theknoloji, likoluoa tsa tlhaho, tlōlo ea molao e hlophisitsoeng, kapa lefu la moratuoa, boemong bo bong le bo bong, batho ba tšohileng ba sheba holimo leholimong. Molimo o hokae? Ba batla karabo. Na hase Moiphapanyi e Moholo, Ea sa Tsotelleng ka ho Fetisisa?”
Mopapa John-Paul II o ile a tšohla taba ena lengolong la hae la Salvifici Doloris la 1984. O ile a ngola a re: “Le hoja ka puo ea tšoantšetso boteng ba lefatše bo lumella batho ho bona hore Molimo o teng, o bohlale, o matla le hore o moholo, ho bonahala bokhopo le mahlomola li pata litšobotsi tsena tsa hae, ka linako tse ling ka tsela e khōlō, haholo-holo letsatsi le leng le le leng ha ho etsahala mahlomola a mangata a se nang lebaka le liphoso tse ngata hakana tseo ba li etsang ba sa ahloloeng ka tsela e tšoanetseng.”
Na ebe taba ea hore ho na le Molimo ea lerato ka hohle le ea matla ’ohle, eo Bibele e buang ka eena, e lumellana le ho ata ha mahlomola a batho? Na ebe oa kenella ho thibela litlokotsi tse hlahelang batho ka bomong kapa e le sehlopha? Na ho na le letho leo a re etsetsang lona kajeno? Ha re qotsa mantsoe a Voltaire, na ho na le “Molimo ea buang le batho” ea ka arabang lipotso tsee? Re kōpa hore u bale sehlooho se latelang e le hore u fumane karabo.
[Litšoantšo tse leqepheng la 3]
Ho senngoa ha Lisbon ka 1755 ho ile ha susumelletsa Voltaire ho bolela hore motho a ke ke a utloisisa liketsahalo tse joalo
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Voltaire: From the book Great Men and Famous Women; Lisbon: J.P. Le Bas, Praça da Patriarcal depois do terramoto de 1755. Foto: Museu da Cidade/Lisboa
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Batho ba bangata ba belaella boteng ba Molimo ka lebaka la litlokotsi tse tlisoang ke lipolao tse reretsoeng ho felisa morabe ka ho feletseng, tse kang e ileng ea e-ba teng Rwanda
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
AFP PHOTO
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]
COVER, children: USHMM, courtesy of Main Commission for the Prosecution of the Crimes against the Polish Nation